Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Bua “Puo e Hloekileng” Bolacha?

Na U Bua “Puo e Hloekileng” Bolacha?

Na U Bua “Puo e Hloekileng” Bolacha?

“Ke tla etsa hore lichaba li fetohele puong e hloekileng, e le hore kaofela ha tsona li ipiletse lebitsong la Jehova.”​—SOF. 3:9.

1. Jehova o re file mpho efe e babatsehang?

MPHO ea puo ha e tsoe ho motho, empa e tsoa ho ’Mōpi oa motho, Jehova Molimo. (Ex. 4:11, 12) O ile a fa motho oa pele, Adama, bokhoni ba ho bua le ba ho qapa mantsoe a macha ’me ka tsela eo a eketsa mantsoe a puo ea hae. (Gen. 2:19, 20, 23) See se bontšitse hore ke mpho e babatsehang hakaakang! Se bile se thusitse batho hore ba tsebe ho buisana le Ntate oa bona ea leholimong le hore ba tlotlise lebitso la hae le khanyang.

2. Ke hobane’ng ha batho ba se ba sa bue puo e le ’ngoe feela?

2 Lilemong tsa pele tse makholo a 17 batho ba phela, kaofela ha bona ba ne ba bua puo e le ’ngoe feela e nang le “pokello e le ’ngoe ea mantsoe.” (Gen. 11:1) Ka mor’a moo, ho ile ha latela bofetoheli ba mehleng ea Nimrode. Ho fapana le litaelo tsa Jehova, batho ba sa mameleng ba ile ba bokana sebakeng seo hamorao se ileng sa bitsoa Babele, kaha ba ne ba ikemiselitse ho lula sebakeng se le seng. Ba ile ba qala ho haha tora e khōlō, ba sa e hahele hore ba tlotlise Jehova, empa hore ba ‘iketsetse lebitso le tummeng.’ Ka lebaka lena, Jehova o ile a ferekanya puo ea pele ea bafetoheli bao eaba o etsa hore ba bue lipuo tse sa tšoaneng. Kahoo, ba ile ba tlala hohle lefatšeng.​—Bala Genese 11:4-8.

3. Ho ile ha etsahala joang ha Jehova a ne a ferekanya lipuo tsa bafetoheli Babele?

3 Kajeno, lefatšeng ho buuoa lipuo tse likete-kete, ’me batho ba bang ba re ke tse ka holimo ho 6 800. Puo e ’ngoe le e ’ngoe lipuong tsena e hloka mokhoa o fapaneng oa ho nahana. Kahoo, ho bonahala eka ha Jehova Molimo a ne a ferekanya puo ea bafetoheli bao, o ile a etsa hore ba se ke ba hlola ba hopola puo e tšoanang eo ba neng ba e bua qalong. Ha aa ka a kenya likelellong tsa bona mantsoe a macha feela empa o ile a boela a etsa hore ba nahane ka mokhoa o fapaneng a ba a hlahisa le libōpeho tse ncha tsa lipuo. Ha ho makatse hore ebe sebaka seo tora ena e neng e hahiloe ho sona se ile sa bitsoa “Babele,” e bolelang pherekano! (Gen. 11:9) Ke ntho e thabisang ho bona hore ke Bibele feela e fanang ka tlhaloso e khotsofatsang ea hore na lipuo tsena tse sa tšoaneng tseo re li utloang kajeno li tsoa hokae.

Puo e Ncha, e Hloekileng

4. Jehova o ile a bolela esale pele hore ho tla etsahala eng mehleng ea rōna?

4 Le hoja tlaleho ea Bibele e mabapi le kamoo Molimo a ileng a kenella kateng litabeng tsa batho Babele e hlolla, ho na le ntho e hlollang le ho feta eo e bileng e leng ea bohlokoa e etsahetseng mehleng ea rōna. Ka moprofeta oa hae Sofonia, Jehova o ile a bolela esale pele a re: “Ka nako eo ke tla etsa hore lichaba li fetohele puong e hloekileng, e le hore kaofela ha tsona li ipiletse lebitsong la Jehova, e le hore li mo sebeletse ka mahetla a bapileng.” (Sof. 3:9) ‘Puo eo e hloekileng’ ke eng, hona re ka ithuta ho e bua bolacha joang?

