Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Babali ba Batla ho Tseba

Ke Hobane’ng ha Lithapelo Tse Ling li sa Arajoe?

Ke Hobane’ng ha Lithapelo Tse Ling li sa Arajoe?

Mang kapa mang a ka bua le Molimo ka bolokolohi. Feela joalokaha ntate ea lerato a thabela hore bana ba hae ba bue le eena ka bolokolohi, Jehova Molimo o batla hore re mo phetlele sefuba ha re rapela. Leha ho le joalo, ho tšoana le ntate leha e le ofe ea bohlale, Molimo le eena o na le mabaka a utloahalang a ho se arabe likōpo tse ling. Na ha ho na motho ea ka utloisisang mabaka a hae a ho se arabe lithapelo tse itseng, kapa Bibele e ka re hlakisetsa hore na ke hobane’ng ha a sa li arabe?

Moapostola Johanne oa hlalosa: “Ena ke kholiseho eo re nang le eona ho eena, hore, ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.” (1 Johanne 5:14) Likōpo tsa rōna li lokela ho lumellana le thato ea Molimo. Ba bang ba rapella lintho tseo ho hlakileng hore ha li tsamaisane le thato ea Molimo—tse kang ho tšoara lotho kapa lipere. Ba bang ba rapela ka sepheo se fosahetseng. Morutuoa Jakobo o ile a re lemosa hore re se ke ra rapela ka tsela e fosahetseng joalo, ha a re: “Lea kōpa, leha ho le joalo ha le amohele, hobane le kōpa bakeng sa morero o fosahetseng, e le hore le ka se sebelisa litakatsong tsa lōna tsa menyaka ea nama.”—Jakobo 4:3.

Ka mohlala, nahana ka lihlopha tse peli tsa bolo ea maoto tse rapellang ho hlōla papali. Ho hang ho ke ke ha lebelloa hore Molimo a arabe lithapelo tsa mofuta oo tsa batho ba qothisanang lehlokoa. Ho ka boleloa se tšoanang lintoeng tsa kajeno ha mahlakore a mabeli a ba lireng a rapella tlhōlo.

Ba hanang ho latela molao oa Molimo ba rapella lefeela. Ka nako e ’ngoe Jehova o ile a ikutloa a tlameha ho bolella barapeli ba baikaketsi ho re: “Esita le hoja le etsa lithapelo tse ngata, ha kea mamela; matsoho a lōna a tletse tšollo ea mali.” (Esaia 1:15) Bibele e re: “Ea faposang tsebe ea hae hore e se ke ea utloa molao—esita le thapelo ea hae ke ntho e manyala.”—Liproverbia 28:9.

Ka lehlakoreng le leng, Jehova o tla lula a mamela lithapelo tse tsoang pelong tsa barapeli ba hae ba etsang sohle se matleng a bona hore ba mo sebeletse ho latela thato ea hae. Leha ho le joalo, na see se bolela hore o tla ba fa eng kapa eng eo ba e kōpang? Che. Ak’u nahane ka mehlala e meng e ka Mangolong.

Moshe o ne a e-na le kamano e haufi-ufi le Molimo; leha ho le joalo, le eena o ne a lokela ho kōpa “ho ea ka thato ea [Molimo].” Moshe o ile a kōpa hore Molimo a mo lumelle ho kena naheng ea Kanana le hoja Molimo a ne a bontšitse hore morero oa hae ke hore Moshe a se ke a kena. O ile a re: “Ka kōpo, ntumelle hore ke tšele ’me ke bone naha e ntle e ka mose ho Jordane.” Empa kaha pejana Moshe o ne a ile a etsa sebe, o ile a bolelloa hore a ke ke a kena naheng eo. Joale, ho e-na le hore Jehova a fe Moshe seo a se kōpang, o ile a re ho eena: “Ho lekane ka uena! U se ke ua hlola u bua le ’na hape ka taba ena.”—Deuteronoma 3:25, 26; 32:51.

Moapostola Pauluse o ile a rapella hore a imolloe nthong eo a ileng a e bitsa “moutloa nameng.” (2 Bakorinthe 12:7) Mohlomong “moutloa” oo e ne e le ho tšoaroa ke mahlo kapa hore o ne a lula a hlekefetsoa ke bahanyetsi le ‘barab’abo ba bohata.’ (2 Bakorinthe 11:26; Bagalata 4:14, 15) Pauluse o ile a ngola a re: “Ke ile ka kōpa Morena ka tieo ka makhetlo a mararo mabapi le sena e le hore o ka tloha ho ’na.” Leha ho le joalo, Molimo o ne a tseba hore haeba Pauluse a ne a ka tsoela pele ho bolela litaba tse molemo ho sa tsotellehe seo a ileng a se bitsa “moutloa nameng,” seo se ne se tla hle se bontše matla a Molimo le hore Pauluse o Mo tšepa ka ho feletseng. Kahoo, ho e-na le hore Molimo a fe Pauluse seo a neng a se kōpa, o ile a re ho eena: “Matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.”—2 Bakorinthe 12:8, 9.

Ka sebele, Molimo o tseba ho re feta hore na ho arabela likōpo tse itseng ho tla re tsoela molemo kapa che. Ka linako tsohle, Jehova o nka bohato bo tla re tsoela molemo tumellanong le merero ea hae e lerato e tlalehiloeng ka Bibeleng.