Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lula U Talimile Moputsong

Lula U Talimile Moputsong

Lula U Talimile Moputsong

“Ke phehella pakaneng bakeng sa moputso.”—BAFIL. 3:14.

1. Moapostola Pauluse o ne a tšepisitsoe moputso ofe?

MOAPOSTOLA Pauluse, eo hape a tsejoang e le Saule oa Tarsase, o ne a e-tsoa lelapeng le hlaheletseng. O ne a rupetsoe bolumeling ba baholo-holo ba hae ke mosuoe oa Molao ea tummeng Gamaliele. (Lik. 22:3) Pauluse o ne a e-na le monyetla oa ho etsa mosebetsi o neng o nkoa e le o motle haholo; leha ho le joalo o ile furalla bolumeli ba hae eaba e ba Mokreste. Joale o ile a lebella moputso oo a neng a o tšepisitsoe oa bophelo bo sa feleng e le morena le moprista ea sa shoeng, ’Musong oa Molimo oa leholimo. ’Muso oo o tla busa lefatše la paradeise.—Mat. 6:10; Tšen. 7:4; 20:6.

2, 3. Pauluse o ne a nka moputso oa bophelo ba leholimo e le oa bohlokoa hakae?

2 Ha Pauluse a bontša hore na o ne a nka moputso oo e le oa bohlokoa hakae, o ile a re: “Lintho tseo e neng e le maruo ho ’na, ke li nkile e le tahlehelo ka lebaka la Kreste. Ka lebaka leo, ka sebele ke hlile ke boetse ke nka lintho tsohle e le tahlehelo ka lebaka la bohlokoa bo fetisisang ba tsebo ea Kreste Jesu Morena oa ka. Ka lebaka la hae ke amohetse tahlehelo ea lintho tsohle ’me ke li nka e le lithōle tse ngata.” (Bafil. 3:7, 8) Lintho tseo batho ba bangata ba li nkang e le tsa bohlokoa, e leng maemo, leruo, mosebetsi le botumo, Pauluse o ne a li nka e le lithōle ka mor’a hore a ithute ’nete ka merero ea Jehova mabapi le batho.

3 Ho tloha ka nako eo, ntho eo e neng e le ea bohlokoa ka ho fetisisa ho Pauluse e ne e le tsebo ea bohlokoa ea ho tseba Jehova le Kreste, eo ha Jesu a ne a rapela Molimo mabapi le eona a ileng a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Joh. 17:3) Se bontšang hore Pauluse o ne e-na le takatso e tiileng ea ho fumana bophelo bo sa feleng ke mantsoe a hae a tlalehiloeng ho Bafilipi 3:14: “Ke phehella pakaneng bakeng sa moputso oa pitso ea holimo ea Molimo ka Kreste Jesu.” Ka sebele, mahlo a hae a ne a tsepame moputsong oa bophelo bo sa feleng maholimong moo e neng e tla ba karolo ea ’Muso oa Molimo.

Ho Phela ka ho sa Feleng Lefatšeng

4, 5. Batho ba limilione ba etsang thato ea Molimo kajeno ba tšepisoa moputso ofe?

4 Moputso oa bohlokoa oo boholo ba batho ba khethang ho etsa thato ea Molimo ba lokelang ho o sebeletsa, ke bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo. (Pes. 37:11, 29) Jesu o ile a tiisa hore tšepo ena e tla phethahala. O ile a re: “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” (Mat. 5:5) Jesu ka boeena ke eena ea ka sehloohong ea tla ja lefa la lefatše la rōna joalokaha Pesaleme ea 2:8 e bontša, ’me o tla ba le babusi ’moho le eena ba 144 000 leholimong. (Dan. 7:13, 14, 22, 27) Batho bao ba kang linku, bao ruri ba tla phela lefatšeng, ba tla ‘rua’ sebaka sa lefatšeng sa ’Muso ‘oo ba o lokiselitsoeng ho tloha ho thehoeng ha lefatše.’ (Mat. 25:34, 46) ’Me re tiisetsoa hore sena sohle se tla etsahala hobane Molimo ea se tšepisitseng ke “ea ke keng a bua leshano.” (Tite 1:2) Re ka kholiseha ka tsela e tšoanang le eo Joshua a neng a kholisehile ka eona hore litšepiso tsa Molimo li tla phethahala ha a ne a bolella Baiseraele a re: “Ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala. A phethahetse kaofela bakeng sa lōna. Ha ho lentsoe leha le le leng la ’ona le hlōlehileng ho phethahala.”—Josh. 23:14.

5 Bophelo lefatšeng le lecha la Molimo bo ke ke ba tšoana le bophelo ba hona joale bo sa thabiseng. E tla ba bo fapaneng haholo: ha bo na ho ba le ntoa, tlōlo ea molao, bofuma, leeme, ho kula le lefu. Ka nako eo, batho ba ke ke ba kula ’me ba tla phela lefatšeng le fetotsoeng hore e be paradeise. Bophelo boo e tla ba bo khotsofatsang le ho feta kamoo re neng re ka lakatsa kateng. Joale, ka sebele letsatsi le leng le leng e tla ba la thabo e phethehileng. Oo e tla ba moputso o moholo hakaakang!

6, 7. (a) Jesu o ile a bontša joang seo re ka lebellang hore se etsahale lefatšeng le lecha la Molimo? (b) Bafu le bona ba tla fuoa bophelo bo bocha joang?

6 Ha Jesu a ne a le lefatšeng, Molimo o ile a mo fa matla ka moea oa Hae o halalelang hore a bontše hore na ke lintho life tse babatsehang tse tla etsahala lefatšeng ka bophara lefatšeng le lecha. Ka mohlala, Jesu o ile a bolella monna ea neng a omeletse litho ka lilemo tse 38 hore a tsamaee. Bibele e fana ka tlaleho ea hore monna eo o ile a fela a tsamaea. (Bala Johanne 5:5-9.) Ketsahalong e ’ngoe, Jesu o ile a kopana le “monna ea tsoetsoeng a foufetse” eaba oa mo folisa. Hamorao, monna eo ea neng a foufetse o ile a botsoa lipotso mabapi le Ea neng a mo folisitse, ’me o ile a araba ka ho re: “Ho tloha khale ha ho e-s’o ka ho utloahala hore leha e le mang o kile a bula mahlo a ea tsoetsoeng a foufetse. Haeba monna enoa a ne a sa tsoe ho Molimo, ho hang o ne a ke ke a etsa letho.” (Joh. 9:1, 6, 7, 32, 33) Sena sohle Jesu o ne a ka se etsa hobane o ne a filoe matla ke Molimo. Hohle moo a neng a e-ea teng, Jesu o ne a “folisa ba hlokang phekolo.”—Luka 9:11.

7 Jesu o ne a sa folise ba kulang le ba holofetseng feela empa o ne a boetse a ka tsosa bafu. Ka mohlala, ngoanana e mong ea lilemo li 12 o ne a shoele, ’me batsoali ba hae ba ne ba utloile bohloko haholo ka lebaka leo. Empa Jesu o ile a re: “Moroetsana, ke re ho uena, Ema!” O ile a fela a tsoha! Nahana feela hore na batsoali ba hae le batho ba bang ba neng ba le moo ba ileng ba ikutloa joang! (Bala Mareka 5:38-42.) Lefatšeng le lecha la Molimo batho ba tla “hlolloa haholo” ha boieane ba batho bo tsosoa bafung, hobane “ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Lik. 24:15; Joh. 5:28, 29) Batho bana ba tla fuoa bophelo bo bocha ba be le tšepo ea ho phela ho tloha nakong eo ho ea pele le ka ho sa feleng.

8, 9. (a) Pusong ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete ho tla etsahala joang ka sebe se futsitsoeng ho Adama? (b) Bafu ba tla ahloleloa eng?