5. Puo e hloekileng ke eng, ’me ho fetoha ha eona ho hlahisitse eng?

5 Puo e hloekileng ke ’nete e buang ka Jehova Molimo le merero ea hae e fumanoang ka Lentsoeng la hae, e leng Bibele. “Puo” eo e akarelletsa kutloisiso e nepahetseng ea ’nete e mabapi le ’Muso oa Molimo le kamoo o tla halaletsa lebitso la Jehova kateng, o tlose qoso bobusing ba hae le ho tlisetsa batho ba tšepahalang litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng. Ho fetoha hoo ha puo ho hlahisitse eng? Re bolelloa hore batho ba tla ‘ipiletsa lebitsong la Jehova’ ebile ba tla ‘mo sebeletsa ka mahetla a bapileng.’ Ho fapana le lintho tse ileng tsa etsahala Babele, ho fetohela puong ena e hloekileng ho entse hore batho ba Jehova ba rorise lebitso la hae ba be ba be bonngoeng.

Ho Ithuta Puo e Hloekileng

6, 7. (a) Ho ithuta puo e ncha ho akarelletsa eng, ’me see se sebetsa joang ha ho ithutoa puo e hloekileng? (b) Joale re tla hlahloba eng?

6 Ha motho a batla ho ithuta puo e ’ngoe ha aa lokela ho tšoara mantsoe a macha ka hlooho feela. Ho ithuta puo e ncha ho akarelletsa ho ithuta mekhoa e mecha ea ho nahana. Ntho e utloahalang le e qabolang e ka ’na ea fapana ka puo e ’ngoe. Ho hlahisa melumo e mecha ho tla hloka hore litho tsa puo tse kang leleme li sebelisoe ka tsela e fapaneng. Hoa tšoana le ha re qala ho ithuta puo e hloekileng ea ’nete ea Bibele. Ha ho hlokahale feela ho ithuta lithuto tse seng kae tsa Bibele tsa motheo. Ho ithuta puo ena e ncha ho akarelletsa ho fetola tsela eo re nahanang ka eona le ho fetola likelello tsa rōna.​—Bala Baroma 12:2; Baefese 4:23.

7 Ke eng e tla re thusa hore re se ke ra utloisisa puo e hloekileng feela empa re be re e bue bolacha? Joaloka ho ithuta puo efe kapa efe, ho na le lintho tsa motheo tse ka re thusang hore re bue puo e buang ka ’nete ea Bibele bolacha. A re ke re hlahlobeng e meng ea mehato ea motheo eo batho ba e sebelisang ha ba ithuta puo e ’ngoe ’me re bone kamoo mehato eo e ka re thusang kateng ho ithuta puo ena e ncha ea tšoantšetso.

Ho Bua Puo e Hloekileng Bolacha

8, 9. Re lokela ho etsa’ng haeba re batla ho ithuta puo e hloekileng, hona ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakaale?

8 Mamela ka hloko. Qalong, puo e ncha e ka utloahala e makatsa ka ho feletseng ho motho ea sa e tsebeng. (Esa. 33:19) Empa ha motho a ntse a ithuta ho mamelisisa seo a se utloang, o tla qala ho hlokomela mantsoe ka bonngoe le tsela eo ho buuoang ka eona. Ka tsela e tšoanang, rea eletsoa: ‘Ho hlokahala hore re ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng lintho tseo re ileng ra li utloa, e le hore le ka mohla re se ke ra hoholeha.’ (Baheb. 2:1) Jesu o ile a eletsa balateli ba hae khafetsa a re: “Ea nang le litsebe a ke a mamele.” (Mat. 11:15; 13:43; Mar. 4:23; Luka 14:35) Ka sebele, re lokela ho ‘mamela ’me re utloisise’ seo re se utloang e le hore re tsoele pele kutloisisong ea rōna ea puo e hloekileng.​—Mat. 15:10; Mar. 7:14.

9 Ho mamela ho hloka hore motho a tsepamise maikutlo, empa ruri a ke ke a ikoahlaea. (Luka 8:18) Ha re le libokeng tsa Bokreste, na re mamelisisa se hlalosoang, kapa mehopolo ea rōna ea lelera? Ke habohlokoa hore re etse sohle seo re ka se khonang hore re mamelisise se buuoang. Ho seng joalo, re ka thotofala ho utloeng ha rōna.​—Baheb. 5:11.

