Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ba Lokileng ba Tla Rorisa Molimo ka ho sa Feleng

Ba Lokileng ba Tla Rorisa Molimo ka ho sa Feleng

Ba Lokileng ba Tla Rorisa Molimo ka ho sa Feleng

“Ea lokileng o tla hopoloa . . . Ho loka ha hae ho eme ka ho sa feleng.”—PES. 112:6, 9.

1. (a) Batho bohle bao Molimo a ba nkang ba lokile, ba tla ba le bokamoso bofe bo thabisang? (b) Ho botsoa potso efe?

BATHO bohle bao Molimo a ba nkang ba lokile ba tla ba le bokamoso bo babatsehang hakaakang! Ba tla thabela ho ithuta haholo ka makhabane a Jehova ka ho sa feleng. Ha ba ntse ba ithuta haholo ka mesebetsi ea Molimo ea ho bōpa, lipelo tsa bona lia nyakalla. Ntho e ka sehloohong eo re ka e etsang e le hore re fumane bokamoso boo bo khanyang ke hore re be batho ba phelang ka “ho loka,” e leng se hatisoang ke Pesaleme ea 112. Empa Jehova, Molimo ea halalelang le ea lokileng a ka nka batho ba baetsalibe ba lokile joang? Ho sa tsotelehe hore na re leka ka matla hakae ho etsa se nepahetseng, re etsa liphoso ’me ka linako tse ling re etsa tse khōlō.—Bar. 3:23; Jak. 3:2.

2. Ka lerato Jehova o ile etsa mehlolo efe e ’meli?

2 Ka lerato, Jehova o ile a lokisetsa mokhoa o phethahetseng oo ka oona a neng a ka nka hore batho ba baetsalibe ba lokile. O ile a etsa seo joang? O ile a qala ka ho etsa mohlolo oa ho fetisetsa bophelo ba Mora oa hae ea ratoang oa leholimo popelong ea moroetsana e le hore a ka tsoaloa e le motho ea phethahetseng. (Luka 1:30-35) Joale, ka mor’a hore lira tsa Jesu li mo bolaee, Jehova o ile a etsa mohlolo o mong o ikhethang. Molimo o ile a tsosa Jesu e le sebōpuoa se khanyang sa moea.—1 Pet. 3:18.

3. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a khahloa ke hore a putse Mora oa hae ka bophelo leholimong?

3 Jehova o ile a putsa Jesu ka ho mo fa bophelo ba ho se shoe leholimong, e leng ntho eo Mora oa hae a neng a sena eona pele e e-ba motho oa nama. (Baheb. 7:15-17, 28) Jehova o ile a thabela ho etsa sena hobane Jesu o ne a ile a tšepahala litekong tse khōlō. Ka lebaka leo, Jesu o ile a fa Ntate oa hae se molemo haholo, karabo e feletseng mashanong a Satane a hore batho ba sebeletsa Molimo ka lebaka la bo boithati eseng hobane ba mo rata e le ka ’nete.—Liprov. 27:11.

4. (a) Jesu o ile a re etsetsa’ng ha a khutlela leholimong, ’me Jehova o ile a etsa’ng? (b)  U ikutloa joang ka seo Jehova le Jesu ba u etselitseng sona?

4 Jesu o ile a etsa lintho tse ling hape leholimong. O ile a “hlaha ka pel’a Molimo bakeng sa rōna” ka molemo oa “mali a hae.” Ka mosa, Ntate oa rōna ea lerato oa leholimong o ile a amohela nyehelo ea bohlokoa ea Jesu e le “sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna.” Kahoo, re ka etsetsa “Molimo ea phelang tšebeletso e halalelang,” ka ‘matsoalo a hloekisitsoeng.’ Ka sebele sena se re fa lebaka la hore re lumellane le mantsoe a qalang a Pesaleme ea 112 a reng, “Rorisang Jah”!Baheb. 9:12-14, 24; 1 Joh. 2:2.

5. (a) Re lokela ho etsa’ng e le hore re lule re lokile ka pel’a Molimo? (b) Pesaleme ea 111 le Pesaleme ea 112 li hlophisitsoe joang?