8 Ba tsositsoeng bafung ba tla ba le monyetla oa hore ba phele. Ba tla tsosoa ba ke ke ba ahloleloa libe tseo ba li entseng pele ba e-shoa. (Bar. 6:7) Pusong ea Kreste ea lilemo tse Sekete, ha ho ntse ho sebelisoa melemo ea sehlabelo sa thekollo, bafo ba ’Muso ba mamelang melao ba tla phethahala hanyane ka hanyane, ’me qetellong ba ke ke ba hlola ba e-ba le mathata ’ohle a bakoang ke sebe sa Adama. (Bar. 8:21) Jehova “o tla metsa lefu ka ho sa feleng, ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.” (Esa. 25:8) Lentsoe la Molimo le boetse le re “meqolo [e tla] buloa,” e leng se bontšang hore ba tla beng ba phela ka nako eo, ba tla fuoa boitsebiso bo bocha. (Tšen. 20:12) Ha lefatše le ntse le fetoloa paradeise, “ka sebele baahi ba naha e behang ba tla ithuta ho loka.”—Esa. 26:9.

9 Batho ba tsositsoeng ba ke ke ba ahloloa ka lebaka la sebe se futsitsoeng ho Adama, empa ba tla ahloleloa seo bona ka bo bona ba khethang ho se etsa. Tšenolo 20:12 e re: “Bafu ba ile ba ahloloa ka lintho tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona,” ke hore, liketso tseo ba li entseng ka mor’a tsoho. See ke mohlala o babatsehang hakaakang oa hore Jehova o na le toka, mohau le lerato! Ho phaella moo, lintho tse bohloko tsa bophelo ba bona ba nakong e fetileng lefatšeng lena la khale, “li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.” (Esa. 65:17) Kaha ho tla be ho e-na le boitsebiso bo molemo bo bocha le bophelo bo nang le lintho tse ngata tse molemo, ba ke ke ba hlola ba tšoenyeha ka lebaka la lintho tse mpe tsa nakong e fetileng. Ba tla lebala liketsahalo tseo tse mpe tsa nakong e fetileng. (Tšen. 21:4) Sena se tla etsahala le ho “bongata bo boholo,” bo tla pholoha Armagedone.—Tšen. 7:9, 10, 14.

10. (a) Bophelo bo tla ba joang lefatšeng le lecha la Molimo? (b) Ke sefe seo u ka se etsang se tla u thusa hore u lule u talimile moputsong?

10 Lefatšeng le lecha la Molimo, batho ba tla phela ba se ba sa kule kapa ba sa shoe. “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esa. 33:24) Qetellong, hoseng ho hong le ho hong baahi ba lefatše le lecha ba tla tsoha ho se moo ba opeloang teng, ka thabo ba lebeletse letsatsi le leng le hlollang. Ba tla lebella ho ba le mosebetsi o khotsofatsang le ho ba hammoho le batho ba bang ba ba tsotellang. Ka sebele, bophelo bo joalo ke moputso o babatsehang! Re etsa tlhahiso ea hore u phetle Bibele ea hao ’me u bale boprofeta ba Esaia 33:24 le 35:5-7. Ak’u nahane u se u le moo. Seo se tla u thusa hore u lule u talimile moputsong.

Ho Tlosa Mahlo Moputsong

11. Hlalosa kamoo puso ea Solomone e qalileng hantle kateng.

11 Ha re se re ithutile ka moputso oo, re tlameha ho ikitlaelletsa ho lula re tsepamisitse mahlo a rōna ho oona hobane ho ka ’na ha etsahala hore re a tlose. Ka mohlala, ha Solomone e ne e e-ba morena oa Iseraele ea boholo-holo, o ile a rapela Molimo ka boikokobetso hore a mo fe kutloisiso le temohisiso e le hore a ka ahlola batho ba Hae ka tsela e nepahetseng. (Bala 1 Marena 3:6-12.) Ka lebaka leo, Bibele e re, “Molimo a tsoela pele ho fa Solomone bohlale le kutloisiso ka tekanyo e khōlō haholo.” Ka sebele, “bohlale ba Solomone bo ne bo le boholo ho feta bohlale ba baahi bohle ba Bochabela le ho feta bohlale bohle ba Egepeta.”—1 Mar. 4:29-32.

