Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ho 2 Bakorinthe 6:14, Pauluse o bua ka bo-mang ha a sebelisa poleloana e reng “ba sa lumelang”?

Ho 2 Bakorinthe 6:14, rea bala: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang.” Ha re lekola moelelo oa taba ena, ho totobetse hore Pauluse o bua ka batho bao ka ho hlakileng e seng litho tsa phutheho ea Bokreste. Kutloisiso ena e tšehetsoa ke litemana tse ling tsa Bibele tse tlalehang kamoo Pauluse a ileng a sebelisa poleloana e reng “ea sa lumelang” kapa “ba sa lumelang.”

Ka mohlala, Pauluse o khalemela Bakreste ka matla hore ba se ke ba ea lekhotleng “ka pel’a ba sa lumelang.” (1 Bakorinthe 6:6) Mona, ba sa lumelang ke baahloli ba sebeletsang tsamaisong ea lekhotla la Korinthe. Lengolong la hae la bobeli, Pauluse o bua ka Satane e le ea “foufalitseng likelello tsa ba sa lumelang.” Mahlo a bao ba sa lumelang a ‘koahetsoe ka lesira’ hore a se ke a elelloa litaba tse molemo. Batho bana ba sa lumelang ha ba thahaselle ho sebeletsa Jehova, kaha Pauluse pejana o ile a hlalosa taba ena tjena: “Ha ho retelehela ho Jehova ho le teng, lesira lea tlosoa.”—2 Bakorinthe 3:16; 4:4.

Batho ba bang ba sa lumelang ba ameha liketsong tsa ho se ee ka molao kapa borapeling ba litšoantšo. (2 Bakorinthe 6:15, 16) Leha ho le joalo, hase bohle ba hanyetsang bahlanka ba Jehova. Ba bang ba bonahala ba thahasella ’nete. Ba bangata ba na le balekane ba Bakreste ’me ba thabela ho lula le bona. (1 Bakorinthe 7:12-14; 10:27; 14:22-25; 1 Petrose 3:1, 2) Leha ho le joalo, Pauluse o sebelisa poleloana e reng “ba sa lumelang” ka tsela e sa fetoheng a bua ka batho bao, joalokaha ho boletsoe ka holimo, e seng litho tsa phutheho ea Bokreste, e entsoeng ka “balumeli Moreneng.”—Liketso 2:41; 5:14; 8:12, 13.

Molao-motheo o fumanoang ho 2 Bakorinthe 6:14 ke tataiso ea bohlokoa ho Bakreste ba maemo ’ohle a bophelo ’me hangata o ’nile oa qotsoa e le keletso e bohlale bakeng sa Bakreste ba batlang balekane ba lenyalo. (Matheu 19:4-6) Ka bohlale, Mokreste ea inehetseng le ea kolobelitsoeng ha a batle molekane oa lenyalo har’a ba sa lumelang, kaha litekanyetso, lipakane le litumelo tsa ba sa lumelang li fapane haholo le tsa Mokreste oa ’nete.

Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka batho ba ithutang Bibele le ba kopanelang le phutheho ea Bokreste? Ho thoe’ng ka bahoeletsi ba sa kolobetsoang? Na ke ba sa lumelang? Che. Batho ba amohetseng ’nete ea litaba tse molemo ’me ba hatela pele hantle ba lebile kolobetsong ha baa lokela ho bitsoa ba sa lumelang. (Baroma 10:10; 2 Bakorinthe 4:13) Pele Korneliase a kolobetsoa o ne a bitsoa “monna ea inehetseng le ea tšabang Molimo.”—Liketso 10:2.

Joale, na ebe ho bohlale hore Mokreste ea inehetseng a ratane le ho nyalana le motho ea amohetsoeng e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang, kaha bonneteng, keletso ea Pauluse e tlalehiloeng ho 2 Bakorinthe 6:14 e ke ke ea sebetsa tabeng eo? Che, ha ho bohlale ho etsa joalo. Hobane’ng? Ka lebaka la keletso e tobileng eo Pauluse a ileng a fana ka eona mabapi le bahlolohali ba Bakreste. Pauluse o ile a ngola tjena: “O lokolohile ho nyaloa ke eo a mo batlang, e mpe e be feela Moreneng.” (1 Bakorinthe 7:39) Tumellanong le keletso eo, Bakreste ba inehetseng ba khothalletsoa ho batla balekane ba lenyalo feela har’a ba “Moreneng.”

