Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Mamella ho Sareloa Joang?

U ka Mamella ho Sareloa Joang?

U ka Mamella ho Sareloa Joang?

“Bara ba [Jakobo] kaofela, le barali ba hae kaofela, ba tla ho mo tšelisa, empa a hana ho itšelisa, a re: Ke tla theohela nģalong ea bafu ho mora oa ka, ke ntse ke lla. Ntat’ae a mo llela joalo.”​—GENESE 37:35, Bibele ea Sesotho.

JAKOBO eo e neng e le hlooho ea lelapa o ile a sareloa habohloko ka lebaka la lefu la mora oa hae. O ne a nahana hore o tla mo llela ho fihlela a e-shoa. Joaloka Jakobo, le uena u ka ’na ua nka hore bohloko ba ho shoeloa ke moratuoa oa hao bo tebile hoo bo ke keng ba fela. Na ho sareloa ho tebileng joalo ho bolela hore motho ha a na tumelo ho Molimo? Ka sebele ha ho joalo!

Bibele e re Jakobo e ne e le monna ea nang le tumelo e matla. Jakobo o balelloa le ntate-moholo oa hae Abrahama le ntate oa hae, Isaka, ’me o rorisoa ka lebaka la tumelo ea hae e tsotehang. (Baheberu 11:8, 9, 13) Ka lekhetlo le leng, o ile a ba a betana le lengeloi bosiu kaofela hobane a batla hore Molimo a mo hlohonolofatse! (Genese 32:24-30) Ho hlakile hore Jakobo o ne a e-na le kamano e matla le Jehova. Joale, re ka ithuta’ng tseleng eo Jakobo a ileng a sareloa ka eona? Hore leha motho a e-na le tumelo e matla ho Molimo a ka sareloa le ho hlomoha haholo. Ho tloaelehile ebile ke ntho ea tlhaho hore re sareloe ha re shoetsoe ke moratuoa oa rōna.

Ho Sareloa ke Eng?

Re ka sareloa ka litsela tse fapa-fapaneng, empa bongata ba batho ha ba saretsoe ba utloa bohloko bo matla. Nahana ka mohlala oa Leonardo, ea neng a le lilemo li 14 ha ntate oa hae a e-shoa ka tšohanyetso ka lebaka la lefu la pelo le matšoafo. Le ka mohla Leonardo a ke ke a lebala mohla ’mangoane oa hae a mo bolellang hore ntate oa hae o hlokahetse. Qalong, o ne a sa kholoe hore ke ’nete. O ile a bona setopo sa ntate oa hae phupung, empa e ne eka ke toro feela. Leonardo o ile a qeta likhoeli tse ka bang tse tšeletseng a sa khone ho lla. Hangata, o ne a iphumana a se a emetse ntate oa hae hore a khutle mosebetsing. Ho ile ha feta hoo e ka bang selemo pele a kholoa hore kannete ntate oa hae o hlokahetse. Eaba o ikutloa a hlorile haholo. Lintho tse tloaelehileng​—tse kang ho fihla ho se na motho lapeng​—li ne li mo hopotsa hore ntate oa hae ha a sa le eo. Linakong tse joalo, o ne a atisa ho lla habohloko. Ruri o ne a hlolohetsoe ntate oa hae.

Joaloka tabeng ea Leonardo, motho a ka sareloa haholo. Empa ho thabisang ke hore motho a ka hlaphoheloa. Leha ho le joalo, ho ka ’na ha nka nako e teletsana. Joalokaha leqeba le lebe le nka nako hore le fole, le bohloko ba ho shoeloa bo nka nako. Ho ka ’na ha feta likhoeli, lilemo kapa ho feta moo, hore motho ea shoetsoeng a hlaphoheloe. Empa bohloko bo hlabang boo u bo utloang qalong bo tla kokobela, ’me hanyane ka hanyane bophelo bo ke ke e-ba bosula hakaalo.

Ka nako e tšoanang, ho thoe ho sareloa ke karolo ea bohlokoa ea ho hlaphoheloa le ho ithuta ho amohela boemo bo bocha. Ha motho a e-shoa o bula sekheo se seholo. Ho hlokahala hore re tloaele ho phela ka ntle ho eena. Ho sareloa ho ka ’na ha thusa motho hore a imolohe. Ke ’nete hore batho ha ba sareloe ka tsela e tšoanang. Leha ho le joalo, ’nete ea sala: Ha u pata ho sareloa ha hao, hoo ho ka etsa hore u imeloe kelellong, u tetebele maikutlo ’me u kule. Joale, ke litsela life tse molemo tseo u ka bontšang ka tsona hore u saretsoe? Bibele e fana ka keletso e loketseng. *

U ka Mamella Joang ha U Saretsoe?

Batho ba bangata ba shoetsoeng ba hlokometse hore ho bua le motho e mong ho ba thusa ho ntša bohloko. Ka mohlala, hlokomela mantsoe a Jobo eo ho builoeng ka eena ka Bibeleng, ea ileng a shoeloa ke bana bohle ba hae ba leshome ’me a mamella litsietsi tse ling. O itse: “Ka sebele moea oa ka o nyonya bophelo ba ka. Ke tla bonahatsa ho tšoenyeha ha ka ka ’na. Ke tla bua ka moea o utloileng bohloko!” (Jobo 1:2, 18, 19; 10:1) Hlokomela hore ho ile ha hlokahala hore Jobo a ‘bonahatse’ ho tšoenyeha ha hae. O ne a tla ho bonahatsa joang? O itse: “Ke tla bua.”

Paulo, ea shoetsoeng ke ’mè oa hae, o re: “E ’ngoe ea lintho tse nthusitseng ke ho bua ka ’Mè.” Kahoo u ka fokotsa bohloko ka ho hlalosetsa motsoalle eo u mo tšepang kamoo u ikutloang kateng. (Liproverbia 17:17) Ka mor’a hore ’mè oa Yone a hlokahale, Yone o ile a kōpa hore balumeli-’moho le eena ba mo etele khafetsa. O re: “Ho bua ho ile ha kokobetsa bohloko ba ka.” Le uena u ka ’na ua hlokomela hore haeba u hlalosetsa motho ea nang le kutloelo-bohloko hore na u ikutloa joang, seo se ka kokobetsa bohloko.

Ho ngola le hona ho ka u thusa ho ntša bohloko. Batho ba bang bao ho leng thata hore ba bolele hore na ba ikutloa joang, ba ka ’na ba nolofalloa ho ngola maikutlo a bona. Ka mor’a lefu la Saule le Jonathane, Davida ea tšepahalang o ile a ngola koli-a-malla eo ho eona a ileng a hlalosa kamoo a saretsoeng kateng. Qetellong, pina ena ea koli-a-malla e ile ea ngoloa bukeng ea Bibele ea Samuele oa Bobeli.​—2 Samuele 1:17–27.

Ho lla le hona ho ka u thusa ho ntša bohloko. Bibele e re: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, esita le . . . nako ea ho lla.” (Moeklesia 3:1, 4) Ka sebele, ha moratuoa oa rōna a e-shoa ke “nako ea ho lla.” Motho ha aa lokela ho hlajoa ke lihlong ho lla ha a saretsoe. Ka Bibeleng ho na le mehlala e mengata ea banna le basali ba tšepahalang ba ileng ba bontša ho sareloa ha bona phatlalatsa ka ho lla. (Genese 23:2; 2 Samuele 1:11, 12) Jesu Kreste o ile “a ntša meokho” ha a le haufi le ho fihla lebitleng la motsoalle oa hae ea ratehang, Lazaro, eo e neng e se khale a shoele.​—Johanne 11:33, 35.

Ho hlokahala hore u mamelle ha u leka ho hlaphoheloa mesarelong, hobane kajeno u ka ’na ua ikutloa tjena empa hosane ua ikutloa tjena. Hopola hore ha ua lokela ho hlajoa ke lihlong ho lla. Batho ba bangata ba tšepahalang ba hlokometse hore ho lla ha ba saretsoe ke ntho e tloaelehileng le karolo ea bohlokoa ea ho hlaphoheloa.

Atamela ho Molimo

Bibele e re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:8) E ’ngoe ea litsela tse ka sehloohong tsa ho atamela ho Molimo ke ka thapelo. U se ke ua e halala! Bibele e re khothatsa ka tšepiso e reng: “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.” (Pesaleme ea 34:18) E boetse e re kholisa ka mantsoe a reng: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.” (Pesaleme ea 55:22) Nahana ka taba ena. Joalokaha re hlokometse pejana, ba bangata ba fumane hore ho molemo ho hlalosetsa motsoalle eo ba mo tšepang kamoo ba ikutloang kateng. Na ho ke ke ha e-ba molemo le ho feta hore u tšollele Molimo maikutlo, kaha o tšepisa hore o tla tšelisa lipelo tsa rōna?—2 Bathesalonika 2:16, 17.

Paulo, ea boletsoeng pejana, o itse: “Mohla ke sa khoneng ho mamella bohloko ’me ke utloa hore ke imetsoe, ke ne ke khumama ebe ke rapela Molimo. Ke ne ke kōpa hore a nthuse.” Paulo o kholisehile hore lithapelo tsa hae li ile tsa mo thusa haholo. Le uena u ka ’na ua fumana hore ha “Molimo oa matšeliso ’ohle” a arabela lithapelo tseo u li etsang u sa phetse, o tla u fa sebete le matla a ho mamella.​—2 Bakorinthe 1:3, 4; Baroma 12:12.

Tšepo ea Hore Bafu ba Tla Tsoha

Jesu o itse: “Ke ’na tsoho le bophelo. Ea bontšang tumelo ho ’na, esita le hoja a ka shoa, o tla phela.” (Johanne 11:25) Bibele e ruta hore bafu ba tla boela ba phela. * Ha Jesu a ntse a le lefatšeng, o ile a bontša hore o khona ho tsosa bafu. Ka nako e ’ngoe, o ile a tsosa ngoanana ea lilemo li 12. Batsoali ba hae ba ile ba ikutloa joang? Ba ile “ba hlolloa haholo.” (Mareka 5:42) ’Musong oa hae, Morena Jesu Kreste ea leholimong o tla tsosa boieane ba batho hore ba tl’o phela lefatšeng mona—empa ba phela moo ho renang khotso le ho loka. (Liketso 24:15; 2 Petrose 3:13) Inahanele feela hore na e tla ba ho hlollang hakaakang ha bafu ba tsosoa ’me ba boela ba kopana le baratuoa ba bona!

Claudete, eo mora oa hae a ileng a shoa kotsing ea sefofane, o ile a beha foto ea mora oa hae, Renato, forijing. O atisa ho e sheba ebe o re ka pelong, ‘Re tla boela re kopana tsohong ea bafu.’ Leonardo o nahana a se a bona ntate oa hae a tsohile bafung lefatšeng le lecha leo Molimo a le tšepisitseng. Ruri tšepo ea tsoho ea bafu ke khothatso e khōlō ho bona le ho ba bang ba bangata ba shoetsoeng ke baratuoa ba bona. Le uena e ka u khothatsa haholo!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Hore u fumane lintlha tse qaqileng mabapi le ho thusa bana ha motho eo ba mo ratang a e-shoa, sheba sehlooho se reng “Thusa Ngoana oa Hao Hore a Mamelle ho Sareloa,” leqepheng la 18 ho ea ho la 20 makasineng ena.

^ ser. 19 U ka fumana lintlha tse eketsehileng mabapi le tšepo eo Bibele e fanang ka eona ea hore bafu ba tla tsoha ka ho sheba khaolo ea 7 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]

“Molimo oa Matšeliso ’Ohle”

Ho bokoe Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste, Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle.”​—2 Bakorinthe 1:3.

Temana ena e bontša hore Molimo a ka thusa bahlanka ba hae ba tšepahalang hore ba mamelle bothata bofe kapa bofe. Tsela e ’ngoe eo Jehova a ka fanang ka matšeliso ke ka ho sebelisa motsoalle kapa moratuoa eo e leng Mokreste-’moho le rōna.