12. Jehova o ile a fa batho bao e neng e tla ba marena a Iseraele temoso efe?

12 Leha ho le joalo, pejana ho moo, Jehova o ne a ile a lemosa hore mang kapa mang eo e tla ba morena, ‘o ne a sa lokela ho ikekeletsa lipere’ ebile o ne ‘a sa lokela ho ikekeletsa basali, hore pelo ea hae e tle e se ke ea kheloha.’ (Deut. 17:14-17) Ha morena a ne a ka eketsa lipere tsa hae, o ne a tla be a bontša hore o tšepile hore sechaba se tla sireletsoa ka matla a sesole ho e-na le hore a tšepe Jehova, e leng eena Mosireletsi. Ho feta moo, ho ikekeletsa basali ho ne ho tla ba kotsi hobane ba bang ba basali bao e ne e ka ba ba tsoang lichabeng tse haufi tsa bahetene tse kopanelang borapeling ba bohata, ’me basali bao ba ne ba ka etsa hore morena a furalle borapeli ba Jehova ba ’nete.

13. Solomone o ile a khaotsa ho tsepamisa mahlo a hae ho seo a neng a se filoe joang?

13 Solomone ha aa ka a mamela litemoso tseo. Ho e-na le hoo, o ile a etsa seo ka ho khetheha Jehova a neng a itse marena ha aa lokela ho se etsa. O ile a ipokellela lipere tse likete le banna ba lipere. (1 Mar. 4:26) O ile a boela a ba le basali ba 700 le lirethe tse 300 ’me ba bangata ba bona ba ne ba tsoa lichabeng tsa bahetene tse haufinyane. Basali bana “ba ne ba khelositse pelo ea hae hore e latele melimo e meng; ’me pelo ea hae e ne e sa fella ho Jehova.” Solomone o ile a kopanela borapeling bo nyonyehang ba bohata ba lichaba tsa bahetene boo basali ba hae ba neng ba mo kentse ho bona. Ka lebaka leo, Jehova o ile a bolela hore ‘ruri o ne a tla hahola ’muso’ ho Solomone.—1 Mar. 11:1-6, 11.

14. Ho se mamele ha Solomone le sechaba sa Iseraele ho ile ha fella ka eng?

14 Solomone ha aa ka a lula a tsepamisitse mahlo a hae tokelong ea bohlokoa eo a neng a e-na le eona ea ho ba moemeli oa Molimo. Morena o ile a kena tloara! borapeling ba bohata. Ha nako e ntse e feta, sechaba sohle se ile sa koeneha, e leng se ileng sa etsa hore se timetsoe ka 607 B.C.E. Le hoja qetellong Bajuda ba ile ba tsosolosa borapeli ba ’nete, makholo a lilemo hamorao Jesu o ile a susumelletseha hore a re: “’Muso oa Molimo o tla nkuoa ho lōna ’me o fuoe sechaba se hlahisang litholoana tsa oona.” Sena ke sona se ileng sa fela sa etsahala. Jesu o ile a re: “Bonang! Ntlo ea lōna e tlohetsoe ho lōna.” (Mat. 21:43; 23:37, 38) Ka lebaka la ho se tšepahale ha sona, sechaba sena se ile sa lahleheloa ke tokelo ea bohlokoa ea ho ba baemeli ba Molimo oa ’nete. Ka 70 C.E., mabotho a Roma a ile a timetsa Jerusalema le tempele ’me Bajuda ba bangata ba neng ba setse ba ile ba etsoa makhoba.

