Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sebelisa Lipakane Tsa Moea ho Tlotlisa ’Mōpi oa Hao

Sebelisa Lipakane Tsa Moea ho Tlotlisa ’Mōpi oa Hao

Sebelisa Lipakane Tsa Moea ho Tlotlisa ’Mōpi oa Hao

“HA MOTHO a sa tsebe hore na boema-kepe boo a eang a bo lebile ke bofe, hore na moea o fokela kae, ha ho thuse letho.” Mantsoe ana ao ho thoeng a ile a buuoa ke rafilosofi oa Moroma oa lekholong la pele la lilemo, a bontša bonnete ba hore ho hlokahala lipakane e le hore motho a bone tsela bophelong.

Bibele e fana ka mehlala ea batho ba neng ba ipehetse lipakane. Noe ea sebelitseng ka thata ka lilemo tse ka bang 50, o ile a “haha areka bakeng sa ho pholosa ba ntlo ea hae.” Moprofeta Moshe “o ile a talima ka hloko tefong ea moputso.” (Baheberu 11:7, 26) Mohlahlami oa Moshe, e leng Joshua, o ile a bolelloa ka sepheo sa Molimo sa hore a hape naha ea Kanana.—Deuteronoma 3:21, 22, 28; Joshua 12:7-24.

Lekholong la pele la lilemo C.E., ha ho potang hore lipakane tsa moea tsa moapostola Pauluse li ne li susumelitsoe haholo ke mantsoe a Jesu a reng: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Matheu 24:14) A susumelitsoe ke melaetsa le lipono tse tsoang ho Morena Jesu ka ho toba, ho akarelletsa le mosebetsi oa hore a “jare lebitso la [Jesu] ho ea lichabeng,” Pauluse o ile a khatha tema e khōlō hore ho thehoe letoto la liphutheho tsa Bokreste ho pholletsa le Asia Minor le ho ea fihla Europe.—Liketso 9:15; Bakolose 1:23.

E, haesale bahlanka ba Jehova ba ntse ba ipehela lipakane tse phahameng ’me ba li finyella hore ba tlotlise Molimo. Ebe rōna re ka ipehela lipakane tsa moea joang kajeno? Ke lipakane life tseo re ka li hahamallang, ’me ke mehato efe e loketseng eo re ka e nkang hore re li finyelle?

Ho Hlokahala Sepheo se Nepahetseng

Hoo e ka bang likarolong tsohle tsa bophelo, motho a ka ’na a ipehela lipakane, ’me lefatše lena le lona le na le batho ba ipehelang lipakane. Leha ho le joalo, lipakane tsa puso ea Molimo ha li tšoane le litakatso tsa lefatše tsa ho batla bophahamo. Sepheo se ka sehloohong seo lipakane tse ngata li etsoang ka sona lefatšeng ke takatso e feteletseng ea leruo le meharo ea ho batla maemo le matla. Ekaba phoso e khōlō hakaakang ho hahamalla pakane ea ho ba le matla le ea ho batla ho hlahella! Lipakane tse tlotlisang Jehova Molimo li amana haufi-ufi le borapeli ba rōna bo lebisitsoeng ho eena hammoho le mesebetsi eo re e etsang ho tšehetsa ’Muso oa Molimo. (Matheu 6:33) Lipakane tse joalo li etsoa ka lebaka la lerato la rōna ho Molimo le ho moahelani ’me sepheo sa tsona ke boinehelo ba bomolimo.—Matheu 22:37-39; 1 Timothea 4:7.

E se eka re ka ba le sepheo se setle ha re ntse re ipehela lipakane tsa moea re bile re li hahamalla, ebang ke litokelo tse eketsehileng tsa tšebeletso kapa ho hatela pele moeeng. Leha ho le joalo, esita le tsona lipakane tse etsoang ka sepheo se setle, ka linako tse ling ha li finyelloe. Re ka ipehela lipakane joang ra ba ra etsa hore ho be le menyetla e eketsehileng ea hore re li finyelle?

Ho Hlokahala Takatso e Matla

Nahana kamoo Jehova a ileng a phetha pōpo ea bokahohleng kateng. Jehova o ile a tšoaea linako tse latellanang tsa pōpo ka mantsoe a reng, “ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng.” (Genese 1:5, 8, 13, 19, 23, 31) Qalong ea nako ka ’ngoe ea ho bōpa, o ne a tseba hantle hore na pakane kapa sepheo sa hae ke sefe letsatsing leo. ’Me Molimo o ile a phetha morero oa hae oa ho bōpa lintho. (Tšenolo 4:11) Mopatriareka Jobo o ile a re: “Moea oa [Jehova] o na le takatso, ’me o tla e phetha.” (Jobo 23:13) E tlameha ebe Jehova o ile a khotsofala hakaakang ha a bona “ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng” ’me a phatlalatsa hore e “molemo haholo”!—Genese 1:31.

