Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Molao-taelo oa Jehova” o ke ke oa Hlōleha

“Molao-taelo oa Jehova” o ke ke oa Hlōleha

“Molao-taelo oa Jehova” o ke ke oa Hlōleha

“A nke ke bue ka molao-taelo oa Jehova; o itse ho ’na: ‘U mora oa ka . . . Nkōpe, e le hore nka fana ka lichaba e le lefa la hao.’”—PESALEME EA 2:7, 8.

1. Ho na le phapang efe pakeng tsa morero oa Molimo le morero oa lichaba?

JEHOVA MOLIMO o na le morero ka batho le ka lefatše. Lichaba le tsona li na le morero. Empa merero ee e fapane hakaakang! Re ka lebella hore ho be joalo, hobane Molimo o re: “Joalokaha maholimo a phahametse lefatše, le litsela tsa ka li phahametse litsela tsa lōna, le menahano ea ka e phahametse menahano ea lōna.” Ha ho pelaelo hore morero oa Molimo o tla phethahala, hobane o tsoela pele ka ho re: “Feela joalokaha pula e tšolohang, le lehloa, li theoha maholimong ’me li sa khutlele sebakeng seo, ntle le hore li nosetse lefatše ’me li etse hore le be le lihlahisoa ’me le hlomele, ’me mojali a fumane peō le ea jang a fumane bohobe, le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka le tla ba joalo. Le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana, empa ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang, ’me ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:9-11.

2, 3. Ho hlakisoa eng pesalemeng ea bobeli, empa ho phahama lipotso life?

2 Pesalemeng ea bobeli ho hlakisoa hore morero oa Molimo mabapi le Morena oa hae oa Bomesia o tla phethahala. Moqapi oa eona, e leng Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo, o ile a bululeloa ke Molimo hore a bolele esale pele hore ho ne ho tla ba le nako e ikhethang eo ka eona lichaba li neng li tla ba morusu. Babusi ba tsona ba ne ba tla ema khahlanong le Jehova Molimo le Motlotsuoa oa hae. Empa, mopesaleme o ile a boela a bina a re: “A nke ke bue ka molao-taelo oa Jehova; o itse ho ’na: ‘U mora oa ka . . . Nkōpe, e le hore nka fana ka lichaba e le lefa la hao le lipheletso tsa lefatše e le leruo la hao.’”—Pesaleme ea 2:7, 8.

3 “Molao-taelo oa Jehova” o bolela eng ho lichaba? O ama batho ka kakaretso joang? Ha e le hantle, liphello tsa oona li lemosa babali bohle ba tšabang Molimo ba pesaleme ea bobeli eng?

Lichaba li Morusu

4. U ka akaretsa lintlha tse khōlō tsa Pesaleme ea 2:1, 2 joang?

4 Ha a bua ka liketso tsa lichaba le babusi ba tsona, mopesaleme o qala pina ena ea hae ka ho re: “Ke hobane’ng ha lichaba li bile morusu ’me lihlopha tsa lichaba li ’nile tsa honotha ka ntho ea lefeela? Marena a lefatše aa ema balaoli ba phahameng ba khobokane hammoho e le ntho e le ’ngoe khahlanong le Jehova le khahlanong le motlotsuoa oa hae.”—Pesaleme ea 2:1, 2. *

5, 6. Lihlopha tsa lichaba “li ’nile tsa honotha ka ntho [efe] ea lefeela”?

5 Lihlopha tsa kajeno tsa lichaba li ‘’nile tsa honotha ntho efe ea lefeela’? Ho e-na le ho amohela Motlotsuoa oa Molimo—e leng Mesia, kapa Kreste—lichaba li “’nile tsa honotha,” kapa tsa nahanisisa ka ho ntšetsa pele bolaoli ba tsona. Mantsoe ana a pesaleme ea bobeli a ile a boela a phethahala lekholong la pele la lilemo C.E. ha balaoli ba Bajuda le ba Baroma ba ne ba sebelisana ho bolaea Morena ea Khethiloeng oa Molimo, e leng Jesu Kreste. Leha ho le joalo, phethahatso e khōlō e qalile ka 1914 ha Jesu a ne a behoa hore e be Morena leholimong. Ho tloha nakong eo, ha ho ’muso le o mong oa lefatše o amohetseng Morena oa Molimo ea behiloeng teroneng.

