Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Latela “Kreste”?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Latela “Kreste”?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Latela “Kreste”?

“Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole ’me . . . a ntatele a sa khaotse.”—LUKA 9:23.

1, 2. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re ke re tšohle hore na ke hobane’ng ha re lokela ho latela “Kreste”?

E TLAMEHA ebe Jehova o thaba hakaakang ha a le bona har’a matšoele a phuthehileng a barapeli ba hae lefatšeng, lōna ba sa tsoa qalisa ho ithuta hammoho le lōna ba banyenyane lilemong! Ha le ntse le tsoela pele ho ithuta Bibele, le e-ba teng libokeng tsa Bokreste kamehla le bile le hōla tsebong ea lōna ea ’nete e pholosang bophelo e fumanoang Letsoeng la Molimo, le lokela ho nahana ka thata ka memo ena ea Jesu e reng: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso letsatsi le letsatsi a ntatele a sa khaotse.” (Luka 9:23) Jesu o bolela hore ha u itatola ebile u ba molateli oa hae, ena e lokela ho ba ntho eo u ratang ho e etsa. Kahoo, ke habohlokoa hore re nahane ka taba ea hore na ke hobane’ng ha re lokela ho latela “Kreste.”—Mat. 16:13-16.

2 Rōna ba seng ba ntse ba tsamaea mehatong ea Jesu Kreste, re lokela ho etsa eng? Re khothalletsoa hore re “’ne [re] ho etse ka botlalo haholo.” (1 Bathes. 4:1, 2) Ho sa tsotellehe hore na re sa tsoa amohela borapeli ba ’nete kapa e se e le khale re bo amohetse, ha re nahana ka mabaka ao re latelang Kreste ka ’ona, sena se tla re thusa ho sebelisa keletso ea Pauluse le hore re latele Kreste ka botlalo haholo letsatsi le letsatsi. A re ke re tšohleng mabaka a mahlano a hore na ke hobane’ng ha re lokela ho batla ho latela Kreste.

Ho Etsa Hore Kamano ea Rōna le Jehova e be e Mofuthu Haholo

3. Re ka tseba Jehova ka litsela life tse peli?

3 Ha a ne a bua le Baathene, moapostola Pauluse o ile “a ema ka har’a Areopago,” eaba o re: “[Molimo] o laetse linako tse behiloeng le meeli e behiloeng ea ho lula ha batho, hore ba batle Molimo, haeba ba ka mo phopholetsa ’me ka sebele ba mo fumana, le hoja, ha e le hantle, a se hōle le e mong le e mong oa rōna.” (Lik. 17:22, 26, 27) Re ka batla Molimo ’me ka sebele ra mo tseba. Ka mohlala, ha re sheba pōpo re ithuta lintho tse ngata ka litšobotsi tsa Molimo le bokhoni ba hae. Ha re nahanisisa ka kananelo ka mesebetsi ea ’Mōpi ea pōpo, sena se ka re ruta lintho tse ngata ka eena. (Bar. 1:20) Jehova o boetse o itlhalositse ka ho hlaka ka Lentsoeng la hae le ngotsoeng e leng Bibele. (2 Tim. 3:16, 17) Ha re “thuisa ka mosebetsi” oa hae haholo, re bile re ‘nahanisisa ka mesebetsi ea hae,’ re ka tseba Jehova haholo le ho feta.—Pes. 77:12.

4. Ho latela Kreste ho ka re thusa joang hore re be le kamano e mofuthu le Jehova?

4 Tsela e molemo ka ho fetisisa ea hore re be le kamano e mofuthu haholo le Jehova, ke hore re latele Kreste. Ak’u nahane feela ka khanya eo Jesu a neng a e-na le eona ha a ne a e-na le Ntate oa hae “pele lefatše le e-ba teng”! (Joh. 17:5) Ke “tšimoloho ea pōpo ea Molimo.” (Tšen. 3:14) Kaha ke “letsibolo la pōpo eohle,” o phetse nako e telele haholo leholimong a e-na le Ntate oa hae, Jehova. Nakong eo Jesu a neng a phela ka eona pele e e-ba motho oa nama, hase feela hore o ne a lutse le Ntate oa hae a sa etse letho. E ne e le motsoalle oa Molimo, ka thabo a sebetsa le Ea Matla ’Ohle, ’me sena se ile sa etsa hore ba ratane haholo ho feta mang kapa mang. Jesu ha aa ka sheba feela tsela eo Ntate oa hae a neng a etsa lintho ka eona, a ba a hlokomela hore na o ne a ikutloa joang le hore na o ne a e-na le makhabane afe, empa hape o ile a amohela a ba a sebelisa sohle seo a neng a ithutile sona ka Ntate oa hae. Ka lebaka leo, Mora enoa ea mamelang o ile a tšoana le Ntate oa hae hantle hoo Bibele e bileng e reng “ke setšoantšo sa Molimo ea sa bonahaleng.” (Bakol. 1:15) Ha re latela Kreste haholo, re ka ba le kamano e mofuthu le Jehova.

