Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Molimo o Nka Bana Hore e e’o ba Mangeloi Leholimong?

Na Molimo o Nka Bana Hore e e’o ba Mangeloi Leholimong?

Babali ba Batla ho Tseba

Na Molimo o Nka Bana Hore e e’o ba Mangeloi Leholimong?

Ha ngoana a e-shoa, metsoalle ea lelapa le saretsoeng e ka ’na ea leka ho le tšelisa ka ho re, “E tlameha ebe Molimo o ne a hloka lengeloi le leng leholimong.” Na u utloa eka ntho eo e na le kelello?

Haeba e ne e le ’nete hore Molimo o bolaea bana e le hobane a hloka mangeloi a eketsehileng leholimong, seo se ne se tla bolela hore ha a na kutloelo-bohloko, ebile o khopo. Empa Bibele e bua ho fapaneng le hoo. (Jobo 34:10) Ntate ea nang le kutloelo-bohloko o ne a ke ke a phamola ngoana ho batsoali ba hae e le hore feela a e’o atolosa lelapa la hae. Leha ho le joalo, ha ho na motsoali ea nang le kutloelo-bohloko e fetang ea Jehova, etsoe tšobotsi ea hae e ka sehloohong ke lerato. (1 Johanne 4:8) Kaha o lerato haholo, a ke ke a etsa lintho ka tsela e sa nahaneleng joalo.

Ak’u ipotse, ‘Na Molimo o haelloa ke mangeloi leholimong?’ Bibele e re mesebetsi eohle ea Molimo e molemo ebile e phethahetse. (Deuteronoma 32:4) Mosebetsi oa ho etsa mangeloi a limilione ka ho toba e bile o tsoileng matsoho, le hona a ne a sa haelle. (Daniele 7:10) Na ebe ka tsela e itseng Molimo o ile a fanya ha a hakanya palo ea mangeloi ao a a hlokang? Le hanyenyane! Ka sebele Molimo ea Matla ’Ohle o ne a ke ke a etsa phoso e joalo. Ke ’nete hore Jehova o khethile batho ba itseng hore e tle e be libōpuoa tsa moea e le hore ba ka busa le Jesu Kreste ’Musong oa leholimo, empa hase hore ba lokela ho shoa e ntse e le masea.—Tšenolo 5:9, 10.

Lebaka le leng leo ka lona Molimo a neng a ke ke a tlosa bana lefatšeng hore e e’o ba mangeloi leholimong ke hore seo se ne se tla be se sa lumellane le morero oa hae oa tšimolohong ka bana. Molimo o ile a re ho Adama le Eva ha ba le serapeng sa Edene: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse.” (Genese 1:28) Bana ke mpho e tsoang ho Molimo ’me ba phetha karolo ea bohlokoa e le hore morero oa hae oa tšimolohong oa hore lefatše le tlale ka batho ba lokileng o phethahale. Ho hang hase morero oa hae hore bana ba shoe ba sa le banyenyane ebe ba fetoha libōpuoa tsa moea. Bibele e bontša ka ho hlaka hore bana ke “lefa la Jehova.” (Pesaleme ea 127:3) Na Jehova, Molimo ea lerato, o ne a ka amoha batsoali mpho eo a ba fileng eona? Le khale!

Ha ngoana a shoa a sa le monyenyane, seo se etsa hore batho ba sareloe haholo le ho utloa bohloko bo tebileng. Ka hona, batsoali ba saretsoeng ba na le tšepo efe? Bibele e tšepisa hore Molimo o tla tsosetsa batho ba limilione-milione paradeiseng hona mona lefatšeng. Nahana feela ha batho bana ba se ba kopanngoa le batho bao ba ba ratang ’me ba filoe ’mele e shahlileng hape. (Johanne 5:28, 29) Thato ea Molimo ke hore bana ba hōle, ba thabele bophelo ’me ba ithute ka eena le ka morero oa hae ka lefatše. Ka hona, bana ba shoeleng hase mangeloi leholimong, empa ba emetse ho tsosetsoa paradeiseng lefatšeng. Nakong eo, ba baholo le ba banyenyane ba tla thabela ho rapela Jehova Molimo ka ho sa feleng hobane ’Mōpi oa rōna o tla be a ba hlokometse ka botlalo.