Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Chesehela Ntlo ea Jehova!

Chesehela Ntlo ea Jehova!

Chesehela Ntlo ea Jehova!

“Cheseho ea ntlo ea hao e tla ntja.”—JOH. 2:17.

1, 2. Jesu o ile a etsa’ng tempeleng ka 30 C.E., hona hobane’ng?

AK’U nahane ka ketsahalo ena. Ke nako ea Paseka, selemong sa 30 C.E. Likhoeli tse tšeletseng pele ho moo, Jesu o ile a qala tšebeletso ea hae lefatšeng. Joale o nyolohela Jerusalema. Ha Jesu a fihla tempeleng, o fumana “ba rekisang likhomo le linku le maeba le ba ananyang chelete litulong tsa bona” ka Lebaleng la Balichaba. O tsoka sephali se entsoeng ka liropo, ’me o leleka liphoofolo tsohle, ’me ho hlakile hore bahoebi ba li sala morao. Jesu o boetse o tšolla lichelete tsa tšepe tsa ba ananyang chelete ebile o phethola litafole tsa bona. O laela ba rekisang maeba hore ba nke lintho tsa bona ’me ba tsamaee.—Joh. 2:13-16.

2 Liketso tsa Jesu li bontša hore o ne a nka tempele e le ea bohlokoa haholo. O fana ka taelo ena: “Khaotsang ho etsa ntlo ea Ntate ntlo ea thekiso!” Ha barutuoa ba Jesu ba hlokomela liketsahalo tsena, ba hopola mantsoe ao mopesaleme Davida a ileng a a ngola lilemong tse makholo tse fetileng, a reng: “Cheseho ea ntlo ea hao e tla ntja.”—Joh. 2:16, 17; Pes. 69:9.

3. (a) Cheseho ke eng? (b) Re ka ipotsa potso efe?

3 Kaha Jesu o ne a nka ntlo ea Molimo e le ea bohlokoa a bile a e chesehela, seo se ile sa mo susumelletsa hore a nke khato. Cheseho ke “ho labalabela le ho ba le tjantjello e matla ea ho etsa ntho e itseng.” Lekholong lena la bo21 la lilemo, Bakreste ba fetang limilione tse supileng ba bontša hore ba nka ntlo ea Molimo e le ea bohlokoa. E mong le e mong oa rōna a ka ipotsa, ‘Nka etsa joang hore ke chesehele ntlo ea Jehova le ho feta?’ E le ho re thusa hore re arabe potso eo, a re qaleng ka ho hlahloba hore na ntlo ea Molimo ke eng kajeno. Ka mor’a moo re tla tšohla mehlala ea Bibele ea banna ba tšepahalang ba ileng ba bontša hore baa e chesehela. Mehlala ea bona e ngoletsoe “ho re laea” ’me e ka re susumelletsa hore re chesehe le ho feta.—Bar. 15:4.

Ntlo ea Molimo—Nakong e Fetileng le Kajeno

4. Tempele eo Solomone a ileng a e haha e ne e phetha morero ofe?

4 Iseraeleng ea boholo-holo, ntlo ea Molimo e ne e le tempele e neng e le Jerusalema. Ho hlakile hore Jehova o ne a hlile a sa lule moo. O ile a re: “Maholimo ke terone ea ka, ’me lefatše ke setuloana sa ka sa maoto. Joale, e hokae ntlo eo le ka nkahelang eona, ’me joale, se hokae sebaka seo e leng sebaka sa ka sa phomolo?” (Esa. 66:1) Leha ho le joalo, tempele e ileng ea hahoa pusong ea Solomone e ne e le setsi sa borapeli ba Jehova, moo ho neng ho rapelloa teng.—1 Mar. 8:27-30.

5. Borapeli bo neng bo etsoa tempeleng ea Solomone bo ne bo tšoantšetsa eng?

5 Kajeno, ntlo ea Jehova hase mohaho o Jerusalema kapa sebakeng leha e le sefe. Ho e-na le hoo, ke tokisetso ea hore re mo rapele ka sehlabelo sa thekollo sa Kreste. Bahlanka bohle ba Molimo ba tšepahalang lefatšeng, ba rapela Jehova hammoho tempeleng ena ea moea.—Esa. 60:4, 8, 13; Lik. 17:24; Baheb. 8:5; 9:24.

6. Ke marena afe a Juda a ileng a bontša hore a chesehela borapeli ba ’nete ka tsela e ikhethang?

6 Ka mor’a hore Iseraele e etsoe mebuso e ’meli ka 997 B.C.E., marena a 4 ho a 19 a ileng a busa Juda, e leng karolo e ka boroa, a ile a bontša hore a chesehela borapeli ba ’nete ka tsela e ikhethang. E ne e le Asa, Josafate, Ezekiase le Josiase. Re ka ithuta lintho life tsa bohlokoa mehlaleng ea bona?

Jehova o Hlohonolofatsa ba mo Sebeletsang ka Pelo Eohle

7, 8. (a) Jehova o re hlohonolofatsa ha re mo sebeletsa joang? (b) Mohlala oa Morena Asa o re ruta eng e lemosang?

7 Nakong ea puso ea Morena Asa, Jehova o ile a roma baprofeta hore ba tataise sechaba sa Hae hore se lule se tšepahala. Ka mohlala, Bibele e re Asa o ile a mamela moprofeta Azaria, mora oa Odede. (Bala 2 Likronike 15:1-8.) Liphetoho tseo Asa a ileng a li etsa li ile tsa kopanya sechaba sa Juda hammoho le batho ba bangata ba ’muso oa Iseraele ba ileng ba ea kopanong e khōlō e neng e le Jerusalema. Bohle ba ile ba phatlalatsa hore ba ikemiselitse ho rapela Jehova ka botšepehi. Bibele e re: “Ba hlapanyetsa Jehova ka mantsoe a phahameng le ka mohoo oa thabo le ka literompeta le ka manaka. Bajuda bohle ba thaba ka lebaka la ntho e hlapanyelitsoeng; etsoe ba ne ba hlapantse ka lipelo tsohle tsa bona ’me ba mo batlile ka nyakallo e feletseng, hoo a ileng a etsa hore ba mo fumane; Jehova a tsoela pele ho ba fa phomolo ka hohle.” (2 Likron. 15:9-15) Ka tsela e tšoanang Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re mo sebeletsa ka lipelo tsohle tsa rōna.—Mar. 12:30.

8 Ka masoabi, hamorao Asa o ile a khopeha ha a ne a khalemeloa ke Hanani, seboni. (2 Likron. 16:7-10) Re etsa joang ha Jehova a re eletsa kapa a re tataisa a sebelisa baholo ba Bakreste? Na ka potlako re amohela keletso ea bona ea Mangolo ebile rea e sebelisa e le hore re qobe ho oela kotsing ea ho khopeha?

9. Josafate le Bajuda ba ne ba sokeloa ke eng, hona ba ile ba etsa’ng?

9 Josafate o ile a busa Juda lekholong la leshome la lilemo B.C.E. Eena le Bajuda bohle ba ne ba sokeloa ke mabotho a ikopantseng a Ammone, Moabe le batho ba sebakeng se lithaba sa Seire. Le hoja morena a ne a tšohile, o ile a etsa’ng? Eena le banna ba Juda, hammoho le basali ba bona le bana, ba ile ba phuthehela ntlong ea Jehova ho ea rapela. (Bala 2 Likronike 20:3-6.) Tumellanong le mantsoe ao Solomone a ileng a a bua pejana ha ho ne ho neheloa tempele, Josafate o ile a kōpa Jehova ka tieo, a re: “Molimo oa rōna, na u ke ke ua phethahatsa kahlolo holim’a bona? Etsoe ha re na matla ka pel’a bongata bona bo boholo bo re futuhelang; ha re tsebe seo re tšoanelang ho se etsa, empa mahlo a rōna a talimile ho uena.” (2 Likron. 20:12, 13) Ka mor’a hore Josafate a rapele a le “bohareng ba phutheho,” moea oa Jehova o ile oa susumetsa Jahaziele oa Molevi, hore a bue mantsoe a khothatsang a ileng a etsa hore sechaba se be sebete.—Bala 2 Likronike 20:14-17.

10. (a) Josafate le Bajuda ba ile ba tataisoa joang? (b) Re ka bontša joang hore re ananela tataiso eo Jehova a re fang eona kajeno?

10 Ha ho pelaelo hore nakong eo, Jehova o ile a tataisa Josafate le ’muso oa Juda a sebelisa Jahaziele. Kajeno, re fuoa khothatso le tataiso ka sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene. Ka sebele, kamehla re lokela ho sebelisana le baholo ba khethiloeng, ba sebetsang ka thata ho re alosa le ho sebelisa tataiso eo “lekhoba le tšepahalang le le masene” le fanang ka eona ’me re lokela le ho ba hlompha.—Mat. 24:45; 1 Bathes. 5:12, 13.

11, 12. Re ka ithuta eng ho se ileng sa etsahalla Josafate le Bajuda?

11 Feela joalokaha Josafate le sechaba sa hae ba ile ba phutheha hore ba batle tataiso ea Jehova, le rōna a re se keng ra tlohela ho ba teng kamehla libokeng tsa phutheho hammoho le bara le barali babo rōna. Haeba ka linako tse ling re e-ba maqakabetsing ’me re sa tsebe hore na re etse joang, re lokela ho latela mohlala o motle oo Josafate le sechaba sa Juda ba ileng ba o beha ’me re ee ho Jehova ka thapelo, re Mo tšepe ka ho feletseng. (Liprov. 3:5, 6; Bafil. 4:6, 7) Esita le haeba re arohantsoe le bara le barali babo rōna, likōpo tsa rōna tse matla tse eang ho Jehova li re kopanya le “mokhatlo oohle oa barab’abo [rōna] lefatšeng.”—1 Pet. 5:9.

12 Josafate le sechaba sa hae ba ile ba latela tataiso ea Jahaziele e tsoang ho Molimo. Litholoana tsa seo e ile ea e-ba life? Ba ile ba hlōla ntoeng e ileng ea e-ba teng ’me ba khutlela Jerusalema “ka thabo” le “ka liletsa tse likhoele le ka liharepa le ka literompeta ntlong ea Jehova.” (2 Likron. 20:27, 28) Ka tsela e tšoanang, le rōna re hlompha tataiso eo Jehova a fanang ka eona ka lekhoba le tšepahalang le le masene ’me le rōna re mo rorisa hammoho le batho ba hae.

A re Hlokomeleng Libaka Tseo re Kopanelang ho Tsona

13. Ezekiase o ile a qala mosebetsi ofe qalong ea puso ea hae?

13 Khoeling ea pele eo Ezekiase a qalileng ho busa ka eona, o ile a bontša hore o chesehela borapeli ba Jehova ka hore a boele a bule tempele a be a e lokise. O ile a hlophisa baprista le Balevi hore ba hloekise ntlo ea Molimo. Ba ile ba etsa mosebetsi oo ka matsatsi a 16. (Bala 2 Likronike 29:16-18.) Seo se re hopotsa mosebetsi oa ho hlokomela le oa ho lokisa libaka tseo re kopanelang ho tsona o etsang hore li lule li le boemong bo bontšang hore re chesehela borapeli ba Jehova. E ka ’na eaba u se u kile ua utloa liphihlelo tse bontšang hore batho ba ’nile ba khahloa ke cheseho ea bara le barali babo rōna ba etsang mosebetsi oo. Ruri mosebetsi oa bona o etsa hore Jehova a rorisoe haholo.

14, 15. Ke mosebetsi ofe oo kajeno o entseng hore Jehova a rorisoe haholo? Fana ka mehlala.

14 Monna e mong oa toropong e ’ngoe e karolong e ka leboea ea Engelane, o ne a le khahlanong le mosebetsi o neng o lokela ho etsoa oa ho nchafatsa Holo ea ’Muso e neng e sehelana moeli le setša sa hae. Barab’abo rōna ba sebakeng seo ba ile ba e-ba mosa ho eena. Ha ba hlokomela hore lebota le neng le arotse Holo ea ’Muso le setša sa moahelani le hloka ho lokisoa, ba ile ba ithaopela ho le lokisa mahala. Ba ile ba sebetsa ka thata, ha e le hantle, ba ile ba tsosa karolo e khōlō ea lebota leo. Ba ile ba sebetsa litaba hantle hoo moahelani eo a ileng a fetola maikutlo. Ebile hona joale o thusa ho beha Holo ea ’Muso leihlo.

