Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ba Ntse ba Latela Konyana”

“Ba Ntse ba Latela Konyana”

“Ba Ntse ba Latela Konyana”

“Bana . . . ba ntse ba latela Konyana ho sa tsotellehe hore na e ea hokae.”—TŠEN. 14:4.

1. Barutuoa ba ’nete ba Jesu ba ne ba ikutloa joang ka ho mo latela?

HOO e ka bang lilemo tse peli le halofo Jesu a qalile tšebeletso ea hae, o ne “a ntse a ruta sebokeng sa phatlalatsa Kapernauma.” Kaha ba ile ba nka hore puo ea hae ea tšosa, “ba bangata ho barutuoa ba hae ba tloha ho ea linthong tse ka morao ’me ba ne ba se ba sa tsamaee le eena.” Ha Jesu a botsa baapostola ba hae ba 12 hore na le bona ba batla ho tsamaea, Simone Petrose o ile a araba a re: “Morena, re tla tloha re ee ho mang? Ke uena ea nang le lipolelo tsa bophelo bo sa feleng; ’me re lumetse ’me rea tseba hore u Mohalaleli oa Molimo.” (Joh. 6:48, 59, 60, 66-69) Barutuoa ba ’nete ba Jesu ba ile ba hana ho khaotsa ho mo latela. Ka mor’a hore ba tlotsoe ka moea o halalelang, ba ile ba tsoela pele ho ikokobelletsa tataiso ea Jesu.—Lik. 16:7-10.

2. (a) “Lekhoba le tšepahalang le le masene,” kapa “motsamaisi ea tšepahalang” ke mang? (b) Lekhoba le iketselitse tlaleho e ntle joang ea ho “latela Konyana”?

2 Re ka re’ng ka Bakreste ba tlotsitsoeng ba mehleng ea kajeno? Boprofeteng ba hae bo buang ka “pontšo . . . ea ho ba teng ha [hae] le ea qetello ea tsamaiso ea lintho,” Jesu o ile a re sehlopha sa balateli ba hae ba tlotsitsoeng ka moea ba lefatšeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene,” kapa “motsamaisi ea tšepahalang.” (Mat. 24:3, 45; Luka 12:42) Sehlopha sa lekhoba se iketselitse tlaleho e ntle haholo ea ho “latela Konyana ho sa tsotellehe hore na e ea hokae.” (Bala Tšenolo 14:4, 5.) Litho tsa sona li lula li hloekile moeeng ka ho se itšilafatse ka litumelo le mekhoa ea “Babylona e Moholo,” e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Tšen. 17:5) Ha ho na thuto ea bolumeli ea bohata e ‘fumanoang melomong ea bona,’ ebile ba lula ‘ba se na sekoli’ lefatšeng la Satane. (Joh. 15:19) Nakong e tlang, masala a batlotsuoa a lefatšeng a “tla latela” Konyana ho fihlela e fihla leholimong.—Joh. 13:36.

3. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re tšepe sehlopha sa lekhoba?

3 Jesu o behile lekhoba le tšepahalang le le masene hore “le okamele bahlanka ba hae ba ntlo,” ke hore, setho ka seng sa sehlopha sa lekhoba, “ho ba fa lijo tsa bona ka nako e tšoanetseng.” O boetse o behile lekhoba lena hore “le okamele lintho tsohle tsa hae.” (Mat. 24:45-47) “Lintho” tsena li akarelletsa “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” bo ntseng bo eketseha. (Tšen. 7:9; Joh. 10:16) Na batlotsuoa le “linku tse ling” ka bomong ha baa lokela ho tšepa lekhoba le behiloeng hore le ba okamele? Ho na le mabaka a mangata a hore re tšepe sehlopha sa lekhoba. Mabaka a mabeli a ka sehloohong ke ana: (1) Jehova o tšepa sehlopha sa lekhoba. (2) Jesu le eena o tšepa lekhoba. A re ke re tšohleng bopaki ba hore Jehova Molimo le Jesu Kreste ba tšepa lekhoba le tšepahalang le le masene ka botlalo.

