Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Jesu o ne a phollelitse le naha eohle a etsa mosebetsi oa boboleli. Joale, ke hobane’ng ha moapostola Petrose a re Bajuda le baeta-pele ba bona ba ile ba “etsa ka ho hloka tsebo” ha ba ne ba mo bolaea?—Lik. 3:17.

Ha moapostola Petrose a ne a bua le sehlopha sa Bajuda ka hore ebe ba ile ba kenya letsoho polaong ea Mesia o ile a re: “Kea tseba hore le ile la etsa ka ho hloka tsebo, feela joalokaha babusi ba lōna le bona ba ile ba etsa.” (Lik. 3:14-17) Mohlomong Bajuda ba bang ba ne ba sa tsebe hore Jesu ke Mesia kapa ba sa utloisise lithuto tsa hae. Ha e le ba bang, ntho e ’ngoe e neng e etsa hore ba hloke tsebo ke hore ba ne ba sa batle ho khahlisa Molimo, ba le leeme ba bile ba tletse mohono le lehloeo.

Hlokomela hore na ba bangata ba ne ba talima lithuto tsa Jesu joang hobane ba sa batle ho khahlisa Jehova. Hangata ha Jesu a ne a ruta o ne a sebelisa lipapiso tseo a neng a li hlalosetsa batho bohle ba neng ba lakatsa ho ithuta ka ho eketsehileng. Empa ba bang ba ile ba ikhethela ho tsamaea ’me ha baa ka ba itšoenya hakaalo ka ho batlisisa. Ka lekhetlo le leng le barutuoa ba bang ba ile ba khopisoa ke papiso eo Jesu a ileng a e sebelisa. (Joh. 6:52-66) Barutuoa bao ha baa ka ba hlokomela hore lipapiso tsa Jesu li ne li ba fa monyetla oa ho bontša hore na ba ikemiselitse ho fetola liketso tsa bona le tsela eo ba nahanang ka eona kapa che. (Esa. 6:9, 10; 44:18; Mat. 13:10-15) Ba ile ba boela ba iphapanyetsa boprofeta bo bolelang hore Mesia o ne a tla sebelisa lipapiso ha a ruta.—Pes. 78:2.

Ka lebaka la leeme, ba bang ba ile ba hana lithuto tsa Jesu. Ha a ne a ruta ka synagogeng ea ha habo Nazaretha, batho ba ile “ba hlolloa.” Empa ho e-na le hore ba amohele hore Jesu ke Mesia, ba ile ba botsa lipotso ka khōlo ea hae, ba re: “Motho eo o fumane lintho tsee hokae? . . . Enoa ke ’metli oa mapolanka mora oa Maria le mor’abo Jakobo le Josefa le Judase le Simone, na ha ho joalo? Baralib’abo ba mona hammoho le rōna, na ha ho joalo?” (Mar. 6:1-3) Kaha Jesu o ne a tsoa lelapeng la boemo bo tlaase, batho ba Nazaretha ba ne ba nka lithuto tsa hae e se tsa bohlokoa.

Baeta-pele ba bolumeli bona ba ne ba ikutloa joang? Ba bangata ba bona ha baa ka ba nkela Jesu hloohong ka mabaka a tšoanang le a boletsoeng. (Joh. 7:47-52) Le bona ba ile ba hana lithuto tsa Jesu ka lebaka la hore ba ne ba mo honohela hobane o ne a ratoa ke batho. (Mar. 15:10) Ba bangata ba tummeng ba ile ba halefa ha a ne a tšoela boikaketsi le bolotsana ba bona ka mathe. (Mat. 23:13-36) Ka nepo Jesu o ile a nyatsa ho hloka tsebo ha bona ha ka boomo, a re: “Ho malimabe lōna ba rutehileng Molaong, hobane le ile la tlosa senotlolo sa tsebo; ha lea ka la kena [’Musong], ’me ba kenang le ile la ba sitisa!”—Luka 11:37-52.

Jesu o ile a pholletsa le naha a bolela litaba tse molemo ka lilemo tse tharo le halofo. O ile a boela a ruta batho ba bang ba bangata hore le bona ba etse mosebetsi oo. (Luka 9:1, 2; 10:1, 16, 17) Mosebetsi oa Jesu le barutuoa ba hae o ne o atlehile hoo Bafarisi ba ileng ba tletleba, ba re: “Bonang! Lefatše le mo setse morao.” (Joh. 12:19) Ka hona hase hore bongata ba Bajuda bo ne bo sa tsebe letho ka ho feletseng. Empa, taba e khōlō eo ba neng ba “hloka tsebo” ka eona ke ea hore Jesu ke Mesia. Ba ka be ba ile ba leka ho tseba Mesia le ho mo rata ka ho tebileng, empa ha baa ka ba etsa joalo. Ba bang ba ile ba kenya letsoho polaong ea Jesu. Ke ka hona moapostola Petrose a ileng a re ha a eletsa bongata ba bona: “Ka hona, bakang, ’me le sokolohe e le hore libe tsa lōna li hlakoloe, e le hore linako tse khathollang li ka tla ho tsoa ho Jehova le hore a ka romela Kreste ea behetsoeng lōna, Jesu.” (Lik. 3:19, 20) Se thahasellisang ke hore Bajuda ba likete ba ile ba qala ho mamela, ho kopanyelletsa le “bongata bo boholo ba baprista.” Ha baa ka ba hlola ba etsa ka ho hloka tsebo. Ho e-na le hoo, ba ile ba baka eaba Jehova oa ba hauhela.—Lik. 2:41; 4:4; 5:14; 6:7.