Ho Etsisa Jehova ka Botlalo Haholo

5. Ke sefe se tla re thusa hore re etsise Jehova ka botlalo haholo, hona hobane’ng?

5 Re entsoe ‘ka setšoantšo sa Molimo, ho ea ka sebōpeho sa hae,’ kahoo re na le matla a ho bonahatsa litšobotsi tsa Molimo. (Gen. 1:26) Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste hore e “be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.” (Baef. 5:1) Ha re latela Kreste, seo se re thusa hore re etsise Ntate oa rōna oa leholimo. Sena se etsahala hobane Jesu o ile a bonahatsa hantle hore na Molimo o nahana joang, o ikutloa joang le hore na ke motho ea joang, a ba a mo hlalosa ka botlalo ho feta mang kapa mang. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, ha aa ka a tsebahatsa lebitso la Jehova feela. Ho e-na le hoo, o ile a bontša hore na mong’a lebitso leo ke Motho ea joang. (Bala Matheu 11:27.) Jesu o ile a etsa sena ka lipolelo le ka liketso, ka lithuto tsa hae le ka mohlala oa hae.

6. Lithuto tsa Jesu li re ruta eng ka Jehova?

6 Jesu o re rutile hore na Molimo o batla hore re etse eng le hore na o ikutloa joang ka barapeli ba hae. (Mat. 22:36-40; Luka 12:6, 7; 15:4-7) Ka mohlala, ka mor’a hore Jesu a qotse o mong oa Melao e Leshome o reng, “u se ke ua feba,” o ile a hlalosa maikutlo a Molimo ka hore na ho etsahala eng ka pelong ea motho nako e telele pele a etsa ketso eo. O ile a re: “E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.” (Ex. 20:14; Mat. 5:27, 28) Ka mor’a hore Jesu a bolele hore na Bafarisi ba hlalosa joang polelo e ’ngoe e fumanoang Molaong ha ba re—“u rate moahelani oa hao ’me u hloee sera sa hao”—o ile a bolela hore na Jehova eena o nahana joang, eaba o re: “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang.” (Mat. 5:43, 44; Ex. 23:4; Lev. 19:18) Ha re utloisisa hore na Molimo o nahana joang, o ikutloa joang le hore na o batla hore re etse eng, sena se re thusa hore re mo etsise ka botlalo haholo.

7, 8. Re ithuta eng ka Jehova mohlaleng oa Jesu?

7 Jesu o ile a boela a bontša ka mohlala hore na Ntate oa hae ke motho ea joang. Ha re bala ka Likosepeleng hore Jesu o ne a utloela bahloki bohloko, a qenehela ba matšoenyehong, a bile a halefela barutuoa ba hae ha ba omanya bana ba banyenyane, na ee hase eona tsela eo re nahanang hore Ntate le eena o ne a ka ikutloa ka eona? (Mar. 1:40-42; 10:13, 14; Joh. 11:32-35) Nahana kamoo liketso tsa Jesu li etsang hore re utloisise litšobotsi tsa Molimo tse ka sehloohong kateng. Na mehlolo eo Kreste a ileng a e etsa ha e bontše matlahali ao a neng a e-na le ’ona? Leha ho le joalo, ha ho mohla a kileng a sebelisa matla ao hore a ithuise kapa hore a ntše batho ba bang kotsi. (Luka 4:1-4) Taba ea hore o ile a phahla bahoebi ba meharo ka tempeleng e bontša hantle hakaakang hore ke motho ea ratang toka! (Mar. 11:15-17; Joh. 2:13-16) Lithuto tsa hae le mantsoe a khahlisang ao a neng a a sebelisa hore a ame lipelo tsa batho, li bontša hore o ne a ‘feta Solomone’ ka bohlale. (Mat. 12:42) Ha ho letho le leng leo re ka le buang ka lerato leo Jesu a ileng a le bontša ka ho tella ba bang moea oa hae haese feela hore re re “ha ho ea nang le lerato le leholo ho lena.”—Joh. 15:13.

8 Mora oa Molimo o ne a emela Jehova ka tsela e phethahetseng linthong tsohle tseo a neng a li bua le ho li etsa hoo a neng a ka re: “Ea mponeng o bone le Ntate.” (Bala Johanne 14:9-11.) Ha re latela Kreste ho tšoana le ha re latela Jehova.

