Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Motsamaisi ea Tšepahalang le Sehlopha sa Hae se Busang

Motsamaisi ea Tšepahalang le Sehlopha sa Hae se Busang

Motsamaisi ea Tšepahalang le Sehlopha sa Hae se Busang

“Ha e le hantle ke mang eo e leng motsamaisi ea tšepahalang, ea masene, eo mong’a hae a tla mo beha hore a okamele sehlopha sa hae sa bahlanka hore a ’ne a ba fe tekanyo ea bona ea lijo ka nako e tšoanetseng?”—LUKA 12:42.

1, 2. Jesu o ile a botsa potso efe ea bohlokoa mabapi le matsatsi a ho qetela?

HA Jesu a ne a bolela seo e neng e tla ba pontšo ea matsatsi a ho qetela e nang le likarolo tse ngata, o ile a botsa potso ena: “Ha e le hantle ke mang eo e leng lekhoba le tšepahalang le le masene leo mong’a lona a le behileng hore le okamele bahlanka ba hae ba ntlo, ho ba fa lijo tsa bona ka nako e tšoanetseng?” Ka mor’a moo Jesu o ile a boela a bolela hore lekhoba lena le ne le tla putsoa ka lebaka la botšepehi ba lona ka hore le behoe hore le okamele lintho tsohle tsa Mong’a lona.—Mat. 24:45-47.

2 Likhoeli tse ’maloa pele ho moo, Jesu o ne a ile a botsa potso e tšoanang le eo. (Bala Luka 12:42-44.) O ile a re lekhoba ke “motsamaisi” ’me a re ‘bahlanka ba ntlo’ ke “sehlopha sa hae sa bahlanka.” Motsamaisi ke molaoli oa ntlo kapa mookameli ea behiloeng hore a hlokomele bahlanka ba bang. Leha ho le joalo, motsamaisi le eena e ntse e le mohlanka. Lekhoba lee, kapa motsamaisi ke mang, hona le fana ka “lijo . . . ka nako e tšoanetseng” joang? Ke habohlokoa hore kaofela ha rōna re tsebe hore na ke mocha ofe o sebelisoang ho re fa lijo tsa moea.

3. (a) Litsebi tsa bolumeli tsa Bokreste-’mōtoana li lekile ho hlalosa mantsoe a Jesu a buang ka “lekhoba” joang? (b) “Motsamaisi,” kapa “lekhoba” ke mang, ’me “bahlanka,” kapa ‘bahlanka ba ntlo’ ke bo-mang?

3 Hangata litsebi tsa bolumeli tsa Bokreste-’mōtoana li nka hore mantsoe ana a Jesu a bua ka batho ba nang le maemo a boikarabelo har’a batho ba ipolelang hore ke Bakreste. Empa Jesu, eo papisong ena e leng “mong’a” motsamaisi, ha aa ka a re ho ne ho tla ba le makhoba a mangata a fumanehang lihlopheng tse sa tšoaneng tsa Bokreste-’mōtoana. Ho e-na le hoo, o boletse ka ho hlaka hore ho ne ho tla ba le “motsamaisi” a le mong feela kapa “lekhoba,” eo a neng a tla mo beha hore a okamele lintho tsohle tsa hae. Kahoo, joalokaha makasine ena e ’nile ea hlalosa khafetsa, motsamaisi o lokela ebe o emela “mohlatsoana” oa sehlopha sohle sa barutuoa ba tlotsitsoeng. Kosepeleng ea Luka, Jesu o ne a sa tsoa bua ka bona. (Luka 12:32) ‘Sehlopha sa bahlanka,’ kapa ‘bahlanka ba ntlo,’ ke sehlopha sona seo empa ho totobatsoa mosebetsi oa bona e le batho ka bomong. Sena se hlahisa potso e thahasellisang, Na setho ka seng sa sehlopha sa lekhoba se kenya letsoho ho fana ka lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng? Karabo ea potso ena e totobala ha re hlahlobisisa seo Mangolo a se buang.

Mohlanka oa Jehova Mehleng e Fetileng

4. Jehova o ile a re’ng ha a bua ka sechaba sa Iseraele sa boholo-holo, hona ke ntho efe ea bohlokoa eo re lokelang ho e hlokomela ka sechaba seo?

4 Ha Jehova a bua ka sechaba sa hae sohle sa Iseraele sa boholo-holo, o ile a re ke mohlanka. “‘Le [e ka bongateng] lipaki [e ka bongateng] tsa ka,’ ho bolela Jehova, ‘eena mohlanka [e bonngoeng] oa ka eo ke mo khethileng.’” (Esa. 43:10) Litho tsohle tsa sechaba seo li ne li akarelletsoa sehlopheng seo sa mohlanka a le mong. Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoa eo re lokelang ho e hlokomela ke hore baprista hammoho le Balevi bao e seng baprista ke bona feela ba neng ba e-na le boikarabelo ba ho ruta sechaba.—2 Likron. 35:3; Mal. 2:7.

5. Ho ea ka Jesu, ho ne ho tla etsahala phetoho efe e khōlō?

5 Na sechaba sa Iseraele ke lekhoba leo Jesu a neng a bua ka lona? Che. Re tseba sena ka lebaka la seo Jesu a ileng a se bolella Bajuda ba mehleng ea hae ha a ne a re: “’Muso oa Molimo o tla nkuoa ho lōna ’me o fuoe sechaba se hlahisang litholoana tsa oona.” (Mat. 21:43) Ho hlakile hore ho ne ho tla ba le phetoho. Jehova o ne a tla sebelisa sechaba se secha. Leha ho le joalo, tabeng ea ho ruta ka litaba tsa moea, mosebetsi oa lekhoba le boletsoeng papisong ea Jesu o tšoana le oa “mohlanka” oa Molimo oa Iseraeleng ea boholo-holo.

Lekhoba le Tšepahalang le ba Teng

6. Ke sechaba sefe se ileng sa ba teng ka Pentekonta ea 33 C.E., ’me ke bo-mang bao e ileng ea e-ba karolo ea sona?

6 Sechaba se secha, e leng “Iseraele ea Molimo,” se entsoe ka Baiseraele ba moea. (Bagal. 6:16; Bar. 2:28, 29; 9:6) Se ile sa ba teng ha ho ne ho tšolloa moea oa Molimo ka Pentekonta ea 33 C.E. Ka mor’a moo, Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ka moea e ile ea e-ba karolo ea sechaba seo, se neng se se se sebetsa e le sehlopha sa lekhoba le behiloeng ke Monghali, e leng Jesu Kreste. Setho ka seng sa sechaba seo se ne se filoe mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo le ho etsa barutuoa. (Mat. 28:19, 20) Empa na setho se seng le se seng sa sehlopha seo se ne se tla kenya letsoho ho fana ka lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng? A re boneng hore na Mangolo a araba potso ena joang.

7. Qalong, mosebetsi o ka sehloohong oa baapostola e ne e le ofe, hona mosebetsi oo o ile oa atolosoa joang hamorao?

7 Ha Jesu a ne a khetha baapostola ba 12, mosebetsi oa bona o ka sehloohong o ne o akarelletsa ho rongoa hore ba e’o bolella ba bang litaba tse molemo. (Bala Mareka 3:13-15.) Mosebetsi ona o ne o lumellana le moelelo oa lentsoe la Segerike apostolos, le tsoang leetsing le bolelang “ho roma.” Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta ’me phutheho ea Bokreste e se e tla thehoa, boemo ba moapostola e ile ea e-ba “bolebeli.”—Lik. 1:20-26.

8, 9. (a) Ntho e ka sehloohong eo baapostola ba 12 ba neng ba amehile ka eona ke efe? (b) Ke bo-mang hape ba ileng ba boela ba fuoa boikarabelo bo bong, bo ileng ba tiisoa ke sehlopha se busang?

