Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Molimo Feela ea ka Bolokang Lefatše

Ke Molimo Feela ea ka Bolokang Lefatše

Ke Molimo Feela ea ka Bolokang Lefatše

“LEHAKOE LE PHATSIMANG LE ’MALA O MOPUTSOA LE O MOSOEU.” Ke kamoo rasepakapaka e mong ea bitsoang Edgar Mitchell a ileng a hlalosa lefatše la rōna kateng ha a le shebile a le lefifing le letšo sepakapakeng.

Molimo o entse mosebetsi o tsoileng matsoho ha a etsa lehae lena la rōna e leng lefatše. Ha Molimo a qeta ho le bōpa, mangeloi a ile a susumelletseha ho “hlaba litlatse.” (Jobo 38:7) Ka mor’a ho ithuta lintho tse hlollang ka polanete ena, le rōna re ikutloa re lokela ho mo rorisa. Ho na le lintho tse ngata tse rarahaneng tikolohong ea lefatše tse etsang hore lintho tse phelang ho eona li atlehe. E ’ngoe ea lintho tsena tse rarahaneng, e tsebahalang haholo ke hore limela li sebelisa khanya ea letsatsi, carbon dioxide e moeeng le metsi e le hore li hlahise lijo. Ka nako e tšoanang, limela tsena li ntša oksijene—e leng moea oa bohlokoa o re thusang hore re tsoele pele re phela.

Bibele e re bolella hore Molimo o file batho boikarabelo ba ho hlokomela lefatše. (Genese 1:28; 2:15) Leha ho le joalo, e le hore maemo a lefatše e be a loketseng lintho tse phelang ho lona, ho hlokahala hore batho ba be le boikutlo bo botle. Ha e le hantle, ba ne ba lokela ho rata lehae la bona, e leng lefatše. Ba ne ba lokela ho ba le tabatabelo ea ho le boloka le le boemong ba lona bo botle. Empa kaha batho ba filoe tokelo ea ho ikhethela, ba ne ba ka khetha ho senya lefatše le ho le tšoara hampe. ’Me seo ke sona seo ba se entseng. Lefatše le senyehile ka lebaka la hore batho ba ile ba le tšoara habohlasoa le ka lebaka la meharo.

A mang a mathata a teng ke ana: (1) Ho senngoa ha meru ho ama tsela eo ka eona lefatše le monyang carbon dioxide ’me seo se ka etsa hore maemo a leholimo a be mabe ka ho fetisisa. (2) Tšebeliso e feteletseng ea chefo ea likokoanyana e bolaea likokoanyana tse ngata tse etsang mosebetsi oa bohlokoa tikolohong o akarelletsang ho tsamaisa peō ea limela. (3) Ho tšoasa litlhapi tse ngata haholo le tšilafalo ea maoatle le linōka ho fokotsa litlhapi haholo. (4) Kaha batho ba rafa lirafshoa ka meharo ba sa nahanele meloko e tla latela, ho nkoa hore ke e ’ngoe ea lintho tse etsang hore lefatše le futhumale ka potlako. Litsebi tse ling tsa tikoloho li re ho qhibiliha ha leqhoa le ipōpileng le ho khephoha ha lithaba tsa leqhoa tse leoatleng la Arctic le la Antarctic ke bopaki ba hore lefatše le ntse le futhumala.

Kaha likoluoa tsa tlhaho li ntse li eketseha, ba bang ba ka ’na ba re lefatše lea itoanela, e leng se bakelang batho mesarelo. Molimo o re file lefatše a sa re lefise. Ka mantsoe a mang ho ka thoe batho ba lula lefatšeng lena mahala. (Genese 1:26-29) Leha ho le joalo, liketsahalo tsa lefatše mehleng ena li bontša hore batho ba bangata ha ba na takatso ea ho boloka lehae la bona le ntse le le letle, e leng lefatše. Ho e-na le hoo, batho ba nahanne feela ka litakatso le mesebetsi ea bona ea boithati. Ha e le hantle, ho ka boleloa hore e bile baahi ba bohlasoa, “ba senyang lefatše,” joalokaha Tšenolo 11:18 e ile ea bolela seo esale pele.

Boprofeta ba Bibele bo bontša hore Jehova, Molimo ea Matla ’Ohle, ’Mōpi ea entseng hore bophelo bo tsoele pele lefatšeng, o entse qeto ea hore joale ke nako ea ho felisa baahi bana ba bohlasoa lefatšeng. (Sofonia 1:14; Tšenolo 19:11-15) Pele batho ba senya lefatše ka ho feletseng, Molimo o tla nka bohato—le hona ka pele ho feta kamoo re lebeletseng kateng. * (Matheu 24:44) Ka sebele ke Molimo feela ea ka bolokang lefatše.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng bo bontšang hore metsotso e se e jele babeli, bona bukana e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova e reng, Le Lule le Lebetse!