Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Hatelang Pele ka Matla Khōlong e Feletseng—“Letsatsi le Leholo la Jehova le Haufi”

Hatelang Pele ka Matla Khōlong e Feletseng—“Letsatsi le Leholo la Jehova le Haufi”

Hatelang Pele ka Matla Khōlong e Feletseng​—“Letsatsi le Leholo la Jehova le Haufi”

“A re hateleng pele ka matla khōlong e feletseng.”—BAHEB. 6:1.

1, 2. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba le Jerusalema le Judea ba ile ba fumana monyetla ofe oa ho “ho balehela lithabeng”?

HA JESU a ne a le lefatšeng, barutuoa ba hae ba ile ba tla ho eena ’me ba mo botsa ba re: “Pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” Boprofeta bona boo Jesu a ileng a ba bolella bona ha a araba potso ea bona, bo ile ba phethahala ka lekhetlo la pele lekholong la pele la lilemo. Jesu o ile a bua ka ketsahalo e neng e sa tloaeleha e neng e tla bontša hore bofelo bo haufi. Ha ba bona ketsahalo eo, “ba leng Judea ba [ne ba lokela hore ba] qale ho balehela lithabeng.” (Mat. 24:1-3, 15-22) Na barutuoa ba Jesu ba ne ba tla hlokomela pontšo eo ebe ba latela litaelo tsa hae?

2 Hoo e ka bang lilemo tse mashome a mararo hamorao, ka 61 C.E., moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Baheberu ba neng ba lula Jerusalema le libakeng tse e potolohileng molaetsa o matla le o etsang hore motho a inahane. Le hoja Pauluse le balumeli-’moho le eena ba ne ba sa tsebe, pontšo ea hore karolo e qalang ea “matšoenyeho a maholo” e qalile, e ne e tla bonahala ka mor’a lilemo tse hlano. (Mat. 24:21) Ka 66 C.E., Cestius Gallus o ile a etella pele mabotho a Roma a ileng a batla a atleha ho hlasela Jerusalema. Empa ka tšohanyetso o ile a hula mabotho a hae, e leng se ileng sa fa Bakreste ba neng ba le kotsing monyetla oa ho balehela moo ho sireletsehileng.

3. Pauluse o ile a fa Bakreste ba Baheberu keletso efe, hona e le ka lebaka lefe?

3 Ho ne ho hlokahala hore Bakreste bao ba lemohe hore lintho tse neng li etsahala, li ne li phethahatsa mantsoe a Jesu le hore ba ne ba lokela ho baleha. Leha ho le joalo, ba bang ba ne ba fetohile “ba thotofetseng ho utloeng ha [bona].” Ba ne ba tšoana le bana ba moea ba hlokang “lebese.” (Bala Baheberu. 5:11-13.) Esita le bao ho neng ho se ho fetile lilemo tse ngata ba tsamaea tseleng ea ’nete, ba ne ba bontša matšoao a ho “suthela hōle le Molimo ea phelang.” (Baheb. 3:12) Ba bang ba ne ba e-na le “tloaelo” ea ho lofa liboka tsa Bokreste ha “letsatsi [la tlokotsi] le ntse le atamela.” (Baheb. 10:24, 25) Pauluse o ile a ba fa keletso ka nako e nepahetseng a re: “Kaha joale re tlohetse thuto ea mathomo mabapi le Kreste, a re hateleng pele ka matla khōlong e feletseng.”—Baheb. 6:1.

4. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re lule re falimehile moeeng, ’me ke sefe se tla re thusa hore re etse joalo?

4 Re phela nakong eo boprofeta boo ba Jesu bo phethahalang ka lekhetlo la ho qetela. “Letsatsi le leholo la Jehova”—e leng letsatsi leo ka lona a tlang ho felisa tsamaiso eohle ea Satane—“le haufi.” (Sof. 1:14) Ho feta neng kapa neng, re lokela ho lula re le seli re bile re falimehile moeeng. (1 Pet. 5:8) Na ke sona seo re hlileng re se etsang? Khōlo ea Bokreste e tla re thusa hore re lule re tsepamisitse maikutlo tabeng ea hore na re phela nakong efe.

Khōlo ea Bokreste ke Eng?

5, 6. (a) Khōlo ea moea e akarelletsa eng? (b) Ho hatela pele khōlong e feletseng ho hloka hore re ikitlaetse linthong life tse peli?

