Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Jesu ke Molimo?

Na Jesu ke Molimo?

BATHO ba bangata ba nka Boraro-bo-bong e le “thuto ea motheo ea bolumeli ba Bokreste.” Ho latela thuto ena, Ntate, Mora le moea o halalelang ke batho ba bararo ho Molimo a le mong. Ha Mok’hadinale John O’Connor a bua ka Boraro-bo-bong o ile a re: “Rea tseba hore ke misteri e khōlō, eo re ke keng ra e utloisisa.” Ke hobane’ng ha ho le thata hakaale ho utloisisa thuto ea Boraro-bo-bong?

The Illustrated Bible Dictionary e fana ka lebaka le leng. Ha e bua ka Boraro-bo-bong, buka ena e re: “Hase thuto ea Bibele kaha ha ho lengolo le le leng le buang ka eona.” Kaha Boraro-bo-bong “hase thuto ea Bibele,” batho ba lumelang thuto ea Boraro-bo-bong ba ’nile ba leka ka matla ho batla litemana tsa Bibele—haesitana le ho li sotha—e le hore feela ba fumane ntho e ka tšehetsang thuto eo ea bona.

Na Temana ee e Ruta Boraro-bo-bong?

Temana e ’ngoe ea Bibele eo hangata e sebelisoang hampe ke Johanne 1:1. Temana ena e baleha tjena Bibeleng ea Sesotho: “Lentsoe le ne le le tšimolohong, ’me Lentsoe le ne le ho Molimo [ton the·onʹ ka Segerike], ’me Lentsoe e ne e le Molimo [the·osʹ].” Temana ena e na le mefuta e ’meli ea lereho la Segerike e leng the·osʹ (molimo). Lereho la pele le etelloa pele ke ton (the, ka Senyesemane), e leng sehlakisi sa Segerike se bontšang ha ho buuoa ka ntho e itseng ka ho toba, ka hona, mona the·onʹ e bua ka Molimo ea Matla ’Ohle. Leha ho le joalo, lereho la bobeli, e leng the·osʹ, ha le na sehlakisi se bontšang ha ho buuoa ka ntho e itseng ka ho toba. Na sehlakisi seo se setse ka phoso?

Ke hobane’ng ha ho le thata hakaale ho utloisisa thuto ea Boraro-bo-bong?

Kosepele ea Johanne e ngotsoe ka Sekoine, kapa Segerike se tloaelehileng, se nang le melao e khethehileng mabapi le ho sebelisoa ha lihlakisi tse bontšang ha ho buuoa ka ntho e itseng ka ho toba. Setsebi sa Bibele A. T. Robertson, o re “haeba ka bobeli lereho la sehlooho le tlhaloso ea lona li etelloa pele ke lihlakisi, ka bobeli li tobile, ho nkoa hore lia tšoana, ke ntho e le ’ngoe ebile li ka fapanyetsana.” Robertson o etsa mohlala ka Matheu 13:38, e balehang tjena: “Tšimo [ho a·grosʹ ka Segerike] ke lefatše [ho koʹsmos].” Sebōpeho-puo sena sa Segerike se re thusa ho utloisisa hore lefatše e boetse ke tšimo.

Leha ho le joalo, polelo e lokela ho utloisisoa joang ha lereho la sehlooho le tsamaea le sehlakisi se bontšang ha ho buuoa ka ntho e itseng ka ho toba empa tlhaloso ea lona e se na sehlakisi, joaloka boemong ba Johanne 1:1? Ha setsebi James Allen Hewett a etsa mohlala ka temana eo, o re: “Ha polelo e bōpiloe ka tsela eo, lereho la sehlooho le tlhaloso ea lona ho hang ha li tšoane, ha li lekane, ebile hase ntho e le ’ngoe.”

E le ho etsa mohlala, Hewett o sebelisa 1 Johanne 1:5, e reng: “Molimo ke leseli.” Ka Segerike, “Molimo” ke ho the·osʹ, ka hona, e na le sehlakisi se tobileng. Empa “leseli” kapa phos ka Segerike, ha le na sehlakisi se etellang pele. Hewett o re: “Ka linako tsohle motho a ka ’na . . . a re Molimo O na le leseli; hase kamehla motho a ka reng leseli ke Molimo.” Mehlala e tšoanang le oo e ho Johanne 4:24 e reng “Molimo ke Moea,” le 1 Johanne 4:16 e reng, “Molimo ke lerato.” Litemaneng tsena ka bobeli, mareho a sehlooho a na le lihlakisi tse bontšang ha ho buuoa ka ntho e itseng ka ho toba, empa ha li eo litlhalosong tsa ’ona, e leng “Moea” le “lerato.” Kahoo, mareho a sehlooho le tlhaloso ea ’ona a ke ke a fapanyetsana polelong. Litemana tsena li ke ke tsa bolela hore “Moea ke Molimo” kapa “lerato ke Molimo.”

Na ea Hlalosa Hore “Lentsoe” ke Mang?

Litsebi tse ngata tsa puo ea Segerike le bafetoleli ba Bibele baa lumela hore Johanne 1:1 e totobatsa hore na “Lentsoe” ke motho oa mofuta ofe, eseng hore na ke mang. Mofetoleli oa Bibele, William Barclay o re: “Kaha [moapostola Johanne] ha aa ka a ngola sehlakisi se bontšang ha ho buuoa ka ntho e itseng ka ho toba ka pel’a theos, e fetoha tlhaloso . . . Mona Johanne ha a bolele hore Lentsoe le Molimo ke motho a le mong. Ka mantsoe a bonolo feela, ha a re Jesu e ne e le Molimo.” Setsebi Jason David BeDuhn le eena o re: “Ka Segerike, haeba ho se na sehlakisi ka pel’a theos polelong e kang karolo ea ho qetela ea Johanne 1:1, babali ba tla nka hore u bolela ‘molimo’ leha e le ofe [eseng Molimo ea Matla ’Ohle]. . . . Ha sehlakisi se le sieo, theos e fapana hōle le ho theos, joalokaha ‘molimo leha e le ofe’ a fapane hōle le ‘Molimo ea Matla ’Ohle.” BeDuhn o boetse o re: “Ho Johanne 1:1, Lentsoe hase Molimo a le mong feela oa ’nete, empa ke molimo [eseng ea Matla ’Ohle], kapa ke ea nang le bomolimo.” Kapa haeba re beha taba ena ka mantsoe a Joseph Henry Thayer, eo e leng setsebi se ileng sa sebetsana le American Standard Version: “Logos [kapa, Lentsoe] le ne le e-na le bomolimo, empa e ne e se Molimo ka boeena.”

Jesu o ile a hlakisa hore ho na le phapang pakeng tsa hae le Ntate oa hae

Na tlhaloso ea hore na Molimo ke mang e lokela ho ba “misteri e khōlō”? Jesu ha aa ka a nka seo e le misteri. Ha a rapela Ntate oa hae, Jesu o ile a hlakisa hore ho na le phapang pakeng tsa hae le Ntate oa hae, ha a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Haeba re lumela ho Jesu ’me re utloisisa lithuto tse hlakileng tsa Bibele, re tla mo hlompha joalokaha e le Mora oa Molimo ’me a e-na le bomolimo. Ebile re tla rapela Jehova, e le “Molimo a le mong feela oa ’nete.”

Church at Tagnon, France