5 E le hore re lule re lokile ka pel’a Molimo, re lokela ho tsoela pele re bontša tumelo maling a Jesu a tšolotsoeng. Ha ho letsatsi le lokelang ho feta re sa leboha Jehova ka hore ebe o re rata haholo hakana. (Joh. 3:16) Re boetse re lokela ho tsoela pele ho ithuta Lentsoe la Molimo re bile re etsa sohle se matleng a rōna hore re phele tumellanong le molaetsa oa lona. Pesaleme ea 112 e na le keletso ea bohlokoa e eang ho bohle ba batlang ho lula ba e-na le letsoalo le hloekileng ka pel’a Molimo. Pesaleme ena e tlatsa Pesaleme ea 111. Ka bobeli li qala ka poleloana e reng, “Rorisang Jah!” kapa lentsoe le reng “Hallelujah!” ebe ho latela mela e 22, ’me mola ka mong o qala ka tlhaku e ’ngoe ea litlhaku tse 22 tsa alfabeta ea Seheberu. *

Se Etsang Hore Motho a Thabe

6. “Motho” ea tšabang Molimo ea hlalositsoeng Pesalemeng ea 112 o hlohonolofatsoa joang?

6 “Ho thaba motho ea tšabang Jehova, ea khahloang haholo ke litaelo tsa hae. Bana ba hae ba tla ba matla lefatšeng. Ha e le moloko oa ba lokileng, o tla hlohonolofatsoa.” (Pes. 112:1, 2) Hlokomela hore qalong mopesaleme o bua ka “motho” empa qetellong ea temana ea 2 o se a bua ka “ba lokileng” e leng se bontšang hore o se a bua ka batho ba bangata. Sena se bontša hore Pesaleme ea 112 e ka ’na ea bua ka batho e le sehlopha. Ho tiisa sena, moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a sebelise Pesaleme ea 112:9 ho Bakreste lekholong la pele la lilemo. (Bala 2 Bakorinthe 9:8, 9.) Pesaleme ee e bontša hantle hakaakang hore na balateli ba Kreste ba lefatšeng kajeno ba ka thaba hakae!

7. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore bahlanka ba Molimo ba mo tšabe ka tsela e loketseng, hona u lokela ho nka litaelo tsa Molimo joang?

7 Joalokaha ho bontšitsoe Pesalemeng ea 112:1, Bakreste bana ba ’nete ba thaba haholo ha ba itšoara ka tsela e bontšang hore ba ‘tšaba Jehova.’ Tšabo ena e loketseng ea ho tšaba ho se mo khahlise e ba thusa hore ba hlōle moea oa lefatše la Satane. Ba ‘khahloa haholo’ ke ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho mamela litaelo tsa hae. Seo se akarelletsa taelo ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle. Ba leka ka matla ho etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa ha ba ntse ba lemosa ba khopo ka letsatsi la kahlolo la Molimo.—Ezek. 3:17, 18; Mat. 28:19, 20.

8. (a) Kajeno batho ba inehetseng ba Molimo ba filoe moputso ofe ka lebaka la cheseho ea bona? (b) Ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba tla fumana litlhohonolofatso life?

8 Ka lebaka la ho mamela litaelo tseo, kajeno bahlanka ba Molimo ba lefatšeng ba ka ba limilione tse supileng. Ke mang ea ka latolang hore batho ba hae “ba matla lefatšeng”? (Joh. 10:16; Tšen. 7:9, 14) Kahoo, ba sa ntse ba tla “hlohonolofatsoa” hakaakang ha Molimo a phethahatsa morero oa hae! Ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba tla bolokoa e le sehlopha “matšoenyehong a maholo” hore e be “lefatše le lecha” leo “ho loka ho tla aha ho [lona].” Ha nako e ntse e feta, baphonyohi ba Armagedone ba “tla hlohonolofatsoa” le ho feta. E tla ba malala-a-laotsoe ho amohela batho ba limilione ba tsositsoeng. Ba tla ba le monyetla o thabisang hakaakang! Qetellong, ba “khahloang haholo” ke litaelo tsa Molimo e tla ba batho ba phethahetseng le ba thabelang “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo” ka ho sa feleng.—2 Pet. 3:13; Bar. 8:21.

Ho Sebelisa Maruo ka Bohlale

9, 10. Bakreste ba ’nete ba sebelisitse maruo a bona a moea joang, ’me ho loka ha bona ho tla ema ka ho sa feleng joang?

9 “Lintho tsa bohlokoa le maruo a ka tlung ea hae; ho loka ha hae ho eme ka ho sa feleng. O khantšitse lefifing joaloka leseli ho ba lokileng. O mosa ’me o mohau ’me o lokile.” (Pes. 112:3, 4) Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, bahlanka ba bang ba Molimo ba ne ba tsejoa ka leruo la bona. Ka kutloisiso e ’ngoe, batho bao Molimo a ba amohelang, ka sebele e ba barui, le haeba ba sa rua lintho tse bonahalang. Ke ’nete hore bongata ba batho ba khethang ho ikokobelletsa Molimo e ka ’na ea e-ba batho ba mafutsana le ba khesoang, joalokaha ho ne ho le joalo mehleng ea Jesu. (Luka 4:18; 7:22; Joh. 7:49) Empa ho sa tsotellehe hore na motho ke morui kapa ke mofutsana, a ka rua moeeng.—Mat. 6:20; 1 Tim. 6:18, 19; bala Jakobo 2:5.

10 Bakreste ba tlotsitsoeng, hammoho le metsoalle ea bona, ha ba timane ka maruo a bona a moea. Ho e-na le hoo, e bile ba ‘khanyang’ “joaloka leseli ho ba lokileng,” lefatšeng la Satane le lefifing. Sena ba se etsa ka ho thusa ba bang hore ba rue molemo bohlaleng ba bohlokoa le tsebong ea ho tseba Molimo. Bahanyetsi ba lekile ho thibela mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso empa ba hlōlehile. Ho e-na le hoo, tholoana ea mosebetsi ona o lokileng e tla ‘ema ka ho sa feleng.’ Ha ba mamella tseleng ea ho loka, bahlanka ba Molimo ba ka kholiseha hore ba tla phela ka ho sa eeng kae, ’me ba “eme ka ho sa feleng.”

11, 12. Tse ling tsa litsela tseo ka tsona batho ba Molimo ba sebelisang lintho tse bonahalang tseo ba nang le tsona ke life?

11 Batho ba Molimo, e leng sehlopha sa lekhoba sa batlotsuoa hammoho le “bongata bo boholo,” ba bontšitse hore ba fana ka lintho tse bonahalang. Pesaleme ea 112:9 e re: “O abile ka ho pharaletseng; o file mafutsana.” Kajeno Bakreste ba ’nete ba atisa ho fana ka menehelo ea lintho tse bonahalang ho Bakreste-’moho le bona hammoho le ho baahelani ba bona ba hlokang. Ba boetse ba sebelisa matlotlo a bona ho thusa matšolong a liphallelo nakong ea likoluoa. Joalokaha Jesu a ile a bolela, seo le sona sea thabisa.—Bala Liketso 20:35; 2 Bakorinthe 9:7.

12 Ho phaella moo, nahana ka chelete e sebelisoang ho hatisa makasine ena ka lipuo tse 172, tseo bongata ba tsona li buuoang ke batho ba futsanehileng. Hopola hape hore makasine ena e boetse e fumaneha ka lipuo tsa matsoho tse fapa-fapaneng tse sebelisoang ke batho ba nang le bokooa ba kutlo, e boetse e fumaneha ka mongolo oa Braille, o sebelisoang ke batho ba sa boneng.

