Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Molimo o Nkhauhetse

Molimo o Nkhauhetse

Molimo o Nkhauhetse

Joalokaha ho boletse Bolfenk Moc̆nik

“U be sebete.” Ao ke mantsoe a matla ao ’Mè a ileng a mpolella ’ona a tiisitse lentsoe ha re hakana. Masole a ile a re arola, eaba nyeoe e tsoela pele. Qetellong, ho ile ha lihuoa kahlolo: lilemo tse hlano chankaneng. Mohlomong batho ba bangata ba ne ba ka nyahama habohloko ha ba fuoa kahlolo e joalo. Leha ho le joalo, ’nete ke hore ke ile ka utloa ho re kokololo! E-re ke hlalose.

LINTHO tse boletsoeng ka holimo li etsahetse Slovenia ka 1952. * Empa ha e le hantle pale ea ka e qala lilemong tse fetang 20 pele ho moo, ka 1930. Ka nako eo Liithuti Tsa Bibele, joalokaha Lipaki Tsa Jehova li ne li bitsoa joalo pele, li ile tsa lokisetsa hore ho kolobetsoe sehlopha sa batho ka nako e le ’ngoe naheng ea heso. Batsoali ba ka, e leng, ’Mè Berta le Ntate Franz Moc̆nik, le bona ba ile ba kolobetsoa ka nako eo. Ke ne ke le lilemo li tšeletseng, ’me khaitseli ea ka e bitsoang Majda, e ne e le lilemo li ’nè. Lintho tse ngata tse amanang le borapeli ba rōna ba Bokreste li ne li etsetsoa heso, motseng oa Maribor.

Adolf Hitler o ile a busa Jeremane ka 1933 eaba o qala ho hlorisa Lipaki. Lipaki tse ngata tsa Jeremane li ile tsa fallela Yugoslavia ho ea thusa mosebetsing oa ho bolela evangeli. Batsoali ba ka ba ne ba rata ho mema batho ba joalo ba tšepahalang. Moeti e mong eo ke sa ntsaneng ke mo hopola hantle ke Martin Poetzinger, eo hamorao a ileng a qeta lilemo tse robong likampong tseo Manazi a neng a hlorisetsa batšoaruoa ho tsona. Hamorao, ho tloha ka 1977 ho fihlela a hlokahala ka 1988, e ne e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova.

Ha Martin a etetse lapeng, kamehla o ne a robala betheng ea ka, ’me ’na le khaitseli ea ka re ne re robala le batsoali ba rōna ka kamoreng ea bona. O ne a e-na le encyclopedia e nyenyane e mebala-bala eo ke neng ke e rata haholo. Ke ne ke rata ho e phetla.

Nako ea Liteko Tse Boima Haholo

Ka 1936, ha puso ea Hitler e ntse e hōla, batsoali ba ka ba ile ba ea kopanong ea bohlokoa ea machaba Lucerne, Switzerland. Kaha Ntate o ne a e-na le lentsoe le letenya hamonate, o ile a khethoa hore a bale lithuto tsa Bibele tse ileng tsa theipuoa eaba hamorao li letsoa malapeng ho pholletsa le Slovenia. Nakoana ka mor’a kopano eo ea bohlokoa, Lipaki tsa Europe li ile tsa qala ho hlorisoa hampe. Tse ngata li ile tsa sotleha likampong tsa Manazi tseo batšoaruoa ba hlorisetsoang ho tsona, ’me tse ling tsa shoela teng.

Ka September 1939, Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea kupa, ’me ka April 1941, mabotho a Jeremane a hapa likarolo tse itseng tsa Yugoslavia. Likolo tsa Slovenia li ile tsa koaloa. Re ile ra thibeloa ho bua puo ea habo rōna phatlalatsa. Kaha Lipaki Tsa Jehova ha li nke lehlakore lipolotiking, li ile tsa hana ho ea ntoeng. * Ka lebaka leo, tse ngata li ile tsa tšoaroa ’me tse ling tsa bolaoa​—ho kopanyelletsa le mohlankana ea bitsoang Franc Drozg, eo ke neng ke mo tseba haholo. Manazi a ne a bolaela batho haufi le lapeng. Ke sa ntsane ke hopola ha ’Mè a ithiba litsebe ka lesela, a leka hore a se ke a utloa molumo oa lithunya. Mantsoe a phethang lengolo leo Franc a ileng a le ngola pele a bolaoa a ne a re, “Re tla kopana ’Musong oa Molimo.”

Ke Etsa Ntho eo ke Ileng ka Ikoahlaela Eona Haholo

Ke ne ke le lilemo li 19. Le hoja ke ne ke tsota Franc ka hore ebe o ile a ema a tiile, ke ne ke e-na le letsoalo. Na le ’na ke ne ke tla bolaoa? Tumelo ea ka e ne e fokola, ’me ke ne ke se na kamano e matla le Jehova Molimo. Ke ile ka bitsetsoa sesoleng. Kaha tumelo ea ka e ne e fokola ’me ke e-na le letsoalo, ke ile ka ea.

