Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mabaka a Mahlano a Hore re Tšabe Molimo ho E-na le Batho

Mabaka a Mahlano a Hore re Tšabe Molimo ho E-na le Batho

Mabaka a Mahlano a Hore re Tšabe Molimo ho E-na le Batho

MOHLANKANA e mong o ne a hloletsoe. Ho ne ho sa tsoa etsahala ntho eo ruri a neng a sa e lebella. O ne a qeta ho ithuta ntho e ncha ha a bua le Lipaki Tsa Jehova tse peli. O ne a qetile lilemo-lemo a tšoenngoa ke potso ea hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella lintho tse utloisang bohloko, empa o ne a fumane likarabo tse hlakileng tse tsoang Bibeleng. O ne a sa tsebe hore Bibele e fupere boitsebiso bo bongata hakaalo ba bohlokoa le bo thabisang.

Metsotso e ’maloa ka mor’a hore baeti bao ba tsamaee, ’mè eo a hirileng ha hae o ile a itšohlometsa ka kamoreng ea mohlankana eo ’me a mo botsa ka bohale, “Batho bao ke bo-mang?”

A eme le monna oa mateneng, mohlankana eo o ile a sitoa ho araba.

Eaba ’mè eo o re ka bohale: “Kea ba tseba, ebile ha ba ka tla mona hape, u ntsoele ka ntlo!”

O ile a khahlela lemati eaba oa tsoa.

Balateli ba Kreste ba ’Nete ba Lebeletse Khanyetso

Ntho e ileng ea hlahela mohlankana enoa ha e qale ka eena. Lentsoe la Molimo, Bibele le re: “Bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.” (2 Timothea 3:12) Ka tloaelo Bakreste ba ’nete hase batho ba ratoang ebile ha ba e-s’o ka ba ratoa. Hobane’ng? Moapostola Johanne o ile a re ho Bakreste-’moho le eena: “Rea tseba hore re simoloha ho Molimo, empa lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” Hape ho buuoa ka Satane Diabolose joaloka “tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” (1 Johanne 5:19; 1 Petrose 5:8) Ho tšaba batho ke se seng sa libetsa tse matla haholo tsa Satane.

Esita le Jesu Kreste, ea entseng lintho tse ngata tse molemo a bile a sa ka a etsa sebe, o ile a songoa a ba a hlorisoa. O ile a re: “Ba ntlhoile ntle ho lebaka.” (Johanne 15:25) Bosiung ba pele ho lefu la hae, o ile a hlomella balateli ba hae ka mantsoe ana: “Haeba lefatše le le hloea, le tsebe hore le ntlhoile pele le le hloea. . . . Hopolang lentsoe leo ke ileng ka le bolella lona, Lekhoba ha le leholo ho mong’a lona. Haeba ba ntlhorisitse, le lōna ba tla le hlorisa.”—Johanne 15:18, 20.

Ka lebaka lena, ba bangata ba ile ba e-ba lesisitheho ho amohela borapeli ba ’nete. Ha Bibele e bua ka ba neng ba batla Jesu ka lekhetlo le leng, e re: “Ka ho hlakileng, ha ho ea neng a bua ka eena phatlalatsa ka lebaka la ho tšaba Bajuda.” (Johanne 7:13; 12:42) Baeta-pele ba bolumeli ba mehleng eo ba ne ba re mang kapa mang ea lumelang ho Kreste, ba tla mo leleka synagogeng. Kahoo ho tšaba batho ho ile ha thibela ba bangata hore e be Bakreste.—Liketso 5:13.

Re bala hore hamorao ka mor’a hore phutheho ea Bokreste e thehoe, ho ile ha tsoha “mahloriso a maholo” khahlanong le phutheho e neng e le Jerusalema. (Liketso 8:1) Ha e le hantle, ’Musong oohle oa Roma, Bakreste ba ile ba hlorisoa. Banna ba hlaheletseng Roma ba ile ba re ho moapostola Pauluse: “Mabapi le lequloana lena rea tseba hore hohle ho buuoa hampe ka lona.” (Liketso 28:22) Ka sebele, Bakreste ba ’nete ba ne ba hanyetsoa hohle.