O Mosa Ebile o na le Toka

13. Ke bo-mang ba behileng mohlala o motle ka ho fetisisa oa ho fana ka mosa, ’me re ka etsisa mohlala oa bona joang?

13 “Motho ea mosa le ea alimanang o molemo.” (Pes. 112:5) Ha ho pelaelo hore u hlokometse hore hase kamehla batho ba thusang ba bang e leng batho ba mosa. Batho ba bang ba fana feela ho etsa mponeng kapa ba fana ka lekhonono. Ha ho monate hore u thusoe ke motho ea u nyenyefatsang kapa ea etsang hore u ikutloe eka ua tšoenya kapa u moroalo. Ho fapana le hoo, ho khatholla hakaakang ho thusoa ke motho ea mosa. Jehova ke mohlala o ikhethang oa Mofani ea mosa le ea fanang a thabile. (1 Tim. 1:11; Jak. 1:5, 17) Jesu Kreste le eena o ile a latela ka ho phethahetseng mohlala oa Ntate oa hae oa ho ba mosa. (Mar. 1:40-42) Kahoo, e le hore Molimo a nke hore re lokile, re lokela hore re fane ka mosa re bile re thabile, haholo-holo ha re le tšimong re thusa baahelani ba rōna ho tseba Jehova.

14. Litsela tse ling tseo ka tsona re ka ‘tšehetsang litaba tsa rōna ka toka’ ke life?

14 “O tšehetsa litaba tsa hae ka toka.” (Pes. 112:5) Joalokaha ho boletsoe esale pele, sehlopha sa motsamaisi ea tšepahalang se hlokomela lintho tsa Mong’a sona tumellanong le toka ea Jehova. (Bala Luka 12:42-44.) Sena se bonahala tataisong ea Mangolo e fuoang baholo, bao ka linako tse ling ba tlamehang ho sebetsa linyeoe tse mabapi le libe tse khōlō ka phuthehong. Tsela e nang le toka ea ho sebetsa litaba e boetse e bonoa ka ho hlaka tataisong e thehiloeng Bibeleng eo sehlopha sa lekhoba se fanang ka eona tabeng ea hore na liphutheho tsohle, mahae a baromuoa le mahae a Bethele a lokela ho tsamaisoa joang. Hase baholo feela ba lokelang ho sebetsa litaba ka toka empa le Bakreste ba bang ba lokela ho sebetsa litaba ka toka ha ba sebelisana, hammoho le ha ba sebelisana le batho bao e seng balumeli, esita le ha ba sebetsa litaba tsa khoebo.—Bala Mikea 6:8, 11.

Litlhohonolofatso Tse Fumanoang ke ba Lokileng

15, 16. (a) Litaba tse mpe tsa lefatše li ama batho ba lokileng joang? (b) Bahlanka ba Molimo ba ikemiselitse ho tsoela pele ba etsa’ng?

15 “Etsoe ha ho nako eo ka eona a tla therekelisoa. Ea lokileng o tla hopoloa ho isa nakong e sa lekanyetsoang. A ke ke a tšoha esita le litaba tse mpe. Pelo ea hae e tiile, e entsoe hore e itšetlehe ka Jehova. Pelo ea hae ha e sisinyehe; a ke ke a tšoha, ho fihlela a talima bahanyetsi ba hae.” (Pes. 112:6-8) Ha ho mohla ho kileng ha e-ba le litaba tse mpe hakana, tse kang lintoa, bokhukhuni, maloetse a macha le a khale a ntseng a khutla, tlōlo ea molao, bofutsana le tšilafalo e bakang tšenyo e khōlō. Mathata a bakoang ke litaba tsena tse mpe a ke ke a pota batho bao Molimo a nkang hore ba lokile ka thōko, empa tšabo ha e ba nyahamise. Ho e-na le hoo, lipelo tsa bona li “tiile” ebile ha li “sisinyehe” ha ba lebeletse bokamoso ka kholiseho, kaha baa tseba hore lefatše le lecha la Molimo le haufi. Haeba ba oeloa ke koluoa, ba tseba ho mamella boemo boo kaha ba tšepile hore Jehova o tla ba thusa. Ha ho mohla a lumellang ba lokileng ba hae hore ba ‘therekelisoe,’—oa ba thusa ebile o ba fa matla a ho mamella.—Bafil. 4:13.

