Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Tla Busa ba ’Maloa, Empa ba Tla Rua Molemo ba Bangata

Ho Tla Busa ba ’Maloa, Empa ba Tla Rua Molemo ba Bangata

Ho Tla Busa ba ’Maloa, Empa ba Tla Rua Molemo ba Bangata

HO TLOHA mehleng ea baapostola, Molimo o ’nile a khetha har’a moloko oa batho palo e itseng ea Bakreste ba tšepahalang a ba a ba nkela ka lapeng e le bara ba hae. Phetoho e etsahallang bara bana ba nketsoeng ka lapeng ke e feletseng hoo Lentsoe la Molimo le e hlalosang e le tsoalo e ncha. Morero oa tsoalo ena e ncha ke hore bahlanka bao ba Molimo ba tsoetsoeng hape ba lokisetsoe ho ea ba babusi leholimong. (2 Timothea 2:12) E le hore e be babusi, ba tsosoa bafung ho ea phela leholimong. (Baroma 6:3-5) Ha ba le leholimong, “ba tla busa e le marena holim’a lefatše” hammoho le Kreste.—Tšenolo 5:10; 11:15.

Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le boetse le bua ka ba bang ba tla fumana poloko e sa feleng, ntle le bao ba tsoetseng hape. Ka Bibeleng (Mangolong a Seheberu hammoho le Mangolong a Segerike a Bakreste), ho buuoa ka morero oa Molimo oa ho pholosa lihlopha tse peli tsa batho—sehlotšoana sa babusi ba tla phela leholimong hammoho le sehlopha se seholo sa bafo ba tla phela lefatšeng. Ka mohlala, hlokomela seo moapostola Johanne a ileng a se ngolla balumeli-’moho le eena ba neng ba fuoe tsoalo e ncha. O ile a re mabapi le Jesu: “Ke sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna, empa leha ho le joalo eseng bakeng sa tsa rōna [sehlotšoana] feela empa le bakeng sa tsa lefatše lohle [sehlopha se seholo].”—1 Johanne 2:2.

Ka tsela e tšoanang, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Tebello e nang le tabatabelo ea pōpo [sehlopha se seholo] e letetse ho senoloa ha bara ba Molimo [sehlotšoana].” (Baroma 8:19-21) Re lokela ho utloisisa mantsoe aa a moapostola Johanne le moapostola Pauluse joang? A lokela ho utloisisoa ka tsela ena: Ba tsoaloang hape e tla ba karolo ea ’muso leholimong. Ka morero ofe? E le ho tlisetsa batho ba limilione bao e tla ba bafo ba ’muso oa Molimo mona lefatšeng melemo ea ka ho sa feleng. Ka hona, Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba rapele ba re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.”Matheu 6:10.

’Nete ena e mabapi le ho pholosoa ha lihlopha tse peli tsa batho e boetse e fumanoa ka Mangolong a Seheberu. Ka mohlala, hlokomela seo Jehova a ileng a se bolella moholo-holo oa Jesu, e leng Abrahama: “Ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše [sehlopha se seholo] li tla itlhohonolofatsa ka peō ea hao [sehlotšoana].” (Genese 22:18) Ruri “peō” ea Abrahama e ne e tla lokela ho tlisetsa lichaba tsohle tlhohonolofatso.

“Peō” eo ke mang? Ke Jesu Kreste, hammoho le ba fuoeng tsoalo e ncha, e leng bara ba Molimo ba nketsoeng ka lapeng. Moapostola Pauluse o re: “Haeba le ba Kreste, ka sebele le peō ea Abrahama.” (Bagalata 3:16, 29) Ke litlhohonolofatso life tseo “peō” e tla li tlisetsa batho ba lichaba tsohle? Batho ba tla boela ba e-ba le tokelo ea ho ba le kamano e ntle le Molimo ’me ba tla phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng. Mopesaleme Davida o ile a profeta ho re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29; Esaia 45:18; Tšenolo 21:1-5.

Ka sebele, ke ba ’maloa ba tla busa leholimong, empa ba bangata ba tla fumana melemo ea puso eo ea leholimo—e leng bophelo bo sa feleng lefatšeng. E se eka uena le lelapa la hao le ka ba har’a ba tla rua melemo eo e sa feleng e tla tlisoa ke ’Muso oa Molimo.

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Batho ba limilione ba tla hlohonolofatsoa ka bophelo bo sa feleng lefatšeng. Na u tla ba e mong oa bona?