Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nka Buseletsa Eng ho Jehova?

Nka Buseletsa Eng ho Jehova?

Nka Buseletsa Eng ho Jehova?

Joalokaha ho boletse Ruth Danner

Ka bosoasoi, ’Mè o ne a atisa ho re selemo sa 1933 e ne e le selemo sa litlokotsi: Hitler o ile a qala ho busa, mopapa a re ke Selemo se Halalelang, ’me le ’na ke ile ka hlaha selemong seo.

BATSOALI ba ka ba ne ba lula motseng oa Yutz, Lorraine, e leng sebaka se tummeng sa Fora se haufi le moeli oa Jeremane. Ka 1921, ’Mè, eo e neng e le Mok’hatholike oa popota, o ile a nyalana le Ntate, eo e neng e le Moprostanta. Ausi oa ka, Helen, o ile a hlaha ka 1922, ’me batsoali ba ka ba ile ba mo kolobetsa esale lesea Kerekeng e K’hatholike.

Ka letsatsi le leng ka 1925, Ntate o ile a fumana buka ea Sejeremane ea The Harp of God. Ha a bala buka eo, o ile a kholiseha hore o fumane ’nete. O ile a ngolla bahatisi ba eona, ba ileng ba mo kopanya le li-Bibelforscher, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng Jeremane. Hang-hang Ntate o ile a qala ho bolella batho seo a ithutileng sona. Ho hang sena ha sea ka sa thabisa ’Mè. O ne a ee a bue ka Sejeremane sa hae se monate a re: “Etsa seo u se batlang empa u khaohane le li-Bibelforscher tseo!” Leha ho le joalo, Ntate o ne a se a entse qeto, ’me ka 1927 o ile a kolobetsoa hore e be e mong oa tsona.

Ka lebaka leo, nkhono o ile a qala ho hlohlelletsa ’Mè hore a hlale Ntate. Ka letsatsi le leng ’Miseng, moprista o ile a hlokomelisa batho ba kereke hore “ba se ke ba ikamahanya le Danner kaha ke moprofeta oa bohata.” Ha Nkhono a khutla ’Miseng ’me a le mokatong o ka holimo oa ntlo, o ile a betsa Ntate ka blompoto. Blompoto eo e boima e ile ea mo otla lehetleng, ea mo fosa hlooho hanyenyane feela. Ketsahalo ena e ile ea etsa hore ’Mè a nahane, ‘Bolumeli bo etsang hore batho e be babolai e tlameha ebe ha boa loka.’ O ile a qala ho bala lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Ka mor’a nakoana, o ile a kholiseha hore o ne a fumane ’nete, ’me o ile a kolobetsoa ka 1929.

Batsoali ba ka ba ile ba etsa sohle seo ba neng ba ka se khona ho etsa hore ’na le ausi re nke Jehova e le motho oa sebele. Ba ne ba re balla lipale tsa Bibele ebe baa re botsa hore na ke hobane’ng ha batho bao Bibele e buang ka bona ba ne ba etsa lintho tseo ba li entseng. Ka nako eo, Ntate o ile a hana ho sebetsa bosiu kapa mantsiboea, le hoja qeto ea hae e ne e tla etsa hore moputso oa hae o fokotsehe haholo. O ne a batla ho ba le nako ea ho ea libokeng tsa Bokreste le tšimong, hammoho le ho ruta bana ba hae.

Leru le Letšo la Mathata Lea Atamela

Batsoali ba ka ba ne ba amohela balebeli ba tsamaeang le basebetsi ba Bethele ba Switzerland le Fora, ba neng ba re phetela ka mathata ao balumeli-’moho le rōna ba tobanang le ’ona Jeremane, lik’hilomithara tse seng kae feela ho tloha lapeng. ’Muso oa Manazi o ne o isa Lipaki Tsa Jehova likampong tsa mahloriso o bile o arohanya bana le batsoali ba bona ba Lipaki.

’Na le Helen re ne re koetliselitsoe ho tobana le mathata ao re neng re tla thulana le ’ona. Batsoali ba rōna ba ile ba re thusa ho tšoara ka hlooho litemana tsa Bibele tse neng li tla re tataisa. Ba ne ba ee ba re: “Haeba u sa tsebe hore na u etse’ng, nahana ka Liproverbia 3:5, 6. Haeba u tšaba liteko tsa sekolong, u sebelise 1 Bakorinthe 10:13. Haeba u ka arohanngoa le rōna, u phete Liproverbia 18:10 ka hlooho.” Ke ile ka ithuta Pesaleme ea 23 le ea 91 ka hlooho ’me ka kholiseha hore Jehova o ne a tla ntšireletsa kamehla.

Ka 1940, Jeremane ea Bonazi e ile ea hapa Alsace-Lorraine, ’me puso eo e ncha ea laela hore batho bohle ba baholo ba kene mokheng oa Bonazi. Ntate o ile a hana ’me Sepolesa sa Sekhukhu sa Manazi sa mo tšosa ka hore se tla mo tšoara. Ha ’Mè a ne a hana ho etsa lijunifomo tsa sesole, le eena Sepolesa sa Sekhukhu sa Manazi se ile sa qala ho mo tšosa.

Sekolo se ile sa ntšulafalla. Letsatsi le leng le le leng, tlelase ea rōna e ne e qala ka ho rapella Hitler, ho etsa salute ea “Heil Hitler” le pina ea sechaba e neng e binoa ho otlolotsoe letsoho le letona. Ho e-na le hore batsoali ba ka ba mpolelle hore ke se ke ka etsa salute ea Hitler, ba ile ba nthusa hore ke koetlise letsoalo la ka. Kahoo ke ile ka iketsetsa qeto ea hore ke se ke ka etsa salute ea Bonazi. Matichere a ile a ntjabela ’me a ntšosa ka hore a tla nteleka sekolong. Ka lekhetlo le leng ha ke le lilemo li supileng, ke ile ka lokela ho ema ka pel’a matichere ’ohle a 12. A ile a leka ho nqobella hore ke etse salute ea Hitler. Leha ho le joalo, Jehova o ile a nthusa hore ke eme ke tiile.

Tichere e ’ngoe e ile ea qala ho nkeka ka leleme le monate. E ile ea mpolella hore ke seithuti se hloahloa le hore e nthata haholo, ’me e ne e tla soaba haholo haeba ke ne nka lelekoa sekolong. E ile ea re: “Ha ho hlokahale hore u otlolle letsoho. Le phahamise hanyenyane feela. Ebile ha ho hlokahale hore u re, ‘Heil Hitler!’ U bebenye molomo feela ’me u etse eka ua bua.”

Ha ke bolella ’Mè se neng se etsoa ke tichere ea ka, o ile a nkhopotsa tlaleho ea Bibele e buang ka bahlankana ba bararo ba Baheberu ba neng ba eme ka pel’a setšoantšo se neng se entsoe ke morena oa Babylona. O ile a mpotsa: “Ba ne ba lokela ho etsa’ng?” Ke ile ka araba ka ho re: “Ba ne ba lokela ho khumama.” “Haeba ka nako eo ba neng ba lokela ho khumama ka pel’a setšoantšo ba ne ba ka inama eaba ba fasa malokoletso a meqathatso ea bona, na seo se ne se tla be se nepahetse? Uena iketsetse qeto; u etse seo u nahanang hore se nepahetse.” Joaloka Shadrake, Meshake le Abednego, ke ile ka etsa qeto ea ho tšepahala ho Jehova feela.—Dan. 3:1, 13-18.

Matichere a ile a nteleka sekolong ka makhetlo a mangata ’me a ntšosa ka hore a tla nkarohanya le batsoali ba ka. Ke ne ke utloa ke tšohile haholo, empa batsoali ba ka ba ne ba lula ba nkhothatsa. Ha ke e-ea sekolong, ’Mè o ne a rapela le ’na, a kōpa hore Jehova a ntšireletse. Ke ne ke tseba hore o tla ’matlafatsa hore ke emele ’nete ka tieo. (2 Bakor. 4:7) Ntate o ile a mpolella hore haeba ho e-ba boima haholo, ke se ke ka tšaba ho khutlela hae. O ile a re: “Rea u rata. Kamehla u tla lula u le morali oa rōna. Taba e pakeng tsa hao le Jehova.” Mantsoe ao a ile a matlafatsa boikemisetso ba ka ba hore ke lule ke tšepahala.—Jobo 27:5.

Mapolesa a Sekhukhu a Manazi a ne a tla lapeng hangata ho tla batla lingoliloeng tsa Lipaki le ho hloma batsoali ba ka lipotso. A ne a ee a nke ’Mè ka lihora tse ngata ebe a lata Ntate le ausi moo ba sebetsang teng. Ke ne ke lula ke sa tsebe hore na ha ke khutla sekolong ke tla fumana ’Mè a le teng kapa che. Ka linako tse ling moahelani o ne a ee a mpolelle a re: “’Mè oa hao ba mo nkile.” Ke ne ke ee ke ipate ka tlung, ke ntse ke ipotsa: ‘Ebe ba ntse ba mo hlokofatsa? Na ke sa tla mo bona hape?’

Re Fallisetsoa Sebakeng se Seng

Ka la 28 January, 1943, Mapolesa a Sekhukhu a Manazi a ile a re tsosa ha hora ea boraro e fetile ka metsotso e mashome a mararo ka meso. A ile a re haeba ’na le ausi le batsoali ba ka re ka kena mokheng oa Manazi re ke ke ra fallisoa. Re ile ra fuoa lihora tse tharo hore re itokise. ’Mè o ne a se a ntse a itokiselitse boemo bona, ’me o ne a pakile liaparo le Libibele mekotleng ea rōna, kahoo re ile ra sebelisa nako eo ho rapela le ho khothatsana. Ntate o ile a re hopotsa hore ha ho ‘letho le ka re arohanyang le lerato la Molimo.’—Bar. 8:35-39.

Mapolesa a Sekhukhu a Manazi a ile a fela a khutla. Ha ke sa tla lebala morali’abo rōna ea hōlileng oa ha Anglade ha a ne a re phahamisetsa matsoho a sekisitse meokho. Mapolesa a Sekhukhu a Manazi a ile a re isa seteisheneng sa terene se Metz. Ka mor’a matsatsi a mararo re palame terene, re ile ra fihla Kochlowice, e leng kampo e tlas’a lekala la Auschwitz le Poland. Likhoeli tse peli hamorao, re ile ra isoa Gliwice, e leng ntlo ea baitlami e neng e se e sebelisoa e le kampo ea mosebetsi o boima. Manazi a ile a re bolella hore haeba e mong le e mong oa rōna a ka saena lengolo la hore o latola tumelo ea hae, a ne a tla re lokolla ’me a khutlise le thepa ea rōna. ’Mè le Ntate ba ile ba hana, ’me baholehi ba rōna ba ile ba re, “Ha le sa tla hlola le khutlela hae.”

Ka June re ile ra isoa Swietochlowice, moo ke ileng ka qala ho tšoaroa ke hlooho e ntseng e nkhathatsa le kajeno. Ke ile ka ba le bothata menoaneng ea letsoho ’me ngaka e ile ea ntša manala a ka a ’maloa e sa sebelise moriana o thethefatsang bohloko. Ntho e ntle ka mosebetsi oa ka oa ho rongoa ke balebeli, ke hore hangata ke ne ke fihla le lebakeng. ’Mè ea neng a sebetsa moo o ne a ee a mphe lijo.

Ho fihlela nakong eo, re ne re lula re le lelapa, re sa lule le batšoaruoa ba bang. Ka October 1943 re ile ra isoa kampong e Ząbkowice. Re le batho ba ka bang 60, banna le basali le bana, re ne re robala libetheng tse kolohaneng mokatong o ka tlas’a marulelo. Mapolesa a Manazi a ne a tiisa hore re fuoa lijo tse senyehileng tse bileng li sa jeheng.

Ho sa tsotellehe mathata, ha rea ka ra felloa ke tšepo. Re ne re ile ra bala Molula-Qhooeng hore ho ne ho tla etsoa mosebetsi o moholo oa boboleli ka mor’a ntoa. Kahoo re ne re tseba hore na ke hobane’ng ha re hlorisoa le hore haufinyane mathata a rōna a ne a tla fela.

Ha re utloa hore mabotho a Selekane a ne a ntse a atamela, re ile ra tseba hore Manazi a ne a hlōloa ke ntoa. Mathoasong a 1945, Mapolesa a Manazi a ile a lahla kampo ea rōna kherehloa. Ka la 19 February, re ile ra qobelloa ho kena mohoantong oa lik’hilomithara tse ka bang 240. Ka mor’a libeke tse ’nè, re ile ra fihla Steinfels, Jeremane, moo balebeli ba ileng ba isa batšoaruoa ka har’a kotopo. Ba bangata ba ne ba nahana hore re tla bolaoa. Empa letsatsing leo mabotho a Selekane a ile a fihla, Mapolesa a Manazi a baleha, eaba re tsoile mathateng.

Ke Finyella Lipakane Tsa Ka

Ka la 5 May, 1945, ka mor’a lilemo tse ka bang peli le halofo, re ile ra fihla hae Yutz, re le litšila re bile re nyeunya linta. Re ne re ile ra apara liaparo li le ling ho tloha ka February, kahoo re ile ra etsa qeto ea ho chesa liaparo tseo tsa khale. Ke hopola ha ’Mè a re ho rōna: “E se eka letsatsi lena e ka ba le monate ka ho fetisisa bophelong ba lōna. Ha re na letho. Esita le liaparo tseo re li apereng hase tsa rōna. Leha ho le joalo, bone ba rōna re khutlile re ntse re tšepahala. Ha rea ka ra koeneha.”

Ka mor’a hore ke nke likhoeli tse tharo ke ntse ke hlaphoheloa ke le Switzerland, ke ile ka khutlela sekolong, ke se ke sa tšabe ho lelekoa. Joale re ne re se re ka kopana le barab’abo rōna ba Bakreste ’me re bolele litaba tse molemo pepenene. Ka la 28 August, 1947, ha ke le lilemo li 13, ke ile ka phethahatsa phatlalatsa kano eo ke neng ke ile ka e etsetsa Jehova lilemong tse fetileng. Ntate o ile a nkolobetsa Nōkeng ea Moselle. Ke ne ke batla ho bula maliboho hang-hang, empa Ntate o ile a mphehella hore ke ithutele mosebetsi o itseng. Kahoo ke ile ka ithutela ho ba serōki. Ka 1951 ha ke le lilemo li 17, ke ile ka khethoa hore ke be pula-maliboho sebakeng se haufinyane sa Thionville.

Selemong seo, ke ile ka ea kopanong Paris eaba ke etsa kōpo ea ho ba moromuoa. Ke ne ke sa le monyenyane, kahoo Mor’abo rōna Nathan Knorr o ile a re o tla tšoara lengolo la ka la kōpo “ho fihlela nakong e tlang.” Ka June 1952, ke ile ka fumana lengolo la kamohelo ea hore ke ee sehlopheng sa bo21 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se South Lansing, New York, U.S.A.

Ho ea Gileade le Bophelo ba ka ka Mor’a Moo

Ka sebele ho ile ha e-ba monate! Hangata ke ne ke thatafalloa ke ho bua le batho ka puo ea heso. Joale ke ne ke lokela ho bua ka Senyesemane. Leha ho le joalo, barupeli ba ile ba nthusa ka lerato. Mora e mong oabo rōna o ile a ntheha lebitso la bosoasoi hobane ke ne ke bososela ha ke ne ke le lihlong.

Ka la 19 July, 1953, re ile ra fuoa mangolo Yankee Stadium, New York, ’me ke ile ka romeloa Paris hammoho le Ida Candusso (eo hamorao e ileng ea e-ba Seignobos). Ho pakela batho ba ruileng ba Paris ho ne ho tšosa, empa ke ile ka atleha ho ithuta Bibele le batho ba ’maloa ba ikokobelitseng. Ida o ile a nyaloa ’me a ea Afrika ka 1956, empa ’na ke ile ka sala Paris.

Ka 1960, ke ile ka nyaloa ke mor’abo rōna ea tsoang Bethele, ’me re ile ra sebetsa re le bo-pula-maliboho ba khethehileng Chaumont le Vichy. Lilemo tse hlano hamorao, ke ile ka tšoaroa ke lefuba eaba ke tlameha ho tlohela bopula-maliboho. Ke ile ka utloa bohloko haholo hobane ho tloha ha ke sa le ngoana, pakane ea ka e ne e le hore ke be tšebeletsong ea nako e tletseng ’me ke se ke ka e tlohela. Ka mor’a nako e itseng, monna oa ka o ile a ntlohela eaba o nkana le mosali e mong. Tsela eo bara le barali beso ba Bakreste ba ileng ba ntšehetsa ka eona e ile ea nthusa linakong tseo tse mahlonoko ’me Jehova o ile a tsoela pele ho ntjarela mojaro.—Pes. 68:19.

Hona joale ke lula Louviers, Normandy, haufi le ofisi ea lekala ea Fora. Ho sa tsotellehe ho kula, ke thabela thuso eo Jehova a ileng a mpha eona bophelong. Tsela eo ke hōlisitsoeng ka eona e nthusa hore le kajeno ke ’ne ke lule ke e-na le maikutlo a matle. Batsoali ba ka ba nthutile hore Jehova ke Motho oa sebele eo nka mo ratang, eo nka buang le eena le hore o araba lithapelo tsa ka. Ka sebele, “ke tla buseletsa eng ho Jehova bakeng sa melemo eohle ea hae ho ’na?”—Pes. 116:12.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

“Ke thabela thuso eo Jehova a ileng a mpha eona bophelong”

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Ke nkile ntho e sireletsang moeeng o chefo ha ke ne ke le lilemo li tšeletseng

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Ke na le baromuoa le bo-pula-maliboho Luxembourg ’me re ea phutuhong e khethehileng ea boboleli ha ke ne ke le lilemo li 16

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Ke na le ’Mè le Ntate kopanong ka 1953