Ke ile ka romeloa sebakeng seo masole a heso a neng a loantša a Russia. Ka potlako ke ile ka bona masole a heso a bolaoa ka bongata. Ntoa e ne e tšabeha e bile e le sehlōhō. Letsoalo le ne le lula le nkhoebetha. Ke ile ka kōpa tšoarelo ho Jehova ka ba ka kōpa le matla a hore ke tsamaee tseleng e nepahetseng. Ha ho e-ba le pherekano e khōlō lebothong la rōna nakong eo re hlaseloang ka matla, ke ile ka ipha limenyane.

Ke ne ke tseba hore ha nka tšoaroa, ke tla bolaoa. Ke ile ka ipata libakeng tse sa tšoaneng ka likhoeli tse supileng. Ke bile ka khona ho ngolla Majda karete e reng: “Ke khaolitse ho sebeletsa mong’a ka oa pele, ’me joale ke se ke sebeletsa e mong.” Ke ne ke bolela hore joale ke ne ke ikemiselitse ho sebeletsa Molimo, empa ho ile ha feta nako e itseng pele ke hlile ke etsa joalo.

Ka August 1945, likhoeli tse tharo ka mor’a hore Jeremane e inehele ho Mabotho a Selekane, ke ile ka khona ho khutlela Maribor. Ho thabisang ke hore kaofela ha rōna​—Ntate, ’Mè, le khaitseli ea ka​—re ne re pholohile ntoa eo e tšabehang. Leha ho le joalo, ka nako eo ho ne ho busa Makomonisi, ’me a ne a hlorisa Lipaki Tsa Jehova. Mosebetsi oa ho bolela evangeli o ne o thibetsoe ka molao, empa Lipaki tsa tsoela pele ho o etsa ka sekhukhu.

Ka February 1947, Lipaki tse tharo tse tšepahalang​—e leng Rudolf Kalle, Dus̆an Mikić, le Edmund Stropnik—​li ile tsa ahloleloa lefu. Leha ho le joalo, hamorao kahlolo ea tsona e ile ea fetoloa hore e be lilemo tse 20 chankaneng. Mecha ea litaba e ile ea phatlalatsa sena ’me batho ba bangata ba tseba kamoo Lipaki li neng li tšoaroa ka leeme kateng. Ha ke bala litaba tsena likoranteng, ke ile ka ikoahlaea haholo. Ke ne ke tseba seo ke tšoanetseng ho se etsa.

Ke Matlafatsa Kamano ea ka le Molimo

Ke ne ke hlokomela ka pelo e bohloko hore ke lokela ho emela ’nete ea Bibele, kahoo ke ile ka sebetsa ka thata hore ke tle ke be le seabo mosebetsing oa ho bolela evangeli ka sekhukhu. Ka lebaka la ho bala Bibele ka mafolofolo le ka kutloisiso, moea o halalelang oa Molimo o ile oa nthusa hore ke be le matla ’me ke khaotse mekhoa e litšila, joaloka ho tsuba koae.

Ka 1951, ke ile ka bontša hore ke inehetse ho Molimo ka ho kolobetsoa, ’me ka boela ka phela joaloka Mokreste ka mor’a ho khaotsa ka lilemo tse ka bang 10. Qetellong, ke ile ka qala ho lemoha hore Jehova ke Ntate oa ’nete​—ea tšepahalang le eo lerato la hae ho batho le sa feleng. Le hoja ke ile ka etsa liqeto tse fosahetseng ha ke sa le mocha, ke ile ka angoa maikutlo ke ha Bibele e nkholisa hore Molimo o ntšoaretse. Kaha Molimo ke Ntate ea lerato, o ile a lula a nkhula “ka lithapo tsa lerato.”​—Hosea 11:4.

Nakong eo e thata, re ne re tšoara liboka ka sekhukhu malapeng a Lipaki tse sa tšoaneng, ’me re ne re bolela evangeli ka sekhukhu. Pele ho feta selemo ke kolobelitsoe, ke ile ka tšoaroa. ’Mè o ile a buisana le ’na ka bokhutšoanyane pele nyeoe e kena. Joalokaha ke boletse qalong ea sehlooho sena, re ile ra hakana eaba o bua le ’na a tiisitse lentsoe, o re: “U be sebete.” Ha ho lihuoa kahlolo ea lilemo tse hlano chankaneng, ke ne ke khobile matšoafo ke le sebete.

