Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bua ’Nete le Moahelani oa Hao

Bua ’Nete le Moahelani oa Hao

Bua ’Nete le Moahelani oa Hao

“Kaha joale le lahlile leshano, e mong le e mong oa lōna a bue ’nete le moahelani oa hae.”—BAEF. 4:25.

1, 2. Batho ba bangata ba na le maikutlo afe ka ’nete?

KA LILEMO tse ngata, batho ba ’nile ba phehisana khang ka taba ea hore na ’nete ke eng. Lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., seroki sa Mogerike Alcaeus se ile sa re: “Veine e ntša ’nete.” Seo se ne se bolela hore motho o bua ’nete ha a se a noele veine ho tlōla tekano ’me leleme le se le lokolohile. ’Musisi oa Roma oa lekholong la pele la lilemo, Ponse Pilato, le eena o ile a bontša hore o ne a e-na le maikutlo a fosahetseng ka ’nete ha ka ho phoqa a ne a botsa Jesu a re: “’Nete ke eng?”—Joh. 18:38.

2 Kajeno ho na le maikutlo a mangata a fapaneng ka hore na ’nete ke eng. Batho ba bangata ba re lentsoe “’nete” le na le meelelo e sa tšoaneng kapa ba re ’nete e fapana ho ea ka batho. Ba bang ba bua ’nete feela ha lintho li ba tsamaela hantle kapa ha maemo a lumela. Buka ea The Importance of Lying e re: “E ka ’na eaba botšepehi ke ntho e ntle, empa ha bo na thuso ha bophelo ba motho bo le kotsing kapa motho a batla ho sireletseha. Motho ha a na boikhethelo tabeng ena—o tlameha ho bua leshano e le hore a phele.”

3. Ke hobane’ng ha Jesu e ne e le mohlala o ikhethang oa ho bua ’nete?

3 Barutuoa ba Kreste ba fapane hakaakang! Jesu o ne a sa nke ’nete ka tsela eo bo-rafilosofi ba neng ba e nka ka eona. O ne a bua ’nete ka linako tsohle. Esita le lira tsa hae li ne li lumela seo, li re: “Mosuoe, rea tseba hore u na le ’nete le hore u ruta tsela ea Molimo ka ’nete.” (Mat. 22:16) Ka tsela e tšoanang, kajeno Bakreste ba ’nete ba etsisa mohlala oa Jesu. Ha ba qeaqee ho bua ’nete. Ka lipelo tsohle tsa bona ba lumellana le moapostola Pauluse ea ileng a eletsa balumeli-’moho le eena a re: “Kaha joale le lahlile leshano, e mong le e mong oa lōna a bue ’nete le moahelani oa hae.” (Baef. 4:25) A re ke re hlahlobeng lintho tse tharo tse amanang le mantsoe a Pauluse. Ea pele, moahelani oa rōna ke mang? Ea bobeli, ho bua ’nete ho bolela’ng? Ea boraro, ’me re ka sebelisa see joang bophelong ba rōna letsatsi le leng le le leng?

Moahelani oa Rōna ke Mang?

4. Ho fapana le baeta-pele ba Bajuda ba lekholong la pele la lilemo, Jesu o ile a bontša maikutlo a tšoanang le a Jehova joang mabapi le hore na moahelani oa rōna ke mang?

4 Lekholong la pele la lilemo C.E., baeta-pele ba bang ba Bajuda ba ne ba ruta hore ke Bajuda ba habo bona feela kapa metsoalle ea bona ba neng ba lokela ho bitsoa “moahelani.” Leha ho le joalo, Jesu o ne a etsisa Ntate oa hae ka mokhoa o phethahetseng ’me o ne a nka lintho ka tsela eo Ntate oa hae a neng a li nka ka eona. (Joh. 14:9) Taba ea bohlokoa ke hore o ile a bontša barutuoa ba hae hore Molimo ha a sekisetse merabe kapa lichaba tse ling. (Joh. 4:5-26) Ho feta moo, moea o halalelang o ile oa bontša moapostola Petrose hore “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Lik. 10:28, 34, 35) Ka lebaka leo, re lokela ho nka motho e mong le e mong e le moahelani oa rōna, re rate le ba itšoarang joaloka lira tsa rōna.—Mat. 5:43-45.

