Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe e na le Nako ea Eona

Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe e na le Nako ea Eona

Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe e na le Nako ea Eona

Bibele e re: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, esita le nako bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe tlas’a maholimo.” Motho ea ngotseng mantsoe ao, e leng Morena Solomone ea bohlale oa mehleng ea boholo-holo, o ile a ba a re ho na le nako ea tsoalo le ea ho shoa, nako ea ho haha le ea ho heletsa, nako ea ho rata le ea ho hloea. Qetellong o ile a re: “Moetsi o fumana molemo ofe ho seo a sebetsang ka thata ho sona?”—Moeklesia 3:1-9.

HA BATHO ba bang ba bala mantsoe ao, ba etsa qeto ea hore ka sebele Bibele e ruta hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e behetsoe nako esale pele; ka mantsoe a mang, ba nahana hore Bibele e tšehetsa tumelo ea hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe reriloe esale pele. Na ho fela ho le joalo? Na Bibele e tšehetsa maikutlo a hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe bophelong e reriloe esale pele? Kaha “lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo,” seo re se balang karolong e ’ngoe ea Bibele se lokela ho lumellana le seo re se balang likarolong tse ling tsa eona. Ka hona, a re boneng hore na likarolo tse ling kaofela tsa Lentsoe la Molimo, e leng Bibele, li re’ng tabeng ena.—2 Timothea 3:16.

Nako le Ketsahalo e sa Lebelloang

Bukeng ea Moeklesia, Solomone o ile a boela a re: “Ke ile ka boela ka bona tlas’a letsatsi hore ba lebelo ha ba hlōle peisong, leha e le hore ba matla baa hlōla ntoeng, kapa hore ba bohlale le bona ba na le lijo, leha e le hore ba nang le kutloisiso le bona ba na le maruo, kapa hore esita le ba nang le tsebo ba fumana kamohelo.” Hobane’ng? O ile a hlalosa: “Hobane bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.”—Moeklesia 9:11.

Solomone o ne a bolela hore batho ba ke ke ba khona ho tseba esale pele hore na ntho leha e le efe eo ba e etsang e tla fella joang, “hobane bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang,” eseng hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e itšetlehile ka qeto eo e e etselitsoeng esale pele. Hangata, ntho e itseng e hlahela motho hobane a le sebakeng se loketseng ka nako e loketseng, kapa a le sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng.

Ka mohlala, nahana ka polelo ena: “Ba lebelo ha ba hlōle peisong.” Mohlomong u sa hopola lebelo le tsebahalang le neng le sa tloaeleha la limithara tse 3 000 la basali, la Liolimpiki tsa 1984 tse neng li tšoaretsoe Los Angeles, California, U.S.A., kapa mohlomong u kile ua bala ka lona. Basali ba babeli ba limathi ba ne ba tšepile hore ba tla hapa khau ea khauta, e mong e le oa Brithani, ha e mong e ne e le oa United States. Leha ho le joalo, ba ile ba thulana ha ba ntse ba matha. E mong o ile a oa a ba a sitoa ho tsoela pele ka lebelo; e mong eena a nyahama hoo a ileng a tsoa nomorong ea bosupa.

Na ho ne ho reriloe hore lintho li tsamaee ka tsela eo? Ba bang ba ka ’na ba nahana joalo. Empa ho hlakile hore ntho e ileng ea etsa hore bobeli ba bona ba se ke ba hapa lebelo leo ke hore ba ile ba thulana—e leng kotsi eo ho seng ea neng a ka e bona esale pele. Joale na ho ne ho reriloe esale pele hore ba thulane? Le mona, ba bang ba ka ’na ba nahana joalo. Empa batho ba hasang lebelo leo ba ile ba re kotsi eo e bakiloe ke hore ho ne ho se ea batlang ho siuoa ke e mong pakeng tsa limathi tseo tse peli tse neng li batla li bapile ’me e mong a batla ho siea e mong. Joalokaha Bibele e bolela, “bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” Ho sa tsotellehe hore na motho o itokiselitse mosebetsi hakae, ho lula ho e-na le lintho tse sa lebelloang tse ka ’nang tsa kena-kenana le mosebetsi oo oa hae ’me ho hang hase ntho e reriloeng.

Joale Bibele e bolela’ng ha e re: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe”? Na ho na le ntho leha e le efe eo re ka e etsang e tla ama tsela eo bophelo ba rōna bo tla fella ka eona kapa qetello ea rōna?

Nako e Loketseng Bakeng sa Mosebetsi o Mong le e Mong

Ho hang mongoli ea bululetsoeng oa Bibele o ne a sa bue ka ho reroa ha bophelo ba motho leha e le ofe kapa hona hore na o tla qetella joang, ho e-na le hoo, o ne a bua ka morero oa Molimo le hore na o tla ama batho joang. Re tseba seo joang? Hobane ke sona seo ha e le hantle moelelo oa taba o re bolellang sona. Ka mor’a hore Solomone a bolele lintho tse ngata tseo ho bonahalang li e-na le “nako e behiloeng,” o ile a re: “Ke bone mosebetsi oo Molimo a o fileng bara ba moloko oa batho oo ba lokelang ho tšoareha ka oona. O entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le ntle ka nako ea eona.”—Moeklesia 3:10, 11.