Jesu ke Motlotsuoa oa Jehova

9. Jesu e ile ea e-ba Motlotsuoa oa Molimo neng, hona joang?

9 Nahana ka se ileng sa etsahala nakong ea hoetla ka 29 C.E. ha Jesu ea neng a le lilemo li 30 a ne a e-ea ho Johanne Mokolobetsi. “Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe kapele-pele a nyoloha a tsoa ka metsing; ’me, bonang! maholimo a buleha, ’me a bona moea oa Molimo o theoha joaloka leeba o tla holim’a hae.” Ka nako eo, e ile ea e-ba Kreste kapa Mesia. Nakong eo, Jehova ka boeena o ile a bolela hore Jesu e ne e le Motlotsuoa oa hae, a re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.” (Mat. 3:13-17) Re na le lebaka le letle hakaakang la hore re batle ho latela Kreste!

10, 11. (a) Tlotla “Kreste” e sebelisoa ka litsela life ho Jesu? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho tiisa hore re latela Jesu Kreste?

10 Ka Bibeleng, tlotla “Kreste” e sebelisoa ha ho buuoa ka Jesu ka litsela tse sa tšoaneng tse kang, Jesu Kreste, Kreste Jesu le Kreste. Jesu ka boeena o ile a sebelisa mantsoe ana “Jesu Kreste”—lebitso le lateloa ke tlotla. Ha a rapela Ntate oa hae o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Joh. 17:3) Tsela eo mantsoe ana a sebelisitsoeng ka eona e totobatsa hore na ke mang ea neng a rometsoe ke Molimo, eo e ileng ea e-ba Motlotsuoa oa hae. Ha tlotla e tla pele ho lebitso, joalokaha ho thoe “Kreste Jesu,” ha ho sa buuoa ka motho ka boeena empa ho se ho buuoa ka boemo ba hae. (2 Bakor. 4:5) Ha lentsoe “Kreste” le sebelisitsoe le le leng feela, ena ke tsela e ’ngoe eo ka eona ho totobatsoang boemo ba Jesu e le Mesia.—Lik. 5:42.

11 Ho sa tsotellehe hore na tlotla ena “Kreste” e sebelisoa joang ha ho buuoa ka Jesu, e totobatsa ’nete ena ea bohlokoa: Le hoja Mora oa Molimo a ile a tla lefatšeng e le motho oa nama a ba a phetha thato ea Ntate oa hae, e ne e se motho feela tjee e bile e ne e se moprofeta feela tjee; e ile ea e-ba Motlotsuoa oa Jehova. Re lokela ho tiisa hore Enoa ke eena eo re mo latelang.

Jesu ke Eena Feela Tsela ea Poloko

12. Ke polelo efe e ileng ea buuoa ho moapostola Thomase eo e leng ea bohlokoa ho rōna?

12 Lebaka le leng la bohlokoa la hore re ’ne re latele Mesia le boleloa mantsoeng ao Jesu a ileng a a bua ho baapostola ba hae ba tšepahalang, nakoana pele ho lefu la hae. Ha Jesu a ne a araba potso ea Thomase e mabapi le polelo ea hae ea hore o ne a tla tsamaea a e’o ba lokisetsa sebaka, o ile a re: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.” (Joh. 14:1-6) Ka nako eo, Jesu o ne a bua le baapostola ba tšepahalang ba 11. O ile a ba tšepisa hore ba tla ba le sebaka leholimong, empa mantsoe ao a hae a boetse ke a bohlokoa ho ba nang le tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng. (Tšen. 7:9, 10; 21:1-4) Ka tsela efe?

13. Jesu ke “tsela” ka kutloisiso efe?

13 Jesu Kreste ke “tsela.” Sena se bolela hore ke eena motho feela eo re ka tsebang ho atamela Molimo ka eena. Taba ena ke ’nete mabapi le thapelo hobane ke feela ha re rapela ka lebitso la Jesu re ka kholisehang hore Ntate o tla re fa sohle seo re ka ’nang ra se kōpa tumellanong le thato ea Hae. (Joh. 15:16) Leha ho le joalo, Jesu e boetse ke “tsela” ka kutloisiso e ’ngoe hape. Sebe se arohantse batho le Molimo. (Esa. 59:2) Jesu o fane ka “moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Mat. 20:28) Ka lebaka leo, Bibele e fana ka tlhaloso ena: “Mali a . . . Jesu a re hloekisa sebeng sohle.” (1 Joh. 1:7) Kahoo, Mora o butse tsela ea ho boelana le Molimo. (Bar. 5:8-10) Ha re lumela ho Jesu re bile re mo mamela, re ka ba le kamano e amohelehang le Molimo.—Joh. 3:36.

