Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Nka Bonolo e le ba Bohlokoa

Jehova o Nka Bonolo e le ba Bohlokoa

Atamela ho Molimo

Jehova o Nka Bonolo e le ba Bohlokoa

Numere 12:1-15

BOIKHOHOMOSO, lefufa, ho rata maemo. Eo ke mekhoa e atileng har’a batho ba atlehileng lefatšeng lena. Empa na litšobotsi tsa mofuta oo li etsa hore re be le kamano e haufi le Jehova Molimo? Le hanyenyane, etsoe Jehova o nka bonolo e le tšobotsi ea bohlokoa eo barapeli ba hae ba lokelang ho ba le eona. Sena se bonahala ka ho hlaka tlalehong ea Numere khaolo ea 12. Tlaleho ena ke ea se etsahetseng lefelleng la Sinai, ka mor’a hore Baiseraele ba lopolloe Egepeta.

Miriame, e leng ausi oa Moshe, le Arone, moholoane oa Moshe, ba ile “ba qala ho bua . . . hampe” ka ngoan’abo bona. (Temana ea 1) Ho e-na le hore ba bue le Moshe ka seo, ba ile ba mo bua hampe, mohlomong ba tletleba ho batho ba bang liahelong. Miriame, ea boletsoeng pele, ho bonahala e ne e le eena ea li hulang pele. Lebaka la pele la ho korotla e ne e le hore Moshe o ne a nyetse mosali oa Mokushe. Na Miriame o ne a le lefufa hobane a nahana hore o tla jesetsoa khoebeleng ke mosali eo, eo e neng e bile e se le Moiseraele?

Sesosa sa ho tletleba ha bona se ne se tebile le ho feta. Miriame le Arone ba ile ba ’na ba re: “Na Jehova o buile ka Moshe a le mong feela? Na ha aa bua le ka rōna?” (Temana ea 2) Ho bonahala sesosa se ka sehloohong sa ho korotla e ne e le hore ba batla ho ba le matla a eketsehileng kapa ho rata maemo.

Ho latela tlaleho ena, Moshe ha aa ka a araba litletlebo tsa bona. Kamoo ho bonahalang kateng, o ile a thōla feela ha ba mo bua hampe. Taba ea hore o ile a mamella seo e lumellana le tlhaloso ea Bibele ha e bua ka Moshe, kaha e re “o ne a le bonolo haholo ho feta batho bohle ba neng ba le holim’a lefatše.” * (Temana ea 3) Ha hoa ka ha hlokahala hore Moshe a ikemele. Jehova o ne a mametse, ’me o ile a ema ka lehlakoreng la Moshe.

Jehova o ile a nka hore ba korotlela eena, etsoe bonneteng ke eena ea neng a khethile Moshe. Ha Molimo a khalemela bakorotli bao ka matla, o ile a ba hopotsa hore na o ne a e-na le kamano e ikhethang hakaakang le Moshe, a re: “Ke bua le eena molomo le molomo.” Eaba Jehova o re ho Miriame le Arone: “Joale, ke hobane’ng ha le sa ka la tšaba ho bua . . . Moshe hampe?” (Temana ea 8) Ka ho bua Moshe hampe, hantle-ntle ba ne ba bua Molimo hampe. Ka lebaka la tello eo e feteletseng, bohale ba Molimo bo ne bo tla ba tukela.

Miriame, eo ho bonahalang e ne e le mohlohlelletsi, o ile a otloa ka lepera. Hang-hang Arone o ile a kōpa Moshe ka tieo hore a mo namolele. Ak’u bone joale—Miriame o se a le mohaung oa eena motho eane eo ba neng ba tletleba ka eena! Ka bonolo Moshe o ile a etsa seo Arone a se kōpang. A bua ka lekhetlo la pele tlalehong ena, Moshe o ile a rapella khaitseli ea hae ka tieo ho Jehova. Miriame o ile a phekoloa, empa o ile a lokela ho hlabisoa lihlong ka matsatsi a supileng ka hore a behelloe ka thōko ho liahelo.

Tlaleho ena e re bontša litšobotsi tseo Jehova a li nkang e le tsa bohlokoa le mekhoa eo a e hanyetsang. Haeba re batla ho atamela ho Molimo, re lokela ho leka ka matla ho fothola mekhoa leha e le efe ea boikhohomoso ka metso, lefufa le ho rata maemo, eo re ka ’nang ra hlokomela hore re na le eona. Jehova o rata ba bonolo. Oa re tšepisa: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:11; Jakobo 4:6.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Bonolo ke tšobotsi e matla e thusang motho hore a mamelle ho se tšoaroe ka toka empa a se na moea oa boiphetetso.