Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

O Utloisisa Moo re Haelloang Teng

O Utloisisa Moo re Haelloang Teng

Atamela ho Molimo

O Utloisisa Moo re Haelloang Teng

Levitike 5:2-11

“KE LEKILE sohle seo nka se khonang, empa ha ho mohla nkileng ka utloa ke khotsofetse.” Ke kamoo ho boletseng mosali e mong ka mor’a ho ikitlaelletsa ho khahlisa Molimo. Na Jehova Molimo o ananela boikitlaetso ba barapeli ba hae ha ba entse sohle se matleng a bona? Na oa utloisisa hore ho na le lintho tseo ba ke keng ba khona ho li etsa le tseo maemo a bona a ke keng a ba lumella ho li etsa? E le ho araba lipotso tsena, ho molemo hore re tšohle se boletsoeng Molaong oa Moshe mabapi le linyehelo tse itseng, joalokaha se tlalehiloe ho Levitike 5:2-11.

Ho ea ka Molao, Molimo o ne a batla hore ho etsoe mahlabelo, kapa linyehelo tsa mefuta e sa tšoaneng e le ho koahela libe. Maemong a boletsoeng litemaneng tsena, ke ha motho a ne a entse sebe a sa rera kapa e se ka boomo. (Temana ea 2-4) Ha motho a ne a elelloa sebe sa hae, o ne a lokela ho se bolela ebe o etsa nyehelo ea molato ka “konyana e tšehali kapa potsanyane e tšehali.” ((Temana ea 5, 6) Empa o ne a tla etsa joang haeba e ne e le mofutsana ’me a se na konyana kapa pōli eo a ka nyehelang ka eona? Na Molao o ne o qobella motho ea joalo hore a e’o alima phoofolo ea mofuta oo, ebe o kena likolotong? Na o ne a lokela ho sehla ka thata ho fihlela a ka e fumana, e leng se neng se ka etsa hore sebe sa hae se liehe ho koaheloa?

E le ho bontša hore Jehova o nahanela batho ka tsela e lerato, Molao o ne o re: “Leha ho le joalo, haeba [a] sa khone ho fana ka nku, joale [a] tlise ho Jehova maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli e le nyehelo ea molato bakeng sa sebe seo [a] se entseng, le leng bakeng sa nyehelo ea sebe ’me le leng bakeng sa nyehelo ea secheso.” (Temana ea 7) Poleloana e reng “haeba [a] sa khone,” e bontša hore Molimo o ne a thabela ho amohela ho hong hoo motho ea nyehelang a neng a ka khona ho fana ka hona. Haeba Moiseraele a ne a futsanehile haholo hoo a neng a hlōleha ho fana ka nku, Molimo o ne a ananela ntho leha e le efe eo a neng a ka fana ka eona—ebang ke maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli.

Motho o ne a etsa joang haeba a ne a sitoa ho fana ka maebana-khoroana kapa maebana ao a mabeli? Molao o ne o re: “Joale bakeng sa nyehelo ea [hae] ea sebe seo [a] se entseng [a] tlise karolo ea leshome ea efa ea phofo e thumisehileng [likopi tse robeli kapa tse robong] bakeng sa nyehelo ea sebe.” (Temana ea 11) Jehova o ile a etsetsa batho ba itšokolang haholo tokisetso e fapaneng, a ba lumella hore ba etse nyehelo ea sebe ntle ho mali. * Iseraeleng, bofuma bo ne bo sa sitise motho hore a koahele sebe kapa ho mo tima monyetla oa ho lokisa kamano ea hae le Molimo.

Re ithuta’ng ka Jehova molaong o mabapi le linyehelo tsa molato? Re ithuta hore ke Molimo ea utloelang barapeli ba hae bohloko, ea utloisisang moo ba haelloang teng. (Pesaleme ea 103:14) O batla hore re atamele haufi le eena ’me re loanele ho ba le kamano e ntle le eena esita leha re tobane le mathata a kang a botsofali, a ho haelloa ke bophelo, mathata a lelapa esita le lintho tse ling tseo re tlamehang ho li etsa. Re ka tsoha molota ha re tseba hore Jehova Molimo oa thaba ha a bona re etsa sohle se matleng a rōna.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Mali a phoofolo eo ho etsoang sehlabelo ka eona a ne a e-na le matla a ho koahela libe ’me ho Molimo a ne a halalela. (Levitike 17:11) Na seo se bolela hore linyehelo tsa mafutsana tse etsoang ka phofo li ne li se na thuso? Le hanyenyane. Ka sebele, Jehova o ne a khahloa ke boikokobetso le boikemisetso ba batho ba neng ba etsa linyehelo tsa mofuta oo. Ho feta moo, libe tsa sechaba sohle—ho akarelletsa le tsa mafutsana—li ne li koaheloa ka mali a liphoofolo tse neng li nyeheloa ho Molimo selemo le selemo ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe.—Levitike 16:29, 30.