Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Ha a Hōle le e Mong le e Mong oa Rōna’

‘Ha a Hōle le e Mong le e Mong oa Rōna’

Atamela ho Molimo

‘Ha a Hōle le e Mong le e Mong oa Rōna’

Liketso 17:24-27

RURI batho hase letho ha ba bapisoa le pōpo eohle. Mohlomong u kile ua ipotsa potso ena, ‘Na kannete ho ka khoneha hore batho ba pala ba be le kamano e matla le Molimo ea Matla ’Ohle?’ Ho ka khoneha hafeela Molimo, eo lebitso la hae e leng Jehova, a batla hore re atamele ho eena. Na oa batla? Mantsoe a hlakileng ao moapostola Pauluse a ileng a a bolella lirutehi tsa Athene a tlalehiloeng ho Liketso 17:24-27 a re fa karabo e khothatsang. Hlokomela lintho tse ’nè tseo Pauluse a li bolelang ka Jehova.

Ea pele, Pauluse o re Molimo o “[entse] lefatše le lintho tsohle tse ho lona.” (Temana ea 24) Lintho tse ntle le tsa mefuta-futa tse etsang hore bophelo bo be monate li paka hore ’Mōpi oa rōna o mosa ebile oa re rata. (Baroma 1:20) E ne e ka ba ho sa utloahaleng ho nahana hore Molimo ea joalo o ne a ka khetha ho ba hōle le batho bao a ba ratang.

Ea bobeli, Jehova “o fa batho bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle.” (Temana ea 25) Jehova ke Mophelisi. (Pesaleme ea 36:9) Lintho tsa bohlokoa haholo bophelong tse kang moea, metsi le lijo, kaofela ke limpho tse tsoang ho ’Mōpi oa rōna. (Jakobo 1:17) Na hoa utloahala ho lumela hore Molimo oa rōna ea re fang lintho tsohle a ka ba hōle le rōna ’me a re hanele ka mpho ea ho mo tseba le ho atamela ho eena?

Ea boraro, Molimo “o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho.” (Temana ea 26) Jehova ha a ee ka leeme ebile ho hang ha a na khethollo. (Liketso 10:34) Ho hang o ne a ke ke a ba joalo. O ile a bōpa ‘motho a le mong,’ Adama, eo lichaba le merabe eohle e tsoang ho eena. ‘Thato ea Molimo ke hore batho ba mefuta eohle ba pholohe.’ (1 Timothea 2:4) Kahoo re na le monyetla oa ho atamela ho eena ho sa tsotellehe lebala la rōna, hore re ba sechaba sefe kapa morabe ofe.

Ea ho qetela, Pauluse o bolela ’nete e khothatsang ha a re: Jehova ha a “hōle le e mong le e mong oa rōna.” (Temana ea 27) Le hoja Jehova a phahame haholo, o haufi le bohle ba batlang ho atamela ho eena ka tieo. Lentsoe la hae le re tiisetsa hore ha a hōle, empa “o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena.”​—Pesaleme ea 145:18.

Mantsoe a Pauluse a hlakisa hore Molimo o batla hore re be haufi le eena. Leha ho le joalo, Pauluse o re o lumella feela ba ikemiselitseng ho mo ‘batla’ le ho “mo phopholetsa” hore ba be haufi le eena. (Temana ea 27) Buka e fang bafetoleli ba Bibele leseli le eketsehileng e re “ho nkoa hore maetsi ana ka bobeli a bolela monyetla o ka ’nang oa finyelloa . . . kapa takatso e ka ’nang ea phethahala.” Ka mohlala: Ka kamoreng e lefifi empa e le eo u e tloaetseng, u ka ’na ua phopholetsa hore u laete motlakase kapa u fumane monyako, empa ua tseba hore u tla fumana seo u se batlang. Ka ho tšoanang, haeba re batla Molimo ka tieo ’me re mo phopholetsa, re ka kholiseha hore boiteko ba rōna bo tla atleha. Pauluse o re tiisetsa hore ‘ka sebele re tla mo fumana.’—Temana ea 27.

Na u labalabela ho ba haufi le Molimo? Haeba u qala ho ‘batla Molimo’ le ho “mo phopholetsa” u e-na le tumelo, u ke ke ua ikoahlaea. Ha ho thata ho fumana Jehova, hobane ha a “hōle le e mong le e mong oa rōna.”