10, 11. (a) Ho phaella tabeng ea ho mamela ka hloko, ke eng eo re lokelang ho etsa? (b) Ke eng hape e amehang tabeng ea ho bua puo e hloekileng?

10 Etsisa libui tse buang bolacha. Batho ba ithutang puo e ncha ba khothalletsoa hore ba se ke ba mamela ka hloko feela empa hape ba leke ho etsisa tsela eo batho ba buang puo eo bolacha ba bitsang mantsoe ka eona le eo ba buang ka eona. Sena se thusa batho ba ithutang puo hore ba qobe ho bua ka mokhoa o thata oo hamorao o ka ’nang oa thatafalletsa batho ba bang hore ba ba utloisise. Ka tsela e tšoanang, re lokela ho ithuta ho ba nang le “tsebo ea ho ruta” puo e ncha. (2 Tim. 4:2) Kōpa thuso. Ikemisetse ho mamela ha u bontšoa liphoso.​—Bala Baheberu 12:5, 6, 11.

11 Ho bua puo e hloekileng ha ho akarelletse ho lumela ’nete feela le ho e ruta batho ba bang empa ho boetse ho akarelletsa ho etsa hore boitšoaro ba rōna bo lumellane le melao ea Molimo le melao-motheo ea hae. Se ka re thusang ho etsa sena ke hore re etsise batho ba bang. Sena se akarelletsa ho etsisa tumelo ea bona le cheseho ea bona. Se boetse se akarelletsa ho etsisa tsela eohle eo Jesu a neng a phela ka eona. (1 Bakor. 11:1; Baheb. 12:2; 13:7) Haeba re phehella ho etsa sena, batho ba Molimo ba tla ba le bonngoe, ba be ba bue ka tsela e tšoanang.​—1 Bakor. 4:16, 17.

12. Ho tšoara lintho ka hlooho ho ameha joang ha motho a ithuta puo e ncha?

12 Tšoara lintho ka hlooho. Batho ba ithutang puo ba lokela ho tšoara lintho tse ngata tse ncha ka hlooho. Sena se akarelletsa mantsoe a macha le lipolelo tse ncha. Ho tšoara lintho ka hlooho e ka ba thuso e khōlō ho Bakreste e le hore ba tsebe puo e hloekileng. Ka sebele ke hantle ha re tšoara mabitso a libuka tsa Bibele ka tatellano ea tsona ka hlooho. Batho ba bang ba iketselitse pakane ea ho tšoara mantsoe a itseng a litemana tsa Bibele ka hlooho kapa ho tšoara likhaolo le litemana ka hlooho. Ba bang ba bone ho le molemo ho tšoara ka hlooho lipina tsa ’Muso, mabitso a meloko ea Iseraele, baapostola ba 12 le litšobotsi tseo tholoana ea moea e entsoeng ka tsona. Mehleng ea boholo-holo, Baiseraele ba bangata ba ne ba ithuta lipesaleme ka hlooho. Mehleng ea kajeno, moshanyana e mong o ile a tšoara litemana tsa Bibele tse 80 ka hlooho ha a ne a le lilemo li tšeletseng feela. Na re ka sebelisa tsebo ee ea bohlokoa hamolemo?

13. Ke hobane’ng ha ho pheta-pheta e le habohlokoa haholo?

13 Ho pheta-pheta ho re thusa hore re tšoare lintho ka hlooho, ’me likhopotso tse pheta-phetoang ke karolo ea bohlokoa ea thuto ea rōna ea Bokreste. Moapostola Petrose o ile a re: “Kamehla ke tla le hopotsa lintho tsena, le hoja le li tseba ’me le tsepame ’neteng e teng ho lōna.” (2 Pet. 1:12) Ke hobane’ng ha re hloka likhopotso? Hobane li etsa hore re be le kutloisiso e tebileng, li bula likelello tsa rōna le ho matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho lula tseleng ea ’nete. (Pes. 119:129) Ho hlahloba melao ea Molimo le litekanyetso tsa hae khafetsa, ho re thusa hore re itlhahlobisise le hore re loane le tloaelo ea ho ba ‘bautloi ba lebalang.’ (Jak. 1:22-25) Haeba re sa ikhopotse ’nete kamehla, lintho tse ling li tla susumetsa lipelo tsa rōna ’me ho ka ’na ha etsahala hore re se ke ra hlola re bua puo e hloekileng bolacha.