Jehova o Tšepa Lekhoba

4. Ke hobane’ng ha re ka tšepa lijo tsa moea tseo re li fuoang ke lekhoba le tšepahalang le le masene?

4 Nahana hore na ke eng e etsang hore lekhoba le tšepahalang le le masene le atlehe ho fana ka lijo tse matlafatsang tsa moea ka nako e tšoanetseng. Jehova o re: “Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona.” O eketsa ka ho re: “Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.” (Pes. 32:8) Ka sebele, Jehova o tataisa lekhoba. Ka lebaka leo, re ka tšepa ka botlalo temohisiso, kutloisiso le tataiso ea Mangolo tseo re li fuoang ke lekhoba.

5. Ke eng e bontšang hore moea oa Molimo o matlafatsa sehlopha sa lekhoba?

5 Jehova o boetse o hlohonolofatsa sehlopha sa lekhoba ka moea oa hae o halalelang. Le hoja moea oa Jehova o sa bonahale, litholoana tseo o li hlahisang ho batho bao o sebetsang ho bona lia bonahala. Nahana ka seo lekhoba le tšepahalang le le masene le ’nileng la se finyella ha le fana ka bopaki lefatšeng lohle ka Jehova Molimo, Mora oa hae le ka ’Muso. Barapeli ba Jehova ba bolela molaetsa oa ’Muso ka mafolofolo linaheng tse fetang 230 le lihlekehlekeng. Na seo ha se fane ka bopaki bo tiileng ba hore moea oa Molimo o matlafatsa lekhoba? (Bala Liketso 1:8.) Ha sehlopha sa lekhoba se fa batho ba Jehova lefatšeng lohle lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng, se lokela ho etsa liqeto tsa bohlokoa. Ha lekhoba le etsa liqeto ebile le li sebelisa le bontša lerato, bonolo le likarolo tse ling tsa tholoana ea moea.—Bagal. 5:22, 23.

6, 7. Jehova o tšepa lekhoba le tšepahalang hakae?

6 E le hore u utloisise hore na Jehova o tšepa lekhoba le tšepahalang hakae, nahana ka seo a se tšepisitseng litho tsa lona. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Terompeta e tla lla, ’me bafu ba tla tsosoa ba ke ke ba bola, ’me re tla fetoloa. Etsoe sena se ka bolang se tla apara ho se bole, ’me sena se shoang se tla apara ho se shoe.” (1 Bakor. 15:52, 53) Balateli ba tlotsitsoeng ba Kreste, ba sebeletsang Molimo ka botšepehi ’me ba e-shoa ka ’mele ea bona e bolang, ba tsosoa ba se ba phahametse batho ba moea, ba e-na le bophelo bo sa feleng. Ba fuoa ho se shoe—e leng bophelo bo sa feleng le ho se senyehe. Ho feta moo, ba fuoa ’mele e sa senyeheng, e ke keng ea bola eo ho bonahalang e tseba ho phela e sa thusoe ke letho. Tšenolo 4:4 e hlalosa hore bana ba tsositsoeng ba lutse literoneng ba roetse meqhaka ea khauta lihloohong tsa bona. Bakreste ba tlotsitsoeng ba tla fumana khanya ea borena. Empa ho sa na le bopaki bo bong.

7 Tšenolo 19:7, 8 e re: “Lenyalo la Konyana le fihlile ’me mosali oa eona o itokisitse. E, o nehiloe hore a apare line ea boleng bo botle, e khanyang, e hloekileng, kaha line ea boleng bo botle e emela liketso tse lokileng tsa bahalaleli.” Jehova o khethile Bakreste ba tlotsitsoeng hore e tle e be monyaluoa oa Mora oa hae. Ho se bole, ho se shoe, borena, “lenyalo la Konyana”—tsee ke limpho tse hlollang hakaakang! Ke bopaki bo susumetsang ba hore Molimo o tšepa batlotsuoa, ‘ba ntseng ba latela Konyana ho sa tsotellehe hore na e ea hokae.’

Jesu o Tšepa Lekhoba

8. Jesu o bontša joang hore o tšepa balateli ba hae ba tlotsitsoeng ka moea?

8 Ke bopaki bofe bo teng ba hore Jesu o tšepa ka botlalo balateli ba hae ba tlotsitsoeng ka moea? Bosiung ba hae ba ho qetela lefatšeng, Jesu o ile a tšepisa baapostola ba hae ba 11 ba tšepahalang sena: “Ke lōna ba nkhomaretseng litekong tsa ka; ’me ke etsa selekane le lōna, feela joalokaha Ntate a entse selekane le ’na, bakeng sa ’muso, e le hore le ka ja le ho noa tafoleng ea ka ’musong oa ka, le ho lula literoneng ho ahlola meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.” (Luka 22:28-30) Selekane seo Jesu a ileng a se etsa ka mor’a moo le bao ba 11, se tla akarelletsa le Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ba 144 000. (Luka 12:32; Tšen. 5:9, 10; 14:1) Na Jesu o ne a tla etsa selekane sa hore ba buse le eena ’Musong oa hae haeba a ne a sa ba tšepe?

9. “Lintho tsohle tsa [Kreste]” li akarelletsa lintho life?

9 Ho feta moo, Jesu Kreste o behile lekhoba le tšepahalang le le masene “hore le okamele lintho tsohle tsa hae”—e leng lintho tsohle tse lefatšeng tse amanang le ’Muso. (Mat. 24:47) Linthong tsena ho akarelletsoa thepa e ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki Tsa Jehova, e liofising tsa makala tse linaheng tse fapa-fapaneng, le e Liholong Tsa Likopano le Liholong Tsa ’Muso lefatšeng lohle. Ho boetse ho akarelletsoa le mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa. Na motho o ne a ka fa motho eo a sa mo tšepeng lintho tsa hae tsa bohlokoa hore a li hlokomele a be a li sebelise?

10. Ke eng e bontšang hore Jesu Kreste o na le balateli ba hae ba tlotsitsoeng?

10 Nakoana pele a nyolohela leholimong, Jesu ea tsositsoeng bafung o ile a itlhahisa ho barutuoa ba hae ba tšepahalang eaba o ba tšepisa sena: “Bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Mat. 28:20) Na Jesu o phethahalitse tšepiso ee? Lilemong tse 15 tse fetileng, palo ea liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle e eketsehile ho tloha ho tse 70 000 ho fihla ho tse ka holimo ho 100 000—e leng keketseho ea tse fetang tse 40 ho tse 100. Barutuoa ba bacha bona ba eketsehile hakae? Barutuoa ba ka bang limilione tse 4,5 ba ile ba kolobetsoa lilemong tse 15 tse fetileng—’me sena se etsa karolelano ea ba fetang 800 ka letsatsi. Keketseho ena e hlollang ke bopaki bo hlakileng ba hore Kreste o tataisa balateli ba hae ba tlotsitsoeng libokeng tsa bona tsa phutheho le hore oa ba thusa mosebetsing oa bona oa ho etsa barutuoa.

Lekhoba Lea Tšepahala Ebile le Masene

11, 12. Lekhoba le bontšitse joang hore lea tšepahala ebile le masene?

11 Kaha Jehova Molimo le Jesu Kreste ba tšepa lekhoba le tšepahalang le le masene ka botlalo, na le rōna ha rea lokela ho le tšepa? Etsoe lekhoba le bontšitse hore ka botšepehi le etsa mosebetsi oo le o abetsoeng. Ka mohlala, e se e le lilemo tse fetang 130 makasine ea Molula-Qhooa e ntse e hatisoa. Liboka, likopano tse khōlō le tse nyenyane tsa Lipaki Tsa Jehova li tsoela pele ho re matlafatsa moeeng.

