Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Ithuta Eng Mehlolong ea Jesu?

U ka Ithuta Eng Mehlolong ea Jesu?

U ka Ithuta Eng Mehlolong ea Jesu?

U KA ’na ua makatsoa ke ho tseba hore litlalehong tsa Bibele tse mabapi le bophelo ba Jesu ha a le lefatšeng ha ho mohla ho sebelisoang lentsoe la puo ea pele le bolelang “mohlolo.” Lentsoe la Segerike (dyʹna·mis) leo ka linako tse ling le fetoleloang e le “mohlolo” ka ho toba le bolela “matla.” (Luka 8:46) Le ka ’na la fetoleloa hape e le “bokhoni” kapa ‘mesebetsi e matla.’ (Matheu 11:20; 25:15) Ho latela setsebi se seng, lentsoe lena la Segerike “le totobatsa mosebetsi o matla o entsoeng, ’me ka ho khetheha, le totobatsa matla ao mosebetsi oo o phethiloeng ka ’ona. Ketsahalo eo e hlalosoa e le pontšo ea ho sebetsa ha matla a Molimo.”

Lentsoe le leng la Segerike (teʹras) hangata le fetoleloa e le “limakatso.” (Johanne 4:48; Liketso 2:19) Lentsoe lena le hlakisa hore na phello e ba efe ho bashebelli. Ka makhetlo a mangatanyana, matšoele le barutuoa ba ne ba makala ba bile ba hlolloa ke mesebetsi e matla ea Jesu.—Mareka 2:12; 4:41; 6:51; Luka 9:43.

Lentsoe la boraro la Segerike (se·meiʹon) le hlalosang mehlolo ea Jesu le bolela “pontšo.” Ho latela setsebi se bitsoang Robert Deffinbaugh lentsoe lena le “lebisa tlhokomelo e batsi moelelong oa [lentsoe] mohlolo.” O eketsa ka ho re: “Pontšo ke mohlolo o totobatsang ’nete e mabapi le Morena oa rōna Jesu.”

Na ke Thetso Kapa ke Matla a Tsoang ho Molimo?

Bibele ha e hlalose mehlolo ea Jesu e le maqiti kapa thetso e reretsoeng ho tlosa batho bolutu. E ne e le lipontšo tsa “matla a maholo a Molimo,” joaloka tabeng ea moshanyana eo Jesu a ileng a leleka modemona ho eena. (Luka 9:37-43) Na Molimo ea Matla ’Ohle—Ea hlalosoang e le ea nang le “matla a maholo,” o ne a ke ke a khona ho etsa mesebetsi e matla joalo? (Esaia 40:26) Ho hlakile hore o ne a ka e khona!

Litlaleho tsa Kosepele li bua ka mehlolo ea Jesu e ka bang 35. Empa ha hoa boleloa hore na mehlolo ea hae kaofela e ne e le mekae ka palo. Ka mohlala, Matheu 14:14 e re: “[Jesu] a bona bongata bo boholo; a bo hauhela, ’me a phekola ba kulang ba bona.” Ha rea bolelloa hore na ke batho ba bakae ba neng ba kula bao a ileng a ba phekola ketsahalong eo.

Mesebetsi eo e matla e ne e le karolo ea bohlokoa ea hore ebe Jesu o ne a ipolela hore e ne e le Mora oa Molimo, e leng Mesia ea tšepisitsoeng. Ka sebele Mangolo a ile a tiisa hore matla ao Jesu a neng a a filoe ke Molimo a ile a mo thusa hore a etse mehlolo. Moapostola Petrose o ile a bua ka Jesu e le “monna eo Molimo a mo bonahalitseng phatlalatsa ho lōna ka mesebetsi e matla le limakatso le lipontšo tseo Molimo a li entseng ka eena har’a lōna, feela joalokaha le tseba.” (Liketso 2:22) Ketsahalong e ’ngoe, Petrose o ile a hlakisa kamoo “Molimo a ileng a . . . tlotsa [Jesu] ka moea o halalelang le matla, ’me a pholletsa le naha a etsa se molemo ’me a folisa bohle ba hateletsoeng ke Diabolose; hobane Molimo o ne a e-na le eena.”—Liketso 10:37, 38.