6 Mopesaleme o ne a bolela’ng ha a ne a botsa hore na ‘ke hobane’ng ha lichaba li honotha ntho ea lefeela’? Ke morero oa tsona oo e leng oa lefeela, o se nang thuso le oo joang kapa joang o tlang ho hlōleha. Li ke ke tsa tlisetsa lefatše lena khotso le tumellano. Empa li etsa lintho tse hanyetsang bobusi ba Molimo. Ha e le hantle, ka mabifi li momahane ebile li khobokane hammoho khahlanong le Ea Phahameng ka ho Fetisisa le Motlotsuoa oa Hae. Ke bothoto bo bokaakang!

Morena ea Hlōlang oa Jehova

7. Balateli ba pele ba Jesu ba ile ba sebelisa Pesaleme ea 2:1, 2 joang thapelong?

7 Balateli ba Jesu ba ile ba sebelisa mantsoe a Pesaleme ea 2:1, 2 ho eena. Ha ba ne ba hlorisetsoa tumelo ea bona, ba ile ba rapela ba re: “’Musi Morena [Jehova], ke uena Ea entseng leholimo le lefatše le leoatle le lintho tsohle tse ho tsona, le eo ka moea o halalelang a itseng ka molomo oa moholo-holo oa rōna Davida, mohlanka oa hao, ‘Ke hobane’ng ha lichaba li bile morusu ’me batho ba thuisa lintho tsa lefeela? Marena a lefatše a ile a ema ’me babusi ba khobokana hammoho e le ntho e le ’ngoe khahlanong le Jehova le khahlanong le motlotsuoa oa hae.’ Ho ntse ho le joalo, Heroda [Antipase] le Ponse Pilato le batho ba lichaba le batho ba Iseraele bonneteng ba ne ba bokane motseng ona khahlanong le mohlanka oa hao ea halalelang Jesu, eo u mo tlotsitseng.” (Liketso 4:24-27; Luka 23:1-12) * E, lekholong la pele la lilemo ho ile ha etsoa ’momori khahlanong le Jesu, mohlanka ea tlotsitsoeng oa Molimo. Leha ho le joalo, pesaleme ena e ne e tla phethahala hape lilemo tse makholo hamorao.

8. Pesaleme ea 2:3 e sebetsa joang ho lichaba tsa kajeno?

8 Nakong ea ha Iseraele ea boholo-holo e ne e e-na le morena oa motho, ea kang Davida, lichaba tsa bahetene le babusi ba tsona ba ile ba khobokana khahlanong le Molimo le motlotsuoa oa hae ea neng a behiloe teroneng. Empa ho thoe’ng ka mehla ea rōna? Lichaba tsa kajeno ha li batle ho lumellana le se hlokoang ke Jehova le Mesia. Ka hona ho bontšoa hore li re: “A re khaoleng marapo a bona re lahlele lithapo tsa bona hōle le rōna!” (Pesaleme ea 2:3) Babusi le lichaba ba ne ba tla hanyetsa lithibelo leha e le life tseo Molimo le Motlotsuoa oa hae ba li behileng. Ntle ho pelaelo, boiteko leha e le bofe ba ho khaola marapo ao le ba ho lahlela lithapo tseo hōle, e tla ba ba lefeela.

Jehova o ba Fetola Litšeho

9, 10. Ke hobane’ng ha Jehova a fetola lichaba litšeho?

9 Jehova ha a angoe ke boiteko leha e le bofe ba babusi ba lichaba ba ho ipusa ntle ho eena. Pesaleme ea bobeli e tsoela pele ka ho re: “Ea lutseng maholimong o tla tšeha; Jehova o tla ba fetola litšeho.” (Pesaleme ea 2:4) Molimo o tsoela pele ka morero oa hae joalokaha eka babusi bana ha ba eo. O tšeha nyeliso ea bona ’me o ba fetola litšeho. A ba ke ba ithorise ka seo ba rerileng ho se etsa. Ho Jehova ke litšeho. O tšeha khanyetso ea bona ea lefeela.

10 Lipesalemeng tse ling tsa hae, Davida o bua ka lichaba le batho bao e leng lira, ’me ha a bina o re: “Jehova Molimo oa mabotho, u Molimo oa Iseraele. U tsohe hore u lebise tlhokomelo ea hao lichabeng tsohle. U se ke ua bontša mohau ho mahlabaphio leha e le afe a kotsi. Ba ntse ba khutla ka shoalane; ba ntse ba bohola joaloka ntja ’me ba pota motse ka hohle. Bona! Ba bua ba sa khaotse ka melomo ea bona; lisabole li melomong ea bona, etsoe ke mang ea mametseng? Empa, Jehova, u tla ba tšeha; u tla fetola lichaba tsohle litšeho.” (Pesaleme ea 59:5-8) Jehova o tšeha boithoriso ba lichaba le pherekano ea tsona tseleng ea booatla eo li e nkileng khahlanong le eena.