15 Batho ba Jehova ba etsa mosebetsi oa ho haha lefatšeng lohle. Baithaopi ba mafolofolo ba sebakeng ka seng, ba sebetsa hammoho le basebeletsi ba machaba ho haha Liholo Tsa ’Muso hammoho le Liholo Tsa Kopano le mahae a Bethele. Sam ke setsebi sa thepa e fehlang moea o chesang le o batang. Eena le mosali oa hae Ruth, ba ’nile ba ea linaheng tse ’maloa Europe le Afrika ho ea thusa mesebetsing ea ho haha. Hohle moo ba eang ba boetse ba thabela ho kopanela mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo le liphutheho tsa libakeng tseo. Sam o hlalosa hore na o susumelitsoe ke eng hore a etse mosebetsi ona oa machaba, o re: “Ke ile ka khothatsoa ke ba bang ba ’nileng ba sebetsa mahaeng a Bethele, mona le linaheng tse ling. Ha ke bona cheseho le thabo ea bona, seo se ile sa ntšusumetsa hore le ’na ke lakatse ho sebeletsa ka tsela ena.”

Phetha Litaelo Tsa Molimo

16, 17. Ke mosebetsi ofe o khethehileng oo batho ba Molimo ba o entseng ka mafolofolo, ’me litholoana tsa seo e bile life?

16 Ho phaella mosebetsing oa ho lokisa tempele, Ezekiase o ile a tsosolosa mokete oa Paseka oa selemo le selemo oo Jehova a neng a laetse hore o etsoe. (Bala 2 Likronike 30:1, 4, 5.) Ezekiase le baahi ba Jerusalema ba ile ba mema sechaba sohle—esita le ba ’muso o ka leboea. Limathi li ile tsa titima naheng eohle li tsamaisa mangolo a memo.—2 Likron. 30:6-9.

17 Lilemong tsa morao tjena, re ’nile ra etsa mosebetsi o batlileng o tšoana le oo. Re ’nile ra sebelisa limemo tse ntle tse hatisitsoeng ho mema batho ba tšimong ea rōna hore ba kopanele le rōna ha re ikhopotsa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, e le ha re phetha taelo ea Jesu. (Luka 22:19, 20) Re ’nile ra fuoa litaelo Libokeng Tsa Tšebeletso ’me ra kopanela mosebetsing ona ka cheseho. Ruri Jehova o hlohonolofalitse boiteko bona ba rōna! Selemong se fetileng, re le batho ba ka bang limilione tse supileng re ile ra fana ka limemo ’me ka kakaretso ho ile ha e-ba teng batho ba 17 790 631!

18. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u chesehele borapeli ba ’nete?

18 Ha Bibele e bua ka Ezekiase e re: “O ile a tšepa Jehova Molimo oa Iseraele; ka mor’a hae ha hoa ka ha e-ba le ea mong ea tšoanang le eena har’a marena ’ohle a Juda, esita le a neng a bile teng pele ho eena. A ’na a khomarela Jehova. Ha aa ka a kheloha ho mo latela, empa a tsoela pele a boloka litaelo tsa hae tseo Jehova a neng a li laetse Moshe.” (2 Mar. 18:5, 6) E se eka le rōna re ka etsa joalo. Ha re chesehela ntlo ea Molimo, sena se tla re thusa hore re ‘’ne re khomarele Jehova,’ re lebeletse bophelo bo sa feleng.—Deut. 30:16.