Molimo o file batho mesebetsi e mengata, kapa lintho tseo ba ka li etsang ’me Solomone o boletse tse ling tsa tsona. Molimo o boetse o re file bolokolohi ba ho ikhethela seo re batlang ho se etsa. Leha ho le joalo, ho na le nako e loketseng kapa e nepahetseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong e le hore o be le litholoana tse ntle. Ka mohlala, nahana ka mantsoe a Solomone a fumanoang ho Moeklesia 3:2, a reng ho na le “nako ea ho lema le nako ea ho fothola se lenngoeng.” Lihoai lia tseba hore ho na le nako e loketseng ea ho jala mofuta o itseng oa peō. Joale ho etsahala’ng haeba sehoai se iphapanyetsa ’nete eo ’me se jala peō ka nako eo e seng ea eona kapa ka nako e fosahetseng ea selemo? Na joale ha se sa fumane chai e ntle le hoja se ile sa sebetsa ka thata, se tla re ke boemo bo neng bo ke ke ba qojoa kapa ke kamoo ho neng ho reriloe kateng? Le letho! Taba ke hore ha aa jala peō ka nako e loketseng. Sehoai se ka be se fumane chai e ntle haeba se ne se latetse mokhoa o tloaelehileng oa tlhaho o thehiloeng ke ’Mōpi.

Ka hona, seo Molimo a se etselitseng qeto esale pele hase qetello ea batho kapa phello ea liketsahalo tsohle, empa ke melao-motheo e itseng e laolang tsela eo batho ba etsang lintho ka eona ho latela morero oa hae. E le hore batho ba atlehe linthong tseo ba li etsang, ba lokela ho lemoha morero oa Molimo le nako ea hae ’me ba etse lintho tumellanong le oona. Ntho eo Molimo a e etselitseng qeto esale pele le eo batho ba ke keng ba e fetola, ke morero oa hae, eseng qetello ea batho ka bomong. Jehova o ile a re ka moprofeta Esaia: “Lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka . . . le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana, empa ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang, ’me ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:11.

Joale “lentsoe” la Molimo, kapa morero oo a o boletseng mabapi le lefatše le bokamoso ba batho, leo a reng “ka sebele le tla atleha” ke eng?

Ho Utloisisa Nako ea Molimo

Solomone o fane ka leseli ntlheng ena. Ka mor’a ho bolela hore Molimo “o entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le ntle ka nako ea eona,” o ile a boela a re, “O kentse nako e sa lekanyetsoang ka lipelong tsa bona, e le hore le ka mohla moloko oa batho o se ke oa fumana mosebetsi oo Molimo oa ’nete a o entseng ho tloha qalong ho isa qetellong.” Phetolelo ea The NIV Study Bible e beha temana ena tjena: “Hape o behile bosafeleng lipelong tsa batho; le hoja ba ke ke ba utloisisa seo Molimo a se entseng ho tloha tšimolohong ho fihlela qetellong.”—Moeklesia 3:11.

Ho ngotsoe lintho tse ngata ka temana ena. Empa ’nete ke hore kaofela ha rōna ho na le nako eo re kileng ra ipotsa ka ho teba hore na morero oa bophelo ke ofe le hore na qetello ea rōna e tla ba efe. Ho theosa le lilemo, batho ba ’nile ba fumana ho le thata ho amohela taba ea hore bophelong, motho o lokela ho sebetsa ka thata ebe qetellong oa shoa. Batho ba fapane le libōpuoa tse ling hobane ha ba nahane feela ka se ka etsahalang kajeno empa ba nahana le ka se tla etsahala ka moso. Ha e le hantle, re bile re lakatsa eka re ka be re phela ka ho sa feleng. Hobane’ng? Joalokaha lengolo lena le bontša, Molimo o “behile bosafeleng lipelong tsa batho.”

E le ho khotsofatsa takatso eo, batho ba ’nile ba ipotsa hore na ebe motho o tsoela pele a phela ka mor’a lefu. Ba bang ba etsa qeto ea hore ka har’a rōna ho na le ntho e tsoelang pele e phela ka mor’a hore re shoe. Ba bang ba lumela hore re tla lula re tsoaloa hape ka mor’a hore re shoe. Leha ho le joalo, ba bang ba nahana hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ke ke ea fetoha hobane Molimo o rerile hore e be joalo kapa ke thato ea hae hore e be joalo ’me ha ho letho leo ba ka le etsang ka seo. Ka masoabi, ha ho tlhaloso le e ’ngoe ho tsena e ’nileng ea khotsofatsa. Bibele e re sena se bakoa ke hore ho sa tsotellehe boiteko ba oona, ‘moloko oa batho o ke ke oa fumana mosebetsi oo Molimo oa ’nete a o entseng ho tloha qalong ho isa qetellong.’

Batho ba bohlale le bo-rafilosofi ba ’nile ba tšoenyeha ka lilemo-lemo ka lebaka la hore e se e le nako e telele ba batla ho tseba empa ba sa fumane likarabo tsa lipotso tsena. Leha ho le joalo, kaha Molimo o kentse tabatabelo kapa takatso eo lipelong tsa rōna, na hase ho utloahalang ho lebella hore e be eena ea re fang se hlokahalang bakeng sa hore re fumane likarabo tseo? Etsoe bonneteng ha Bibele e bua ka Jehova e re: “U fuparolla seatla sa hao u khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.” (Pesaleme ea 145:16) Ka ho ithuta Lentsoe la Molimo, e leng Bibele, re ka fumana litlhaloso tse khotsofatsang ka bophelo le lefu le ka morero oa Molimo oa ka ho sa feleng mabapi le lefatše le moloko oa batho.—Baefese 3:11.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

“Ba lebelo ha ba hlōle peisong.”—Moeklesia 9:11

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Haeba sehoai se jetse peō ka nako e fosahetseng, na ha se sa fumane chai se tla re ke boemo bo neng bo ke ke ba qojoa?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]

Re nahana ka bophelo le lefu hobane Molimo “o behile bosafeleng lipelong tsa batho”