5 Pauluse ha aa ka a khothalletsa Bakreste ba Baheberu hore ba hatele pele ka matla khōlong e feletseng feela, empa o ile a boela a ba bolella hore na khōlo ea moea e akarelletsa eng. (Bala Baheberu 5:14.) “Batho ba hōlileng ka ho feletseng” ha ba khotsofalle feela ho noa “lebese.” Ba ja “lijo tse tiileng.” Kahoo, ba tseba “lintho tsa motheo” le “lintho tse tebileng” tsa ’nete. (1 Bakor. 2:10) Ho feta moo, matla a bona a ho lemoha a koetlisoa ka tšebeliso—ka ho sebelisa seo ba se tsebang—e leng se ba thusang ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng. Ha ba lokela ho etsa liqeto, ho koetlisoa hoo ho ba thusa hore ba lemohe melao-motheo ea Mangolo e amehang le hore na ba e sebelise joang.

6 Pauluse o ile a ngola a re: “Ke ka lebaka leo ho hlokahalang hore re ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng lintho tseo re ileng ra li utloa, e le hore le ka mohla re se ke ra hoholeha.” (Baheb. 2:1) Ho hoholeha tumelong hoo, ho ka etsahala le pele re hlokomela. Re ka qoba seo ka hore “re ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng” ha re ithuta Bibele. Kahoo, e mong le e mong oa rōna o lokela ho ipotsa: ‘Na ke sa ntse ke ithuta feela lintho tsa mathomo? Na ho ka etsahala hore ebe ke se ke etsa lintho feela ho phetha molao empa pelo ea ka e hlile e sa tiea ’neteng? Ebe nka etsa tsoelo pele ea sebele joang ’neteng?’ E le hore re hatele pele ka matla khōlong e feletseng, ho hlokahala hore re ikitlaetse bonyane linthong tse peli. Re lokela ho tseba Lentsoe la Molimo hantle. Hape, re lokela ho ithuta ho phetha litaelo.

Tloaelana le Lentsoe Hantle

7. Re ka rua molemo joang ka ho tloaelana le Lentsoe la Molimo haholo?

7 Pauluse o ile a ngola a re: “Etsoe e mong le e mong ea noang lebese ha aa tloaelana le lentsoe la ho loka, kaha ke ngoana.” (Baheb. 5:13) E le hore re finyelle khōlo e feletseng, re lokela ho tloaela Lentsoe la Molimo hantle, e leng molaetsa oo a re fileng oona. Kaha molaetsa ona o ka Lentsoeng la hae, e leng Bibele, re lokela ho ba liithuti tse hloahloa tsa Mangolo le lingoliloeng tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45-47) Ha re ithuta ka tsela ena, sena se tla re thusa ho ithuta hore na Molimo o nahana joang ebile se tla re thusa hore re koetlise matla a rōna a ho lemoha. Nahana ka mohlala oa Mokreste e mong ea bitsoang Orchid. * O re: “Khopotso e ’nileng ea nkama haholo bophelong, ke e buang ka ho bala Bibele kamehla. Ke ile ka nka lilemo tse ka bang peli hore ke qete ho bala Bibele eohle, empa e ne eka ke hona ke qalang ho tseba ’Mōpi oa ka. Ke ile ka ithuta litsela tsa hae, lintho tseo a li ratang le tseo a sa li rateng, hore na o matla hakae le hore na o bohlale hakae. Ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng ho ’matlafalitse linakong tseo ke neng ke thulana le mathata a maholo bophelong ba ka.”

8. Lentsoe la Molimo le ka re fa matla afe?

8 Ho bala karolo e itseng ea Lentsoe la Molimo kamehla, ho etsa hore molaetsa oa lona o re ‘fe matla.’ (Bala Baheberu 4:12.) Ho bala hoo, ho ka bōpa motho oa rōna oa ka hare ha ba ha etsa hore re khahle Jehova haholo. Na ho hlokahala hore u iphe nako e ngatanyana ea ho bala Bibele le ho nahanisisa ka seo e se buang?

9, 10. Ho tloaelana le Lentsoe la Molimo ho akarelletsa eng? Bontša.

9 Ho tloaelana le Bibele ha ho bolele feela ho tseba seo e se buang. Ho ka etsahala hore ebe Bakreste ba neng ba sa hōla moeeng ba mehleng ea Pauluse ba ne ba e-na le tsebo e itseng ka seo Lentsoe le bululetsoeng la Molimo le se buang. Leha ho le joalo, bona ka bobona ba ne ba sa le sebelise ba bile ba sa sebelise seo ba se tsebang e le hore ba bone hore na se ne se ka ba tsoela molemo joang. Ba ne ba sa itloaetsa molaetsa oa lona ka hore ba o lumelle hore o ba tataise ha ba etsa liqeto tse bohlale bophelong ba bona.

10 Ho tloaelana le Lentsoe la Molimo ho bolela ho tseba seo le se buang le ho sebelisa tsebo eo. Se etsahetseng ho morali e mong oabo rōna oa Mokreste ea bitsoang Kyle se bontša hore na sena se ka etsoa joang. Kyle o ile a qoaketsana le e mong oa basebetsi-’moho le eena. O ile a etsa joang ho rarolla bothata boo? Oa hlalosa o re: “Lengolo leo ke ileng ka le hopola kapele ke Baroma 12:18, le reng: ‘Ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.’ Kahoo, ke ile ka kōpa mosebetsi-’moho le ’na eo hore re ke re buisane ka mor’a mosebetsi.” Puisano eo e ile ea atleha haholo ’me mosebetsi-’moho le Kyle o ile a thabela tsela eo Kyle a ileng a sebetsa bothata boo ka eona. Kyle o re: “Ke ithutile hore haeba re sebelisa melao-motheo ea Bibele re ke ke ra fosa le ka mohla.”

Ithute ho Mamela

11. Ke sefe se bontšang hore ho mamela ho ka ba thata ha re thulana le maemo a boima?

11 Ho ka ba thata ho sebelisa seo re ithutileng sona Mangolong, haholo-holo haeba re thulana le maemo a boima. Ka mohlala, nakoana ka mor’a hore Jehova a lopolle bara ba Iseraele botlamuoeng ba Egepeta, ba ile ba “qala ho qabana le Moshe” eaba ba ntse ba “leka Jehova.” Hobane’ng? Hobane ba ne ba se na metsi ao ba a noang. (Ex. 17:1-4) Pele ho feta likhoeli tse peli ka mor’a hore ba tlabole selekane se halalelang le Molimo le ho lumela hore ba tla ea ka ‘mantsoe ’ohle ao Jehova a neng a a buile,’ ba ile ba tlōla molao oa hae o mabapi le borapeli ba litšoantšo. (Ex. 24:3, 12-18; 32:1, 2, 7-9) Na ba entse see hobane ba ne ba ile ba tšoha ka lebaka la ho ba sieo ha Moshe ka nako e telele ha a ne a ntse a fuoa litaelo Thabeng ea Horebe? Na ebe mohlomong ba ne ba nahana hore Baamaleke ba ne ba tla ba hlasela hape ’me Baiseraele ba ne ba tla sitoa ho itoanela ha Moshe a le sieo, e leng motho eo ha a ne a phahamisitse matsoho pejana ba neng ba ile ba hlōla? (Ex. 17:8-16) Ho ka ’na ha etsahala, empa ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, Baiseraele “ba ile ba hana ho mo mamela.” (Lik 7:39-41) Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste hore ba ‘etse sohle se matleng a bona’ hore ba qobe ho “oela mohlaleng o tšoanang oa ho se mamele” oo Baiseraele ba ileng ba o bontša ha ba ne ba tšaba ho kena Naheng e Tšepisitsoeng.—Baheb. 4:3, 11.

12. Jesu o ile a ithuta ho mamela joang ’me molemo oa seo ebile ofe?

12 E le hore re hatele pele khōlong e feletseng, ho hlokahala hore re etse sohle seo re ka se khonang ho mamela Jehova. Jesu Kreste o ile a bontša ka mohlala hore hangata batho ba ithuta ho mamela ka lintho tse ba utloisang bohloko. (Bala Baheberu 5:8, 9.) Pele Jesu a tla lefatšeng, o ne a mamela Ntate oa hae. Leha ho le joalo, e le hore a phethe thato ea Ntate oa hae o ile a utloa bohloko ’meleng a ba a tšoenyeha kelellong. Ka lebaka la ho mamela maemong a thata ka ho fetisisa, Jesu o ile a ‘etsoa ea phethahetseng’ bakeng sa boemo bo bocha boo Molimo a neng a batla ho mo fa bona, e leng ba ho ba Morena le Moprista ea Phahameng.

13. Ke sefe se bontšang hore re ithutile ho mamela?

13 Rōna re tla etsa joang? Na re ikemiselitse ho mamela Jehova esita leha re thulana le mathata a nyahamisang? (Bala 1 Petrose 1:6, 7.) Keletso eo Molimo a fanang ka eona mabapi le boitšoaro, botšepehi, ho sebelisa leleme hantle, ho bala le ho ithuta Mangolo boinotšing, ho ba teng libokeng tsa Bokreste le ho kopanela mosebetsing oa boboleli, e hlakile. (Josh. 1:8; Mat. 28:19, 20; Baef. 4:25, 28, 29; 5:3-5; Baheb. 10:24, 25) Na re mamela Jehova litabeng tsee esita leha re thulana le mathata? Ha re mamela re bontša hore re hatetse pele khōlong e feletseng.

Khōlo ea Bokreste—Ke Hobane’ng ha e le Molemo?

14. Bontša kamoo ho hatela pele ka matla khōlong e feletseng ho ka sireletsang motho kateng.

14 Ha Mokreste a e-na le matla a ho lemoha a koetlisitsoeng hantle, seo se tla mo sireletsa e le hore a tsebe ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng lefatšeng lena le “feletsoeng ke kutlo eohle ea boitšoaro.” (Baef. 4:19) Ka mohlala, mora e mong oabo rōna ea bitsoang James, ea neng a bala lingoliloeng tsa Bibele kamehla a bile a li nka e le tsa bohlokoa o ile a fumana mosebetsi oo ho oona basebetsi-’moho le eena e neng e basali feela. James o re: “Le hoja ba bangata ba bona ba ne ba bontša hore ba feletsoe ke kutlo boitšoarong, e ne e le mosebetsi a le mong ea neng a bonahala eka ke motho ea itlhomphang ea bileng a bontšang hore o thabela ’nete ea Bibele. Ha re le bang ka phaposing mosebetsing, o ile a leka ho nhoka-hoka hore ke kopanele liphate le eena. Ke ile ka nahana hore oa bapala empa ho ile ha e-ba thata haholo hore ke mo thibe. Ka eona nako eo, ke ile ka hopola ketsahalo e ’ngoe e ileng ea boleloa Molula-Qhooeng mabapi le mor’abo rōna ea ileng a tobana le teko e tšoanang mosebetsing oa hae. Sehloohong seo ho ne ho sebelisitsoe mohlala oa Josefa le mosali oa Potifaro. * Kapele pele ke ile ka sutumelletsa ngoanana eo hōle le ’na eaba oa baleha.” (Gen. 39:7-12) James o ile a leboha hore ebe ha ho letho le leng le ileng la etsahala le hore ha aa ka silafatsa letsoalo la hae.—1 Tim. 1:5.

15. Ho hatela pele ka matla khōlong e feletseng ho ka matlafatsa lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso joang?

15 Khōlo e feletseng e boetse e molemo ka hore e matlafatsa lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso ebile e re thibela ho “nkoa ke lithuto tse sa tšoaneng le tse sa tloaelehang.” (Bala Baheberu 13:9.) Ha re loanela ho tsoela pele moeeng, likelello tsa rōna li lula li tsepame ‘linthong tsa bohlokoa haholo.’ (Bafil. 1:9, 10) Ka ho etsa joalo, re hōla tabeng ea ho ananela Molimo le litokisetso tsohle tseo a li entseng molemong oa rōna. (Bar. 3:24) Mokreste ea “hōlileng ka ho feletseng matleng a kutloisiso” o ba le kananelo e joalo ebile o thabela kamano e haufi le Jehova.—1 Bakor. 14:20.

16. Ke sefe se ileng sa thusa morali e mong oabo rōna hore a ‘tiise pelo’ ea hae?

16 Morali e mong oabo rōna ea bitsoang Louise o ile a lumela hore ka nako e itseng ka mor’a hore a kolobetsoe, o ne a amehile haholo ka ho khahlisa batho. O ile a re: “Ho ne ho se letho le lebe leo ke neng ke le etsa, empa ke ne ke se na takatso e matla ea ho sebeletsa Jehova. Ke ile ka hlokomela hore ke tlameha ho fetoha e le hore ke tle ke ikutloe hore ke sebeletsa Jehova kahohle kamoo nka khonang. Phetoho e khōlō ka ho fetisisa eo ke neng ke lokela ho e etsa e ne e le hore ke mo rapele ka pelo eohle.” Ka hore Louise a ikitlaetse joalo o ile a ‘tiisa pelo’ ea hae, ’me sena e ile ea e-ba sa bohlokoa ha a ne a tšoeroe ke boloetse bo tepeletsang. (Jak. 5:8) Louise o re, “ke ile ka loana ka thata, empa ka sebele ke ile ka atamela haufi le Jehova.”

‘Le Mamele ho Tloha Pelong’

17. Ke hobane’ng ha ho mamela e ne e le habohlokoa ka ho khetheha lekholong la pele la lilemo?

17 Keletso ea Pauluse ea hore ‘re hatele pele ka matla khōlong e feletseng’ e ile ea pholosa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba lula Jerusalema le Judea. Ba ileng ba e mamela, ba ne ba e-na le temoho e chatsi moeeng, e leng se neng se hlokahala hore ba lemohe pontšo eo Jesu a neng a ba file eona ea hore “ba qale ho balehela lithabeng.” Ha ba bona “ntho e nyonyehang e bakang lesupi, . . . e eme sebakeng se halalelang,” e leng mabotho a Roma a lika-likelitseng Jerusalema le a keneletseng ka hare ho eona, ba ile ba tseba hore e ne e le nako ea hore ba balehe. (Mat. 24:15, 16) Bakreste ba ile ba mamela temoso ea boprofeta ba Jesu eaba ba baleha motseng oa Jerusalema pele o timetsoa, ’me ho ea ka rahistori oa kereke, e leng Eusebius, ba ile ba lula motseng oa Pella o sebakeng se lithaba sa Gileade.” Kahoo, ba ile ba qoba tlokotsi e mpe ka ho fetisisa ho tse kileng tsa hlahela Jerusalema.

18, 19. (a) Ke hobane’ng ha ho mamela e le habohlokoa mehleng ea rōna? (b) Ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?

18 Ha re mamela ka lebaka la hobane re hatetse pele ka matla khōlōng e feletseng, seo se tla boela se etse hore ho pholosoe bophelo nakong eo ka eona ho tla beng ho phethahala boprofeta bo ka sehloohong ba Jesu bo reng “ho tla ba le matšoenyeho a maholo” ao ho seng a kileng a lekana le ’ona. (Mat. 24:21) Na re tla bontša hore rea mamela ha re fuoa tataiso efe kapa efe e potlakileng ea nakong e tlang, eo re ka ’nang ra e fuoa ke “motsamaisi ea tšepahalang”? (Luka 12:42) Ke habohlokoa hakaakang hore re ithute ho ‘mamela ho tloha pelong’!—Bar. 6:17.

19 E le hore re fihlele khōlo e feletseng ho hlokahala hore re koetlise matla a rōna a ho lemoha. Re etsa sena ka hore re ikitlaelletse ho tloaelana le Lentsoe la Molimo hantle le ka ho ithuta ho mamela. Bacha ba thatafalloa haholo ke ho fihlela khōlo e feletseng ea Bokreste. Sehloohong se latelang ho tšohloa hore na mathata ao a ka hlōloa joang ka katleho.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Mabitso a mang a fetotsoe.

^ ser. 14 Sheba sehlooho se reng, “Ho Matlafaletsoa ho Hana ho Etsa Phoso,” Molula-Qhooeng oa October 1, 1999.

U Ithutile Eng?

• Khōlo e feletseng ea moea ke eng, hona re e fihlela joang?

• Ho tloaelana le Lentsoe la Molimo ho phetha karolo efe ha re hatela pele khōlong e feletseng?

• Re ithuta ho mamela joang?

• Khōlo e feletseng e re tsoela molemo ka litsela life?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ha re sebelisa keletso ea Bibele, seo se tla re thusa hore re sebetsane le mathata ka tsela e bontšang hore re hōlile moeeng

[Setšoantšo se leqepheng la 12, 13]

Bakreste ba pele ba ile ba pholosoa ke ho mamela keletso ea Jesu