Esita le kajeno, ho tšaba batho e sa ntse e le sebetsa seo Satane a se sebelisang ho thibela ba bangata hore e be balateli ba ’nete ba Kreste. Batho ba lipelo li ntle ba ithutang Bibele le Lipaki Tsa Jehova baa hanyetsoa kapa baa sonngoa ha ba le likolong, mesebetsing, motseng kapa ha ba e-na le metsoalle. Ba ka ’na ba tšaba hore batho ba tla ba khella fatše, setsoalle se fele kapa hona ho se tšehetsoe ka lintho tse hlokahalang. Libakeng tse ling tsa mahaeng, lihoai li tšaba hore baahisani ba ke ke ba li thusa ha ho kotuloa masimong kapa ka ho sireletsa mehlape ea bona. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe lintho tseo ba li tšabang, batho ba limilione tsa ikemiselitse ho tšepa Molimo le ho phela ho latela Lentsoe la Molimo, ba ntse ba etsisa Jesu Kreste. Ka lebaka leo, Jehova o ba hlohonolofalitse.

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tšaba Molimo ho E-na le Batho?

Bibele e re khothalletsa ho tšaba Molimo eseng batho. E re: “Ho tšaba Jehova ke tšimoloho ea bohlale.” (Pesaleme ea 111:10) Tšabo ena hase ea ho tlakasela, empa ke ho ameha ka ho loketseng ka ho se khopise Ea re Fang Bophelo. Ke lentsoe le amanang haufi-ufi le lerato. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha re lokela ho tšaba Molimo ho e-na le batho? A re tšohleng mabaka a mahlano.

1 Jehova ke eena Ea Phahameng ka ho Fetisisa. Matla a Jehova a maholo ho feta a motho leha e le ofe. Ha re tšaba Molimo, re bontša hore re ema ka lehlakoreng la Ea Matla ’Ohle, eo ho eena “lichaba li [leng] joaloka lerotholi ka nkhong.” (Esaia 40:15) Kaha Molimo o matla ’ohle, o na le matla a ho hlōla “sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le” ba tšepahalang ho eena. (Esaia 54:17) Ebile kaha ke eena ea tla etsa qeto ea hore na ke mang ea tšoaneloang ke bophelo bo sa feleng, ke hantle hore re se ke ra lumella eng kapa eng ho re thibela ho ithuta ka eena le ho etsa thato ea hae.—Tšenolo 14:6, 7.

2 Molimo o tla re thusa a be a re sireletse. Ho Liproverbia 29:25, Bibele e re: “Ho thothometsoa ke batho ho cheha leraba, empa ea tšepang Jehova o tla sireletsoa.” Ho tšaba batho ke leraba hobane ho ka etsa hore re tšabe ho bolella ba bang ka bolokolohi seo re se lumelang ka Molimo. Molimo o re kholisa hore o na le matla a ho re pholosa ka mantsoe ana: “U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena. U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao. Ke tla u matlafatsa. Ka sebele ke tla u thusa. Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho la ka le letona la ho loka.”—Esaia 41:10.

3 Molimo o rata batho ba atamelang ho eena. Moapostola Pauluse o ile a ngola mantsoe ana a amang maikutlo: “Ke kholisehile hore leha e le lefu kapa bophelo kapa mangeloi kapa mebuso kapa lintho tse teng hona joale kapa lintho tse tlang ho tla kapa matla kapa bophahamo kapa botebo kapa pōpo leha e le efe e ’ngoe li ke ke tsa khona ho re arohanya le lerato la Molimo le leng ho Kreste Jesu Morena oa rōna.” (Baroma 8:37-39) Haeba re ithuta ho tšepa Molimo re bile re mo mamela, re ka rua molemo leratong le sa feleng la ’Musi oa Bokahohle. Eo ke tokelo e kaakang!

