Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lebaka la ho Rapela ka Lebitso la Jesu

Lebaka la ho Rapela ka Lebitso la Jesu

JESU o ne a atisa ho ruta ka thapelo. Mehleng ea hae, baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba rapella “likhutlong tsa litsela tse sephara.” Hobane’ng? “Hore ba bonahale ho batho.” Ho totobetse hore ba ne ba batla hore ba khahle batho ka ho iketsa eka baa halalela. Ba bangata ba ne ba pheta-pheta ntho e le ’ngoe lithapelong tsa bona, joalokaha eka ho ne ho hlokahala hore ba ‘sebelise mantsoe a mangata’ e le hore lithapelo tsa bona li ka utluoa. (Matheu 6:5-8) Jesu o ile a senola mekhoa e joalo e le ea lefeela, kahoo a thusa batho ba tšepahalang hore ba tsebe seo ba sa lokelang ho se etsa ha ba rapela. Leha ho le joalo, ha aa ka a ba ruta feela kamoo ba sa lokelang ho rapela kateng.

Jesu o rutile hore lithapelo tsa rōna li lokela ho bontša hore re lakatsa ho bona lebitso la Molimo le halalelitsoe, ’Muso oa Hae o tlile, ’me thato ea hae e etsoa. O ile a boela a ruta hore ho loketse ho kōpa Molimo hore a re thuse ka lintho tse amanang le bophelo ba rōna. (Matheu 6:9-13; Luka 11:2-4) O ile a sebelisa lipapiso ha a bontša hore ho hlokahala re phehelle, re be le tumelo, ’me re ikokobetse e le hore lithapelo tsa rōna li ka utluoa. (Luka 11:5-13; 18:1-14) ’Me ha aa ka a ruta feela ka molomo empa o ile a etsa seo a se rutang.—Matheu 14:23; Mareka 1:35.

 Ha ho pelaelo hore thupelo ena e ile ea thusa barutuoa ba Jesu hore ba ntlafatse lithapelo tsa bona. Empa, Jesu o ile a leta ho fihlela bosiung ba ho qetela a le lefatšeng e le hore a ka ruta barutuoa ba hae thuto ea bohlokoa ka ho fetisisa tabeng ea thapelo.

“Phetoho e Khōlō e Amanang le Thapelo”

Jesu o ile a qeta karolo e khōlō ea bosiu ba hae ba ho qetela a khothatsa baapostola ba hae ba tšepahalang. E ne e le nako e loketseng ea ho senola ntho e ’ngoe e ncha. O ile a re: “Ke ’na tsela, le ’nete, le bophelo. Ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ’na.” Hamorao o ile a ba khothatsa ka ho re: “Eng kapa eng eo le e kōpang ka lebitso la ka, ke tla e etsa, e le hore Ntate a ka tlotlisoa ka Mora. Haeba le kōpa ntho leha e le efe ka lebitso la ka, ke tla e etsa.” Ho elella qetellong ea puisano ea hae, o ile a re: “Ho fihlela nakong ena ea hona joale ha lea kōpa ntho le e ’ngoe ka lebitso la ka. Kōpang ’me le tla amohela, e le hore thabo ea lōna e ka ba e feletseng.”—Johanne 14:6, 13, 14; 16:24.

Mantsoe ana e ne e le a bohlokoa haholo. Dikishinari e ’ngoe ea Bibele e hlalosa sena e le “phetoho e khōlō e amanang le thapelo.” Jesu o ne a sa bolele hore ho rapeloe eena ho e-na le ho rapela Molimo. Ho e-na le hoo, o ne a bula tsela e ncha ea ho buisana le Jehova Molimo.

Ke ’nete hore kamehla Molimo o ’nile a mamela lithapelo tsa bahlanka ba hae ba tšepahalang. (1 Samuele 1:9-19; Pesaleme ea 65:2) Leha ho le joalo, ho tloha ha Baiseraele ba fetoha sechaba seo Molimo a neng a entse selekane le sona, ba neng ba batla hore lithapelo tsa bona li utluoe ba ne ba lokela ho hlokomela hore Iseraele ke sechaba sa Molimo se khethiloeng. ’Me hamorao, ho tloha mehleng ea Solomone, ba ne ba lokela ho hlokomela hore tempele ke sebaka seo Molimo a se khethileng bakeng sa ho etsa mahlabelo. (Deuteronoma 9:29; 2 Likronike 6:32, 33) Leha ho le joalo, tsela ena ea ho sebeletsa Molimo e ne e le ea nakoana feela. Moapostola Pauluse o ile a re Molao o filoeng Baiseraele le mahlabelo a nyeheloang tempeleng e ne e le “seriti sa lintho tse molemo tse tlang ho tla, empa eseng boleng ba sebele ba lintho tseo.” (Baheberu 10:1, 2) Seriti se ne se lokela ho suthela ntho ea sebele. (Bakolose 2:17) Ho tloha ka 33 C.E., kamano ea motho le Jehova ha e sa itšetlehile ka ho boloka Molao oa Moshe. Ho e-na le hoo, e itšetlehile ka hore motho a mamele eo Molao o neng o lebisa ho eena—e leng Jesu Kreste.—Johanne 15:14-16; Bagalata 3:24, 25.

