Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tlotla Jehova ka ho Bontša ho Hlompheha

Tlotla Jehova ka ho Bontša ho Hlompheha

Tlotla Jehova ka ho Bontša ho Hlompheha

“Mosebetsi oa [Jehova] ke ho hlompheha le bokhabane.”​—PES. 111:3.

1, 2. (a) U ka hlalosa ho “hlompheha” joang? (b) Ke lipotso life tse tla tšohloa sehloohong see?

HA A ne a kōptjoa hore a hlalose poleloana “ho hlompheha,” Madison ea lilemo li leshome o ile a araba kapele a re ke “Ho apara hantle.” Seo e ka ’nang eaba ngoananyana eo o ne a sa se tsebe ke hore Bibele e re Molimo o “apere ho hlompheha.” (Pes. 104:1) Ka linako tse ling, ho batho ho hlompheha ho ka ’na ha akarelletsa ho apara hantle. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ne a lakatsa ha basali ba Bakreste “ba ikhabisa ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong, eseng ka mekhoa ea ho loha moriri le khauta kapa liperela kapa liaparo tsa theko e boima haholo.” (1 Tim. 2:9) Empa boitšoaro bo hlomphehang bo tlotlisang “ho hlompheha le bokhabane” ba Jehova ha bo felle moo feela.​—Pes. 111:3.

2 Ka Bibeleng, lentsoe la Seheberu le bolelang “ho hlompheha” le ka boela la fetoleloa e le “bokhabane,” “borena,” “khanya” le “tlotla.” Ho ea ka buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe, “ho hlompheha” ke “boemo ba ho tšoaneleha, ho tlotloa, kapa ho nkeloa holimo.” Ha e le hantle ha ho motho ea tšoaneloang ke ho hlomphuoa le ho nkeloa holimo ho feta Jehova. Kahoo, kaha re bahlanka ba hae ba inehetseng, re lokela ho bua le ho etsa lintho ka tsela e hlomphehang. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha batho ba tseba ho itšoara ka tsela e hlomphehang? Ho hlompheha ha Jehova le bokhabane ba hae li bonahatsoa joang? Ho hlompheha ha Molimo ho lokela ho re ama joang? Jesu Kreste a ka re ruta eng mabapi le ho bontša tšobotsi ee? Hona re ka bontša ho hlompheha ha bomolimo joang?

Lebaka Leo ka Lona re ka Itšoarang ka Tsela e Hlomphehang

3, 4. (a) Re lokela ho itšoara joang mabapi le ho hlompheha hoo re ho filoeng? (b) Pesaleme ea 8:5-9 e bua ka mang ka tsela ea boprofeta? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (c) Ke bo-mang bao Jehova a ileng a ba fa ho hlompheha nakong e fetileng?

3 Kaha batho bohle ba entsoe ka setšoantšo sa Molimo, ba na le matla a ho etsa lintho ka tsela e hlomphehang. Jehova o ile a hlompha motho oa pele ka ho mo beha hore e be mohlokomeli oa lefatše. (Gen. 1:26, 27) Esita leha motho a se a sa phethahala, Jehova o ile a boela a bolela hore na boikarabelo ba motho ke bofe mabapi le lefatše. Kahoo, Molimo o sa ntse a ‘roesa batho moqhaka’ oa ho hlompheha. (Bala Pesaleme ea 8:5-9.) * Ho hlompheha hoo re ho filoeng ho hloka hore re itšoare ka tsela e hlomphehang​—e leng ea ho rorisa lebitso le leholo la Jehova ka tlhompho e khōlō le bokhabane.

4 Ka ho khetheha, Jehova o file batho ba mo etsetsang tšebeletso e halalelang ho hlompheha ho itseng. Molimo o ile a hlompha Abele ka ho amohela sehlabelo sa hae, ha a hana se neng se nehetsoe ke moholoane oa hae Kaine. (Gen. 4:4, 5) Moshe o ile a laeloa hore a ‘behe ho hlompheha ho hong ha hae’ holim’a Joshua, e leng monna ea neng a tla mo hlahlama e le moeta-pele oa Baiseraele. (Num. 27:20) Mabapi le Solomone mora oa Davida, Bibele e re: “Jehova a tsoela pele ho etsa hore Solomone a be moholo ka mokhoa o fetisisang ka pel’a mahlo a Baiseraele bohle ’me a beha holim’a hae tlhompho ea borena e e-s’o ka e e-ba holim’a morena leha e le ofe oa Iseraele pele ho eena.” (1 Likron. 29:25) Molimo o tla fana ka ho hlompheha ho khethehileng ho Bakreste ba tlotsitsoeng ba tsositsoeng, ba boletseng ka botšepehi “khanya ea bokhabane ba borena ba hae.” (Pes. 145:11-13) Ka ho tlotlisa Jehova ka tsela eo, letšoele la “linku tse ling” tsa Jesu le ntseng le eketseha le lona le na le karolo e tlotlehang le e hlomphehang.​—Joh. 10:16.