Potlakela ho Phetha Litaelo

19. Ke boiteko bofe bo matla bo etsoang nakong ea Sehopotso?

19 Ha Josiase e ne e le morena, le eena o ile a lokisetsa ka hloko hore ho ketekoe Paseka. (2 Mar. 23:21-23; 2 Likron. 35:1-19) Le rōna ka hloko re lokisetsa likopano tsa setereke, tsa potoloho, tse khethehileng tsa letsatsi hammoho le Sehopotso. Barab’abo rōna linaheng tse ling ba bile ba beha bophelo ba bona kotsing, e le hore ba ikhopotse lefu la Kreste. Baholo ba chesehang ba tiisa hore ka phuthehong ho se ke ha e-ba le motho ea hlokomolohuoang. Ba hōlileng le ba kulang ba thusoa hore ba be teng ketsahalong eo.

20. (a) Ke eng e ileng ea etsahala pusong ea Morena Josiase, ’me o ile a etsa’ng? (b) Ke taba efe eo re lokelang ho nahanisisa ka eona?

20 Nakong eo ho neng ho etsoa mosebetsi oa tsosoloso o neng o hlophisitsoe ke Morena Josiase, Moprista ea Phahameng Hilkia o ile a “fumana buka ea molao oa Jehova e fanoeng ka letsoho la Moshe.” O ile a e fa mongoli oa morena, e leng Shafane ’me eena a e balla Josiase. (Bala 2 Likronike 34:14-18.) Litholoana tsa seo e ile ea e-ba life? Hang-hang morena o ile a hahola liaparo tsa hae a utloile bohloko ’me a laela banna hore ba bue le Jehova. Molimo o ile a sebelisa moprofeta oa mosali Hulda, hore a bolele molaetsa o nyatsang mekhoa ea bolumeli e neng e etsoa Juda. Leha ho le joalo, Jehova o ile a hlokomela boiteko ba Josiase bo botle ba ho felisa borapeli ba litšoantšo, ’me o ile a lula a mo amohela ho sa tsotellehe litlokotsi tseo ho neng ho boletsoe esale pele hore li tla oela sechaba sohle. (2 Likron. 34:19-28) Taba ee e re ruta’ng? Ka sebele le rōna re na le takatso e tšoanang le ea Josiase. Re lokela ho potlakela ho phetha litaelo tsa Jehova, ’me re nahanisise ka se ka etsahalang haeba re ka lumella bokoenehi le ho se tšepahale hore li re sitise ho rapela Jehova. Re ka kholiseha hore Jehova o tla hlokomela ha re chesehela borapeli ba ’nete, feela joalokaha a ile a hlokomela ha Josiase a ne a bo chesehela.

21, 22. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša hore re chesehela ntlo ea Jehova? (b) Sehloohong se latelang re tla tšohla eng?

21 Marena ao a mane a Juda—e leng Asa, Josafate, Ezekiase le Josiase—a ile a re behela mohlala o motle oa hore re chesehele ntlo ea Molimo le borapeli ba hae. Ka tsela e tšoanang cheseho ea rōna e lokela ho re susumelletsa hore re tšepe Jehova ’me re etse sohle seo re ka se khonang borapeling ba hae. Ka sebele, ho phetha litaelo tsa Molimo le ho amohela tlhokomelo e lerato le khalemelo eo re e fuoang ke phutheho le baholo ke bohlale ebile ho etsa hore re thabe.

22 Sehloohong se latelang ho tla tšohloa haholo taba ea ho chesehela tšebeletso ea tšimo ’me ho tla khothalletsoa bacha hore ba sebeletse Ntate oa rōna ea lerato ka cheseho. Re tla boela re tšohle kamoo re ka qobang e ’ngoe ea litšusumetso tsa Satane tse silafatsang ka ho fetisisa. Ha re ntse re latela ka cheseho likhopotso tseo kaofela tse tsoang ho Jehova, re tla be re latela mohlala oa Jesu, Mora oa Jehova, eo ha ho buuoa ka eena ho ileng ha thoe: “Cheseho ea ntlo ea hao e ntjele.”—Pes. 69:9; 119:111, 129; 1 Pet. 2:21.

Na U sa Hopola?

• Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re mo sebeletsa joang, hona hobane’ng?

• Re ka bontša joang hore re tšepa Jehova?

• Cheseho e ka re susumetsa joang hore re phethe litaelo tsa Molimo?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Asa, Josafate, Ezekiase le Josiase ba ile ba bontša joang hore ba chesehela ntlo ea Jehova?