8 Ntho e ka sehloohong eo baapostola ba 12 ba neng ba amehile ka eona ke efe? Re ka fumana karabo ho se ileng sa etsahala ka mor’a Pentekonta. Ha ho ne ho hlaha qabang mabapi le lijo tse neng li abeloa bahlolohali letsatsi le leng le le leng, baapostola ba 12 ba ile ba khobokanya barutuoa ’me ba re: “Hase ho khahlisang hore re tlohele lentsoe la Molimo ho ea aba lijo litafoleng.” (Bala Liketso 6:1-6.) Joale baapostola ba ile ba khetha banna ba bang ba tšoanelehang hore ba etse “mosebetsi ona o hlokahalang” e le hore baapostola ba ka inehela “bosebeletsing ba lentsoe.” Jehova o ile a hlohonolofatsa tokisetso ena kaha “lentsoe la Molimo [le ile] la tsoela pele ho hōla, ’me palo ea barutuoa ea ’na ea ata haholo Jerusalema.” (Lik. 6:7) Kahoo, baapostola ke bona ba ileng ba jara boikarabelo bo boholo ba ho fana ka lijo tsa moea.—Lik. 2:42.

9 Ha nako e ntse e tsamaea, ba bang ba ile ba fuoa boikarabelo ba bohlokoa. Phutheho ea Antioke e ile ea tataisoa ke moea o halalelang hore e rome Pauluse le Barnabase hore e be baromuoa. Le bona ba ile ba bitsoa baapostola, le hoja e ne e se karolo ea baapostola ba pele ba 12. (Lik. 13:1-3; 14:14; Bagal. 1:19) Sehlopha se busang se Jerusalema se ile sa tiisa ho khethoa ha bona. (Bagal. 2:7-10) Nakoana ka mor’a moo, Pauluse o ile a kenya letsoho ho abeng lijo tsa moea. O ile a ngola lengolo la hae le bululetsoeng la pele.

10. Lekholong la pele la lilemo, na ke Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ka moea ba neng ba lokisetsa lijo tsa moea? Hlalosa.

10 Leha ho le joalo, na ke Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ka moea ba neng ba kentse letsoho ho tsamaisa mosebetsi oa boboleli le ho lokisetsa lijo tsa moea? Che. Moapostola Pauluse o re: “Hase bohle bao e leng baapostola, na ha ho joalo? Hase bohle bao e leng baprofeta, na ha ho joalo? Hase bohle bao e leng mesuoe, na ha ho joalo? Hase bohle ba etsang mesebetsi e matla, na ha ho joalo?” (1 Bakor. 12:29) Le hoja Bakreste bohle ba tsoetsoeng ka moea ba ne ba etsa mosebetsi oa boboleli, ke ba seng bakae feela—e leng banna ba robeli feela—ba ileng ba sebelisoa hore ba ngole libuka tse 27 tsa Mangolo a Segerike a Bakreste.

Lekhoba le Tšepahalang Mehleng Ena

11. Lekhoba le behiloe hore le hlokomele “lintho” life?

11 Mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 24:45 a bontša ka ho hlaka hore ho ne ho tla ’ne ho be le sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene lefatšeng nakong ea bofelo. Tšenolo 12:17 e re bana “ba setseng” ke peō ea mosali. Sehlopha sena sa masala, se behiloe hore se okamele lintho tsohle tsa Kreste tse lefatšeng. “Lintho” tseo motsamaisi ea tšepahalang a behiloeng hore a li hlokomele, ke lintho tsa Monghali tsa borena tse lefatšeng, tse akarelletsang bafo ba lefatšeng ba ’Muso le lintho tse sebelisetsoang ho bolela litaba tse molemo.

12, 13. Mokreste o tseba joang hore o na le pitso ea ho ea phela leholimong?

12 Mokreste o tseba joang haeba a e-na le tšepo ea ho ea phela leholimong ’me e le e mong oa masala aa a Baiseraele ba moea? Re fumana karabo mantsoeng ao moapostola Pauluse a ileng a a bua ho batho ba neng ba e-na le tšepo ea ho ea phela leholimong joaloka eena, a reng: “Bohle ba tataisoang ke moea oa Molimo, bana ke bara ba Molimo. Etsoe ha lea ka la amohela moea oa bokhoba o bakang tšabo hape, empa le ile la amohela moea oa ho nkeloa ka lapeng le le bara, e leng moea oo ka oona re hoeletsang: ‘Abba, Ntate!’ Moea o paka le moea oa rōna hore re bana ba Molimo. Joale, haeba re bana, re boetse re majalefa: ka sebele re majalefa a Molimo, empa majalefa hammoho le Kreste, hafeela re utloa bohloko hammoho e le hore re ka boela ra tlotlisoa hammoho.”—Bar. 8:14-17.