4 Re ananela sohle seo Molimo a re etselitseng sona. Jehova ke ’Mōpi oa rōna ea entseng hore lintho tsohle li phele. Ho feta moo, hase feela hore o re file lintho tse hlokahalang bophelong, empa o boetse a re fa lintho tse etsang hore re thabele bophelo re be re bo rate. Ka sebele, ke Mohloli oa mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo. (Jakobo 1:17) Monna ea tšepahalang ea bitsoang Davida ea neng a ananela mosa o lerato oa Molimo o ile a ngola tjena: “U entse lintho tse ngata, Jehova Molimo oa ka, esita le mesebetsi ea hao e hlollang le menahano ea hao ho rōna . . . E mengata ho feta kamoo nka e phetang.”—Pesaleme ea 40:5.

5 Ba bang ba re hanyetsang ba ka ’na ba fetoha. U ka thusa batho ba u hanyetsang ka hore u se ke ua inehella tšabo ea batho empa u tsoele pele ho hlompha Molimo le ho mo rata. Ak’u nahane ka beng ka Jesu. Qalong ha baa ka ba e-ba le tumelo ho eena, empa ba ile ba re: “O lahlehetsoe ke kelello.” (Mareka 3:21; Johanne 7:5) Hamorao ka mor’a hore Jesu a shoe ’me a tsosoe, boholo ba bona e ile ea e-ba balumeli. Jakobo le Juda, e leng banab’abo Jesu, ba ile ba ba ba ngola likarolo tse itseng tsa Bibele. Ho ne ho boetse ho e-na le Saule, eo e neng e le mohlorisi ea chesehang ka ho feteletseng, ea ileng a fetoha moapostola Pauluse. Ba bang ba re khathatsang hona joale ba ka ’na ba lemoha hore re hlile re bua ’nete e tsoang Bibeleng haeba re ema re tiile.—1 Timothea 1:13.

Ka mohlala, mosali e mong oa Afrika, e leng Aberash, o ne a ntse a rapella ho fumana ’nete. Ka mor’a hore a qale ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, beng ka eena le baeta-pele ba kereke ba ile ba mo hanyetsa ka matla. Beng ka eena ba bang bao le bona ba neng ba se ba qalile ho ithuta Bibele, ba ile ba inehella tšabo ea batho. Empa o ile a kōpa Molimo hore a mo fe matla le sebete ’me a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ho ile ha e-ba le liphello life? Beng ka eena ba robeli ba ile ba e-ba sebete, ba qalella ho ithuta Bibele ’me ba ntse ba hatela pele hantle moeeng.

U ka Hlōla Bothata ba ho Tšaba Batho

E le hore u qobe ho tšoasoa ke leraba la ho tšaba batho, etsa sohle seo u ka se khonang hore u matlafatse lerato la hao ho Molimo. U ka etsa seo ka ho ithuta Bibele le ka ho thuisa ka litemana tse kang Baheberu 13:6, e reng: “Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?” U se ke ua lebala hore na ke hobane’ng ha ho tšaba Molimo ho e-na le batho e le ntho e loketseng le e molemo.

Hape, hopola melemo e mengata e tlisoang ke ho sebelisa seo u ithutang sona Bibeleng. U ka fumana likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tsa bohlokoa bophelong. U ka fumana bohlale ba ho sebetsana ka katleho le mathata a bophelo. U ka ba le tšepo e tsotehang le hoja maemo a lefatše kajeno e le a tsietsang. Hape u ka rapela Molimo ea matla ’ohle neng kapa neng.

Moapostola Johanne o ile a ngola tjena: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) Joale ke nako ea ho ema re tiile ’me re phele ka tsela e bontšang hore re tšaba Molimo. Ho e-na le ho lumella hore tumelo ea hao ho Molimo e thefuloe ke ho tšaba batho, u ka khetha ho nka bohato bo lumellanang le keletso ena ea Molimo: “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.” (Liproverbia 27:11) Ka sebele, eo ke tlotla e babatsehang!

Hopola hore ha ho na motho ea ka u fang seo Molimo a tla se fa batho ba mo tšabang. “Phello ea boikokobetso le ho tšaba Jehova ke maruo le khanya le bophelo.”—Liproverbia 22:4.

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Kaha Aberash o ne a le sebete, beng ka eena ba robeli ba thabela ho khanneloa thuto ea lehae ea Bibele