15. Fana ka mehlala ea batho ba sa kang ba tsepamisa mahlo a bona linthong tseo e neng e le tsa bohlokoa e le kannete.

15 Judase Iskariota e ne e le e mong oa baapostola ba Jesu ba 12. Judase o ile a utloa lithuto tsa Jesu tse hlollang a ba a bona mehlolo eo a neng a e etsa ka thuso ea moea o halalelang oa Molimo. Leha ho le joalo, Judase ha aa ka a lebela pelo ea hae. O ne a tšepetsoe hore a boloke lebokose la chelete le neng le tšetse chelete ea Jesu le baapostola ba 12. Empa “e ne e le lesholu ’me a tšoara lebokose la chelete ’me o ne a nka lichelete tse kenngoang ka ho lona.” (Joh. 12:6) Meharo ea hae e ile ea fihla sehlohlolong ha a ne a loha leano le baprista ba ka sehloohong ba baikaketsi la hore a eke Jesu ka likotoana tsa silevera tse 30. (Mat. 26:14-16) Motho e mong ea sa kang a tsepamisa mahlo moputsong ke Demase, eo e neng e le mosebetsi-’moho le moapostola Pauluse. Demase ha aa ka a lebela pelo ea hae. Pauluse o ile a re: “Demase o mphuraletse kahobane o ile a rata tsamaiso ea lintho ea hona joale.”—2 Tim. 4:10; bala Liproverbia 4:23.

Seo e Mong le e Mong oa Rōna a ka Ithutang Sona

16, 17. (a) Khanyetso eo re tobaneng le eona e matla hakae? (b) Ke eng e ka re thusang hore re hanyetse ntho leha e le efe eo Satane a re loantšang ka eona?

16 Bahlanka bohle ba Molimo ba lokela ho nahanisisa ka mehlala e ka Bibeleng, kaha rea bolelloa: “Joale lintho tsena li ile tsa tsoela pele ho ba hlahela e le mehlala, ’me li ile tsa ngoloa hore e be temoso ho rōna bao bofelo ba litsamaiso tsa lintho bo ba fihletseng.” (1 Bakor. 10:11) Kajeno, re phela matsatsing a ho qetela a tsamaiso ena e khopo ea hona joale ea lintho.—2 Tim. 3:1, 13.

17 Satane Diabolose, e leng “molimo oa tsamaiso ena ea lintho” oa tseba hore ‘o saletsoe ke nako e khutšoanyane.’ (2 Bakor. 4:4; Tšen. 12:12) O tla etsa sohle se matleng a hae ho eka bahlanka ba Jehova hore ba senye botšepehi ba bona ba Bokreste. Satane o laola lefatše lena, ho akarelletsa le mecha ea lona ea phatlalatso e hasang mashano. Leha ho le joalo, batho ba Jehova ba na le se seng se matla haholo e leng “matla a fetang se tloaelehileng.” (2 Bakor. 4:7) Re ka tšepa matla ana a tsoang ho Molimo hore a re thuse ho hlola ntho leha e le efe eo Satane a re loantšang ka eona. Kahoo, re khothalletsoa hore re rapele re sa phetse, re kholisehile hore Jehova o tla “fana ka moea o halalelang . . . ho ba mo kōpang.”—Luka 11:13.

18. Re lokela ho ba le maikutlo afe ka lefatše lee la hona joale?

18 Re boetse re matlafatsoa ke ho tseba hore tsamaiso eohle ea Satane e tla felisoa haufinyane, empa Bakreste ba ’nete bona ba tla pholoha. “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Joh. 2:17) Ka lebaka la sena, e ne e tla ba booatla bo bokaakang hore e mong oa bahlanka ba Molimo a nahane hore tsamaisong ena ea hona joale ea lintho ho na le ntho e ka lulang e le ea bohlokoa ho feta kamano ea hae le Jehova! Lefatše lena le laoloang ke Satane le tšoana le sekepe se tebang. Jehova o fane ka phutheho ea Bokreste hore e sebetse joaloka sekepe sa pholoso molemong oa bahlanka ba hae ba tšepahalang. Ha ba e-ea ba lebile lefatšeng le lecha, ba ka kholiseha hore ho tla phethahala tšepiso ena e reng: “Baetsi ba bobe ba tla felisoa, empa ba tšepang Jehova ke bona ba tla rua lefatše.” (Pes. 37:9) Kahoo, tsepamisa mahlo a hao moputsong ona o babatsehang!

Na U sa Hopola?

• Pauluse o ile a ikutloa joang ka moputso oo a neng a o tšepisitsoe?

• Batho ba tla phela lefatšeng ka ho sa feleng ba tla ahloleloa eng?

• Ke ntho efe e bohlale eo u ka e etsang hona joale?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 12, 13]

Na ha u bala litlaleho tsa Bibele u ipona u se u amohela moputso?