11. Ho etsahala’ng ha lichaba li leka ho loantša morero oa Molimo?

11 Mantsoe a Pesaleme ea 2 a matlafatsa tumelo ea rōna ea hore Molimo a ka rarolla bothata leha e le bofe. Re ka kholiseha ka ho feletseng hore kamehla o phethahatsa thato ea hae ebile ha ho mohla a furallang bahlanka ba hae ba tšepahalang. (Pesaleme ea 94:14) Kahoo, ebe ho etsahala’ng ha lichaba li etsa boiteko ba ho loantša morero oa Jehova? Ho ea ka pesaleme ena, Molimo “o tla bua le bona ka bohale ba hae,” joalokaha eka ke ka molumo oa sea-luma se thoathoaretsang. Ho feta moo, “khalefong ea hae e tukang,” “o tla ba khathatsa” joaloka lehalima le bohale ha le otla.—Pesaleme ea 2:5.

Morena oa Molimo oa Hlomamisoa

12. Pesaleme ea 2:6 e bua ka ho behoa teroneng ha morena ofe?

12 Ha ho pelaelo hore seo Jehova a se buang ka mor’a mona, se khathatsa lichaba. Molimo o re: “Ke hlomamisitse morena oa ka holim’a Sione, thaba ea ka e halalelang.” (Pesaleme ea 2:6) Thaba ea Sione e ne e le leralla la Jerusalema, leo ho lona Davida a ileng a behoa hore e be morena oa Iseraele eohle. Empa Morena oa Bomesia a ke ke a lula teroneng motseng oo kapa leha e le kae lefatšeng. Ha e le hantle, Jehova o se a hlomamisitse Jesu Kreste Thabeng ea Sione ea leholimo hore e be Morena oa Bomesia eo a mo khethileng.—Tšenolo 14:1.

13. Jehova o ile a etsa selekane sefe le Mora oa hae?

13 Morena enoa oa Bomesia oa bua joale. O re: “A nke ke bue ka molao-taelo oa Jehova [ea entseng selekane sa ’Muso le Mora oa hae]; [Jehova Molimo] o itse ho ’na: ‘U mora oa ka; ’na, kajeno, ke u tsoetse.’” (Pesaleme ea 2:7) Kreste o ne a bua ka selekane sa ’Muso ha a ne a re ho baapostola ba hae: “Ke lōna ba nkhomaretseng litekong tsa ka; ’me ke etsa selekane le lōna, feela joalokaha Ntate a entse selekane le ’na, bakeng sa ’muso.”—Luka 22:28, 29.

14. Ke hobane’ng ha ho ka thoe Jesu o na le tokelo e ke keng ea latoloa ea ho ba Morena?

14 Joalokaha ho boletsoe esale pele ho Pesaleme ea 2:7, Jehova o ile a amohela hore Jesu ke Mora oa Hae ha a ne a kolobetsoa le ka ho mo tsosetsa bophelong ba moea. (Mareka 1:9-11; Baroma 1:4; Baheberu 1:5; 5:5) Ntle ho pelaelo, Morena oa ’Muso oa leholimo ke Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši. (Johanne 3:16) Kaha Jesu o tsoile lesikeng la borena la Morena Davida, ho ke ke ha latoloa hore o na le tokelo ea ho ba Morena. (2 Samuele 7:4-17; Matheu 1:6, 16) Ho ea ka pesaleme ena, Molimo o re ho Mora oa hae: “Nkōpe, e le hore nka fana ka lichaba e le lefa la hao le lipheletso tsa lefatše e le leruo la hao.”—Pesaleme ea 2:8.

15. Ke hobane’ng ha Jesu a kōpa hore lichaba e be lefa la hae?

15 Morena enoa—e leng Mora oa Molimo ka sebele—o hlahlama Jehova ka bophahamo. Jesu ke ea lekiloeng, ea tšepahalang le ea khabane oa Jehova. Ho feta moo, kaha Jesu ke Letsibolo la Molimo, lefa ke la hae. Ka sebele, Jesu Kreste “ke setšoantšo sa Molimo ea sa bonahaleng, letsibolo la pōpo eohle.” (Bakolose 1:15) Ho hlokahala feela hore a kōpe ’me Molimo ‘a mo fe lichaba e le lefa la hae le lipheletso tsa lefatše e le leruo la hae.’ Jesu o etsa kōpo ena hobane ‘a rata lintho tse amanang le bara ba batho’ le ka lebaka la takatso ea hae e matla ea ho phethahatsa thato ea Ntat’ae oa leholimo mabapi le lefatše le moloko oa batho.—Liproverbia 8:30, 31.