5. Ho bua ’nete le moahelani oa rōna ho bolela’ng?

5 Leha ho le joalo, Pauluse o ne a bolela’ng ha a re re lokela ho bua ’nete le moahelani oa rōna? Ho bua ’nete ho akarelletsa ho bolela litaba tsa ’nete, tse se nang thetso. Bakreste ba ’nete ha ba sothe litaba kapa ha ba bue lintho tseo e seng tsona ka morero oa ho thetsa ba bang. Ba ‘nyonya se khopo’ ’me ‘ba khomarela se molemo.’ (Bar. 12:9) Re lokela ho etsisa “Molimo oa ’nete,” ’me re ikitlaelletse ho tšepahala le ho bua ’nete ha re sebelisana le ba bang. (Pes. 15:1, 2; 31:5) Haeba re khetha mantsoe a rōna ka hloko, esita le maemo a hlabisang lihlong kapa a sa thabiseng a ka rarolloa ka bohlale ho sa hlokahale hore re be mano.—Bala Bakolose 3:9, 10.

6, 7. (a) Na ho bua ’nete ho bolela hore re tlameha ho bolella motho e mong le e mong litaba tsa rōna? Hlalosa. (b) Ke bo-mang bao re lokelang ho ba tšepa le ho ba bolella ’nete?

6 Na ho bua ’nete ho batho ba bang ho bolela hore ha motho a re botsa potso re tlameha ho bolela ntho e ’ngoe le e ’ngoe? Hase kamehla ho leng joalo. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a bontša hore batho ba bang ha ba na tokelo ea ho fuoa karabo e tobileng kapa ho bolelloa litaba tse itseng. Ha baeta-pele ba bolumeli ba baikaketsi ba ne ba botsa Jesu hore na o ne a etsa lipontšo le mehlolo ka matla afe, o ile a re: “Ke tla le botsa potso e le ’ngoe. Le nkarabe, ’me le ’na ke tla le bolella hore na ke etsa lintho tsena ka matla afe.” Eitse ha bangoli le banna ba baholo ba e-ba leqe ho araba, Jesu o ile a re: “Le ’na ha ke le bolelle hore na ke etsa lintho tsena ka matla afe.” (Mar. 11:27-33) Ha aa ka a utloa a tlamehile ho araba potso ea bona ka lebaka la mekhoa ea bona e litšila le mohlala oa bona o mobe oa ho hloka tumelo. (Mat. 12:10-13; 23:27, 28) Ka tsela e tšoanang, kajeno batho ba Jehova ba lokela ho itlhokomela ho bakoenehi le batho ba bang ba khopo ba sebelisang bolotsana kapa mano ka mabaka a boithati.—Mat. 10:16; Baef. 4:14.

7 Pauluse le eena o ile a bontša hore batho ba bang ba ka ’na ba se ke ba lokela hore ba fuoe karabo e feletseng. O ile a re “basebi le ba kena-kenanang le litaba tsa batho ba bang” ba “bua ka lintho tseo ba sa tšoanelang ho bua ka tsona.” (1 Tim. 5:13) Ka sebele, batho ba bohelehele kapa ba se nang sefuba ba ka ’na ba fumana hore batho ba bang ba leqe ho ba bolella litaba tsa bona. Ke hantle hakaakang ho mamela keletso ea Pauluse e bululetsoeng e reng: “Sepheo sa lōna e be ho phela ka khutso le ho hlokomela litaba tsa lōna.” (1 Bathes. 4:11) Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore baholo ba phutheho ba botse motho lipotso ka litaba tsa hae e le hore ba tsebe ho phetha mosebetsi oa bona. Boemong bo joalo, ha re bua ’nete ebile re sebelisana le bona ba tla ananela seo haholo.—1 Pet. 5:2.

