Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Bona! Lekhabunyane la Jehova!”

“Bona! Lekhabunyane la Jehova!”

Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona

“Bona! Lekhabunyane la Jehova!”

MARIA o ne a maketse ha moeti enoa a kena habo. Ha aa ka a kōpa ho bona ntate kapa ’mè oa hae. O ne a tlile ho eena! Empa Maria o ne a kholisehile hore hase motho oa Nazaretha. Motseng o monyenyane joaloka oo, baeti ba ne ba totobala hang feela. Enoa eena o ne a tla totobala kae kapa kae. O ile a lumelisa Maria ka tsela eo a sa e tloaelang ho hang, a re: “Lumela, uena ea hauhetsoeng haholo, Jehova o na le uena.”—Luka 1:28.

Ke seo Bibele e re bolellang sona ka Maria, morali oa Heli, oa motseng oa Nazaretha e Galilea. Re bolelloa ka eena nakong eo a tobaneng le liqeto tsa bohlokoa. O ne a lebelelitsoe ke Josefa oa ’metli​—eo e neng e se morui empa e le motho ea tšepahalang. Kahoo ho ne ho ka bonahala ho totobetse hore o tla phela bophelo ba mofuta ofe​—ba ho ba mosali oa Josefa ea phelang bophelo bo itekanetseng, ebe o ba le bana le eena. Leha ho le joalo, o ile a iphumana a se a tobane le moeti enoa ea neng a mo tliselitse molaetsa o tsoang ho Molimo, e leng boikarabelo bo neng bo tla fetola bophelo ba hae.

U ka ’na ua makala ho utloa hore Bibele ha e bue hakaalo ka Maria. Ha e bue hakaalo ka khōliso ea hae, botho ba hae, ebile ha e re letho ka hore na o ne a shebahala joang. Empa, seo Lentsoe la Molimo le se buang ka eena se re beha leseling e le kannete.

E le hore re tsebe haholoanyane ka Maria, re lokela ho hlokomoloha likhopolo tse ngata tseo malumeli a mangata a li rutang. Kahoo a re se keng ra nahana ka seo re se bonang litšoantšong tse ngata tse pentiloeng, le liemahaleng tsa ’mabole kapa tsa samente. Hape, a re se keng ra nahana ka lithuto tse rarahaneng tsa bolumeli tse fileng mosali enoa ea ikokobelitseng litlotla tse phahameng, tse kang “’M’a Molimo” le “Mofumahali oa Leholimo.” Ho e-na le hoo, a re tsepamiseng maikutlo ho seo Bibele e hlileng e se rutang. E re thusa ho utloisisa hore na tumelo ea hae e ne e le matla hakae le hore na re ka tšoana le eena joang.

O Eteloa ke Lengeloi

Joalokaha e ka ’na eaba ua tseba, moeti oa Maria e ne e se motho feela tjee. E ne e le lengeloi le bitsoang Gabriele. Ha le re Maria ke “ea hauhetsoeng haholo,” mantsoe ao a ile a mo “khathatsa haholo” ’me a makatsoa ke tumeliso eo e sa tloaelehang. (Luka 1:29) Ke mang ea neng a mo hauhetse haholo? Maria le har’a batho o ne a sa lebella hore e ka ba ea hauhetsoeng haholo. Empa lengeloi le ne le bolela hore o hauhetsoe ke Jehova Molimo. E ne e le eona taba ea bohlokoa ho eena. Empa, ha aa ka a ikonka ka hore o hauhetsoe ke Molimo. Haeba re etsa boiteko ba ho hauheloa ke Molimo, re sa ikonke ka hore o se a ntse a re hauhetse, re tla ithuta ntho ea bohlokoa eo moroetsana ea bitsoang Maria a neng a e utloisisa ka ho feletseng. Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o rata ba ikokobelitseng ebile oa ba tšehetsa.—Jakobo 4:6.

Maria o ne a tla lokela ho ikokobetsa ka tsela e joalo, hobane lengeloi le ne le mo tšepisitse tlotla e hlollang. Le ile la re o ne a tla tsoala ngoana eo e neng e tla ba oa bohlokoa ka ho fetisisa har’a batho bohle. Gabriele o ile a re: “Jehova Molimo o tla mo fa terone ea ntat’ae Davida,’me o tla busa e le morena oa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me ’muso oa hae o ke ke oa e-ba le bofelo.” (Luka 1:32, 33) Ha ho pelaelo hore Maria o ne a tseba tšepiso eo Molimo a e entseng ho Davida lilemong tse fetang sekete pele ho moo—ea hore e mong oa litloholo tsa hae o ne a tla busa ka ho sa feleng. (2 Samuele 7:12, 13) Kahoo mora oa Maria e ne e tla ba Mesia eo batho ba Molimo ba neng ba mo lebeletse ka lilemo tse makholo-kholo!

