Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ha Moratuoa oa Hao a Hlokahala

Ha Moratuoa oa Hao a Hlokahala

Ha Moratuoa oa Hao a Hlokahala

Mantsiboeeng a Labobeli la la 17 July, 2007, hoo e ka bang ka hora ea bosupa, sefofane sa baeti se ile sa chichiritsa eaba se kheloha tseleng boema-fofaneng bo phetheselang haholo ba Brazil, bohareng ba toropo ea São Paulo. Se ile sa tšela ’mila o moholo eaba se chaisa mohaho oo ho bolokeloang thepa ho oona. Ho ile ha shoa batho ba ka bang 200 kotsing eo.

BATHO ba ileng ba shoeloa ke baratuoa ba bona ba ke ke ba hlola ba lebala tlokotsi ena eo ho boleloang hore ke e mpe ka ho fetisisa e kileng ea etsahala Brazil. Claudete ke e mong oa ba ileng ba shoeloa ke baratuoa ba bona. O ne a shebeletse TV ha a tla utloa tlaleho ea sefofane seo se soahlamaneng. Mora oa hae ea bitsoang Renato o ne a palame sefofane seo. O ne a le lilemo li 26 feela. O ne a rerile ho nyala ka October. Claudete o ile a leka ho mo letsetsa selefounong, empa ha se ke ha araba motho. O ile a oa ’me a lla sa ’mokotsane.

Mohlankana oa Antje o ile a shoa kotsing ea koloi ka January 1986. Ha Antje a utloa, o ile a ferekana maikutlo. O re: “Qalong ke ne ke sa kholoe. Ke ne ke nka hore kea phofa ’me etlare ha ke tsoha ke fumane hore ha aa shoa. Ke ne ke thothomela ’me ke tšoeroe ke lehlaba le bohloko hoo ekang motho o nkotlile maling a mpa.” Antje o ile a qeta lilemo tse tharo a tetebetse maikutlo. Le hoja ho se ho fetile lilemo tse 20 kotsi eo e etsahetse, o sa ntse a nyaroha ha a hopola se etsahetseng.

Motho a ke ke a khona ho hlalosa ho tšoha, ho se kholoe, ho tsieleha le ho nyahama ho bakoang ke ketsahalo e sehlōhō le e sa lebelloang joalo. Leha ho le joalo, re ka ’na ra sareloa haholo esita le haeba motho eo re mo ratang a sa shoa ka tšohanyetso, e leng se etsahalang ha motho a hlokahala ka mor’a ho kula ka nako e telele. Kamehla lefu la motho eo re mo ratang le re hlaha lesumatha. ’Mè oa Nanci o ile a hlokahala ka 2002 ka mor’a ho kula nako e telele. Empa, mohla ’mè oa hae a hlokahalang, Nanci o ile a putlama fatše sepetlele a ferekane maikutlo. Ho ne ho bonahala bophelo bo se bo se na thuso. Ho se ho fetile lilemo tse hlano, empa o sa ntse a lla ha a hopola ’mè oa hae.

Dr. Holly G. Prigerson o itse: “Ha ho mohla batho ba hlaphoheloang ka ho feletseng ha ba shoetsoe, ba mpa ba amohela feela hore se etsahetseng se etsahetse.” Haeba u shoetsoe ke motho eo u mo ratang, ebang ke ka tšohanyetso kapa che, u ka ’na ua ipotsa: ‘Ebe ke ntho e tloaelehileng hore motho a sareloe? Nka mamella joang ha moratuoa oa ka a hlokahetse? Na ke sa tla ke ke mo bone hape?’ Lipotso tsena le tse ling tseo e ka ’nang eaba u ipotsa tsona, li tla tšohloa sehloohong se latelang.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

EVERTON DE FREITAS/AFP/Getty Images