Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Joale ke Nako ea ho Ikhethela

Joale ke Nako ea ho Ikhethela

Joale ke Nako ea ho Ikhethela

“Molimo a bōpa motho ka setšoantšo sa hae, a mo bōpa ka setšoantšo sa Molimo; a ba bōpa e le e motona le e motšehali.”—Genese 1:27.

MANTSOE ao a tloaelehileng a maqepheng a qalang a Bibele a hlalosa e ’ngoe ea lintho tse molemo ka ho fetisisa tseo Molimo ‘a li entseng li le ntle ka nako ea tsona’—e leng ho bōpa banyalani ba pele ba neng ba phethahetse, Adama le Eva. (Moeklesia 3:11) E le ’Mōpi oa bona, Jehova Molimo o ile a re ho bona: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse, ’me le laole litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le sebōpuoa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatšeng.”—Genese 1:28.

Ha Molimo a bua seo ho batho ba pele, ha e le hantle o ne a ba bolella morero oa hae. Ba ne ba lokela ho ngatafala le ho hlokomela lefatše, ba le fetole lehae la paradeise bakeng sa bona le bana ba bona. Ba ne ba sa beheloa hore na ba phele nako e kae, ebe baa shoa. Ho e-na le hoo, Molimo o ne a ba behetse ntho e babatsehang haholo. Haeba ba ne ba ka etsa khetho e nepahetseng le ho phela ka tsela e lumellanang le thato ea Molimo, ba ne ba ka phela khotsong ea sebele le thabong e sa feleng.

Ba ile ba etsa khetho e fosahetseng ’me ka lebaka leo, batho bohle baa tsofala le ho shoa. Ha e le hantle, mopatriareka Jobo o ile a re: “Motho, ea tsoetsoeng ke mosali, o phela hakhutšoanyane ’me o khotše likhathatso.” (Jobo 14:1) Lintho li senyehile hokae?

Bibele ea hlalosa: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) Ho hlakile hore “motho a le mong” eo ho buuoang ka eena e ne e le Adama, eo ka boomo a ileng a khetha ho se mamele molao oa Molimo o utloahalang le o hlakileng. (Genese 2:17) Adama o ile a khetha ho lahla monyetla oa ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng. O ile a boela a etsa hore bana ba hae ba lahleheloe ke lefa leo la bohlokoa ’me a ba fa lefa la thōhako ea sebe le lefu. Ka sebele bokamoso bo ile ba bonahala bo le lerootho.

Nako ea ho Nchafatsa Lintho

Lilemo tse likete hamorao, mopesaleme o ile a bululeloa hore a ngole tjena: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) E le ho tiisa hore seo Molimo a se tšepisitseng Serapeng sa Edene se tla phethahala, Lentsoe la hae le hlalosa ka ho tsotehang seo a tla se etsa haufinyane: “O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” Joale Molimo ka boeena o ile a re: “Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.”—Tšenolo 21:4, 5.

Kaha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le nako, potso eo batho ba ipotsang eona ke ea hore, Nako eo ea ho nchafatsa lintho e tla fihla neng e le hore litšepiso tse babatsehang tsa Molimo li phethahale? Bahatisi ba makasine ena, e leng Lipaki Tsa Jehova, ba ’nile ba leka ka matla ho lemosa batho hore re phela nakong eo Bibele e reng ke ‘matsatsi a ho qetela’ le hore nako ea Molimo ea hore a nke khato ea ho “etsa hore lintho tsohle li be ncha” e haufi. (2 Timothea 3:1) Re u khothalletsa hore u ithute Bibele ’me u tsebe hore na u na le monyetla ofe o babatsehang. Re boetse re u khothalletsa hore u amohele memo ena e reng: “Batlang Jehova, ha a sa ntse a ka fumanoa. Mo bitseng ha a sa ntse a le haufi.” (Esaia 55:6) Ho fumana bophelo bo sa feleng ho itšetlehile ka uena, hase taba ea hore ho se ho ntse ho reriloe hore na u tla qetella joang!

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

“Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha”