Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mabapi le “Bofelo”?

Mabapi le “Bofelo”?

Re Ithuta’ng ho Jesu

Mabapi le “Bofelo”?

Ho tla fela eng?

Barutuoa ba Jesu ba ile ba mo botsa: “Pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” (Matheu 24:3) Ha a arabela potso eo, Jesu ha aa ka a re lefatše ka bolona le tla fela. Pejana ha a bua ka mekhatlo eohle eo e seng ea bolumeli le ea bolumeli e laoloang ke Satane o ile a sebelisa polelo “tsamaiso ea lintho.” (Matheu 13:22, 40, 49) Ke eona tsamaiso eo a neng a bua ka eona ha a re: “Bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:14.

Jesu o ile a hlalosa bofelo joang?

Bofelo ba tsamaiso ena e sa lokang ke “litaba tse molemo.” Jesu o ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” Jesu o ile a hlalosa bofelo ba tsamaiso ea hona joale tjena: “Ho tla ba le matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale, che, leha e le hore a tla ba teng hape. Ha e le hantle, hoja matsatsi ao a se ke a khutsufatsoa, ha ho nama e neng e tla pholoha.”—Matheu 24:14, 21, 22.

Ho tla timetsoa bo-mang?

Ho tla timetsoa feela batho ba sa rateng Jehova le Jesu le ba sa ba sebeletseng. Batho bao ha ba mamele Molimo. Jesu o ile a re: “Etsoe feela kamoo matsatsi a Noe a neng a le kateng, ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo. Etsoe [joaloka] matsatsing ao pele ho moroallo, . . .[ha baa ka] ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle.” (Matheu 24:36-39) Jesu o ile a re ba bangata ba tsamaea tseleng e isang timetsong. Leha ho le joalo, o ile a tiisa hore ho na le tsela e ‘patisaneng e isang bophelong.’—Matheu 7:13, 14.

Tsamaiso ee ea lintho e tla fela neng?

Ha a botsoa ka pontšo ea ho ba teng ha hae le ea “qetello ea tsamaiso ea lintho,” Jesu o ile a araba ka ho re: “Etsoe sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla, ’me ho tla ba le likhaello tsa lijo le litšisinyeho tsa lefatše . . . ’me ka lebaka la ho eketseha ha tlōlo ea molao lerato la ba bangata le tla fola.” (Matheu 24:3-12) Kahoo litaba tsohle tse bohloko tse etsahalang kajeno li na le molaetsa o khothatsang—li bontša hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla tlisetsa batho ba mamelang khotso. Jesu o ile a re: “Ha le bona lintho tsena li etsahala, le tsebe hore ’muso oa Molimo o haufi.”—Luka 21:31.

U lokela ho etsa eng?

Jesu o boletse hore Molimo o ile a “fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) E le hore u bontše tumelo ho Molimo le mora oa hae, u tšoanela ho ba tseba hantle. Ka lebaka leo Jesu o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.

Ela hloko hore u se ke ua lumella matšoenyeho le mathata ho u thibela ho ithuta ka Molimo le ho bontša lerato la hao ho eena. Jesu o ile a re: “Ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke . . . matšoenyeho a bophelo, ’me ka tšohanyetso letsatsi leo la e-ba holim’a lōna hang-hang joaloka leraba. Etsoe le tla tla.” Haeba u ela hloko keletso ea Jesu u tla “phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale.”—Luka 21:34-36.

Hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, bala khaolo ea 9 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, * sehloohong se reng “Na re Phela ‘Matsatsing a ho Qetela’?”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 14 E hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova.