Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Qetello ea Rōna e Reriloe Esale Pele?

Na Qetello ea Rōna e Reriloe Esale Pele?

Babali ba Batla ho Tseba

Na Qetello ea Rōna e Reriloe Esale Pele?

Ba bang ba re ka tlholeho re hlaha re se re ntse re behetsoe letsatsi la ho shoa. Ba bang bona ba tsitlella tabeng ea hore Molimo ke eena ea khethang nako eo re tla shoa ka eona. Ho phaella moo, batho ba nahanang joalo ba nka hore lintho tse khōlō tse etsahalang bophelong li ke ke tsa qojoa. Na ke kamoo u bonang litaba kateng?

U ka ’na ua ipotsa lipotso tse latelang: ‘Haeba ruri ha ho seo re ka se etsang ho fetola qetello ea rōna, molemo oa ho rapela ke ofe haeba qetello ea rōna e se ntse e reriloe ke Molimo kapa ke tlholeho? Hona haeba qetello ea rōna e se e ntse e reriloe, ke hobane’ng ha re nka mehato ea ho itšireletsa? Ke hobane’ng ha re itlama ka mabanta a pholoso ha re tsamaea ka koloi? Hona ke hobane’ng ha re qoba ho khanna ha re noele joala?’

Ho hang Bibele ha e lumellane le boitšoaro boo bo bontšang ho se tsotelle. Ho e-na le ho ruta hore lintho li se li ntse li reriloe esale pele, Bibele e ile ea laela Baiseraele hore ba amehe ka tšireletseho. Ka mohlala, ba ile ba laeloa hore ba hahe lebota le lekhutšoaane ho potoloha marulelo a bataletseng a matlo a bona. Sepheo e ne e le hore motho a tle a se ke a oela ka phoso ha a le marulelong. Molimo o ne a ka fana ka taelo e joalo joang haeba ho ne ho reriloe esale pele hore qetello ea motho eo e tla ba ho oa marulelong ’me a shoe?—Deuteronoma 22:8.

Ho thoe’ng ka ba bolaoang ke likoluoa tsa tlhaho kapa litlokotsi tse ling tseo ba neng ba ke ke ba li thibela? Na ba ne ba se ba ntse ba behetsoe “letsatsi la ho shoa”? Che, ho e-na le hoo, mongoli oa Bibele, e leng Morena Solomone o re tiisetsa hore “bohle [re] hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) Ka hona, ho sa tsotellehe hore na ho etsahetse ntho e makatsang hakae kapa e sa tloaelehang, litlokotsi ha lia reroa esale pele.

Leha ho le joalo, ba bang ba nahana hore mantsoe ana a hanyetsa seo Solomone a ileng a se bua pejana ha a re: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, esita le nako bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe tlas’a maholimo: nako ea tsoalo le nako ea ho shoa.” (Moeklesia 3:1, 2) Empa na Solomone o ne a hlile a fana ka maikutlo a hore lintho tse etsahalang bophelong li ke ke tsa qojoa? A re hlahlobisiseng mantsoe ao.

Solomone o ne a sa re ho tsoaloa le ho shoa ke lintho tse reriloeng esale pele. Ho e-na le hoo, ntlha ea hae ke hore batho ba lula ba tsoaloa ’me ba lula ba e-shoa, ’me sena se etsahala ka linako tsohle. Ha ho pelaelo hore bophelong ho tla ba le lintho tse thabisang le tse bohloko. Solomone o re: “Ho na le . . . nako ea ho lla le nako ea ho tšeha.” Solomone o bontša hore lintho tseo tse lulang li etsahala hammoho le liketsahalo tse sa lebelloang, ke lintho tse tloaelehileng bophelong, “bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe tlas’a maholimo.” (Moeklesia 3:1-8; 9:11, 12) Kahoo, o qetella ka hore ha rea lokela ho phathahana ka mesebetsi ea rōna ea letsatsi le letsatsi hoo re hlokomolohang ’Mōpi oa rōna.—Moeklesia 12:1, 13.

Le hoja ’Mōpi oa rōna a e-na le matla holim’a bophelo le lefu, ha a re rerele esale pele hore na qetello ea rōna e tla ba efe. Bibele e ruta hore Molimo o file e mong le e mong oa rōna tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Empa Molimo ha a re qobelle hore re amohele mpho eo ea hae. Ho e-na le hoo, Lentsoe la hae le re: “Mang kapa mang ea lakatsang a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.”—Tšenolo 22:17.

Ka sebele re lokela ho batla ho ‘nka metsi a bophelo.’ Ka hona, bokamoso ba rōna ha boa reroa esale pele. Bo itšetlehile ka ho feletseng ka liqeto tsa rōna, boikutlo ba rōna le liketso tsa rōna.