Poleloana e reng “Moreneng” le e tšoanang le eona e reng “ho Kreste” li bolela’ng? Ho Baroma 16:8-10 le ho Bakolose 4:7 Pauluse o bua ka batho ba neng ba le “ho Kreste” kapa ba le “Moreneng.” Ha u bala litemana tseo, u tla bona hore bao ke ‘basebetsi-’moho le rōna,’ ‘ba amohelehang,’ ‘barab’abo rōna ba ratoang,’ ‘basebeletsi ba tšepahalang’ le ‘makhoba-’moho’ le rōna.

Motho o qala neng ho ba ‘lekhoba Moreneng’? E-ba lekhoba ha ka boithatelo a etsa seo lekhoba le lokelang ho se etsa ’me a itela. Jesu o ile a hlalosa a re: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso a ntatele a sa khaotse.” (Matheu 16:24) Motho o qala ho latela Kreste le ho ikokobelletsa thato ea Molimo ka ho feletseng ha a inehela ho Molimo. Ka mor’a moo, o inehela ka kolobetso ’me e-ba mosebeletsi ea khethiloeng ea boemong bo amohelehang ka pel’a Jehova Molimo. * Kahoo, ho ‘nyala Moreneng’ ho bolela ho nyalana le motho ea bontšitseng hore ka sebele ke molumeli, “lekhoba la Molimo le la Morena Jesu Kreste” le inehetseng.—Jakobo 1:1.

Motho ea ithutang Bibele le Lipaki Tsa Jehova le ea tsoelang pele hantle moeeng o lokela ho babatsoa. Leha ho le joalo, ha a e-s’o inehele ho Jehova ’me ha a e-s’o itlame hore o tla phelela ho mo sebeletsa le ho itella eena. O sa ntse a etsa liphetoho tse hlokahalang. Ho hlokahala hore a qete ho etsa liphetoho tseo tse khōlō tse amehang hore e be Mokreste ea inehetseng le ea kolobelitsoeng pele a ka nahana ho etsa phetoho e ’ngoe e khōlō bophelong, e kang ea lenyalo.

Na ho bohlale hore Mokreste a ferehe motho ea bonahalang a tsoela pele hantle ka thuto ea hae ea Bibele—mohlomong ka morero oa ho mo emela ho fihlela a kolobelitsoe ebe joale baa nyalana. Che. Seithuti sa Bibele se ka ’na sa ferekana maikutlo haholo sa se ke sa hlola se tseba hore na sepheo sa sona ke sefe ha se ka hlokomela hore Mokreste ea inehetseng o batla ho nyalana le sona empa a ke ke a etsa joalo ho fihlela se kolobelitsoe.

Hangata motho e ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang ka nako e lekanyelitsoeng feela, e leng ho fihlela a tsoela pele ho ea bohōleng ba ho kolobetsoa. Kahoo keletso e ka holimo ea ho nyala feela Moreneng hase e sa utloahaleng. Joale ho thoe’ng ka ho ratana le motho ea lilemong tsa ho nyala, ea hōliselitsoeng lelapeng la Bokreste, ea bileng mafolo-folo ka phuthehong ka lilemo tse ngata, ’me e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang? Boemong boo, ke eng e mo thibelang hore a fane ka bophelo ba hae ho Jehova ka hore a inehele? Ke hobane’ng ha a ntse a tsilatsila? Na o na le lipelaelo? Le hoja ho ke ke ha thoe ke ea sa lumelang, ho ke ke ha thoe o “Moreneng.”

Keletso ea Pauluse tabeng ea lenyalo e molemong oa rōna. (Esaia 48:17) Ha balekane bao ba ka moso ka bobeli ba se ba inehetse ho Jehova, boitlamo ba bona ba lenyalo e mong ho e mong bo tla be bo e-na le motheo o tiileng oa moea. Ba na le litekanyetso le lipakane tse tšoanang. Sena se phetha karolo ea bohlokoa hore lenyalo e be le thabileng. Ho feta moo, ka ho ‘nyala Moreneng,’ motho o bontša hore o tšepahalla Jehova, ’me seo se lebisa litlhohonolofatsong tsa nako e telele, kaha “ho ea tšepahalang [Jehova o] tla etsa ka botšepehi.”—Pesaleme ea 18:25.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 10 Qalong, ho Bakreste ba tlotsitsoeng bao Pauluse a neng a ba ngolla, ho ba ‘lekhoba Moreneng’ ho ne ho boetse ho akarelletsa ho amohela ho tlotsoa e le bara ba Molimo le barab’abo Kreste.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

“Ho ea tšepahalang [Jehova o] tla etsa ka botšepehi”