E le hore lipakane tsa rōna li phethahale, re tlameha ho ba le takatso e matla ea ho li finyella. Ke eng e tla re thusa hore re be le takatso e matla joalo? Esita leha lefatše le ne le se na sebōpeho le bile le se na letho, Jehova o ne a ka bona esale pele hore qetellong, e ne e tla ba lehakoe le letle sebakeng, le mo tlotlisang le le etsang hore a hlomphuoe. Ka ho tšoanang, takatso ea rōna ea ho phetha seo re ikemiselitseng ho se etsa e ka hlaoleloa ka ho nahanisisa ka liphello le ka melemo ea ho finyella pakane eo. Eo e bile phihlelo ea Tony ea lilemo li 19. Ha aa ka a lebala boikutlo ba pele boo a bileng le bona ha a ne a etetse ofising e ’ngoe ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Europe Bophirimela. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, potso e neng e luma ka kelellong ea Tony e ne e le ho re, ‘Ho ne ho ka ba joang haeba motho a ne a ka lula le ho sebeletsa sebakeng se tšoanang le seo?’ Tony ha aa ka a tlohela ho nahana ka monyetla oa seo, empa o ile a ’na a loanela ho finyella pakane eo. O ile a thaba hakaakang ha kōpo ea hae ea ho sebeletsa lekaleng e amoheloa lilemo tse ’maloa hamorao!

Haeba re tloaelana le batho ba seng ba finyeletse pakane e itseng sena se ka etsa hore le rōna re be le takatso ea ho e finyella. Jayson ea lilemo li 30, o ne a sa thabele ho ea tšebeletsong ea tšimo ha a sa le monyenyane. Empa ka mor’a ho qeta thuto ea hae ea sekolo se phahameng, ka cheseho o ile a kenela tšebeletso ea bopula-maliboho, kahoo ea e-ba ’moleli oa ’Muso oa nako e tletseng. Ke eng e ileng ea thusa Jayson ho hlaolela takatso ea ho ba pula-maliboho? O araba ka ho re: “Ho qoqa le batho ba ileng ba bula maliboho le ho sebetsa le bona tšebeletsong ho ile ha ntšusumetsa haholo.”

Ho Ngola Lipakane Tsa Rōna ho ka re Thusa

Taba e bonahalang e le tšopholi e ka hlaka ea ba ea bonahala ka mokhoa o fapaneng ha re khetha mantsoe a ho e hlalosa. Solomone o ile a bontša hore ha mantsoe a nepahetseng a fana ka tataiso bophelong, a ka ba matla joaloka litsenene tsa likhomo. (Moeklesia 12:11) Ha mantsoe ao a ngoloa, a ama kelello le pelo ka ho tebileng. E ne e tla ba ke hobane’ng ha Jehova a ile a laela marena a Iseraele hore a iketsetse kopi e ngotsoeng ea Molao? (Deuteronoma 17:18) Kahoo, re ka ’na ra lakatsa ho ngola lipakane tsa rōna fatše le leano leo re tla le sebelisa hore re li finyelle, ra thathamisa le litšitiso tseo re lebelletseng ho kopana le tsona hammoho le litsela tseo re ka li hlōlang ka tsona. Ho ka boela ha e-ba molemo hore re lemohe lintlha tseo re lokelang ho li tseba, phihlelo eo re lokelang ho ba le eona, le batho ba ka re thusang le ho re tšehetsa.

Ho ipehela lipakane tsa moea ho ile ha tiisa Geoffrey eo e leng khale e le pula-maliboho ea khethehileng tšimong e ka thōko naheng e ’ngoe ea Asia. O ile a oeloa ke koluoa ha mosali oa hae a ne a hlokahala ka tšohanyetso. Ka mor’a nako ea ho etsa liphetoho, Geoffrey o ile a etsa qeto ea ho ikakhela ka setotsoana tšebeletsong ea hae ea bopula-maliboho ka ho ipehela lipakane. Ka mor’a ho ngola lipakane tsa hae pampiring, ka thapelo o ile a ikemisetsa hore ha khoeli e fela a be a qalile lithuto tse tharo tse ncha tsa Bibele. Letsatsi le letsatsi, o ne a hlahloba mosebetsi oa hae, letsatsing le leng le le leng la boleshome, o ne a hlahloba hore na o tsoetse pele hakae. Na o ile a finyella pakane ea hae? O araba ka thabo ka ho re e! kaha o ne a tlalehile hore o qalile lithuto tsa Bibele tse ’nè.