13 Ka mantsoe a mang, batho bana ba tlotsoa ka moea o halalelang oa Molimo ’me ba fumana ‘pitso’ kapa “memo” ea ho ea phela leholimong. (Baheb. 3:1; NW, ftn.) Batho bana ba mengoa ke Molimo. Le bona, hang-hang baa amohela hore ba tsoaloe e le bara ba Molimo ba sa botse letho kapa ba sa belaele kapa ba sa tšabe letho. (Bala 1 Johanne 2:20, 21.) Kahoo, ha ba ikhethele ho ba le tšepo ena, empa Jehova o beha tiiso ea hae kapa moea o halalelang holim’a bona.—2 Bakor. 1:21, 22; 1 Pet. 1:3, 4.

Ho ba le Maikutlo a Nepahetseng

14. Batlotsuoa ba nka pitso ea bona joang?

14 Batho baa ba tlotsitsoeng ba lokela ho inka joang ha ba ntse ba letetse moputso oa bona oa ho ea phela leholimong? Baa hlokomela hore le hoja ba fumane memo ea bohlokoa, seo e mpa e le memo feela. Ba lokela ho lula ba tšepahala ho isa lefung e le hore ba tle ba fumane moputso ona. Ka boikokobetso ba lumellana le mantsoe ana a Pauluse: “Barab’eso, ha ke inke ke se ke o tšoere; empa ho na le ntho e le ’ngoe ka oona: Ha ke lebala lintho tse ka morao le ho hahamalla linthong tse ka pele, ke phehella pakaneng bakeng sa moputso oa pitso ea holimo ea Molimo ka Kreste Jesu.” (Bafil. 3:13, 14) Masala a tlotsitsoeng a lokela ho etsa sohle seo a ka se khonang hore a ‘tsamaee ka mokhoa o tšoanelang pitso eo a ileng a bitsoa ka eona, ka ho ikokobetsa ho feletseng kelellong,’ a ntse a etsa joalo “ka tšabo le thothomelo.”—Baef. 4:1, 2; Bafil. 2:12; 1 Bathes. 2:12.

15. Bakreste ba lokela ho nka batho ba jang litšoantšetso Sehopotsong joang, ’me batlotsuoa bona ba inka joang?

15 Ka lehlakoreng le leng, Bakreste ba bang ba lokela ho nka motho ea bolelang hore o tlotsitsoe ’me a ja litšoantšetso Sehopotsong joang? Ha aa lokela ho ahloloa. Ke taba ea hae le Jehova. (Bar. 14:12) Leha ho le joalo, Bakreste ba tlotsitsoeng e le kannete ha ba lebelle hore batho ba ba tšoare ka tsela e khethehileng. Ha ba nke hore kaha ke batlotsuoa, ba na le kutloisiso e khethehileng e fetang ea ba bang ba “bongata bo boholo” ba nang le boiphihlelo. (Tšen. 7:9) Ha ba nke hore ba na le moea o halalelang o fetang oa metsoalle ea bona ea “linku tse ling.” (Joh. 10:16) Ha baa lebella hore ba tšoaroe ka tsela e khethehileng; ebile ha ba nke hore kaha ba ja litšoantšetso ba phahametse baholo ba khethiloeng ka phuthehong.

16-18. (a) Na batlotsuoa bohle ba kenya letsoho ho senola linnete tse ncha tsa moea? Bontša. (b) Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore Sehlopha se Busang se buisane le bohle ba ipolelang hore ke batlotsuoa?

16 Na batlotsuoa baa kaofela ba hokahana le ba bang lefatšeng lohle ho senola linnete tse ncha tsa moea? Che. Le hoja sehlopha sa lekhoba kaofela se na le boikarabelo ba ho fepa ba ntlo ea moea ea balateli ba Kreste ba tlotsitsoeng, hase hore e mong le e mong oa bona o na le boikarabelo bo tšoanang kapa likabelo tsa mosebetsi tse tšoanang. (Bala 1 Bakorinthe 12:14-18.) Joalokaha ho boletsoe pejana, lekholong la pele la lilemo, bohle ba ne ba kenya letsoho mosebetsing oa bohlokoa oa boboleli. Empa ke ba seng bakae feela ba ileng ba sebelisoa hore ba ngole libuka tsa Bibele le ho tsamaisa phutheho ea Bokreste.