Molao-taelo oa Jehova Khahlanong le Lichaba

16, 17. Ho ea ka Pesaleme ea 2:9, ke eng se tla etsahala ka lichaba?

16 Kaha pesaleme ea bobeli e ntse e phethahala hona joale, nakong ea ho ba teng ha Jesu Kreste ho sa bonahaleng, ke eng se tla etsahala ka lichaba? Morena o tla tloha a phethahatsa phatlalatso ea Molimo e reng: ‘U tla thumakanya [lichaba] ka lere la borena la tšepe, u tla li pshatla joalokaha eka ke sejana sa sebōpi.’—Pesaleme ea 2:9.

17 Mare a borena a marena a mehleng ea boholo-holo a ne a tšoantšetsa matla a borena. Mare a mang a ne a entsoe ka tšepe, joaloka lena leo ho buuoang ka lona pesalemeng ena. Puo ea tšoantšetso e sebelisitsoeng mona e bontša hore Morena Kreste o tla timetsa lichaba habonolo feela. Sejana sa letsopa se ka pshatlakana likoto haeba se otloa ka matla ka lere la tšepe, sa pshatleha hoo se ke keng sa kopanngoa hape.

18, 19. E le hore marena a lefatše a amohelehe ho Molimo, ho ne ho tla hlokahala hore a etse eng?

18 Na marena a lichaba a tlameha ho bona ho thumakanya hoo ho senyang? Che, hobane mopesaleme o ipiletsa ho ’ona ka mantsoe ana: “Joale, lōna marena, le sebelise temohisiso; itlohelleng hore le khalemeloe, lōna baahloli ba lefatše.” (Pesaleme ea 2:10) Marena a kōptjoa hore a ele hloko, a be a sebelise temohisiso. A lokela ho hlahloba hore na merero ea ’ona ke ea lefeela hakae ha e bapisoa le seo ’Muso oa Molimo o tla se etsa molemong oa batho.

19 E le hore marena a lefatše a amohelehe ho Molimo, ho ne ho tla hlokahala hore a fetole litsela tsa ’ona. A eletsoa hore a ‘sebeletse Jehova ka tšabo le hore a thabe ka ho thothomela.’ (Pesaleme ea 2:11) Ho tla etsahala’ng haeba a nka bohato boo? Ho e-na le hore a be morusu, kapa a ferekane likelellong, a ne a ka thabela menyetla eo Morena oa Bomesia a neng a tla e beha ka pel’a ’ona. E ne e tla ba habohlokoa hore babusi ba lefatše ba tlohele boikhohomoso le boikakaso boo ba bo bontšang lipusong tsa bona. Ntle ho moo, ba ne ba tla tlameha ho fetoha kapele ba be ba sebelise temohisiso mabapi le bobusi ba Jehova bo phahameng ka tsela e ke keng ea bapisoa le mabapi le matla a ke keng a hanyetsoa a Molimo le a Morena oa hae oa Bomesia.

“Akang Mora”

20, 21. Ho ‘aka mora’ ho bolela eng?

20 Joale, ka mosa Pesaleme ea 2 e mema babusi ba lichaba. Ho e-na le ho khobokana ka moea oa khanyetso, ba eletsoa tjena: “Akang mora, hore [Jehova Molimo] A tle a se ke a tuka ke bohale le tle le se ke la timela tseleng, etsoe bohale ba hae bo tuka habonolo.” (Pesaleme ea 2:12a) ’Musi Morena Jehova o lokela ho mameloa ka hloko ha a ntša molao-taelo. Ha Molimo a ne a beha Mora oa hae teroneng, babusi ba lefatše ba ka be ba ile ba tlohela ho “honotha ka ntho ea lefeela.” Ba ka be ba ile ba amohela Morena ka potlako le ho mo mamela ka ho feletseng.

21 Ke hobane’ng ha ba lokela ho ‘aka mora’? Ha pesaleme ena e ne e qaptjoa, ho aka e ne e le pontšo ea botsoalle ’me ho ne ho etsoa ha ho amoheloa baeti lapeng, moo ba neng ba ka thabela kamohelo e mofuthu. Hape, ho aka e ka ba ketso e bontšang botšepehi. (1 Samuele 10:1) Temaneng ena ea pesaleme ea bobeli, Molimo o laela lichaba hore li ake, kapa li amohele, Mora oa hae e le Morena ea tlotsitsoeng.