Ke ile ka koalloa ka seleng e nyenyane hammoho le batšoaruoa ba bararo, bao ho neng ho se tsela e ’ngoe ea hore ba tsebe ’nete e hlahang ka Bibeleng ha e se ka ’na. Le hoja ke ne ke se na Bibele kapa buka e buang ka Bibele, ke ile ka makala hore ebe ka lebaka la ho ithuta Bibele haholo, ke ile ka khona ho hopola mangolo le ho a hlalosa. Khafetsa ke ne ke bolella bao ke tšoeroeng le bona hore haeba ke lokela ho ba chankaneng ka lilemo tse hlano, Jehova o ne a tla mpha matla a ho etsa joalo. Leha ho le joalo, o ne a ka ’na a etsa hore ke tsoe chankaneng pele ho moo. ’Me haeba a etsa joalo, ke mang ea neng a ka mo hanyetsa?

Re ba le Bolokolohi bo Itseng ba ho Sebeletsa Jehova

Ka November 1953, ’muso o ile oa re tšoarela ka molao; ’me Lipaki tsohle Tsa Jehova tse neng li le chankaneng tsa lokolloa. Eaba ke utloa hore ho ne ho se ho fetile likhoeli tse peli re lokolotsoe ka molao ho etsa mosebetsi oa ho bolela evangeli. Hang-hang re ile ra boela ra hlophisa liphutheho le mosebetsi oa rōna oa ho bolela evangeli. Re ile ra fumana sebaka seo re ka kopanelang ho sona mokatong o ka tlaase-tlaase oa mohaho o khubung ea Maribor. Re ile ra ngola mantsoe ana leboteng: “Lipaki Tsa Jehova—Phutheho ea Maribor.” Lipelo tsa rōna li ne li tletse thabo ka lebaka la ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi.

Mathoasong a 1961, ke ile ka ba pula-maliboho oa nako e tletseng. Hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng hamorao, ke ile ka kōpuoa ho ea sebetsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Yugoslavia. E ne e le Zagreb, Croatia. Ka nako eo, mohaho oa lekala e ne e le kamore e le ’ngoe e nyenyane ’me ke banna ba bararo feela ba neng ba sebetsa teng. Bakreste ba bang ba lulang haufi ba ne ba tla motšehare ho tla thusa hore ho hatisoe makasine ea Molula-Qhooa ka lipuo tsa sebakeng seo.

Basali ba Lipaki ba lulang haufi le bona ba ne ba thusa ka mosebetsi. Mesebetsi e meng eo ba neng ba e etsa ke ho rōkella maqephe a limakasine. Ke ne ke etsa mesebetsi e sa tšoaneng, ho akarelletsa ho bala le ho ntša liphoso ka har’a lingoliloeng, ho fetolela, ho tsamaisa thepa le ho bokella litlaleho.

Mosebetsi oa ka oa Fetoha

Ka 1964, ke ile ka fuoa mosebetsi oa ho etela liphutheho tse ’maloa tsa Lipaki ho li matlafatsa tumelong. Ke ne ke rata mosebetsi ona haholo. Hangata ke ne ke ea liphuthehong tse fapaneng ka bese kapa ka terene. E le hore ke fihle ho Lipaki tse neng li lula metseng e menyenyane, hangata ke ne ke palama baesekele kapa ke tsamaea ka maoto, ka linako tse ling e le seretseng se fihlang maqaqailaneng.

Ka linako tse ling ho ne ho etsahala lintho tse qabolang. Mokreste e mong o ile a nkisa phuthehong eo ke neng ke lokela ho fetela ho eona ka kariki ea lipere. Ha re ntse re qhuqha tseleng ea kerabole, lebili la kariki le ile la khoehla eaba lea pshemoha. Re ile ra polana fatše. Ha re ntse re lutse lepoqong, ra sheba pere ra fumana e re tonetse mahlo joalokaha eka e re makaletse. Ha re hopola sena re ne re ntse re keketeha leha ho se ho fetile lilemo tse ngata. Lerato le se nang boikaketsi la Lipaki tseo tse ratehang tse lulang mahaeng le ile la etsa hore ke be le thabo eo nke keng ka e lebala.

Ha ke le motseng oa Novi Sad, ke ile ka kopana le Marika, eo e neng e le pula-maliboho. O ne a rata ’nete ea Bibele a bile a chesehela ho bolela evangeli ’me sena sa nkhahla hoo ke bileng ka batla ho mo nyala. Ka mor’a nako e itseng re nyalane, re ile ra qala ho etela liphutheho le ho li matlafatsa tumelong.