12 Lekhoba le tšepahalang le boetse le masene kaha ha le iphahamise ka hore le etelle Jehova pele, kapa le se ke la nka khato ha tataiso eo Molimo a fanang ka eona e hlakile. Ka mohlala, le hoja baeta-pele ba bolumeli ba bohata ba iphapanyetsa kapa ba khothalletsa pepenene boitšoaro ba boithati le ba ho se tšabe Molimo ba batho ba lefatše ba bile ba etsa eka boa amoheleha, lekhoba lona le lemosa ka likotsi tsa tsamaiso e khopo ea Satane. Lekhoba le tseba ho fana ka litemoso tse bohlale le tse nakong kaha Jehova Molimo le Jesu Kreste baa le hlohonolofatsa. Kahoo, re lokela ho tšepa lekhoba ka botlalo. Leha ho le joalo, re ka bontša joang hore re tšepa lekhoba le tšepahalang le le masene?

“Tsamaea le” Batlotsuoa ha ba Ntse ba Latela Konyana

13. Ho latela boprofeta ba Zakaria, re ka bontša joang hore re tšepa lekhoba le tšepahalang le le masene?

13 Buka ea Bibele ea Zakaria e bua ka “banna ba leshome” ba tlang ho “monna oa Mojuda” ’me ba re ho eena: “Re tla tsamaea le lōna.” (Bala Zakaria 8:23.) Kaha ho boleloa hore “monna oa Mojuda” ke “lōna,” monna enoa o emela sehlopha sa batho. Mehleng ea rōna, o emela masala a Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea—e leng karolo ea “Iseraele ea Molimo.” (Bagal. 6:16) “Banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba” ba emela bongata bo boholo ba linku tse ling. Feela joalokaha Bakreste ba tlotsitsoeng ba latela Jesu ho sa tsotellehe hore na o ea hokae, bongata bo boholo bo “tsamaea le” lekhoba le tšepahalang le le masene. Le ka mohla bongata bona bo boholo ha boa lokela ho ba lihlong ho itsebahatsa hore ke metsoalle ea “ba nang le kabelo pitsong ea leholimo.” (Baheb. 3:1) Jesu ha a lihlong ho bitsa batlotsuoa ‘barab’abo.’—Baheb. 2:11.

14. Re ka tšehetsa barab’abo Kreste ka botšepehi joang?

14 Jesu Kreste o nka hore ha re thusa barab’abo ka botšepehi ho tšoana le ha re thusa eena. (Bala Matheu 25:40.) Kahoo, ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba ka thusa barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng ka moea joang? Sena ba se etsa haholo-holo ka ho ba thusa mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. (Mat. 24:14; Joh. 14:12) Le hoja palo ea batlotsuoa ba leng lefatšeng e fokotsehile ha lilemo li ntse li feta, palo ea linku tse ling eona e eketsehile. Ha ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba kenya letsoho mosebetsing oa ho paka, ’me ba sebetsa joaloka baevangeli ba nako eohle ha ho khoneha, ba tla be ba thusa ba tlotsitsoeng ka moea hore ba phethe mosebetsi oo ba o filoeng oa ho etsa barutuoa. (Mat. 28:19, 20) Se seng seo re sa lokelang ho se hlokomoloha ke menyetla ea ho tšehetsa mosebetsi ona ka ho fana ka menehelo ea chelete ka litsela tse sa tšoaneng.

15. Bakreste ka bomong ba lokela ho nka khato efe ha ba fumana lijo tsa moea tse tlang ka nako e nepahetseng tse tsoang ho lekhoba, ’me ba lokela ho nka khato efe ka liqeto tsa tsamaiso tseo lekhoba le li entseng?