Mehlolo ea Jesu e ne e le karolo ea bohlokoa ea molaetsa oa hae. Mareka 1:21-27 e re bolella hore na matšoele a ile a itšoara joang ha Jesu a ne a ruta le ha a ne a etsa o mong oa mehlolo ea hae. Mareka 1:22 e re matšoele a ile a “hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta,” ’me temana ea 27 e bontša hore batho ba ne ba “maketse” ha a ne a leleka modemona. Mesebetsi e matla ea Jesu le molaetsa oa hae e fana ka bopaki ba hore e ne e le Mesia ea tšepisitsoeng.

Jesu o ne a sa ipolele feela hore e ne e le Mesia; ka mantsoe le ka liketso tse ling tsa hae, matla ao Molimo a neng a mo file ’ona a neng a bonahatsoa ke mehlolo ea hae, a ne a fana ka bopaki ba hore ehlile e ne e le Mesia. Ha ho ne ho hlaha lipotso tse mabapi le mosebetsi oa hae le matla a hae, ka sebete Jesu o ile a araba a re: “Ke na le bopaki bo boholo ho ba Johanne [Mokolobetsi], etsoe mesebetsi eo Ntate a nkabetseng eona hore ke e phethe, mesebetsi eo ke e etsang, ea mpaka hore Ntate o nthomile.”—Johanne 5:36.

Bopaki ba Bonnete ba Mehlolo Eo

Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore mehlolo ea Jesu e ne e le ea sebele, ebile e le ea ’nete? Bona bopaki bo bong bo bontšang bonnete ba eona.

Ha a ne a etsa mesebetsi ea hae e matla, ha ho mohla Jesu a kileng a lebisa tlhokomelo ho eena. O ile a tiisa hore phello ea mohlolo leha e le ofe e ne e le hore Molimo a tumisoe a be a tlotlisoe. Ka mohlala, pele a phekola monna ea foufetseng, Jesu o ile a hatisa hore o ne a tla phekoloa “e le hore mesebetsi ea Molimo e ka bonahatsoa ho eena.”—Johanne 9:1-3; 11:1-4.

Ho fapana le batho ba etsang mehlolo ka bolotsana, maselamose le ba folisang ka tumelo, ha ho mohla Jesu a kileng a tšerehanya batho, a ba qhekella, a etsa lipontšo tse hlollang, a sebelisa boloi ba boselamose kapa meetlo ea ho hapa maikutlo a batho. Ha aa ka a sebelisa litumela-khoela kapa litšoantšo tse rapeloang. Hlokomela tsela e bonolo eo ka eona Jesu a ileng a phekola banna ba babeli ba foufetseng. Tlaleho eo e re: “A susumelitsoe ke khauho, Jesu a ama mahlo a bona, ’me kapele-pele ba bona, ’me ba mo latela.” (Matheu 20:29-34) Ha ho moetlo, tšebeletso kapa lipontšo tsa mponeng tse neng li etsoa. Jesu o ne a etsa mesebetsi ea hae ea mohlolo pepenene, hangata e le ka pel’a lipaki tse ngata tse boneng ka mahlo. Ha aa ka a sebelisa mabone a khethehileng, a etsa lithala kapa hona ho sebelisa thepa e khethehileng ea sethaleng. Ka mokhoa o fapaneng, hangata lintho tseo ho thoeng ke mehlolo mehleng ena ha li na bopaki.—Mareka 5:24-29; Luka 7:11-15.

Ka linako tse ling Jesu o ne a ela hloko tumelo ea ba neng ba rua molemo mehlolong ea hae. Empa hore motho o ne a se na tumelo ho ne ho sa thibele Jesu ho etsa mohlolo. Ha a ne a le Kapernauma e Galilea, “batho ba [ile ba] mo tlisetsa batho ba bangata ba nang le bademona; a leleka meea ka lentsoe, ’me a phekola bohle ba neng ba ea hampe.”—Matheu 8:16.

Jesu o ne a etsa mehlolo hore batho ba fumane seo ba neng ba hlile ba se hloka nameng, eseng hore batho ba bohelehele ba ’mone. (Mareka 10:46-52; Luka 23:8) Hape ha ho mohla Jesu a kileng a etsa mehlolo e le hore ka tsela leha e le efe a ithuise molemo.—Matheu 4:2-4; 10:8.

Ho Thoe’ng ka Litlaleho Tsa Kosepele?

Linnete tse mabapi le mehlolo ea Jesu li fetiselitsoe ho rōna ka Likosepele tse ’nè. Na ho na le mabaka ao ka ’ona re ka itšetlehang ka litlaleho tsee ha re ntse re hlahloba bonnete ba mehlolo eo ho thoeng e entsoe ke Jesu? Ka sebele a teng.