17 Ho tea mohlala: Ka linako tse ling Mangolo a bolela hore “phutheho” e nka khato e itseng ha ho sebetsoa litaba tsa boahloli. (Mat. 18:17) Empa ha e le hantle, baholo ke bona feela ba nkang bohato bona kaha ke baemeli ba phutheho. Pele ba etsa qeto, ha ba buisane le setho se seng le se seng sa phutheho hore ba se botse hore na maikutlo a sona ke afe. Ho latela puso ea Molimo, ba phetha mosebetsi oo ba o filoeng; ba etsa lintho lebitsong la phutheho kaofela.

18 Ka tsela e tšoanang, kajeno ke banna ba seng bakae feela ba tlotsitsoeng ba nang le boikarabelo ba ho emela sehlopha sa lekhoba. Ke ba Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova. Banna bana ba tlotsitsoeng ka moea ba tsamaisa mosebetsi oa ’Muso le lenaneo la ho fana ka lijo tsa moea. Empa, joaloka lekholong la pele la lilemo, Sehlopha se Busang ha se buisane le e mong le e mong oa sehlopha sa lekhoba pele se etsa liqeto. (Bala Liketso 16:4, 5.) Leha ho le joalo, Lipaki tsohle tse tlotsitsoeng li kenya letsoho ka matla mosebetsing oa bohlokoa oa kotulo o etsoang hona joale. E le sehlopha, “lekhoba le tšepahalang le le masene” ke ’mele o le mong, empa e le batho ka bomong, ba na le likabelo tse sa tšoaneng tsa mosebetsi.—1 Bakor. 12:19-26.

19, 20. Bongata bo boholo bo na maikutlo afe a loketseng ka “lekhoba le tšepahalang le le masene” le Sehlopha sa lona se Busang?

19 Lintlha tse boletsoeng ka holimo li lokela ho ama bongata bo boholo bo ntseng bo eketseha bo nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng joang? Kaha ke karolo ea lintho tsa Morena, bo thabela ho sebelisana ka botlalo le litokisetso tse entsoeng ke Sehlopha se Busang se emelang “lekhoba le tšepahalang le le masene.” Litho tsa bongata bo boholo li ananela lijo tsa moea tse fanoang ka tataiso ea Sehlopha se Busang. Empa ka nako e tšoanang, le hoja litho tsa bongata bo boholo li hlompha sehlopha sa lekhoba, li hlokolosi hore li se ke tsa nkela holimo batho ba ipolelang hore ke karolo ea lekhoba leo. Mokreste ea tlotsitsoeng ka moea oa Molimo e le kannete a ke ke a lebella hore a tšoaroe ka tsela eo.—Lik. 10:25, 26; 14:14, 15.

20 Ebang re ‘bahlanka ba ntlo,’ bao e leng karolo ea masala a tlotsitsoeng kapa re litho tsa bongata bo boholo, e se eka re ka ikemisetsa ho sebelisana ka botlalo le motsamaisi ea tšepahalang le Sehlopha sa hae se Busang. E se eka e mong le e mong oa rōna a ka ‘lula a lebetse’ ’me a tšepahala ho isa bofelong.—Mat. 24:13, 42.

Na U sa Hopola?

• “Lekhoba le tšepahalang le le masene” ke mang, hona bahlanka ba ntlo ke bo-mang?

• Motho o tseba joang hore o na le pitso ea ho ea phela leholimong?

• Ke mang ea jarang boikarabelo bo boholo ba ho lokisetsa lijo tse ncha tsa moea?

• Motho eo e leng motlotsuoa o lokela ho inka joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Kajeno, Sehlopha se Busang se emela sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene. Ho ne ho e-na le tokisetso e tšoanang lekholong la pele la lilemo