Leonardo, eo ntate oa hae a ileng a hlokahala, o hopola ketsahalo e ileng ea mo matlafatsa le ho mo tšelisa. O ne a sa tsoa fihla lapeng, eare ha a hopola hore ha ho na motho lapeng, a qala ho lla ho fihlela a sisa pelo. O ile a ea serapeng sa boikhathollo se haufi le habo, a lula setulong eaba o tsoela pele ho lla. Ha a ntse a lla, a kōpa Molimo ka tieo hore a mo thuse. Eaba Leonardo o bona vene e se e re khekhenene haufi le eena, ’me a hlokomela hore e khannoa ke Mokreste-’moho le eena. O ne a ntse a tsamaisa thepa eaba oa lahleha. Leonardo o ile a thabela feela hore ebe o tlile moo.

Ka lekhetlo le leng, monna e mong ea shoetsoeng ke mosali o ne a hlorile ebile a tetebetse maikutlo haholo. O ne a lula a lla hobane bophelo bo ne bo bonahala bo le bosula. O ile a kōpa Molimo ka matla hore a mo thuse. Ha a sa ntse a rapela, fono ea lla. O ne a letselitsoe ke setloholo sa hae sa ngoanana. O re: “Puisano ea rōna e khutšoanyane e ile ea ntsosa molota. Ke ile ka tlameha ho lumela hore thapelo ea ka e arabetsoe ka hore a ntetsetse.”

[Lebokose le leqepheng la 9]

Ba Tšelisa ba Bang

[Molimo o re tšelisa] matšoenyehong ’ohle a rōna, e le hore re ka khona ho tšelisa ba matšoenyehong a mofuta leha e le ofe ka matšeliso ao re ntseng re tšelisoa ka ’ona ke Molimo.”​—2 Bakorinthe 1:4.

Bakreste ba bangata ba ’nete ba inoesitse ka nkho hore na mantsoe ao a bolela’ng. Ka mor’a hore ba bang ba ba tšelise ha ba shoetsoe ke baratuoa ba bona, ba fumana ho le bonolo ho khothatsa ba bang le ho ba tšelisa.

Nahana ka mohlala oa Claudete; o atisa ho etela batho ba bang hore a ba bolelle lintho tseo a ithutileng tsona ka Bibeleng. Pele mora oa hae a e-shoa, o ne a ntse a etela mosali e mong eo mora oa hae a neng a bolailoe ke kankere ea mali. Mosali eo o ne a thaba ha Claudete a mo etetse, empa o ne a nahana hore ho hang Claudete a ke ke a utloisisa bohloko boo a bo utloang. Empa, nakoana ka mor’a hore mora oa Claudete a hlokahale, mosali eo o ile a mo etela ’me a re o ne a tlil’o bona hore na Claudete o sa ntse a khomaretse tumelo ea hae ha e le mona mora oa hae a se a hlokahetse. O ile a makalla tumelo e matla ea Claudete ’me hona joale Claudete o ithuta Bibele le eena kamehla ’me Lentsoe la Molimo le mo khothatsa haholo.

Ka mor’a hore Leonardo a hlokahalloe ke ntate oa hae, o ile a etsa qeto ea ho ithuta puo ea matsoho e le hore a ka bolella batho ba sa utloeng litsebeng molaetsa o tšelisang oa Bibele. Ho ikitlaelletsa ho thusa batho ba sa utloeng litsebeng ho mo thusitse haholo. O re: “E ’ngoe ea lintho tse nthusitseng ho mamella ho sareloeng ha ka ke takatso ea ho thusa batho ba sa utloeng litsebeng hore ba ithute ka Molimo. Ke tetse nako e ngata ’me ke ikitlaellelitse ho ba thusa. Masoabi a ka a ile a fetoha thabo ha ke bona motho oa pele eo ke ithutang Bibele le eena a kolobetsoa. Ka sebele e ne e le lekhetlo la pele ke ikutloa ke thabile hakana haesale Ntate a hlokahala.”​—Liketso 20:35.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

U ka fokotsa bohloko ka ho hlalosa kamoo u ikutloang kateng

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ho bala ka tšepo ea tsoho ea bafu ho ka u khothatsa haholo

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ho ngola ho ka u thusa ho hlalosa mesarelo ea hao

[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]

Jesu o tšepisitse hore ba bontšang tumelo ho eena ba tla tsoha bafung