Bua ’Nete Litabeng Tsa Lelapa

8. Ho bua ’nete ho thusa litho tsa lelapa joang hore li momahane?

8 Hangata batho bao re tlamahanang haholo le bona ke ba lelapa. E le hore re matlafatse tlamahano ena, ke habohlokoa hore re bolellane ’nete. Mathata a mangata le liphapang li ka fokotsoa kapa tsa felisoa ka hore ha batho ba buisana ba bulelane lifuba, ba tšepahale hape ba be mosa. Ka mohlala, ha re entse phoso, na re ba leqe ho lumela hore re e entse ho balekane ba rōna, ho bana ba rōna kapa ho beng ka rōna ba haufi? Ho kōpa tšoarelo ho tsoa botebong ba pelo ho etsa hore ho rene khotso le kutloano ka lapeng.—Bala 1 Petrose 3:8-10.

9. Ke hobane’ng ha ho bua ’nete ho sa bolele ho bua feela re sa khethe mantsoe kapa ho bua re sa hlomphe?

9 Ho bua ’nete ha ho bolele ho bua feela re sa khethe mantsoe kapa ho ipuela feela re sa nahane. Ha motho a bua a sa hlomphe, sena hase sona se etsang hore ’nete e utloahale kapa e be matla. Pauluse o ile a re: “Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna hammoho le bobe bohle. Empa le bontšane mosa, le be le qenehelo e bonolo, le tšoarelane ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le eena ka Kreste a ile a le tšoarela ka bolokolohi.” (Baef. 4:31, 32) Ha re bua ka mosa le ka tsela e nang le seriti molaetsa oa rōna e ba oa bohlokoa, ebile sena se bontša hore re hlompha batho bao re buang le bona.—Mat. 23:12.

Bua ’Nete Litabeng Tsa Phutheho

10. Baholo ba Bakreste ba ka ithuta eng mohlaleng oa Jesu o motle tabeng ea ho bua ’nete?

10 Jesu o ile a bua le barutuoa ba hae ka mokhoa o bonolo le o tobang taba. Kamehla o ne a fana ka keletso ka lerato empa o ne a sa bebofatse ’nete e le hore a thabise bamameli ba hae. (Joh. 15:9-12) Ka mohlala, ha baapostola ba hae ba ne ba phehisana khafetsa ka hore na e moholo ke mang har’a bona, ka tieo empa e le ka mamello Jesu o ile a ba thusa ho utloisisa hore boikokobetso ke ba bohlokoa. (Mar. 9:33-37; Luka 9:46-48; 22:24-27; Joh. 13:14) Ka tsela e tšoanang, le hoja kajeno baholo ba Bakreste ba emela ho loka ka tieo, ha ba rene ka thata holim’a mohlape oa Molimo. (Mar. 10:42-44) Ba etsisa Kreste ka ho ‘bontša mosa’ le ka ho ‘ba le qenehelo e bonolo’ ha ba sebelisana le batho ba bang.

11. Ha re rata barab’abo rōna, seo se tla re susumetsa hore re sebelise maleme a rōna joang?

11 Ha re bua le barab’abo rōna re ka toba taba empa re sa bue puo-phara, ’me re ka ntša maikutlo a rōna empa re sa ba hlabe ka mantsoe. Ka sebele, le ka mohla ha rea lokela ho etsa hore maleme a rōna e be a ‘leolitsoeng joaloka lehare,’ a sebelisetsoang ho utloisa ba bang bohloko kapa ho bua lipuo tse ba hobosang. (Pes. 52:2; Liprov. 12:18) Ha re rata barab’abo rōna, seo se tla re susumetsa hore re ‘sireletse maleme a rōna ho se sebe, le melomo ea rōna re e sireletse ho bueng thetso.’ (Pes. 34:13). Ka tsela ena, re tla be re tlotlisa Molimo ebile re etsa hore ho be le kutloano ka phuthehong.