14. Jesu ke “’nete” joang?

14 Jesu hase “’nete” feela hobane a ne a bua ’nete kamehla a bile a e phelela, empa e boetse ke “’nete” ka lebaka la boprofeta bohle bo ngotsoeng bo buang ka Mesia—bo bongata haholo bo ile ba phethahala ho eena. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ho sa tsotellehe hore na litšepiso tsa Molimo li ngata hakae, li fetohile E, ka eena.” (2 Bakor. 1:20) Esita le “seriti sa lintho tse tlang ho tla” tse ngotsoeng Molaong oa Moshe li ile tsa phethahala ho Kreste Jesu. (Baheb. 10:1; Bakol. 2:17) Jesu ke eena eo boprofeta bohle bo buang ka eena haholo, ’me bo re thusa hore re utloisise karolo ea bohlokoa eo a e etsang e le hore morero oa Jehova o phethahale. (Tšen. 19:10) E le hore re rue molemo ho seo Molimo a neng a re reretse sona, re lokela ho latela Mesia.

15. Jesu ke “bophelo” ka kutloisiso efe?

15 Jesu ke “bophelo” hobane o rekile batho ka mali a hae, ’me bophelo bo sa feleng ke mpho eo Molimo a fanang ka eona “ka Kreste Jesu Morena oa rōna.” (Bar. 6:23) Jesu e boetse ke “bophelo” ho ba shoeleng. (Joh. 5:28, 29) Ho feta moo, ak’u nahane feela hore na joaloka Moprista ea Phahameng, o tla etsa eng nakong ea Puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete. O tla lopolla bafo ba hae ba lefatšeng sebeng le lefung ka ho sa feleng.—Baheb. 9:11, 12, 28.

16. Re na le lebaka lefe la hore re latele Jesu?

16 Karabo eo Jesu a ileng a e fa Thomase ka nako eo, e bohlokoa haholo ho rōna. Jesu ke tsela, ’nete le bophelo. Ke eena eo Molimo a ileng a mo romela lefatšeng e le hore lefatše le pholosoe ka eena. (Joh. 3:17) Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka eena. Bibele e bolela ka ho hlaka e re: “Ha ho poloko ho mang kapa mang e mong, kaha ha ho lebitso le leng tlas’a leholimo leo ho fanoeng ka lona har’a batho leo ka sebele re tla pholoha ka lona.” (Lik. 4:12) Kahoo, ho sa tsotellehe hore na re ne re lumela eng pele, ke bohlale hore re lumele ho Jesu, re mo latele e le hore re tle re fumane bophelo.—Joh. 20:31.

Re Laeloa Hore re Mamele Kreste

17. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re mamele Mora oa Molimo?

17 Petrose, Johanne le Jakobo ba ile ba bona ha Jesu a ne a fetoha sebōpeho. Ka nako eo, ba ile ba utloa lentsoe le tsoang leholimong le re: “Enoa ke Mora oa ka, ea khethiloeng. Mo mameleng.” (Luka 9:28, 29, 35) Ke habohlokoa hore re hlomphe taelo ea hore re mamele Mesia.—Bala Liketso 3:22, 23.

18. Re ka mamela Jesu Kreste joang?

18 Ho mamela Jesu ho akarelletsa ‘ho mo talima ka hloko, re ntse re nahana ka hloko ka mohlala oa hae.’ (Baheb. 12:2, 3) Kahoo, re lokela ho ‘ela hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng lintho’ tseo re li balang ka eena ka Bibeleng le libukeng tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene,” hammoho le seo re se utloang se buuoa ka eena libokeng tsa Bokreste. (Baheb. 2:1; Mat. 24:45) Kaha re linku tsa hae, a re cheseheleng ho mamela Jesu re be re mo latele.—Joh. 10:27.

19. Ke sefe se tla re thusa hore re latele Kreste re sa khaotse?

19 Na re ka atleha ho latela Kreste re sa khaotse, ho sa tsotellehe hore na re hlaheloa ke eng? E, re ka atleha haeba re ‘ntse re tšoere mohlala oa mantsoe a phelisang hantle’ ka hore re sebelise seo re ithutang sona “ka tumelo le lerato le mabapi le Kreste Jesu.”—2 Tim. 1:13.

U Ithutile Eng?

• Ke hobane’ng ha ho latela “Kreste” ho ka etsa hore re be le kamano e mofuthu haholo le Jehova?

• Ke hobane’ng ha ho etsisa Kreste ho tšoana le ho etsisa Jehova?

• Jesu ke “tsela le ’nete le bophelo” joang?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela Motlotsuoa oa Jehova?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Lithuto tsa Jesu li ne li bontša tsela e phahameng eo Jehova a nahanang ka eona

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Re lokela ho latela Motlotsuoa oa Jehova ka botšepehi

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Jehova o ile a re: “Enoa ke Mora oa ka . . . mo mameleng”