Ho Totobatsoa ho Hlompheha le Bokhabane ba Jehova

5. Ho hlompheha ha Jehova ho hoholo hakae?

5 Pineng e bontšang phapang pakeng tsa boholo ba Jehova le bonyenyane ba motho, mopesaleme Davida o ile a bina a re: “Jehova Morena oa rōna, lebitso la hao le hlompheha hakaakang lefatšeng lohle, uena eo ho hlompheha ha hao ho phetoang ka holim’a maholimo!” (Pes. 8:1) Ho tloha nakong ea pele ho bōptjoa “maholimo le lefatše” ho fihlela ha ho phethahala morero o moholo oa Molimo oa ho etsa lefatše paradeise le ho etsa hore batho e be ba phethahetseng​—ho tloha ho bosafeleng ho ea ho bosafeleng—​Jehova Molimo ke eena Motho ea khabane le ea hlomphehang ka ho fetisisa bokahohleng.​—Gen. 1:1; 1 Bakor. 15:24-28; Tšen. 21:1-5.

6. Ke hobane’ng ha mopesaleme a ile a re Jehova o apere ho hlompheha?

6 E tlameha ebe mopesaleme ea tšabang Molimo o ile a hlolloa hakaakang ha a bona ho khutsa ho sepakapakeng se seholo se tletseng linaleli bosiu, se khabisitsoeng ka “mahakoe” a benyang! Kaha mopesaleme o ne a hloletsoe haholo ke tsela eo ka eona Molimo a ‘otlolotseng maholimo joaloka lesela la tente,’ o ile a tšoantšetsa Jehova a apere ho hlompheha ka lebaka la bokhoni ba Hae bo hlollang ba ho bōpa. (Bala Pesaleme ea 104:1, 2.) Ho hlompheha le bokhabane ba ’Mōpi ea matla ’ohle ea sa bonahaleng li bonahala mesebetsing ea hae e bonahalang.

7, 8. Ke bopaki bofe ba ho hlompheha le bokhabane ba Jehova boo re bo bonang maholimong?

7 Ka mohlala, nahana ka sehlopha sa linaleli sa Milky Way. Har’a leoatle lena le leholo la linaleli, lipolanete le litsi tsa potoloho ea lipolanete, Lefatše le bonahala le le lenyenyane hoo le ka lekanngoang le thollo ea lehlabathe lebōpong la leoatle le leholo. Sehlopheng sena se le seng sa linaleli ho na le linaleli tse limilione tse likete tse 100! Haeba u ne u ka bala naleli e le ’ngoe ka motsotsoana o mong le o mong u sa khaotse ka lihora tse 24 ka letsatsi, ho ne ho tla u nka lilemo tse fetang 3 000 hore u fihle ho limilione tse likete tse 100.

8 Haeba sehlopha sa linaleli sa Milky Way feela se e-na le linaleli tse limilione tse likete tse 100, ebe karolo e ’ngoe ea sepakapaka eona e na le tse kae? Litsebi tsa linaleli li hakanya hore e ka ’na eaba Milky Way ke se seng sa lihlopha tsa linaleli tse ka bang limilione tse likete tse 50 ho ea ho tse ka bang limilione tse likete tse 125. Ho na le linaleli tse kae sepakapakeng sohle? Ka sebele, karabo ke hore hase ntho eo motho a ka e utloisisang. Leha ho le joalo, Jehova “o bala palo ea linaleli; kaofela ha tsona o li bitsa ka mabitso a tsona.” (Pes. 147:4) Ha u utloisisa kamoo Jehova a ikapesitseng ka ho hlompheha hoo ho hoholo le bokhabane, na seo ha se u susumelletse hore u tlotlise lebitso la hae le leholo?

9, 10. Hore ebe ’Mōpi oa rōna o fane ka bohobe ho phahamisa bohlale ba hae joang?