12. Ho ka hlokahala hore komiti ea boahloli e nkele motho ea buileng leshano khato neng? Hlalosa.

12 Baholo ba sebetsa ka thata ho sireletsa phutheho ho batho ba buang mashano a kotsi. (Bala Jakobo 3:14-16.) Sepheo sa ho bua leshano le kotsi ke ho ntša ba bang kotsi; morero oa leshano le joalo ke ho utloisa motho bohloko ka tsela e itseng kapa ho etsa hore a tšoenyehe. Hase feela taba ea ho bua lintho tse sa reng letho tse thetsang kapa ho feteletsa litaba. Ke ’nete hore ka linako tsohle ho bua leshano ho fosahetse, empa hase hore ka lekhetlo le leng le le leng ha motho a sa bue ’nete o se a lokela ho nkeloa khato ke komiti ea boahloli. Kahoo, baholo ba lokela ho sheba lintho ka tsela e loketseng, e nang le kutloisiso le e chatsi ha ba etsa qeto ea hore na motho ea buileng lintho tseo e seng ’nete o na le tloaelo ea hore ka boomo, a bue leshano le kotsi le hlokang hore komiti ea boahloli e nke khato kapa che. Kapa hore na ebe mohlomong ho tla be ho lekane hore ba fane ka keletso e matla le e fanoang ka lerato e tsoang Mangolong.

Bua ’Nete Litšebelisanong Tsa Khoebo

13, 14. (a) Batho ba bang ba hlōleha ho bua ’nete ho bahiri ba bona joang? (b) Ho tšepahala le ho bua ’nete mosebetsing ho ka hlahisa litholoana life tse ntle?

13 Re phela mehleng eo ho eona ho se tšepahale ho jeleng setsi, kahoo ho ka ’na ha e-ba thata hore ha re lekoa hore re se ke ra tšepahala ho mohiri, re hlōle teko eo. Batho ba bangata ba bua leshano ha ba etsa kōpo ea mosebetsi. Ka mohlala, ba ka ’na ba feteletsa tsebo eo ba nang le eona kapa thuto ea bona mangolong a bona a tsebo ea mosebetsi e le hore ba fumane mosebetsi o hlamatsehang kapa o lefang haholo. Ka lehlakoreng le leng, basebetsi ba bangata ba etsa eka baa sebetsa athe ba iketsetsa lintho tsa bona, le hoja melao ea k’hamphani e sa ba lumelle ho etsa joalo. E ka ’na eaba ba bala lintho tse sa amaneng le mosebetsi oa bona, ba letsa ka mabaka a bona, ba romela melaetsa ea bona ka e-mail kapa ba shebile Inthanete.

14 Bakreste ba ’nete ha ba nke hore ho tšepahala le ho bua ’nete ke taba ea boikhethelo. (Bala Liproverbia 6:16-19.) Pauluse o ile a re: “Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” (Baheb. 13:18) Ka lebaka leo, Bakreste ba etsa mosebetsi oa letsatsi lohle oo bahiri ba bona ba ba lefelang oona. (Baef. 6:5-8) Ho ba mosebetsi ea khothetseng ho ka boela ha etsa hore Ntate oa rōna ea leholimong a rorisoe. (1 Pet. 2:12) Ka mohlala, mohiri oa Roberto oa Spain, o ile a mo babatsa ka hore ke mosebetsi ea tšepahalang le ea nang le boikarabelo. Ka lebaka la boitšoaro ba Roberto bo botle, k’hamphani e ile ea hira Lipaki tse ling. Le tsona li ile tsa bontša hore ke basebetsi ba hloahloa. Ha lilemo li ntse li feta, Roberto o ile a fumanela barab’abo rōna ba 23 ba kolobelitsoeng mosebetsi le liithuti tsa Bibele tse 8!

15. Rakhoebo oa Mokreste o lokela ho bontša joang hore o bua ’nete?

15 Haeba re itšebetsa, na re bua ’nete litšebelisanong tsohle tsa khoebo kapa ka linako tse ling re hlōloa ho bua ’nete le baahelani ba rōna? Rakhoebo oa Mokreste ha aa lokela ho thetsa batho ha a buella ntho eo a e rekisang kapa tšebeletso eo a e etsang e le hore feela a rekise kapele; ebile ha aa lokela ho fana ka tjotjo kapa ho e amohela. Re batla ho tšoara batho ba bang kamoo re batlang hore re tšoaroe kateng.—Liprov. 11:1; Luka 6:31.

