Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

2. E Bale U Ikemiselitse ho Amohela Likhopolo Tse Ncha

2. E Bale U Ikemiselitse ho Amohela Likhopolo Tse Ncha

Kamoo U ka Utloisang Bibele Kateng

2. E Bale U Ikemiselitse ho Amohela Likhopolo Tse Ncha

Na e kile eare ha le ntse le qoqa eaba motsoalle oa hao o bua motho e mong eo u sa mo tsebeng hampe? Na mohla u teanang le motho eo, seo motsoalle oa hao a u boleletseng sona se ile sa u sitisa ho bona makhabane le litšobotsi tsa hae tse ntle? Ho ka etsahala ntho e tšoanang le eo ka Bibele.

MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a lemosa hore na ho ka etsahala’ng haeba re bala Bibele empa re sa ikemisetsa ho amohela likhopolo tse ncha. Mabapi le Bajuda ba mehleng ea hae, Pauluse o ile a re: “Etsoe kea ba pakela hore ba chesehela Molimo; empa eseng ho ea ka tsebo e nepahetseng.”—Baroma 10:2.

Ba bang ba Bajuda bao ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba sa ikemisetsa ho amohela ’nete eo Mangolo a Seheberu a neng a e senola ka tsela e hlakileng, e leng ea hore Jesu e ne e le Mesia. Jesu oa Nazaretha o ne a tšoaneloa ke tlhaloso e ’ngoe le e ’ngoe ea Mangolo e buang ka Mesia ’me o ile a phethahatsa boprofeta bohle bo mabapi le eena. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho tsitlella likhopolong tsa bona, Bajuda ba bangata ba mehleng eo ba ile ba sitoa ho utloisisa Lentsoe la Molimo.

Re ithuta’ng tlalehong ee? Ke habohlokoa hore re ikemisetse ho amohela likhopolo tse ncha ha re bala Bibele. Motho ea balang a e-na le maikutlo a itseng kapa a sa ikemisetsa ho amohela likhopolo tse ncha a ke ke a utloisisa ’nete ea Bibele.

Ka mohlala, moprofesa e mong oa lithuto tsa bolumeli oa North Carolina, U.S.A., o hlalosa Bibele e le “buka feela e ngotsoeng ke batho, e nang le maikutlo a batho ao a mangata a ’ona a hanyetsanang a bileng a sa faneng ka tataiso e ka tšeptjoang ea kamoo re lokelang ho phela kateng.” Haeba motho a ka bala Bibele a e-na le maikutlo a hore ke “buka feela e ngotsoeng ke batho,” na joale a ke ke a hanyetsa tataiso kapa melao-motheo ea eona eo a sa e rateng?

Ka lehlakoreng le leng, Bibele e re khothalletsa hore re ithute eona ka cheseho. Ha Mangolo a bua ka Baberea ba mehleng ea Pauluse, a re: “Ba ile ba amohela lentsoe ka tabatabelo e khōlō ea kelello, ba hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena li joalo kapa che.” (Liketso 17:11) Joaloka Baberea bao, u lokela ho tlohela pelaelo leha e le efe kapa ho nyatsa-nyatsa ho ka ’nang ha u sitisa ho utloisisa Bibele. Bala Lentsoe la Molimo, u ikemisetse ho amohela likhopolo tse ncha, u labalabele ho ithuta molaetsa o thahasellisang oa Mongoli oa lona.