14. Ke eng e tla re thusa ha re ithuta puo e hloekileng?

14 Balla holimo. (Tšen. 1:3) Batho ba bang ba leka ho ithuta puo e ncha ba khutsitse moo ba leng bang. Sena ha se na molemo o moholo hakaalo. Ha re ithuta puo e hloekileng, ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore re bale “ka lentsoe le tlaase” e le hore mehopolo ea rōna e se ke ea farasa. (Bala Pesaleme ea 1:1, 2.) Sena se tla etsa hore taba eo re e balang e hatisehe ka thata likelellong tsa rōna. Ka Seheberu, poleloana e reng ho “bala ka lentsoe le tlaase” e amana haufi le ho thuisa. Feela joalokaha ho hlokahala hore lijo tseo re li jang li silehe e le hore li re tsoele molemo ka ho feletseng, ho hlokahala hore re thuise haeba re batla ho utloisisa seo re se balang. Na re ipha nako e lekaneng ea ho thuisa seo re ithutang sona? Ka mor’a ho bala Bibele, re lokela ho nahana ka botebo ka seo re se balileng.

15. Re ka ithuta “sebōpeho sa puo” e hloekileng joang?

15 Hlahloba sebōpeho sa puo. Ho na le nako eo ka eona ha re ntse re ithuta puo e ncha ho tla ba molemo hore re ithute melao ea puo, sebōpeho sa puo, kapa tsela eo mantsoe a latellanang ka eona ha ho etsoa lipolelo. Sena se re thusa hore re utloisise sebōpeho sa puo, e leng se tla re nolofalletsa hore re bue puo eo hantle. Feela joalokaha puo e e-na le mohlala oa mantsoe ao e bōpiloeng ka ’ona, puo e hloekileng ea ’nete ea Mangolo e na le “mohlala oa mantsoe a phelisang.” (2 Tim. 1:13) Re lokela ho kopitsa “mohlala” oo.

16. Ke tloaelo efe eo re lokelang ho e hlōla, hona re ka etsa see joang?

16 U ’ne u hatele pele. Motho a ka ’na a ithuta puo hore a tsebe ho qoqa feela tjee empa ebe ha a sa tsoela pele. Ho ka ’na ha e-ba le bothata bo tšoanang ho batho ba buang puo e hloekileng. (Bala Baheberu 5:11-14.) Ke eng e ka re thusang hore re hlōle tloaelo ee? Ikemisetse ho eketsa mantsoe ao u a tsebang. “Kaha joale re tlohetse thuto ea mathomo mabapi le Kreste, a re hateleng pele ka matla khōlong e feletseng, re sa behe motheo hape, e leng, pako mesebetsing e shoeleng, le tumelo ho Molimo, thuto ea likolobetso le peho ea matsoho, tsoho ea bafu le kahlolo e sa feleng.”​—Baheb. 6:1, 2.

17. Ke hobane’ng ha ho itloaetsa ho ithuta kamehla e le habohlokoa? Bontša.

17 Beha nako eo u tla ithuta ka eona. Ho ithuta kamehla ka nako e khutšoanyane ho molemo ho feta ho ithuta ngope’a setšoha ka nako e telele. Ithute ka nako eo kelello ea hao e hlaphohileng ’me e sa lelere habonolo. Ho ithuta puo e ncha ho tšoana le ho betla tsela moferong. Ha ho tsamauoa tseleng eo hangata, ho ba bonolo ho tsamaea ho eona. Haeba tsela eo e sa sebelisoe ka nako e telele, ho e-s’o ee kae mofero o tla e koahela hape. Kahoo, ho hlokahala hore re phehelle re be re tiisetse! (Dan. 6:16, 20) Ka thapelo “le lule le falimehile ka tiisetso eohle” tabeng ea ho bua puo e hloekileng ea ’nete ea Bibele.​—Baef. 6:18.

