Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tumelo ke Eng?

Tumelo ke Eng?

Tumelo ke Eng?

U KA hlalosa tumelo joang? Ba bang ba re ke ho lumela feela ka hlooho e ntšo. H. L. Mencken, eo e leng sengoli sa meqoqo se hlaheletseng sa Leamerika ebile e le moqolotsi oa litaba, o kile a re tumelo ke “ho lumela ntho e sa utloahaleng ea hore ho tla etsahala lintho tse ke keng tsa etsahala.”

Bibele e hlalosa tumelo ka tsela e fapaneng le eo, ha e e hlalose e le ho lumela ka hlooho e ntšo kapa ho lumela ntho e sa utloahaleng. Lentsoe la Molimo le re: “Tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona, ke bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.”—Baheberu 11:1.

Kaha batho ba na le maikutlo a sa tšoaneng tabeng ea tumelo, a re ke re hlahlobeng likarabo tsa lipotso tse latelang:

Tsela eo Bibele e hlalosang tumelo ka eona e fapane joang le eo ba bangata ba e hlalosang ka eona?

Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re be le tumelo e hlalosoang ke Bibele?

U ka matlafatsa tumelo ea hao joang?

Lengolo la Tiiso la Molao le Bopaki bo Tiileng

Nakong eo ka eona ho neng ho ngoloa buka ea Bibele ea Baheberu, poleloana ea Segerike e fetoletsoeng e le “tebello e tiisitsoeng” e ne e tloaelehile haholo. E ne e hlaha hangata litokomaneng tsa khoebo ’me e ne e le tiiso ea hore motho o tla fumana ntho e itseng. Ka hona, buka e ’ngoe ea litšupiso, e re Baheberu 11:1 e ka ’na ea fetoleloa tjena: “Tumelo ke lengolo la tiiso la molao la lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona.”

Haeba u kile ua reka thepa e itseng k’hamphaning e nang le botumo bo botle eaba u emela hore e tlisoe lapeng, ho bolela hore u kile ua bontša tumelo e joalo. Rasiti e bontšang hore u rekile thepa eo e ile ea etsa hore u be le tumelo k’hamphaning eo u rekileng thepa ho eona. Ka mantsoe a mang, rasiti eo e ne e le lengolo la hao la tiiso la molao, ntho e u tiisetsang hore u tla fumana seo u se rekileng. Haeba u ne u lahlile kapa u lahlehetsoe ke rasiti eo, u ne u tla be u se na bopaki ba hore thepa eo ke ea hao. Ka ho tšoanang, ba nang le tumelo ea hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsa hae ba tiiselitsoe hore ba tla fumana seo ba se tšepileng. Ka lehlakoreng le leng, ba se nang tumelo kapa bao e ba feletseng ba ke ke ba fumana lintho tseo Molimo a li tšepisitseng.—Jakobo 1:5-8.

Poleloana ea bobeli e ho Baheberu 11:1, e fetoletsoeng e le “bopaki bo totobetseng,” e bolela ho fana ka bopaki ba taba e itseng bo fapaneng le kamoo e bonahalang e le kateng. Ka mohlala, ho bonahala eka letsatsi le potoloha lefatše—le hlaha bochabela, le parola sepakapaka ebe le likela bophirimela. Leha ho le joalo, bopaki ba thuto ea linaleli le ea lipalo bo senola hore lefatše ha le bohareng ba setsi sa potoloho ea lipolanete. Hang ha u utloisisa bopaki boo ’me u bo nka e le ’nete, u ba le tumelo ea hore lefatše ke lona le potolohang letsatsi—ho sa tsotellehe seo u se bonang. Ha u lumele feela ka hlooho e ntšo. Ho e-na le hoo, bo u thusa hore u bone lintho ka tsela ea sebele, eseng kamoo li bonahalang li le kateng.

Tumelo e Matla ke ea Bohlokoa Hakae?

Ona ke oona mofuta oa tumelo oo Bibele e re khothalletsang hore re be le oona—tumelo e matla e thehiloeng bopaking bo tiileng, le haeba tumelo eo e bolela hore re lokela ho fetola lintho tseo re li lumelang. Tumelo ea mofuta oo ke ea bohlokoa. Moapostola Pauluse o itse: “Kantle ho tumelo ha ho kamoo motho a ka khahlisang Molimo kateng. Ea atamelang pel’a Molimo eka khona a lumele hore Molimo o teng, le hore ke eena ea putsang ba ’matlang.”—Baheberu 11:6, Bibele—Phetolelo e Ncha.

Ho na le lintho tse ngata tse ka u sitisang hore u be le tumelo e matla. Empa haeba u ka latela mehato e mene e tšohloang maqepheng a latelang, u tla atleha.