16 Batho ba Molimo ba lokileng ba boetse ba mameletse lehloeo le mashano a hasoang ke bahanyetsi, empa sena ha sea etsa hore Bakreste ba ’nete ba khaotse ho bolela, ’me ha se na ho atleha. Ho e-na le hoo, bahlanka ba Molimo ba tsoela pele ba tiile ba sa suthe mosebetsing oo Jehova a ba fileng oona oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le oa ho etsa batho ba mamelang barutuoa. Ha ho pelaelo hore batho ba lokileng ba tla ’ne ba thulane le khanyetso ha bofelo bo ntse bo atamela. Lehloeo leo le tla fihla sehlohlolong ha Satane Diabolose a hlasela lefatše lohle e le Gogo oa Magogo. Joale, qetellong re tla “talima bahanyetsi” ba rōna ha ba hlōloa ka tsela e tlotlollang. E tla ba ho thabisang hakaakang ho bona ha lebitso la Jehova le halaletsoa ka ho feletseng!—Ezek. 38:18, 22, 23.

O “Phahamisoa ka Khanya”

17. Ea lokileng o “tla phahamisoa ka khanya” joang?

17 E tla ba ho thabisang hakaakang hore re rorise Jehova re momahane, ho se khanyetso e tsoang ho Diabolose le lefatše la hae! Thabo eo e tla ba kabelo ea ka ho sa feleng ea ba lulang ba lokile ka pel’a Molimo. Ba ke ke ba hlōloa ka tsela e tlotlollang, kaha Jehova o boetse o tšepisa hore “lenaka” la ea lokileng oa hae “le tla phahamisoa ka khanya.” (Pes. 112:9) Ea lokileng oa Jehova o tla thaba ha a bona lira tsohle tsa bobusi ba Jehova li hlōloa.

18. Mantsoe a qetellang Pesaleme ea 112 a tla phethahatsoa joang?

18 “Ea khopo o tla bona ’me ka sebele a khathatsehe. O tla tsikitlanya meno ’me a fokole. Takatso ea ba khopo e tla fela.” (Pes. 112:10) Batho bohle ba tsoelang pele ho hanyetsa batho ba Molimo ba tla tloha ‘ba fokola’ mohonong oa bona le lehloeong la bona. Takatso ea bona ea hore ba bone ha mosebetsi oa rōna o emisa e tla timela le bona ‘matšoenyehong a maholo’ a tlang.—Mat. 24:21.

19. Re ka kholiseha ka eng?

19 Na u tla ba har’a batho ba thabileng ba tla pholoha mohla tlhōlo eo e khōlō? Kapa haeba ho ka etsahala hore u shoe ka lebaka la ho kula kapa botsofali pele lefatše la Satane le fela, na u tla ba e mong oa “ba lokileng” ba tla tsosoa? (Lik. 24:15) U ka arabela potso ena ka e, haeba u tsoela pele ho bontša tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo ebile u etsisa Jehova, joaloka batho ba tšoantšetsoang ke “motho” ea lokileng ea hlalosoang Pesalemeng ea 112. (Bala Baefese 5:1, 2.) Jehova o tla etsa hore batho ba joalo ba lule ba “hopoloa,” ’me liketso tsa bona tse lokileng li ke ke tsa hlokomolohuoa. Jehova o tla ba hopola ’me o tla ba rata ka mehla le mehla.—Pes. 112:3, 6, 9.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Se bontšang hore lipesaleme tsena tse peli lia tlatsana, ke tsela eo li ngotsoeng ka eona le seo li buang ka sona. Makhabane a Molimo a rorisoang Pesalemeng ea 111 a boela a phetoa ke “motho” ea tšabang Molimo ea ngotseng Pesaleme ea 112 ’me re ka bona sena ha re bapisa Pesaleme ea 111:3, 4 le Pesaleme ea 112:3, 4.

Lipotso Tsa ho Thuisa

• Re na le mabaka afe a hore re hooe re re “Hallelujah”?

• Ke lintho life tse etsahalang mehleng ea kajeno tse etsang hore Bakreste ba ’nete ba thabe hakaale?

• Jehova o rata mofani ea joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

E le hore re lule re lokile ka pel’a Molimo, re lokela ho bontša tumelo maling a Jesu a tšolotsoeng

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Menehelo e etsoang ka boithatelo e thusa mosebetsing oa liphallelo le oa ho ajoa ha lingoliloeng tsa Bibele