Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Ke eng e ileng ea etsa hore masole a Roma a rate seaparo sa Jesu sa ka hare hakaale?

Masole a mane a neng a laola polao ea Jesu a ile a arolelana liaparo tsa hae. Johanne 19:23 e re: “Empa seaparo [sa Jesu] sa ka hare se ne se se na mōrōko, se lohiloe ho tloha holimo ho theosa le bolelele ba sona.” Masole ao a ile a etsa qeto ea hore a se ke a se tabola, ho e-na le hoo, a ile a lahla lotho e le hore se fumanoe ke lesole le le leng. Seaparo seo se ne se entsoe joang?

Ho bonahala seaparo seo sa ka hare e ne e le mose o molelele o se nang matsoho o entsoeng ka lesela la line kapa ka ulu, o neng o fihla mangoleng kapa maqaqailaneng. Ka tloaelo ha ho rōkoa seaparo sena, ho ne ho nkoa masela a mabeli a lekanang, ebe a rōkoa ka mahlakoreng le mahetleng. Ho ne ho siuoa moo ho tla kena hlooho le matsoho teng.

Buka ea Jesus and His World e re mofuta o theko e boima haholo o ne o etsoa ka tsela e tšoanang, empa ho ne ho sebelisoa “lesela le le leng le lelelele, ebe le menoa habeli, ho ntan’o sehoa moo hlooho e tla kena teng.” Mose oa mofuta ona o ne o rōkoa ka mahlakoreng feela.

Ka hona, seaparo sa mofuta ona se se nang mōrōko seo Jesu a neng a se apere, se ne se etsoa feela Palestina. Ha se etsoa, ho ne ho sebelisoa foreimi ea ho loha, ebe ho lohuoa ka likhoele ho pota-pota foreimi ho tloha holimo ho fihlela fatše. Buka e ’ngoe e re ha motho ea lohang a ntse a loha ho pota-pota foreimi, “seaparo se ne se tsoa se le motopo eka ke moqomo.” Ka hona, e tlameha ebe mose o se nang mōrōko o ne o sa tloaeleha, ’me ke ka lona lebaka leo lesole le leng le le leng le neng le batla ho iphumanela oona.

Na mehleng ea boholo-holo ho ne ho e-na le barui ba linotši Iseraele?

Ho latela Mangolo a Seheberu, Molimo o ile a tšepisa Baiseraele ba boholo-holo hore o ne a tla ba isa “naheng e phallang lebese le mahe a linotši.” (Exoda 3:8) Kamoo ho bonahalang kateng, hangata ha Mangolo a bua ka mahe a linotši, a hlile a bua ka mahe a hlahisoang ke linotši tsa naheng. Ha ho moo Bibele e bontšang hore naheng ea Iseraele ea boholo-holo batho ba ne ba rua linotši. Leha ho le joalo, ho na le ntho e sa tsoa sibolloa Phuleng ea Iseraele ea Beth She’an e bontšang hore mehleng eo ea boholo-holo, batho ba ne ba “rua linotši molemong oa khoebo.”

Sebakeng sa Tel Rehov, bafuputsi ba tsoang Hebrew University of Jerusalem’s Institute of Archaeology ba sibolotse sebaka seo linotši li neng li hahetsoe matloana ho sona seo e ka ’nang eaba ke sa lilemong tsa bo-900 ho ea mathoasong a bo-800 B.C.E.—e leng lilemo tsa ha Iseraele e qala ho ba le marena. Lena ke lekhetlo la pele ho sibolloa matloana a boholo-holo a linotši Bochabela bo Hare. Ho nahanoa hore qalong, sebaka seo se ne se e-na le matloana a ka bang lekholo a linotši a neng a kolohane ho ea holimo ka mekato e ka bang meraro.

Tlaleho ea univesithi ha e bua ka seo se sibolotsoeng e re ntloana ka ’ngoe e ne e le “moqomo oa letsopa o sa besoang . . . o ka bang bolelele ba lisenthimithara tse 80 [linōkō tse 30] le bophara ba lisenthimithara tse 40 [linōkō tse 15]. . . . Batho bao e leng khale ba rua linotši le litsebi tse ileng tsa tla sebakeng sena ba hakanya hore ho ne ho ka bokelloa mahe a linotši a ka etsang halofo ea thane selemo le selemo matloaneng ana a linotši.”

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Sebaka se Tel Rehov

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Institute of Archaeology/Hebrew University © Tel Rehov Excavations