Ho feta moo, lengeloi le ile la re mora oa hae o ne a “tla bitsoa Mora oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa.” Ho ka tla joang hore mosali a tsoale Mora oa Molimo? Ka sebele, Maria o ne a ka tsoala mora joang? O ne a lebelelitsoe ke Josefa empa a e-s’o mo nyale. Maria o ile a botsa potso ena a sa hlathe koana le koana, a re: “See se tla etsahala joang, kaha ha ke kopanele liphate le monna?” (Luka 1:34) Hlokomela hore Maria ha aa ka a hlajoa ke lihlong ho bua ka boroetsana ba hae. Ho e-na le hoo, o ne a le motlotlo hore o lutse a hloekile. Kajeno, bacha ba bangata ba potlakela ho fana ka boroetsana ba bona ’me ba soma ba sa batleng ho fana ka bona. Ruri lefatše le fetohile. Leha ho le joalo, Jehova ha a e-s’o fetohe. (Malakia 3:6) Joaloka mehleng ea Maria, o sa ntse a ananela batho ba khomarelang melao ea hae ea boitšoaro.—Baheberu 13:4.

Le hoja Maria a ne a sebeletsa Molimo ka botšepehi, e ne e le moetsalibe. Joale, ke joang a neng a ka tsoala ngoana ea se nang sekoli, Mora oa Molimo? Gabriele o ile a re: “Moea o halalelang o tla theohela holim’a hao, ’me matla a Ea Phahameng ka ho Fetisisa a tla u koahela. Ka lebaka leo le se tsoetsoeng se tla bitsoa se halalelang, Mor’a Molimo.” (Luka 1:35) Khalalelo e bolela “ho hloeka,” “ho se be le sekoli,” “ho khetheha.” Ka tloaelo, bana ba futsa ho se hloeke le boetsalibe ho batsoali ba bona. Empa, tabeng ena Jehova o ne a tla etsa mohlolo. O ne a tla tlosa bophelo ba Mora oa hae leholimong a bo fetisetse pōpelong ea Maria ebe o sebelisa matla a hae, kapa moea oa hae o halalelang, hore a ‘koahele’ Maria, a sireletse ngoana eo hore a se ke a silafatsoa ke sebe. Na Maria o ile a kholoa seo lengeloi le mo tšepisang sona? O ile a re’ng?

Maria o Ile a Re’ng ho Gabriele?

Batho ba tletseng lipelaelo, ho akarelletsa le litsebi tse ling tsa thuto ea bolumeli Malumeling a Bolelang Hore ke a Bokreste, ha ba lumele hore moroetsana o ne a ka tsoala ngoana. Le hoja ba rutehile, ha ba utloisise taba e bonolo. Joalokaha Gabriele a boletse, “ho Molimo ha ho polelo e ke keng ea khoneha.” (Luka 1:37) Maria o ile a lumela hore mantsoe a Gabriele ke ’nete, hobane e ne e le moroetsana ea nang le tumelo e matla. Leha ho le joalo, o ne a sa lumele lintho ka hlooho e ntšo feela. Joaloka motho e mong le e mong ea nang le kelello, Maria o ne a hloka bopaki boo a ka thehang tumelo ea hae ho bona. Gabriele o ne a ikemiselitse ho mo fa bopaki bo eketsehileng. O ile a mo bolella ka mong ka eena ea hōlileng, e leng Elizabetha, eo ka nako e telele a neng a tsejoa e le nyopa. Ka mohlolo Molimo o ile a etsa hore a khone ho emola!

Joale Maria o ne a tla etsa’ng? O ne a fuoe boikarabelo ’me a e-na le bopaki ba hore Molimo o tla phetha sohle seo Gabriele a se buileng. Ha rea lokela ho nahana hore o ne a ke ke a tšoenyeha kapa a thulana le mathata ka lebaka la ho fuoa tlotla ena. Tabeng ea pele, o ne a lokela ho nahana ka Josefa ea mo lebelelitseng. Na o ne a tla ’ne a batle ho mo nyala ha a utloa hore o imme? Tabeng ea bobeli, ho ne ho ka ’na ha bonanala eka o fuoe boikarabelo bo boima. O ne a lokela ho hlokomela bophelo ba sebōpuoa sa bohlokoa ka ho fetisisa har’a libōpuoa tsohle tsa Molimo—e leng Mora oa hae ea ratoang! O ne a tla lokela ho mo hlokomela ha e le lesea le sa khoneng ho iketsetsa letho ’me a mo sireletse lefatšeng le khopo. Ruri e ne e le boikarabelo bo boima!