9 Ha re tlohela ho bua ka leholimo lena le leholo, a re ke re bueng ka ntho e tloaelehileng joaloka bohobe. Jehova hase feela “Moetsi oa leholimo le lefatše” empa e boetse ke “Ea fang ba lapileng bohobe.” (Pes. 146:6, 7) “Ho hlompheha le bokhabane” ba Molimo li bonahala mesebetsing ea hae e meholo, e akarelletsang ho fana ha hae ka limela tseo bohobe bo etsoang ka tsona. (Bala Pesaleme ea 111:1-5.) Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba rapele ba re: “Re fe kajeno bohobe ba rōna ba letsatsi lena.” (Mat. 6:11) Bohobe e ne e le sejo se tloaelehileng sa batho ba bangata ba boholo-holo, ho akarelletsa le Baiseraele. Le hoja ho nkoa hore bohobe ke sejo feela se tloaelehileng, liphetoho tse etsahalang metsoakong e etsang hore bohobe bo be monate, ho hang tsona ha li bonolo.

10 Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, Baiseraele ba ne ba sebelisa phofo ea koro kapa ea harese le metsi, ha ba etsa bohobe. Ka linako tse ling ho ne ho sebelisoa tomoso ha ho etsoa bohobe. Lintho tsena tse tloaelehileng lia kopana ebe li etsa metsoako e ’maloa e hlollang e amanang ka tsela e itseng. Ha ho e-s’o be le motho ea utloisisang hantle hore na ha e le hantle metsoako ena e sebetsa hammoho joang. Ho feta moo, tsela eo ’mele o silang bohobe ka eona ke ketsahalo e ’ngoe e rarahaneng ka tsela e makatsang. Hase feela mopesaleme a ileng a bina a re: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang! Kaofela ha eona u e entse ka bohlale”! (Pes. 104:24) Na le uena ka ho tšoanang ha u susumelletsehe hore u rorise Jehova?

Ho Hlompheha ha Molimo le Bokhabane ba Hae li U Ama Joang?

11, 12. Ho nahanisisa ka pōpo ea Molimo ho ka re amana joang?

11 Ha ho hlokahale hore re be litsebi tsa linaleli e le hore re hlolloe ke sepakapaka bosiu kapa hore re be litsebi tsa metsoako e le hore re natefeloe ke bohobe. Leha ho le joalo, e le hore re ananele bokhabane ba ’Mōpi oa rōna, re lokela ho ipha nako ea ho nahanisisa ka mesebetsi ea liatla tsa hae. Ho nahanisisa hoo ho ka re etsetsa’ng? Ho ka re ama ka tsela e tšoanang le ha re nahanisisa ka mesebetsi ea Jehova ea mofuta o mong.

12 Mabapi le liketso tse khōlō tseo Jehova a ileng a li etsetsa batho ba Hae, Davida o ile a bina a re: “Ke tla nahanisisa ka bokhabane bo khanyang ba ho hlompheha ha hao le litaba tsa mesebetsi ea hao e hlollang.” (Pes. 145:5) Re bontša hore re nahanisisa ka mesebetsi ena ka ho ithuta Bibele le ka ho ipha nako ea ho nahanisisa ka seo re se balang ho eona. Ho nahanisisa hoo ho ka re ama joang? Ho ka eketsa kananelo ea rōna mabapi le ho hlompheha ha Molimo le bokhabane ba hae. Ha ho pelaelo hore re susumelletseha ho ikopanya le Davida ho tlotlisa Jehova ka ho re: “Ha e le boholo ba hao, ke tla bo bolela.” (Pes. 145:6) Ho nahanisisa ka mesebetsi e babatsehang ea Molimo ho lokela ho matlafatsa kamano ea rōna le Jehova le ho re susumelletsa hore re bolelle batho ba bang ka eena ka cheseho le ka boikemisetso. Na u bolela litaba tse molemo ka cheseho le ho thusa batho hore ba ananele ho hlompheha, bokhabane le borena ba Jehova Molimo?

Jesu o Bonahatsa ho Hlompheha ha Molimo ka ho Phethahetseng

13. (a) Ho ea ka Daniele 7:13, 14, Jehova o file Mora oa hae eng? (b) E le Morena, Jesu o tšoara bafo ba hae joang?

