Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Moahloli eo Kamehla a Etsang se Nepahetseng

Moahloli eo Kamehla a Etsang se Nepahetseng

Atamela ho Molimo

Moahloli eo Kamehla a Etsang se Nepahetseng

Genese 18:22-32

TOKA. Ho loka. Ho se ee ka leeme. Na litšobotsi tsee tse babatsehang ha li u hape pelo? Ka tlhaho, re rata ho tšoaroa ka tsela e lokileng. Ka bomalimabe, lefatše la kajeno le tletse batho ba hlokang toka. Leha ho le joalo, ho na le Moahloli eo re lokelang ho mo tšepa—e leng Jehova Molimo. Kamehla o etsa se nepahetseng. Sena se bonahala ka ho hlaka puisanong eo Jehova a ileng a ba le eona le Abrahama, e tlalehiloeng ho Genese 18:22-32. *

Ha Jehova a bolella Abrahama hore O entse qeto ea ho ea batlisisa hore na boemo bo joang Sodoma le Gomora, Abrahama o ile a tšoha hore batho leha e le bafe ba lokileng ba lulang moo, ba ka ’na ba timetsoa, ho akarelletsa le ngoan’a ngoan’abo, e leng Lota. Abrahama o ile a kōpa Jehova ka tieo, a re: “Na ka sebele u tla felisa ea lokileng le ea khopo? A re re ho na le batho ba lokileng ba mashome a mahlano ka har’a motse. Joale, na u . . . [ke] ke ua tšoarela sebaka seo ka lebaka la ba lokileng ba mashome a mahlano ba ka har’a sona?” (Temana ea 23, 24) Molimo o ile a re a ke ke a timetsa motse oo haeba ho ka ba le batho ba 50 ba lokileng ho oona. Abrahama o ile a kōpa Jehova ka makhetlo a mang a mahlano, a ntse a theola palo eo ho fihlela ho ba leshome. Lekhetlo ka leng, Molimo o ile a re a ke ke a timetsa metse eo haeba ho e-na le batho ba bakaalo ba lokileng ho eona.

Na Abrahama o ne a phehisa Molimo khang? Le hanyenyane! Hoo e ne e tla be e le ho ikhohomosa ho hoholo. Tsela eo Abrahama a ileng a bua ka eona e ile ea bontša hore o hlompha Molimo ka tsela e mo loketseng ebile o ikokobelitse. O ile a ipitsa “lerōle le molora.” Ka makhetlo a mane o ile a sebelisa mantsoe a reng “ka kōpo.” (Temana ea 27, 30-32) Ho feta moo, mantsoe a Abrahama a bontša hore o ne a tšepile hore Jehova o lokile. Ka makhetlo a mabeli, Abrahama o ile a bolela hore “ha ho utloahale” hore Molimo a ka timetsa ea lokileng hammoho le ea khopo. Mopatriareka eo ea tšepahalang o ile a bolela seo a neng a kholisehile ka sona hore “Moahloli oa lefatše lohle” o ne a tla “etsa se nepahetseng.”​—Temana 25.

Na lintho tseo Abrahama a ileng a li bolela li ne li nepahetse? O ne a nepile—ka lehlakoreng le leng a fositse. O ne a fositse ka ho nahana hore bonyane ho na le batho ba lokileng ba leshome Sodoma le Gomora. Empa ka sebele o ne a nepile ha a bolela hore Molimo o ne a ke ke a “felisa ea lokileng le ea khopo.” Hamorao ha Molimo a ne a timetsa metse eo e khopo, Lota ea lokileng le barali ba hae ba babeli ba ile ba pholosoa ke mangeloi.—2 Petrose 2:7-9.

Tlaleho ee e re ruta eng ka Jehova? Ha e le hantle, ka ho tsebisa Abrahama hore O ikemiselitse ho ea lekola metse eo, Jehova o ne a hlile a batla hore Abrahama a ntše maikutlo a hae. Eaba o mamela a sa fele pelo ha motsoalle oa hae Abrahama a mo phetlela sefuba. (Esaia 41:8) Ka sebele ena ke thuto e babatsehang ea hore Jehova ke Molimo ea ikokobelitseng, ea tlotlang bahlanka ba hae ba lefatšeng le ho ba fa seriti! Ka ho hlakileng, re na le mabaka a utloahalang a ho tšepa Jehova ka ho feletseng, e leng Moahloli eo kamehla a etsang se nepahetseng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Ketsahalong eo, Jehova o ne a emetsoe ke lengeloi le ileng la Mo buella. Bakeng sa mohlala o mong, bala Genese 16:7-11, 13.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Abrahama o ile a kōpa Jehova ka tieo mabapi le Sodoma le Gomora