Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Satane o ile a lelekoa neng leholimong?—Tšen. 12:1-9.

Le hoja buka ea Bibele ea Tšenolo e sa bolele nako e tobileng ea hore na Satane o ile a lelekoa neng leholimong, e bolela letoto la liketsahalo tse ka re thusang ho hakanya hore na o ile a lelekoa neng. Ketsahalo ea pele liketsahalong tseo ke ho tsoaloa ha ’Muso oa Bomesia. Ka mor’a moo, ‘ho ile ha qhoma ntoa leholimong,’ e ileng ea etsa hore Satane a hlōloe a be a lelekoe leholimong.

Mangolo a bontša ka ho hlaka hore selemo sa 1914 ke selemo seo “linako tse behiloeng tsa lichaba” li ileng tsa fela ka sona le seo ’Muso o ileng oa thehoa ka sona. * (Luka 21:24) Ntoa e loannoeng leholimong, e ileng ea fella ka hore Satane a lelekoe leholimong, e ile ea qala kapele hakae ka mor’a moo?

Tšenolo 12:4 e re: “Drakone [e leng Satane] ea tsoela pele e eme ka pel’a mosali ea neng a le haufi le ho beleha, e le hore, ha a beleha, e ka harola ngoana oa hae.” Sena se bontša hore Satane o ne a batla hore a felise ’Muso ona o mocha hang feela ha o qeta ho tsoaloa. Le hoja Jehova a ile a nka khato ho thibela Satane hore a phethe boikemisetso ba hae bo khopo, Satane o ne a ikemiselitse a bile a sa cheche boitekong ba hae ba ho senya ’Muso oo o neng o sa tsoa thehoa. Kahoo, hoa utloahala hore ebe “Mikaele le mangeloi a hae” ba ile ba nka khato ka potlako hore ba tlose “drakone le mangeloi a eona” leholimong e le hore e se ke ea ntša ’Muso kotsi. Ka lebaka leo, hoa utloahala ho fihlela qeto ea hore ho hlōloa le ho lelekoa ha Satane leholimong ho ile ha etsahala kapele ka mor’a hore ’Muso o tsoaloe ka 1914.

Ketsahalo e ’ngoe eo re ka nahanang ka eona, ke tsoho ea Bakreste ba tlotsitsoeng, eo bopaki bo tsoang ka Mangolong bo bontšang hore e qalile hang ka mor’a hore ’Muso o thehoe. * (Tšen. 20:6) Kaha ha ho le ea mong oa bara babo Kreste ba tlotsitsoeng eo ho boleloang hore o ne a e-na le Jesu ha a ne a loana le drakone le mangeloi a eona, ntoa e ileng ea loanoa leholimong le ho lelekoa ha Satane le bademona ba hae leholimong e ne e tla be e letse nakong eo ka eona bara babo Kreste ba qalang ho tsoha.

Kahoo, Bibele ha e bolele nako e tobileng eo Satane le bademona ba hae ba ileng ba lelekoa leholimong ka eona. Leha ho le joalo, ho hlakile hore ketsahalo ena e etsahetse kapele ka mor’a hore Jesu Kreste a behoe boreneng leholimong ka 1914.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 Sheba Molula-Qhooa oa January 1, 2007, leqepheng la 27-28, serapeng sa 9-13.