13 Mora oa Molimo, Jesu Kreste, o ile a bolela litaba tse molemo ka cheseho a ba a tlotlisa Ntate oa hae oa leholimo e moholo le ea hlomphehang. Jehova o file Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši ho hlompheha ho khethehileng ka ho mo fa ‘bobusi le ’muso.’ (Bala Daniele 7:13, 14.) Leha ho le joalo, Jesu ha a ikhohomose kapa ha a ikakase. Eena ke ’Musi ea nang le kutloelo-bohloko, ea utloisisang bofokoli ba bafo ba hae le ea bileng a ba tšoarang ka tlhompho. Nahana ka mohlala o le mong oa kamoo Jesu e le Morena ea Khethiloeng a neng a tšoara batho bao a neng a kopana le bona kateng, haholo-holo ba neng ba khesoa le bao ho neng ho bonahala ba sa ratoe.

14. Balepera ba ne ba nkoa joang Iseraele ea boholo-holo?

14 Batho ba neng ba tšoeroe ke lepera mehleng ea boholo-holo, hangata ba ne ba lieha ho shoa ka tsela e otlang pelo. Boloetse bona bo ne bo hlasela litho tsa ’mele oa mokuli hanyane ka hanyane. Ho ne ho nkoa hore ho phekola molepera ke ntho e thata joaloka ho tsosa motho bafung. (Num. 12:12; 2 Mar. 5:7, 14) Ho ne ho boleloa hore balepera ha baa hloeka ’me ba ne ba nyonyoa ba bile ba lelekoa sechabeng. Ha ba ne ba atamela bathong, ba ne ba lokela ho hooa ba fana ka temoso ba re: “Ha kea hloeka, ha kea hloeka!” (Lev. 13:43-46) Molepera o ne a tšoana le motho ea shoeleng. Ho ea ka litlaleho tsa bo-rabi, sebaka seo molepera a neng a lumelloa ho atamela pel’a mang kapa mang ka sona e ne e le limithara tse ka bang 1,7 feela. Ho tlalehoa hore ha molepera a ne a bonoa, le haeba a ne a sa le hōle, moeta-pele ea itseng oa bolumeli o ne a mo fereletsa ka majoe, e le hore a se ke a atamela.

15. Jesu o ile a tšoara molepera e mong joang?

15 Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoa eo re lokelang ho e ela hloko ke seo Jesu a ileng a se etsetsa molepera ea ileng a tla ho eena, a kōpa ka tieo hore a mo folise. (Bala Mareka 1:40-42.) Ho e-na le ho leleka molepera eo, Jesu o ile a tšoara monna enoa eo batho ba neng ba mo khesa ka mokhoa o bontšang qenehelo le tlhompho. Jesu o ile a bona motho ea neng a haula ea hlokang ho thusoa. Ka lebaka la ho ameha pelo, Jesu o ile a susumetsoa ke khauho eaba o nka bohato hang-hang. O ile a otlolla letsoho, a ama molepera eo eaba oa mo folisa.

16. U ithutile eng mokhoeng oo Jesu a neng a tšoara batho ka oona?

16 Re le balateli ba Jesu, re ka etsisa mokhoa oo Jesu a neng a bontša ho hlompheha ha Ntate oa hae ka oona joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho ela hloko hore batho bohle—ho sa tsotellehe boemo ba bona, bophelo ba bona kapa lilemo tsa bona—ba lokela ho fuoa tlotla le tlhompho tse ba lokelang. (1 Pet. 2:17) Batho ba ikarabellang, ba kang banna, batsoali le baholo ba Bakreste, ke bona bao haholo-holo ba lokelang ho bontša hore ba hlompha batho ba tlhokomelong ea bona ’me ba ba thuse hore ba lule ba ntse ba itlhompha. Ha Bibele e hatisa hore sena sea hlokahala ho Bakreste bohle, e re: “Ka lerato la bara ba motho le bontšane lerato le mofuthu. Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.”​—Bar. 12:10.

Ho Bontša ho Hlompheha Borapeling

17. Re ka ithuta eng Mangolong mabapi le ho hlompheha ha re rapela Jehova?

17 Re lokela ho hlompheha haholo-holo ha re rapela Jehova. Moeklesia 5:1 e re “Lebela maoto a hao neng kapa neng ha u e-ea ntlong ea Molimo oa ’nete.” Moshe le Joshua ba ile ba laeloa hore ba role meqathatso ea bona ha ba ne ba le sebakeng se halalelang. (Ex. 3:5; Josh. 5:15) Ba ne ba lokela ho etsa sena e le ho bontša hore ba na le tlhompho e khōlō. Baprista ba Baiseraele ba ne ba lokela ho apara maqapa a line “hore ba koahele nama e hlobotseng.” (Ex. 28:42, 43) Sena se ne se thibela hore ha ba sebeletsa aletareng, ba se ke ba pepeseha ka tsela e hlabisang lihlong. Setho se seng le se seng sa lelapa la moprista se ne se lokela ho boloka molao oa Molimo oa ho hlompheha.

18. Borapeling ba rōna ho Jehova re bontša ho hlompheha joang?

18 Kahoo, borapeling, ho hlompheha ho akarelletsa tlotla le ho bontša tlhompho. E le hore re lokeloe ke ho fuoa tlotla le tlhompho, re lokela ho itšoara ka tlhompho. Ho hlompheha hoo re ho bontšang ha ea lokela ho ba ha boikaketsi feela kapa ho bonahalang ka ntle feela. Ho lokela hore e se ke ea e-ba feela ho bonoang mahlong a batho empa e be ho bonoang ke Molimo​—ho ka lipelong tsa rōna. (1 Sam. 16:7; Liprov. 21:2) Ho hlompheha e lokela ho ba karolo ea botho ba rōna ho be ho ame boitšoaro ba rōna, maikutlo a rōna, kamano ea rōna le ba bang, esita le tsela eo re inkang ka eona le eo re ikutloang ka eona. Ha e le hantle, ho hlompheha ho lokela ho bonahala ka linako tsohle le ho sohle seo re se buang le ho seo re se etsang. Tabeng ea hore na re itšoara joang, re shebahala joang, re apara joang le hore na re itlhopha joang, re nka ka ho teba mantsoe ana a moapostola Pauluse a reng: “Ka tsela leha e le efe ha re fane ka sesosa leha e le sefe sa ho khoptjoa, e le hore bosebeletsi ba rōna bo se ke ba fumanoa bo e-na le molato; empa re ipuella ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe hore re basebeletsi ba Molimo.” (2 Bakor. 6:3, 4) Re “khabisa thuto ea Mopholosi oa rōna, Molimo, linthong tsohle.”​—Tite 2:10.

Tsoela Pele ho Bontša ho Hlompheha ha Bomolimo

19, 20. (a) Tsela e molemo ea ho bontša ba bang tlhompho ke efe? (b) Tabeng ea ho hlompheha, re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

19 Ho hlompheha ho bontšoa ke Bakreste ba tlotsitsoeng, bao e leng “manģosa a emeng bakeng sa Kreste.” (2 Bakor. 5:20) “Linku tse ling,” tse ba tšehetsang ka botšepehi, ke baemeli ba hlomphehang ba ’Muso oa Bomesia. Lenģosa kapa moemeli le bua ka sebete le ka ho hlompheha lebitsong la ’muso oa habo lona. Kahoo, re lokela ho bua ka tsela e hlomphehang le ka sebete ha re tšehetsa ’Muso oa Molimo, e leng puso ea hae. (Baef. 6:19, 20) Ha re isetsa batho ba bang “litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo,” na hoo hase ho ba bontša tlhompho?—Esa. 52:7.

20 Re lokela ho ikemisetsa ho tlotlisa Molimo ka ho itšoara tumellanong le ho hlompheha ha hae. (1 Pet. 2:12) Kamehla a re bontšeng hore re mo hlompha haholo, le hore re hlompha borapeli ba hae hammoho le barapeli-’moho le rōna. E se eka Jehova, ea ikapesitseng ho hlompheha le bokhabane, a ka khahloa ke tsela e hlomphehang eo re mo rapelang ka eona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Mantsoe a Davida Pesalemeng ea borobeli le ’ona ka tsela ea boprofeta a bua ka motho ea phethahetseng Jesu Kreste.​​—Baheb. 2:5-9.

U ka Araba Joang?

• Ho ananela bokhabane ba ho hlompheha ha Jehova ho lokela ho re ama joang?

• Re ka ithuta eng ka ho hlompheha mabapi le seo Jesu a ileng a se etsetsa molepera e mong?

• Re ka tlotla Jehova joang ka litsela tse hlomphehang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 12]

Molimo o ile a hlompha Abele joang?

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 14]

Mesebetsi e meholo ea Jehova e bonahala esita le tabeng ea hae ea ho fana ka bohobe

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 15]

U ithutile eng ka ho hlompheha tseleng eo Jesu a ileng a tšoara molepera e mong ka eona?

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 16]

Borapeli bo hlomphehang bo akarelletsa ho tlotla Jehova