Bua ’Nete ho ba Boholong ’Musong

16. Bakreste ba fana ka eng (a) ho ba boholong ’musong? (b) ho Jehova?

16 Jesu o ile a re: “Le lefe Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.” (Mat. 22:21) Ke “lintho” tsa mofuta ofe tseo re li kolotang Cesare, e leng, babusi? Ha Jesu a bua mantsoe ao, ho ne ho buisanoa ka lekhetho. Kahoo e le hore Bakreste ba lule ba e-na le letsoalo le hloekileng ka pel’a Molimo le batho, ba mamela melao ea naha, ho akarelletsa e amanang le ho lefa lekhetho. (Bar. 13:5, 6) Empa rea hlokomela hore Jehova ke ’Musi ea Phahameng ka ho Fetisisa, Molimo a le mong feela oa ’nete, eo re mo ratang ka lipelo tsohle tsa rōna, ka moea oohle, ka likelello tsohle le ka matla ’ohle. (Mar. 12:30; Tšen. 4:11) Kahoo, re ikokobelletsa Jehova Molimo ka hohle.—Bala Pesaleme ea 86:11, 12.

17. Batho ba Jehova ba nka thuso eo ba e fuoang ke ’muso joang?

17 Linaha tse ngata li na le mananeo kapa litšebeletso tsa ho thusa batho ba hlokang. Ha ho na phoso ha Mokreste a fumana thuso e joalo—hafeela a tšoaneleha. Ha re bua ’nete le moahelani re ke ke ra sotha litaba ho ba boholong ’musong e le hore re fuoe thuso eo ’muso o fanang ka eona.

Melemo ea ho Bua ’Nete

18-20. Ho bua ’nete le moahelani oa rōna ho na le melemo efe?

18 Melemo ea ho bua ’nete e mengata. Re lula re e-na le letsoalo le hloekileng, le etsang hore re be le pelo e nang le khutso le khotso kelellong. (Liprov. 14:30; Bafil. 4:6, 7) Molimo o nka hore ke habohlokoa haholo ha re e-na le letsoalo le hloekileng. Hape, ha re bua ’nete linthong tsohle, ha ho hlokahale hore re tšoenyehe hore batho ba tla re talola.—1 Tim. 5:24.

19 Nahana ka molemo o mong. Pauluse o ile a re: “Re ipuella ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe hore re basebeletsi ba Molimo, . . . ka puo ea ’nete.” (2 Bakor. 6:4, 7) Ke sona se ileng sa etsahalla Paki e ’ngoe e lulang Brithani. Ha e ne e leka ho rekisetsa motho e mong koloi, e ile ea mo hlalosetsa lintho tse ntle ka eona hammoho le mathata a eona, esita le a neng a sa bonahale. Ka mor’a ho khanna koloi eo hore a utloe hore na e boemong bo botle, moreki o ile a botsa mor’abo rōna hore na ke Paki ea Jehova. Ke hobane’ng ha a ile a botsa potso eo? Monna eo o ne a hlokometse hore mor’abo rōna oa tšepahala ebile o apere ka makhethe. Moqoqo oa bona o ile oa etsa hore mor’abo rōna a fane ka bopaki bo botle.

20 Na le rōna re tlotlisa ’Mōpi oa rōna ka ho tšepahala le ka ho bua ’nete kamehla? Pauluse o ile a re: “Re hlobohile lintho tsa sekhukhu tseo re lokelang ho ba lihlong ka tsona, re sa tsamaee ka mano.” (2 Bakor. 4:2) Kahoo, a re etseng sohle seo re ka se khonang hore re bue ’nete le moahelani oa rōna. Ha re etsa joalo, re tla tlotlisa Ntate oa rōna ea leholimong le batho ba hae.

U ka Araba Joang?

• Moahelani oa rōna ke mang?

• Ho bua ’nete le moahelani oa rōna ho bolela’ng?

• Ha re bua ’nete re ka tlotlisa Molimo joang?

• Melemo ea ho bua ’nete ke efe?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Na u lumela liphoso tse nyenyane habonolo?

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Na u bua ’nete ha u etsa kōpo ea mosebetsi?