Lelapa leso le ne le mameletse mathata a mangata nakong ea ha mosebetsi oa rōna o ne o thibetsoe ka molao. Ntate o ile a etselletsoa ka hore o sebelisana le ba lireng nakong ea ntoa eaba o lelekoa mosebetsing. O ile a leka ka nako e telele hore a busetsoe mosebetsing le hoja a sa ka a atleha ’me seo sa mo nyahamisa haholo. Tumelo ea hae e ile ea fokola ka nakoana, empa o ile a boela a ba matla tumelong pele a hlokahala. O ne a le mafolofolo phuthehong ea habo pele a hlokahala ka 1984. ’Mè oa ka ea ikokobelitseng le ea tšepahalang o ne a se a ile a hlokahala ka 1965. Majda o ntse a le phuthehong ea Maribor.

Re Bolela Evangeli Austria

Ka 1972, ’na le Marika re ile ra kōpuoa ho ea Austria ho ea bolela evangeli ho batho ba bangata ba tsoang Yugoslavia ba ileng moo ka mosebetsi. Ha re fihla motse-moholo, Vienna, re ne re sa tsebe hore re tla sebetsa sebakeng sena ho ea ho ile. Butle-butle, naheng eohle ea Austria ho ile ha thehoa liphutheho le lihlopha tse ncha tse buang lipuo tsa Yugoslavia.

Ka mor’a nako e itseng, ke ile ka qala ho etsa mosebetsi oa ho etela liphutheho le lihlopha tse neng li ntse li eketseha naheng ena. Hamorao, re ile ra kōpuoa hore re etele le Jeremane le Switzerland, moo ho neng ho thehiloe liphutheho tsa mofuta ona. Ke ile ka khona ho thusa ho hlophisa likopano tse ngata tse khōlō le tse nyenyane linaheng tsena.

Ka linako tse ling, litho tsa Sehlopha se Busang li ne li tla likopanong tseo tse khōlō, ’me ke ile ka boela ka teana le Martin Poetzinger. Re ile ra ikhopotsa lintho tse ileng tsa etsahala lilemong tse ka bang 40 tse fetileng ha a ne a tloaetse ho chakela lapeng. Ke ile ka re, “Na u sa hopola kamoo ke neng ke rata ho phetla encyclopedia ea hao e nyenyane kateng?”

O ile a re: “Butle hanyenyane,” eaba o tsoa ka tlung. A khutla a nkile encyclopedia eo eaba o mpha eona. O ile a re: “Ke mpho eo ke u fang eona joaloka motsoalle.” E ntse e le har’a libuka tseo ke li babaletseng haholo.

Kea Kula​—Empa ke Ntse ke le Mafolofolo

Ka 1983, ho ile ha fumanoa hore ke tšoeroe ke kankere. Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka bolelloa hore ke tlil’o shoa. Ena e bile nako ea mahlomola, haholo-holo ho Marika, empa ka lebaka la tlhokomelo ea hae e lerato le thuso ea Bakreste ba bangata, ke ntse ke khona ho etsa lintho tse ngata.

’Na le Marika re ntse re etsa tšebeletso ea nako e tletseng Vienna. Hangata ke ea ofising ea lekala hoseng ebe ke etsa mosebetsi oa ho fetolela, ha Marika eena a bolela evangeli toropong. Ke thaba haholo ha ke bona kamoo palo ea Lipaki tsa Mayugoslavia a falletseng Austria e hōtseng kateng ha e se e le ka holimo ho 1 300. ’Na le Marika re bile le tlotla ea ho thusa ba bangata ba bona hore ba ithute ’nete ea Bibele.

Morao tjena, ke bile le tlotla ea ho ba le seabo ha ho khakoloa mehaho e mecha ea lekala linaheng tseo e neng e le lirephabliki tsa Yugoslavia—o mong o ile oa khakoloa ka 1999 Croatia ’me o mong ka 2006 Slovenia. Ke ne ke le e mong oa maqheku a ileng a pheta kamoo mosebetsi oa ho bolela evangeli o ileng oa qala kateng lilemong tse fetileng tse ka bang 70.

Ka sebele Jehova ke Ntate ea lerato ea itokiselitseng ho tšoarela liphoso tsa rōna haholo. Ke leboha hakaakang hore ebe ha a talime liphoso! (Pesaleme ea 130:3) Ka sebele o mpontšitse mosa o bile o nkhauhetse.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Ka nako eo Yugoslavia e ne e entsoe ka lirephabliki tse tšeletseng, ho kopanyelletsa le Slovenia.

^ ser. 9 Ha u batla ho tseba mabaka a hlahang ka Mangolong a etsang hore Lipaki Tsa Jehova li se ke tsa ea ntoeng, sheba sehlooho se reng “Babali ba Batla ho Tseba” se leqepheng la 22 hona makasineng ena.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Batsoali ba ka, ’Mè Berta le Ntate Franz Moc̆nik, Majda, le ’na, ha re le Maribor, Slovenia, lilemong tsa bo-1940

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ke na le mosali oa ka, Marika