Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

1 Ithute ho Tšepa Bibele

1 Ithute ho Tšepa Bibele

1 Ithute ho Tšepa Bibele

“Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho.”—2 Timothea 3:16.

LITŠITISO KE LIFE? Ba bangata ba tsitlella hore Bibele e mpa feela e le buka ea bahlalefi. Ba bang ba lumela hore litlaleho tsa eona tsa histori ha lia nepahala. Ba bang ba re keletso ea Bibele ha e na thuso kapa e siuoe ke nako.

U KA HLŌLA LITŠITISO JOANG? Hangata batho ba nang le pelaelo ea hore Bibele ha e tšepahale kapa ba nkang hore ha e na thuso, bona ka bobona ha ba e-s’o ka ba hlahloba taba eo. Ba mpa ba pheta mantsoe a batho ba bang. Leha ho le joalo, Bibele ea re lemosa: “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.”—Liproverbia 14:15.

Ho e-na le ho lumela ka hlooho e ntšo ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba bang ba e buang, na ha ho molemo hore u ke u etsise Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba lula Berea, eo hona joale e seng e le Greece leboea? Ba ne ba sa lumele feela seo batho ba bang ba ba bolellang sona. Ho e-na le hoo, ba ne ba tsebahala ka ho “hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena li joalo kapa che.” (Liketso 17:11) A re ke re hlahlobeng ka bokhutšoanyane mabaka a mabeli a ka re kholisang hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng.

Bibele e nepahetse litabeng tsa histori. Ka lilemo-lemo, ho na le batho ba ’nileng ba belaella tlaleho ea Bibele ea mabitso a batho le a libaka ebile ho na le ba sa ntseng ba e belaella. Leha ho le joalo, khafetsa ho ’nile ha fumanoa bopaki bo bontšang hore lipelaelo tsa bona ha li na mabaka ’me tlaleho ea Bibele e ka tšeptjoa.

Ka mohlala, ka nako e ’ngoe litsebi li ne li sa kholoe hore ho kile ha e-ba le morena oa Assyria ea bitsoang Sargone, ea boletsoeng ho Esaia 20:1. Leha ho le joalo, lilemong tsa bo-1840, baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba epolla ntlo ea morena enoa. Joale Sargone ke e mong oa marena a Assyria a tummeng haholo.

Batho ba bang ba ne ba sa lumele hore Ponse Pilato, e leng ’musisi oa Moroma ea ileng a laela hore Jesu a bolaoe o kile a ba teng. (Matheu 27:1, 22-24) Empa ka 1961 ho ile ha fumanoa lejoe le nang le lebitso la Pilato le boemo ba hae haufi le motse oa Cesarea, Iseraele.

Ha khatiso ea la 25 October, 1999, ea U.S.News & World Report, e bontša hore Bibele e bua ’nete litabeng tsa histori, e ile ea re: “Ka litsela tse hlollang, lintho tse epolotsoeng mehleng ea morao tjena li pakile hore histori e tlalehiloeng Testamenteng ea Khale le e Ncha ke ’nete—tsa netefatsa nalane ea baholo-holo ba Baiseraele, Ho Falla ha bona Egepeta, puso ea Davida le tsela eo batho ba neng ba phela ka eona mehleng ea Jesu.” Le hoja ho sa itšetleha ka liphuputso tsa baepolli ba lintho tsa khale hore u lumele Bibele, u ka lebella hore buka e bululetsoeng ke Molimo e be e nepahetseng joalo litabeng tsa histori.

Bohlale boo Bibele e fanang ka bona ba ho sebetsana le lintho bo tsoela batho ba mefuta eohle molemo. Khale, le pele ho ka sibolloa likokoana-hloko le kamoo li jalang mafu kateng, Bibele e ile ea khothalletsa mekhoa ea bohloeki eo le kajeno e ntseng e le ea bohlokoa haholo. (Levitike 11:32-40; Deuteronoma 23:12, 13) Malapa a latelang keletso ea Bibele litšebelisanong tsa ’ona, ke ’ona malapa a thabileng haholo. (Baefese 5:28–6:4) Motho ea phelang ka melao-motheo ea Bibele e ka ba mohiruoa ea hlokolosi kapa mohiri ea nahanelang ba bang. (Baefese 4:28; 6:5-9) Ho phela ka melao-motheo ea Bibele ho ka boela ha tsoela motho molemo kelellong le maikutlong. (Liproverbia 14:30; Baefese 4:31, 32; Bakolose 3:8-10) Re ka lebella likeletso tse molemo joalo ho ’Mōpi oa rōna.

HO NA LE MOPUTSO OFE? Bohlale bo fumanoang Bibeleng bo ka hlalefisa esita le motho ea se nang phihlelo. (Pesaleme ea 19:7) Ho phaella moo, hang ha re se re tšepa Bibele, e ka re thusa ho feta buka leha e le efe e ’ngoe ha re nka mohato o tla tšohloa sehloohong se latelang o tla re thusa hore re matlafatse tumelo ea rōna.

Hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, bala khaolo ea 2, bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, * sehloohong se reng “Bibele ke Buka e Tsoang ho Molimo.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 12 E hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova.