Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Batla Keletso e ka re Tsoelang Molemo

Ho Batla Keletso e ka re Tsoelang Molemo

Ho Batla Keletso e ka re Tsoelang Molemo

HAEBA u batla likeletso, u tla li fumana ka bongata. Khoebo ea libuka tse fanang ka likeletso ke e ’ngoe ea liindasteri tse hōlang ka potlako lefatšeng. Libakeng tse ling tse kang Brithani, Latin America, Japane le United States, libuka tse fanang ka likeletso li rekoa ho feta tse ling. Livideo, lithupelo le mananeo a thelevishene a fanang ka likeletso le ’ona a ea a ntse a ratoa. Ntho e khahlang batho haholo ke taba ea hore u ka hlōla mathata a hao ntle le ho ea bona setsebi sa kelello, moeletsi litabeng tsa manyalo, kapa moruti. Likeletso tsee li akarelletsa litaba tse kang life?

Boholo ba likeletso tsena li mabapi le tsela ea ho finyella sepheo, ho fumana molekane ea u khotsofatsang le tsela ea ho hōlisa bana. Ho sebetsana le ho tetebela maikutlong, ho siama le bohloko bo tlisoang ke tlhalo, ke tse ling tsa lihlooho tse tloaelehileng. Batho ba bangata ba boetse ba batla likeletso mabapi le hore na ba ka hlōla joang mokhoa oa ho ja ho tlōla, ho tsuba le ho noa haholo. Na likeletso tseo ba li fumanang li ba tsoela molemo? Ka linako tse ling li ba tsoela molemo, empa hangata ha ho joalo. Kahoo, tsela e bohlale ke ho nahana ka temoso ena ea Bibele: “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.”—Liproverbia 14:15.

Libuka tse fanang ka likeletso li fapana le libuka tsa thupelo tse rutang batho ho nka lifoto, ho boloka liak’haonte, kapa ho bua puo e ’ngoe. Ho e-na le hore motho a ee sekolong ho ea ithutela thuto e itseng, a ka sebelisa libuka tsa mofuta oo, tse ka mo tsoelang molemo ’me li sa bitse chelete e ngata. Libuka tse fanang ka likeletso lia fapana—ebang ke tsa litaba tsa khoebo, tsa manyalo, tsa ho hōlisa bana kapa tsa bophelo bo botle ba kelello. Hangata li khothalletsa batho hore ba phele ka tsela e itseng kapa ba latele lifilosofi tse itseng. Kahoo, tsela e bohlale ke hore motho a ipotse: ‘Ke mang ea fanang ka likeletso tsee? O fumana boitsebiso boo hokae?’

Hase ka linako tsohle litsebi li thehang maikutlo a tsona bopaking bo bokeletsoeng ka hloko. Ba bang ba ka ’na ba fana ka keletso e etsang hore buka e rekoe haholo, baa tseba hore ba ka etsa chelete e ngata ka ho bolella batho ntho eo ba batlang ho e utloa. Naheng e le ’ngoe feela, indasteri ea boitsebiso bo fang batho likeletso e etsa chelete e kaalo ka liranta tse limilione tse likete tse 75 selemo le selemo!

Mehloli e Fanang ka Likeletso e Molemo Hakae?

Ha u batla mehloli e fanang ka likeletso, u lebeletse ho fumana keletso e bohlale. Leha ho le joalo, ka linako tse ling u ka fumana keletso e okolang taba ka holimo feela kapa eo ho seng bonolo ho e utloisisa. Hangata, mehloli ea mofuta oo e re: ‘Hafeela o ipoleletse hore u tla atleha, u tla fela u atlehe. Ho sa tsotellehe hore na u batla’ng, ebang ke chelete, bophelo bo botle kapa ho ba le likamano tse ntle le batho ba bang, u tla li fumana haeba feela u itjoetsitse.’ Na keletso ea mofuta oo e ka u tsoela molemo? Na e ka u thusa ho sebetsana le maemo a bophelo le lintho tse nyahamisang bophelong?

Ka mohlala, nahana ka libuka tse buang ka likamano pakeng tsa batho le ka litaba tsa manyalo, e leng tse ling tsa litaba tseo batho ba li thahasellang haholo. Na li thusa batho ho theha malapa a thabileng le a tsitsitseng? Hase kamehla ho leng joalo. Ho latela mohlahlobi e mong, mongoli oa libuka tse ling tse fanang ka likeletso litabeng tsa lerato, tse ileng tsa rekoa haholo Latin America, “o ruta babali tsela eo ka eona baratani ba ka thehang kamano e tsitsitseng le kamoo ba ka itšepang kateng.” Mongoli eo o bolela hore ho ratana le motho eo u ntseng u bona hore ha ho moo le eang teng ke ho itšoetsa. Buka eo e re ntho ea bohlokoa ke hore motho a etse se mo thabisang ho e-na le ho nahana ka mathata a hae le ho leka ho a lokisa.

Ke ’nete hore libuka tse fanang ka likeletso li ka ’na tsa e-ba le likeletso tse molemo. Leha ho le joalo, li ka boela tsa fa batho likeletso tse fosahetseng. Setsebi se ka ’na sa fana ka keletso e ntle tabeng e itseng empa eare ha se fihla tabeng e ’ngoe, eaba se senya litaba le ho feta. Ho ke ke ha khoneha ho phenyekolla libuka tsena tse ngata, tseo hangata li fanang ka likeletso tse sa lumellaneng. U ka tšepa keletso ea mang? Ipotse: ‘Na keletso ee e batlisisitsoe ka hloko, kapa e mpa e le maikutlo a mongoli? Ho batla maruo kapa botumo ho susumelitse mongoli hakae ha a ngola buka ee?’

Buka e ’ngoe e ’nileng ea fana ka keletso e molemo ka lilemo-lemo ke Bibele. E fana ka keletso e ntle lihloohong tse ngata tseo libuka tse fanang ka likeletso li atisang ho fana ka tsona, haesita le lihloohong tse ling. E ’nile ea susumelletsa batho ba limilione hore ba mamele keletso ena: “Le nchafale matleng a susumetsang likelello tsa lōna . . . Le apare botho bo bocha.” (Baefese 4:23, 24) Bibele e fana ka temohisiso e bohlale e re thusang ho utloisisa sesosa sa mathata a rōna le ho re ruta tsela ea ho sebetsana le ’ona. Ntlha ea bohlokoa le ho feta ke hore, e susumetsa batho ka tsela e matla hore ba etse se nepahetseng. Sehlooho se latelang se tla hlalosa taba ena ka ho qaqileng.