Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ruta Bana ba hao

Mochana oa Pauluse o Pholosa Malome oa Hae Litleneng Tsa Lefu

Mochana oa Pauluse o Pholosa Malome oa Hae Litleneng Tsa Lefu

NA U ne u tseba hore moapostola Pauluse o ne a e-na le beng ka eena bao e neng e le balateli ba Jesu? *— Ho bonahala khaitseli ea Pauluse le mora oa hae e ne e le balateli ba Jesu. Ebile mochana eo oa Pauluse ke eena ea ileng a mo pholosa litleneng tsa lefu! Ha re tsebe lebitso la hae le la ’mè oa hae, empa re tseba seo a ileng a se etsa. Na u ka rata ho tseba pale ee?—

Pauluse o sa tsoa khutla leetong la hae la boraro la boromuoa ’me joale o Jerusalema. Kamoo ho bonahalang kateng, ke selemo sa 56 C.E. Pauluse o tšoeroe ’me o lokela ho ea nyeoeng. Empa lira tsa Pauluse ha li batle le hore a ee nyeoeng eo. Li mo batla a shoele! Kahoo, li etsa ’momori oa hore banna ba ka bang 40 ba mo lalle tseleng e le hore ba mo bolaee.

Joale mochana oa Pauluse o utloela ka ’momori ona. Na ua tseba hore o etsa’ng ka mor’a moo?— O ea ho Pauluse ’me o mo bolella taba eo. Hang-hang Pauluse o bolella molaoli oa mabotho: “Isa mohlankana enoa ho molaoli oa sesole, kaha o na le ho hong hoo a tla mo tlalehela hona.” Molaoli eo oa mabotho a fela a mo isa ho molaoli oa sesole, e leng Claudiase Lysiase, a ba a mo tsebisa hore mohlankana eo o mo tliselitse litaba tsa bohlokoa. Eaba Claudiase o ea le mohlankana eo thōkoana, ’me eena a mo phetela tsohle.

Claudiase o lemosa mochana oa Pauluse: “U se ke ua senolela leha e le mang hore u ntlhakiselitse lintho tsena.” Eaba o bitsa balaoli ba babeli ba mabotho ’me o ba bolella hore ba hlophise masole a 200, banna ba lipere ba 70 le banna ba marumo ba 200 ba tla nka leeto le eang Cesarea. Ha hora ea borobong e otla bosiung boo, banna ba 470 baa tloha ’me ba sireletsa Pauluse ho mo isa Cesarea, ho ’Musisi oa Moroma Felixe. Lengolong leo Claudiase a le ngollang Felixe, o mo bolella ka ’momori oa Bajuda oa ho bolaea Pauluse.

Kahoo, joale Bajuda ba tlameha ho ea kopana le Pauluse lekhotleng le Cesarea e le hore ba e’o mo qosa. Empa, ho hlakile hore ha ba na bopaki bo bontšang hore ho na le ntho e mpe eo Pauluse a e entseng. Leha ho le joalo, ka ho hloka toka, Pauluse o koalloa chankaneng lilemo tse peli. Kahoo, oa ipiletsa hore nyeoe ea hae e e’o tšoareloa Roma, ’me o romeloa teng.—Liketso 23:16–24:27; 25:8-12.

Re ithuta’ng tlalehong ee ea mochana oa Pauluse?— Ho hlokahala hore re be sebete ha re lokela ho tlaleha taba e itseng eo batho ba bang ba lokelang ho e tseba le hore haeba re etsa joalo, re ka pholosa bophelo ba batho ba bang. Esita leha Jesu a ne a tseba hore lira tsa hae li ne li “batla ho mo bolaea,” o ile a tsoela pele ho bolella batho litaba tse amanang le ’Muso oa Molimo. Jesu o ile a re le rōna re etse se tšoanang. Na re tla etsa joalo? Ke sona seo re tla se etsa haeba re e-na le sebete se kang sa mochana oa Pauluse.—Johanne 7:1; 15:13; Matheu 24:14; 28:18-20.

Ha Pauluse a khothatsa motsoalle oa hae e mocha lilemong ea bitsoang Timothea, o ile a re: “Ikele hloko kamehla ’me u ele hloko le ho ruta ha hao. Lula linthong tsena, kaha ka ho etsa sena u tla ipholosa ’me u pholose le ba u mamelang.” (1 Timothea 4:16) Ka sebele, mochana oa Pauluse o ile a sebelisa likeletso tse joalo tse tsoang ho malome oa hae. Na le uena u tla li sebelisa?

^ ser. 3 Haeba u bala sehlooho sena le ngoana, u lokela ho etsa khefu moo ho nang le motoa ’me u emele hore a arabe.