Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Nako ea ka e ne e E-s’o Fihle”

“Nako ea ka e ne e E-s’o Fihle”

“Nako ea ka e ne e E-s’o Fihle”

Mokhanni oa teraka e khōlō ea lithōle o ile a sitoa ho e laola. Teraka eo e ile ea tsoa tseleng, ea thula banyalani ba bang le mohlankana ea lilemo li 23, ba neng ba tsamaea ka thōko ho tsela. Ho ea ka tlaleho ea koranta ea New York City, banyalani bao ba ile ba shoa hang-hang, ha mohlankana eo eena a ile a akheha. Ha a phaphama ’me a lemoha se etsahetseng, ntho e ileng ea tla pele kelellong ea hae ke hore: ‘Ha ke kholoe se etsahalang. Molimo, ke kōpa u nthuse.’ Eaba o re: “Ho cho hore nako ea ka e ne e e-s’o fihle.”

E KA ’na eaba u ’nile ua utloa lipale tse tšoanang le ena. Ha motho a pholoha tlokotsi ka sobana-la-nale, batho ba ee ba re, ‘E ne e e-s’o be nako ea hae,’ empa ha motho a shoa kotsing e sa tloaelehang, ba etsa qeto ea hore ‘E ne e se e le nako ea hae’ kapa ‘Ke thato ea Molimo.’ Ebang ba nka hore ntho e etsahetse hobane e ne e reriloe esale pele, hobane e le lehlohonolong la motho kapa bomalimabeng ba hae, kapa hobane e le liketso tsa Molimo, ba batla ba lumela ntho e le ’ngoe. Batho ba bangata ba lumela hore lintho tse etsahalang bophelong ba bona le liphello tsa tsona ke lintho tse reriloeng esale pele ’me ha ho letho leo ba ka le etsang ka tsona. Batho ha ba be le boikutlo bona feela ha ho hlaha lefu kapa kotsi; ebile hase boikutlo bo qalang kajeno.

Ka mohlala, Bababylona ba boholo-holo ba ne ba lumela hore lintho tse hlahelang batho li laoloa ke linaleli le ho tsamaea ha tsona. Ka hona, ba ne ba sheba lintho tse leholimong bakeng sa matšoao le lipontšo tsa lintho tse tla etsahala e le hore li ba tataise. Bagerike le Baroma ba ne ba rapela melimotsana e rerelang batho bokamoso esale pele, eo ka linako tse ling ho neng ho bonahala eka matla a eona a ho rerela batho mahlohonolo kapa bomalimabe a feta a melimo ea bona e ka sehloohong, e leng Zeuse le Jupitere.

Bochabela bo Hare, Mahindu le Mabuddha a lumela hore se hlahelang motho hona joale ke phello ea seo a se entseng bophelong ba hae bo fetileng, le hore se tla mo hlahela bophelong ba hae ba nakong e tlang se itšetlehile ka seo a se etsang hona joale. Malumeli a mang—ho akarelletsa le likereke tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana—le ’ona a na le litumelo tse joalo tsa hore lintho tse etsahallang batho bophelong li ke ke tsa qojoa kaha a ruta thuto ea hore qetello ea lintho e reriloe esale pele.

Kahoo, ha ho makatse hore esita le mehleng ena ea tsoelo-pele, eo batho ba reng ha ba lumele letho le se nang bopaki, ho ntse ho e-na le batho ba bangata ba lumelang hore boemo ba bona bophelong, lintho tse ba hlahelang letsatsi le letsatsi hammoho le qetello ea bona, ke lintho tse ileng tsa reroa esale pele ebile ha ho letho leo ba ka le etsang ho li fetola. Na u ikutloa joalo ka bophelo? Na ka sebele lintho tse etsahallang batho bophelong kapa tse ba hlahelang, ho atleha le ho hlōleha ha bona—esita le ho tsoaloa le ho shoa—li reriloe esale pele? Na bophelo ba hao bo laoloa ke hore na ho reriloe’ng ka bona? A re ke re boneng hore na Bibele e re thusa joang hore re arabe lipotso tsena.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

Ken Murray/New York Daily News