15 Re le Bakreste ka bomong, re nka lijo tsa moea tse tlang ka nako e nepahetseng tseo lekhoba le tšepahalang le le masene le re fang tsona ka lingoliloeng tsa Bibele le ka lipokano tsa Bokreste joang? Na re li ja ka kananelo re bile re sebelisa seo re ithutang sona hang-hang? Re nka khato efe ka liqeto tsa tsamaiso tse entsoeng ke lekhoba? Ha re mamela ka boithatelo tataiso eo re e fuoang, re bontša hore re na le tumelo tataisong eo Jehova a fanang ka eona.—Jak. 3:17.

16. Ke hobane’ng ha Bakreste bohle ba lokela ho mamela barab’abo Kreste?

16 Jesu o ile a re: “Linku tsa ka li mamela lentsoe la ka, ’me kea li tseba, ’me lia ntatela.” (Joh. 10:27) Sena ke se etsoang ke Bakreste ba tlotsitsoeng. Ebe ho etsahala’ng ka ba ‘tsamaeang’ le bona? Bana ba tlameha ho mamela Jesu. Ba boetse ba tlameha ho mamela barab’abo. Ha e le hantle, ba tšepetsoe boikarabelo bo boholo ba ho hlokomela le ho tataisa batho ba Molimo. Ho mamela lentsoe la barab’abo Kreste ho akarelletsa eng?

17. Ho mamela sehlopha sa lekhoba ho akarelletsa’ng?

17 Kajeno lekhoba le tšepahalang le le masene le emeloa ke Sehlopha se Busang, se etellang pele le se hokahanyang mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso lefatšeng lohle. Litho tsa Sehlopha se Busang ke baholo ba tlotsitsoeng ka moea ba nang le boiphihlelo. Ka ho khetheha ho ka boleloa hore ke “ba etellang pele” har’a rōna. (Baheb. 13:7) Ha ba hlokomela baboleli ba ’Muso ba ka bang 7 000 000 lefatšeng lohle liphuthehong tse fetang 100 000, balebeli bana ba tlotsitsoeng ba na le ‘ho hongata hoo ba ho etsang mosebetsing oa Morena.’ (1 Bakor. 15:58) Ha re mamela sehlopha sa lekhoba ho bolela hore re sebelisana ka botlalo le Sehlopha se Busang sa lona.

Ba Mamelang Lekhoba Baa Hlohonolofatsoa

18, 19. (a) Ba mamelang lekhoba le tšepahalang le le masene ba hlohonolofatsoa joang? (b) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

18 Haesale lekhoba le tšepahalang le le masene le khethoa, le ’nile la ‘tlisa ba bangata ho lokeng.’ (Dan. 12:3) Bana ba akarelletsa batho ba nang le tšepo ea ho pholoha ha ho felisoa tsamaiso ea hona joale e khopo ea lintho. Ho ba le boemo boo bo lokileng ka pel’a Molimo ke tlhohonolofatso e kaakang!

19 Nakong e tlang ha ‘motse o halalelang, Jerusalema e Mocha [o hahiloeng ka ba 144 000], o theoha leholimong ho Molimo ’me o lokisitsoe joaloka monyaluoa ea khabileng bakeng sa monna oa hae,’ ho tla etsahala eng ka ba ’nileng ba mamela lentsoe la lekhoba? Bibele e re: “Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšen. 21:2-4) Kahoo, e se eka re ka mamela Kreste le barab’abo ba tlotsitsoeng ka moea ba tšepahalang.

U Ithutile Eng?

• Ho na le bopaki bofe ba hore Jehova o tšepa lekhoba le tšepahalang le le masene?

• Ke sefe se bontšang hore Jesu Kreste o tšepa sehlopha sa lekhoba ka botlalo?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa motsamaisi ea tšepahalang?

• Re bontša joang hore re tšepa lekhoba?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Na ua tseba hore na Jehova o khethile mang hore e tle e be monyaluoa oa Mora oa hae?

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Jesu Kreste o file lekhoba le tšepahalang le le masene hore le ikarabelle ka “lintho” tsa hae

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Ha re kenya letsoho mosebetsing oa ho paka, re thusa ba tlotsitsoeng ka moea