Beha Lipakane Tsa Nako e Khutšoanyane e le Mehato ea Bohlokoa

Lipakane tse ling li ka ’na tsa bonahala li le thata haholo hoo li ke keng tsa finyelloa. Ho Tony ea boletsoeng pejana, ho sebeletsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ho ne ho bonahala eka ke toro. O ne a ikutloa joalo hobane tsela ea hae ea bophelo e ne e sa ratehe, hape o ne a bile a e-s’o inehele ho Molimo. Empa Tony o ile a etsa qeto ea ho lumellanya bophelo ba hae le litsela tsa Jehova, eaba o iketsetsa pakane ea ho tšoanelehela ho kolobetsoa. Ka mor’a ho finyella pakane eo, o ile a hahamalla ho ba pula-maliboho ea thusang le ho ba pula-maliboho oa kamehla, a ntse a tšoaea almanakeng ea hae matsatsi ao a neng a rerile ho qala ka ’ona. Ka mor’a ho bula maliboho ka nako e itseng, tšebeletso ea ofising ea lekala ha ea ka ea hlola e sa bonahala joaloka pakane e ke keng ea finyelloa.

E ka ba hantle hore le rōna re arole lipakane tsa rōna tsa nako e telele ka lipakane tse ’maloa tsa nako e khutšoane. Lipakane tsena tse nyenyane e ka ba mehato ea bohlokoa e ka finyelloang ha re ntse re loanela ho finyella pakane ea nako e telele. Ho sebelisa mehato ena ea bohlokoa kamehla e le tsela ea ho hlahloba hore na re se re tsoetse pele hakae ho ka re thusa hore re lule re tsepamisitse mohopolo. Ho rapela Jehova khafetsa ka lipakane tsa rōna le hona ho tla re thusa hore re lule re nahanne ka morero oa rōna. Moapostola Pauluse o ile a fana ka khothatso ena: “Rapelang le sa phetse.”—1 Bathesalonika 5:17.

Ho Hlokahala Boikemisetso le Phehello

Ho sa tsotellehe hore na lipakane tsa rōna li nahanetsoe ka hloko hakae le hore na re na le takatso e matla hakae ea ho li phetha, lipakane tse ling e ka ba tse sa finyelleheng. E tlameha ebe morutuoa Johanne Mareka o ile a nyahama hakaakang ha moapostola Pauluse a ne a sa batle ho tsamaea le eena leetong la Pauluse la bobeli la boromuoa! (Liketso 15:37-40) Mareka o ile a tlameha ho ithuta ketsong ena e nyahamisang le ho fetola pakane ea hae hore a eketse tšebeletso ea hae. Ho hlakile hore o ile a etsa joalo. Hamorao, Pauluse o ile a bua hantle ka Mareka ’me e ile ea e-ba motsoalle ea haufi haholo oa moapostola Petrose Babylona. (2 Timothea 4:11; 1 Petrose 5:13) Mohlomong tokelo e khōlōhali eo a bileng le eona e bile ea ho ngola tlaleho e bululetsoeng ea bophelo ba Jesu le ea tšebeletso ea hae.

Le rōna re ka ’na ra teana le litšitiso ha re ntse re hahamalla lipakane tsa moea. Ho e-na le ho tela, re lokela ho lekola hore na re se re tsoetse pele hakae ka tsona, re hlahlobe hore na re tla hle re khone ho li finyella, esita le ho li fetola haeba ho hlokahala. Ha ho hlaha mathata, re lokela ho hahamalla pele ka boikemisetso le phehello. Morena Solomone ea bohlale o re kholisa ka ho re: “Rōlela mesebetsi ea hao ho Jehova ’me merero ea hao e tla tiisoa ka thata.”—Liproverbia 16:3.

Leha ho le joalo, ka linako tse ling maemo a etsa hore ebe ho sa utloahaleng ho hahamalla lipakane tse itseng. Ka mohlala, ho haelloa ke bophelo kapa boikarabelo ba lelapa ke lintho tse ka re thibelang ho hahamalla lipakane tse ling. E se eka re ke ke ra lebala taba ea hore qetellong moputso e tla ba bophelo bo sa feleng—ebang ke leholimong kapa lefatšeng la Paradeise. (Luka 23:43; Bafilipi 3:13, 14) Re ka fumana see joang? Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) Le haeba maemo a rōna a ka ’na a se re lumelle ho finyella pakane e itseng, re ka lula re “tšaba Molimo oa ’nete ’me [ra] boloka litaelo tsa hae.” (Moeklesia 12:13) Lipakane tsa moea li re thusa ho lula re tsepamisitse mohopolo ho etsoeng ha thato ea Molimo. Ka hona, a re li sebelisetseng ho tlotlisa ’Mōpi oa rōna.

[Lebokose le leqepheng la 22]

Lipakane Tsa Moea Tseo re ka Nahanang ka Tsona

○ Ho bala Bibele letsatsi le letsatsi

○ Ho bala sehlooho se seng le se seng sa Molula-Qhooa le Tsoha!

○ Ho ntlafatsa boleng ba lithapelo tsa rōna

○ Ho bonahatsa litholoana tsa moea

○ Ho hahamalla ho eketsa tšebeletso ea rōna

○ Ho eketsa bokhoni ba rōna mosebetsing oa ho bolela le oa ho ruta

○ Ho eketsa tsebo ea rōna linthong tse kang ho paka ka thelefono, bopaki bo sa reroang le ho paka libakeng tsa khoebo