22. Babusi ba lichaba ba lokela ho mamela temoso efe?

22 Ba hanang ho amohela bolaoli ba Morena eo Molimo a mo khethileng ba nyelisa Jehova. Ba latola tokelo ea Jehova Molimo ea ho busa bokahohle le bolaoli ba hae le matla a hae a ho khethela batho Morena ea molemo ka ho fetisisa. Babusi ba lichaba ba tla lemoha hore khalefo ea Molimo e tla ba tsometsa, ha ba ntse ba leka ho ntšetsa pele merero ea bona. “Bohale ba hae bo tuka habonolo,” kapa bo loloma kapele le ka tsela e ke keng ea thijoa. Babusi ba lichaba ba lokela ho amohela temoso ena ka teboho ’me ba nke bohato tumellanong le eona. Ho etsa joalo ho bolela bophelo.

23. Monyetla o sa le teng oa hore batho ka bomong ba etse’ng?

23 Pesaleme ena e tsotehang e phethela ka ho re: “Ho thaba bohle ba tšabelang ho [Jehova].” (Pesaleme ea 2:12b) Monyetla o sa le teng oa hore batho ka bomong ba fumane tšireletseho. Ho joalo esita le ka babusi ka bomong, ba ’nileng ba khema le merero ea lichaba. Ba ka balehela ho Jehova, ea fanang ka tšireletso pusong ea ’Muso. Empa ba lokela ho nka bohato pele ’Muso oa Bomesia o thumakanya lichaba tsa bahanyetsi.

24. Re ka phela bophelo bo khotsofatsang haholo joang esita le lefatšeng lee le likhathatso?

24 Haeba re ithuta Mangolo ka khothalo re bile re sebelisa keletso ea ’ona bophelong ba rōna, re ka phela bophelo bo khotsofatsang haholo esita le hona joale lefatšeng lena le likhathatso. Ho sebelisa keletso ea Mangolo ho fella ka ho ba le thabo likamanong tsa lelapa le ho lokoloha linthong tse ngata tse tšoenyang le tse tšosang tse hlasetseng lefatše lena. Ho latela tataiso ea Bibele ho re kholisa hore re khahlisa ’Mōpi. Ha ho mang kapa mang ntle ho ’Musi oa Bokahohle ea ka tiisang hore ho tla ba le “bophelo ba hona joale le . . . bo tlang ho tla” ka mor’a hore a felise lefatšeng batho ba hanyetsang se nepahetseng ka ho hana puso ea ’Muso.—1 Timothea 4:8.

25. Kaha “molao-taelo oa Jehova” o ke ke oa hlōleha, re ka lebella hore ho etsahale eng mehleng ea rōna?

25 “Molao-taelo oa Jehova” o ke ke oa hlōleha. Kaha Molimo ke ’Mōpi oa rōna, o tseba se molemo ka ho fetisisa bakeng sa batho ’me o tla phetha morero oa hae oa hore a hlohonolofatse batho ba mamelang ka ho ba fa khotso, khotsofalo le tšireletseho ea ka ho sa feleng ’Musong oa Mora oa hae ea ratoang. Mabapi le nako ea rōna, moprofeta Daniele o ile a ngola a re: “Matsatsing a marena ao Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. . . . O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” (Daniele 2:44) Kahoo, ena ke nako ea ho ‘aka Mora’ le ea ho sebeletsa ’Musi Morena, Jehova!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Qalong, “motlotsuoa” e ne e le Morena Davida ’me “marena a lefatše” e le babusi ba Bafilista ba ileng ba khobokanya mabotho a bona khahlanong le eena.

^ ser. 7 Litemana tse ling tsa Mangolo a Segerike a Bakreste le tsona li bontša hore Jesu ke Motlotsuoa oa Molimo eo ho buuoang ka eena pesalemeng ena ea bobeli. Sena se totobala ha ho bapisoa Pesaleme ea 2:7 le Liketso 13:32, 33 le Baheberu 1:5; 5:5. Bona le Pesaleme ea 2:9 le Tšenolo 2:27.

U ka Araba Joang?

• Ke ‘ntho efe ea lefeela’ eo lihlopha tsa lichaba li ‘’nileng tsa honotha ka eona’?

• Ke hobane’ng ha Jehova a fetotse lichaba litšeho?

• Molao-taelo oa Molimo ke ofe khahlanong le lichaba?

• Ho ‘aka mora’ ho bolela eng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Davida o ile a bina ka Morena ea hlōlang oa Bomesia

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Babusi hammoho le batho ba Iseraele ba ile ba etsa ’momori khahlanong le Jesu Kreste

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Kreste o hlomamisitsoe e le Morena Thabeng ea Sione ea leholimo