Bibele e re ka linako tse ling esita le banna ba matla le ba tšepahalang ba ne ba le leqe ho amohela boikarabelo bo boima boo Molimo a neng a ba fa bona. Moshe o ile a re a ke ke a khona ho ba ’muelli oa Molimo hobane ha a khone ho bua ka mokhoa o phollatsi. (Exoda 4:10) Jeremia o ile a re e sa le “moshanyana,” o sa le monyenyane hore a ka phetha mosebetsi oo Molimo a mo fileng oona. (Jeremia 1:6) ’Me Jonase o ile a balehela boikarabelo boo a bo fuoeng! (Jonase 1:3) Maria eena?

Mantsoe a hae a bontšang boikokobetso le ho mamela ha a lebalehe. O ile a re ho Gabriele: “Bona! Lekhabunyane la Jehova! E se eka ho ka nketsahalla ho ea ka polelo ea hao.” (Luka 1:38) Lekhabunyane e ne e le lekhoba la boemo bo tlaase ka ho fetisisa; bophelo ba lona bo ne bo le matleng a mong’a lona ka ho feletseng. Maria o ne a ikutloa joalo ka Mong’a hae, Jehova. O ne a tseba hore o matsohong a sireletsehileng, hore Jehova oa tšepahala ho ba tšepahalang ho eena, le hore o ne a tla mo hlohonolofatsa ha a ntse a etsa sohle seo a ka se khonang ho phethahatsa boikarabelo bona bo boima.—Pesaleme ea 18:25.

Ka linako tse ling Molimo o re re etse lintho tse ka ’nang tsa bonahala li le boima, kapa li ke ke tsa khoneha, ha re li sheba. Leha ho le joalo, Lentsoeng la hae o re file mabaka a ho mo tšepa, ho ipeha matsohong a hae joaloka Maria. (Liproverbia 3:5, 6) Na ke sona seo re tla se etsa? Haeba re etsa joalo, o tla re putsa, a re fe mabaka a hore re be le tumelo e matla haholo ho eena.

O Etela Elizabetha

Seo Gabriele a ileng a se bolella Maria ka Elizabetha se ile sa mo thabisa haholo. Har’a basali bohle ba lefatšeng, ha ho na ea neng a ka utloisisa boemo ba hae ho feta Elizabetha. Maria o ile a itlhahanela ho ea naheng e lithaba ea Juda, e leng leeto le ka nkang matsatsi a mararo ho isa ho a mane. Ha Maria a kena ka tlung ea Elizabetha le moprista Zakaria, Jehova o ile a mo putsa ka bopaki bo bong bo tiileng bo ileng ba matlafatsa tumelo ea hae. Eitse hang ha Elizabetha a utloa Maria a lumelisa, eaba o utloa lesea le ka pōpelong ea hae le tlōla ke thabo. O ile a tlala moea o halalelang eaba o bitsa Maria “’mè oa Moren’a ka.” Molimo o ile a tsebisa Elizabetha hore mora oa Maria e ne e tla ba Morena oa hae, Mesia. Ho feta moo, Molimo o ile a mo susumelletsa hore a rorise Maria ka hore ebe o ile a ikokobetsa ka botšepehi, a re: “Ho thaba le ea ileng a lumela.” (Luka 1:39-45) Ka sebele, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a neng a e tšepisitse Maria e ne e tla phethahala!

Eaba Maria le eena oa bua. Mantsoe a hae a ngotsoe ka hloko ho Luka 1:46-55. Ke mantsoe a matelele ka ho fetisisa ao Maria a a buileng a tlalehiloeng ka Bibeleng, ’me a bontša hore na e ne e le motho oa mofuta ofe. A bontša kamoo a neng a e-na le teboho le kananelo kateng, kaha o ile a rorisa Jehova ka hore ebe o mo hlohonolofalitse ka tlotla ea ho ba ’mè oa Mesia. A bontša kamoo tumelo ea hae e neng e le matla kateng, ha a re Jehova o kokobetsa ba ikhohomosang le ba matla ’me o thusa ba tlaase le ba futsanehileng ba batlang ho mo sebeletsa. Hape a bontša kamoo a neng a e-na le tsebo kateng. Ho hakanngoa hore o qotsitse Mangolo a Seheberu ka makhetlo a fetang 20!

Ho hlakile hore Maria o ne a nahanisisa ka Lentsoe la Molimo. Leha ho le joalo, o ile a lula a ikokobelitse, a khetha ho hlalosa boemo ba hae a sebelisa Mangolo ho e-na le hore a bue lintho tseo a iqapelang tsona. Ka letsatsi le leng mora ea neng a ntse a hōla ka pōpelong ea hae o ne a tla bontša moea o tšoanang, a re: “Seo ke se rutang hase sa ka, empa ke sa ea nthomileng.” (Johanne 7:16) Re lokela ho ipotsa lipotso tsena: ‘Na ke bontša hore ke hlompha Lentsoe la Molimo ka tsela e joalo? Kapa ke rata ho buella likhopolo le lithuto tsa ka?’ Karabo ea Maria e hlakile.

Maria o ile a qeta likhoeli tse tharo a lula le Elizabetha, ’me ha ho pelaelo hore ba ne ba khothatsana haholo. (Luka 1:56) Basali bana ba babeli ba re hopotsa bohlokoa ba metsoalle. Haeba re batla metsoalle e hlileng e ratang Molimo oa rōna, Jehova, ruri kamano ea rōna le eena e tla hōla ’me re tla atamela haufi le eena. (Liproverbia 13:20) Leha ho le joalo, qetellong nako ea hore Maria a khutlele hae e ile ea fihla. Josefa o ne a tla re’ng ha a utloa hore na boemo ba hae ke bofe?

Maria le Josefa

Mohlomong Maria ha aa ka a letela hore a hōleloe pele a bolella Josefa. Ntle ho pelaelo o ile a lokela ho mo tsebisa. Pele a mo bolella, e ka ’na eaba o ne a ipotsa hore na monna enoa ea lokileng, ea tšabang Molimo o tla re’ng. Leha ho le joalo, o ile a ea ho eena ’me a mo bolella sohle se mo etsahaletseng. Joalokaha u ka inahanela, Josefa o ne a khathatsehile haholo. O ne a batla ho lumela seo ngoanana enoa ea ratehang a mo bolellang sona, empa ntho e joalo e ne e e-s’o ka e etsahala. Bibele ha e re bolelle hore na o ne a nahana eng. Empa e re o ile a etsa qeto ea ho mo hlala, hobane ho ne ho nkoa hore batho ba lebeletsaneng ba nyalane. Leha ho le joalo, o ne a sa batle ho mo tlotlolla kapa ho etsa hore a ahloloe, eaba o etsa qeto ea ho mo hlala sephiring. (Matheu 1:18, 19) E tlameha ebe Maria o ile a utloa bohloko ha a bona monna enoa ea lokileng a nahana ka thata ka boemo bona bo sa tloaelehang. Empa, Maria ha aa ka a koata.

Jehova ha aa ka a tlohela Josefa hore a etse seo ho neng ho bonahala eka se lokile. Lengeloi la Molimo le ile la mo bolella torong hore kannete Maria o imme ka mohlolo. E tlameha ebe o ile a utloa le litsebeng. Eaba Josefa o etsa seo Maria a ileng a se etsa ho tloha qalong—a iphaphatha le tataiso ea Jehova. O ile a nyala Maria, ’me a ikemisetsa ho jara boikarabelo bo khethehileng ba ho hlokomela Mora oa Jehova.—Matheu 1:20-24.

Banyalani le ba rerang ho nyalana ba lokela ho ithuta mohlaleng oa banyalani bana ba bacha ba phetseng lilemong tse 2 000 tse fetileng. Ha Josefa a bona mosali oa hae e mocha a phetha mesebetsi le boikarabelo ba hae joaloka ’mè, ha ho pelaelo hore o ile a thaba hore ebe lengeloi la Jehova le mo tataisitse. E tlameha ebe Josefa o ile a hlokomela bohlokoa ba ho itšetleha ka Jehova ha a etsa liqeto tsa bohlokoa. (Pesaleme ea 37:5; Liproverbia 18:13) Ha ho pelaelo hore ha a etsa liqeto joaloka hlooho ea lelapa o ne a e-ba hlokolosi a bile a e-ba mosa.

Ka lehlakoreng le leng, re ka fihlela qeto efe ka boikemisetso ba Maria hore a nyaloe ke Josefa? Le hoja e ka ’na eaba qalong Josefa o ne a sa kholoe seo a mo bolellang sona, Maria o ile a tlohela lintho matsohong a hae joalokaha e ne e tla ba hlooho ea lelapa. Ka sebele o ile a ithuta thuto ea bohlokoa, ’me ke thuto ea bohlokoa le ho basali ba Bakreste kajeno. Qetellong, mohlomong liketsahalo tsena li ile tsa ruta Josefa le Maria bohlokoa ba ho buisana ka botšepehi, ba sa patelane letho.

Ruri banyalani bao ba bacha ba ile ba qalisa lenyalo la bona ka tsela e molemo ka ho fetisisa. Ba ne ba rata Jehova Molimo ho feta mang kapa mang ’me ba labalabela ho mo khahlisa ka ho ba batsoali ba nang le boikarabelo le ba tsotellang. Ha e le hantle, ba ne ba letetsoe ke mahlohonolo a maholo—esita le mosebetsi o boima. Ba ne ba tobane le ho hōlisa Jesu, eo e neng etlare ha a hōlile e be motho e moholo ka ho fetisisa eo lefatše le kileng la mo tseba.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Motheo o molemo ka ho fetisisa oa lenyalo ke ho rata Molimo