Joalokaha re se re hlokometse, mehlolo ea Jesu e ne e etsoa phatlalatsa ka pel’a lipaki tse ngata tse boneng ka mahlo. Likosepele tsa pele li ile tsa ngoloa nakong ea ha boholo ba lipaki tseo tse boneng ka mahlo li sa ntse li phela. Ha buka e bitsoang The Miracles and the Resurrection e bua ka botšepehi ba bangoli ba Likosepele e re: “Ho qosa baevangeli ba likosepele ka hore ka boomo ba patile ’nete ea histori ka har’a lipale tse ngata tsa mehlolo tse reretsoeng ho phatlalatsa mashano a lithuto tsa bolumeli e ne e tla ba ho hloka toka ka ho feletseng. . . . Ba ne ba ikemiselitse ho ba batlalehi ba tšepahalang.”

Ha ho mohla bahanyetsi ba Bokreste ba Bajuda ba kileng ba hanyetsa mesebetsi e matla e tlalehiloeng ka Likosepeleng. Ba ne ba belaella feela matla ao e neng e etsoa ka ’ona. (Mareka 3:22-26) Esita le bahanyetsi ba neng ba tletse bora ba ileng ba latela hamorao ha baa ka ba atleha ho hanyetsa mehlolo ea Jesu. Ho fapana le moo, lekholong la pele le la bobeli la lilemo C.E., ho ne ho e-na le litlaleho tse buang ka mesebetsi ea mohlolo e entsoeng ke Jesu. Ho hlakile hore re na le lebaka le utloahalang la ho talima litlaleho tsa Kosepele tsa mehlolo ea hae e le tsa ’nete.

Motho ea Neng a Etsa Mehlolo

Tlhahlobo ea mehlolo ea Jesu e ne e tla be e sa fella haeba e ne e akarelletsa feela mabaka a utloahalang a mabapi le bonnete ba eona. Ha Likosepele li hlalosa mesebetsi e matla ea Jesu, li mo hlalosa e le monna ea neng a e-na le maikutlo a tebileng le kutloelo-bohloko e se nang tekanyo, ea neng a thahasella boiketlo ba batho ba bang ka ho tebileng.

Nahana ka taba ea molepera ea ileng a tla ho Jesu a mo kōpa a selebaletsoe, o ile a re: “Haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.” Jesu o ile a “susumetsoa ke khauho,” eaba o otlolla letsoho la hae ’me o ama molepera eo, o re ho eena: “Kea batla. Hloeka.” Monna eo o ile a folisoa hang-hang. (Mareka 1:40-42) Kahoo Jesu o ile a bontša qenehelo e ileng ea mo susumetsa hore a sebelise matla ao Molimo a neng a mo file ’ona a ho etsa mehlolo.

Ho ile ha etsahala’ng ha Jesu a ne a kopana le mokoloko oa batho ba neng ba ea phupung ba tsoa ka har’a motse oa Naine? Mohlankana ea neng a hlokahetse e ne e le mora a le mong feela oa mosali oa mohlolohali. Ka lebaka la ho “hauhela” mosali eo, Jesu o ile a mo atamela eaba o re ho eena: “Khaotsa ho lla.” Eaba o tsosetsa mora oa hae bophelong.—Luka 7:11-15.

Thuto e tšelisang eo re ka e ithutang eona mehlolong ea Jesu ke hore o ne a “susumetsoa ke khauho” ebe o etsa lintho ho thusa batho. Empa mehlolo e joalo hase histori feela tjee e sa reng letho. Baheberu 13:8 e re: “Jesu Kreste oa tšoana maobane le kajeno, le ka ho sa feleng.” Hona joale o busa e le Morena oa leholimo, ea leng malala-a-laotsoe le ea khonang ho sebelisa matla a hae a mohlolo ao Molimo a mo fileng ’ona ka tsela e batsi ho feta eo a ileng a etsa ka eona ha e ne e le motho lefatšeng. Haufinyane Jesu o tla a sebelisetsa ho phekola moloko oa batho o mamelang. Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa hore u ithute ka ho eketsehileng ka tšepo ena e babatsehang ea ka moso.

[Litšoantšo tse leqepheng la 4, 5]

Mehlolo ea Jesu e ne e le pontšo ea “matla a maholo a Molimo”

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Jesu e ne e le motho ea neng a e-na le maikutlo a tebileng