Lebitso le “ka Holimo ho Mabitso a Mang ’Ohle”

Jesu o ile a betla tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho atamela Jehova, a re ke motsoalle ea matla, ea bulang tsela ea hore Molimo a utloe lithapelo tsa   rōna a be a li arabe. Ke’ng se nolofalletsang Jesu hore a re etsetse see?

Kaha kaofela re tsoaletsoe sebeng, ha ho letho leo re ka le etsang kapa mahlabelo ao re a nyehelang a ka tlosang sebe sa rōna kapa a etsa hore re be le tokelo ea ho ba le kamano le Jehova, Molimo oa rōna ea halalelang. (Baroma 3:20, 24; Baheberu 1:3, 4) Leha ho le joalo, Jesu o nyehetse bophelo ba hae bo phethahetseng ’me a lefella libe tsa moloko oa batho ba neng ba ka lopolloa. (Baroma 5:12, 18, 19) Joale bohle ba batlang hore libe tsa bona li tlosoe ba na le monyetla oa hore e be ba hloekileng ka pel’a Jehova ’me ba ‘bue [le Molimo] ka bolokolohi’—empa sena se tla etsahala hafeela ba bontša tumelo sehlabelong sa Jesu le ha ba rapela ka lebitso la hae.—Baefese 3:11, 12.

Ha re rapela ka lebitso la Jesu, re bontša tumelo bonyane linthong tse tharo tseo a li etsang ho phethahatseng morero oa Molimo: (1) Ke “Konyana ea Molimo,” eo re tšoareloang libe ka lebaka la sehlabelo sa hae. (2) Jehova o ile a mo tsosa ’me hona joale ke ‘moprista ea phahameng’ ea abang melemo ea thekollo. (3) Ke eena feela “tsela” ea ho atamela Jehova ka thapelo.—Johanne 1:29; 14:6; Baheberu 4:14, 15.

Ho rapela ka lebitso la Jesu ho tlotla Jesu. Tlotla e joalo ke e loketseng, hobane thato ea Jehova ke hore “lengole le leng le le leng . . . le ka khumama ka lebitso la Jesu, ’me leleme le leng le le leng le bolele pepenene hore le ela hloko hore Jesu Kreste ke Morena thorisong ea Molimo Ntate.” (Bafilipi 2:10, 11) Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore ho rapela ka lebitso la Jesu ho tlotlisa Jehova, e leng eena ea faneng ka Mora oa hae molemong oa rōna.—Johanne 3:16.

Re lokela ho rapela ka ‘pelo eohle,’ eseng ho phetha molao feela

E le hore re ka utloisisa hore boemo ba Jesu bo phahame hakae, Bibele e mo hlalosa ka litlotla le mabitso a sa tšoaneng. Litlotla le mabitso ana a re thusa ho utloisisa melemo e mengata eo re e fumanang ka lebaka la seo Jesu a se entseng, seo a ntseng a se etsa, le seo a sa ntseng a tla se etsa molemong oa rōna. (Bona lebokose le reng “ Karolo ea Bohlokoa eo Jesu a e Phethang ” .) Ka sebele, Jesu o filoe “lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle.” * O filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng.—Bafilipi 2:9; Matheu 28:18.

Hase ho Phetha Molao Feela

Ha ho pelaelo hore re lokela ho etsa lithapelo  tsa rōna ka lebitso la Jesu haeba re batla hore Jehova a li utloe. (Johanne 14:13, 14) Empa ha ho mohla re batlang hore ha re rapela re re “ka lebitso la Jesu” hobane re phetha molao feela. Ka lebaka lefe?

Ka mohlala. Ha u fumana lengolo le tsoang ho rakhoebo, le ka ’na la phethoa ka poleloana e tloaelehileng e reng “ka boikokobetso.” Na u nahana hore poleloana ee e hlalosa tsela eo rakhoebo a ikutloang ka eona, kapa o mpa feela a latela tsela e tloaelehileng ea ho phetha lengolo? Ka sebele, ho sebelisa lebitso la Jesu lithapelong tsa rōna e lokela ho ba tsela ea sebele eo re ikutloang ka eona ho e-na le hore ho tšoane le mantsoe a tloaelehileng a phethang lengolo la khoebo. Le hoja re lokela ho ‘rapela re sa phetse,’ re lokela ho rapela ‘ka pelo eohle’ eseng ho phetha molao feela.—1 Bathesalonika 5:17; Pesaleme ea 119:145.

U ka qoba joang ho sebelisa poleloana e reng “ka lebitso la Jesu” ho phetha molao feela? U lokela ho thuisa ka litšobotsi tsa Jesu tse thobang pelo. Nahana ka seo a seng a ntse a u etselitse sona le seo a ikemiselitseng ho u etsetsa sona. Ha u rapela, leboha Jehova ’me u mo rorise bakeng sa tsela e hlollang eo a sebelisitseng Mora oa hae ka eona. Ha u ntse u etsa joalo, u tla kholiseha le ho feta ka tšepiso ea Jesu e reng: “Haeba le kōpa Ntate ntho leha e le efe o tla le fa eona ka lebitso la ka.”—Johanne 16:23.

^ ser. 14 Ho latela Vine’s Expository Dictionary of New Testament Words, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “lebitso” le ka bolela “sohle se boleloang ke lebitso, bolaoli, litšobotsi, boemo, bophahamo, matla, [le] bokhabane.”