18. Ke hobane’ng ha re lokela ho bua puo e hloekileng ha monyetla o mong le o mong o hlaha?

18 U se ke ua khaotsa ho bua! Batho ba bang ba ithutang puo e ncha ba ka ’na ba tsilatsila ho e bua hobane ba le boi kapa ba tšaba ho etsa liphoso. Seo se tla ba sitisa ho hatela pele. Ha motho a ithuta puo ke habohlokoa hore a itloaetse ho e bua. Ha motho ea ithutang puo e ncha a bua puo eo haholo, o phutholoha haholo. Ka tsela e tšoanang, ha monyetla o mong le o mong o hlaha, re lokela ho bua puo e hloekileng. “Ka pelo motho o bontša tumelo bakeng sa ho loka, empa ka molomo motho o bolela phatlalatsa hore a bolokehe.” (Bar. 10:10) Ha re ‘bolele phatlalatsa’ nakong eo re kolobetsoang feela empa re bolela phatlalatsa le ha re bua ka Jehova ha monyetla o mong le o mong o hlaha, ho akarelletsa ha re le tšimong. (Mat. 28:19, 20; Baheb. 13:15) Liboka tsa rōna tsa Bokreste li re thusa ho bua puo e hloekileng ka mokhoa o hlakileng le o tobileng.​—Bala Baheberu 10:23-25.

Rorisang Jehova ka Puo e Hloekileng le le Ntsoe-leng

19, 20. (a) Ke ntho efe e hlollang eo Lipaki Tsa Jehova li e finyellang mehleng ea rōna? (b) U ikemiselitse’ng?

19 Ho ka be ho ile ha thabisa hakaakang ho ba Jerusalema ka Sontaha hoseng ka la 6 Sivan, selemong sa 33 C.E.! Hoseng ha letsatsi leo, pelenyana ho hora ea borobong, ba neng ba bokane kamoreng e ka holimo, ka mohlolo ba ile “ba qala ho bua ka maleme a fapaneng.” (Lik. 2:4) Kajeno, bahlanka ba Molimo ha ba sa na mpho ea ho bua ka maleme a sele. (1 Bakor. 13:8) Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka maleme a fapaneng a ka holimo ho 430.

20 Re motlotlo hakaakang hore ebe ho sa tsotellehe hore na ka tloaelo re bua puo efe, kaofela ha rōna re ntsoe-leng ha re bua puo e hloekileng ea ’nete ea Bibele! Ka tsela e itseng, sena se fapane le se ileng sa etsahala Babele. Batho ba Jehova ba rorisa lebitso la hae joalokaha eka ba bua leleme le le leng. (1 Bakor. 1:10) E se eka re ka ikemisetsa ho tsoela pele re sebetsa ‘mahetla a bapile’ le bara le baralib’abo rōna lefatšeng lohle ha re ntse re tsoela pele ho ithuta hore re bue puo eo e le ’ngoe bolacha, ho tlotlisa lebitso la Ntate oa rōna ea leholimong, Jehova.​—Bala Pesaleme ea 150:1-6.

U ka Araba Joang?

• Puo e hloekileng ke eng?

• Ho bua puo e hloekileng ho akarelletsa eng?

• Ke eng e tla re thusa ho bua puo e hloekileng bolacha?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Lebokose le leqepheng la 23]

Ntlafatsa Tsela eo U Buang Puo e Hloekileng Bolacha ka Eona ka ho

mamela ka hloko.

Luka 8:18; Baheb. 2:1

etsisa libui tse buang bolacha.

1 Bakor. 11:1; Baheb. 13:7

tšoara lintho ka hlooho le ho pheta-pheta.

Jak. 1:22-25; 2 Pet. 1:12

balla holimo.

Pes. 1:1, 2; Tšen. 1:3

hlahloba “sebōpeho sa puo.”

2 Tim. 1:13

’na u hatela pele.

Baheb. 5:11-14; 6:1, 2

beha nako eo u tla ithuta ka eona.

Dan. 6:16, 20; Baef. 6:18

e bua.

Bar. 10:10; Baheb. 10:23-25

[Litšoantšo tse leqepheng la 24]

Batho ba Jehova ba bua puo e hloekileng ba le ntsoe-leng