Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

Monna ea qalileng ho tsuba matekoane le koae esale moshanyana o khonne joang ho tlohela mekhoa eo? Ke eng e ileng ea thusa mohlankana ea mabifi eo e neng e le setho sa litlokotsebe hore a khone ho itšoara ha a halefile ’me a tlohele ho hloea batho ba merabe e meng? Ipalle seo ba se buang.

PALE EA BOPHELO

LEBITSO: HEINRICH MAAR

LILEMO: 38

NAHA EA HESO: KAZAKHSTAN

PELE: KE NE KE LEMALETSE MATEKOANE LE KOAE

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hlahetse karolong e ka boroa ea Kazakhstan, hoo e ka bang lik’hilomithara tse 120 ho tloha motseng oa Tashkent. Hlabula sebaka sena se omme ebile hoa chesa, mocheso o fihla ho 45°C, athe mariha mohatsela o fihla likhatong tse 10 ka tlas’a ntlha ea khoamo—kahoo, sena ke sebaka se setle sa ho lema morara le matekoane.

Batsoali ba ka e ne e le Majeremane. Bobeli ba bona e ne e le litho tsa Kereke ea Chache empa ba ne ba sa ee kerekeng. Leha ho le joalo, ba ile ba nthuta ho pheta thapelo ea Ntat’a Rōna ea Maholimong ka hlooho. Ha ke le lilemo li 14, ’Mè le ausi oa ka ba ile ba ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ka nakoana. Ka nako e ’ngoe ke ile ka utloa ha bo-’mè ba babeli ba Lipaki ba neng ba ithuta le ’Mè ba mo bontša lebitso la Molimo, e leng Jehova, ka Bibeleng ea hae ea khale. Ke ile ka ikutloa ke hloletsoe. ’Mè o ile a khaotsa ho ithuta, eaba ha ke etse letho ho tloha moo e le hore ke tsebe Molimo. Leha ho le joalo, ka nako e ’ngoe ha ke le sekolong, tichere ea rōna e ile ea pheta lipale tsohle tsa bohata tseo ho neng ho etselletsoa Lipaki Tsa Jehova ka tsona, kaha li ne li nkoa e le sehlotšoana sa bokhelohi. Kaha ke ne ke ile ka ea libokeng tse ling tsa Lipaki Tsa Jehova le ausi oa ka, ke ile ka bolella tichere ea ka hore lintho tseo a neng a li bua khafetsa ka Lipaki hase ’nete.

Ha ke e-ba lilemo li 15, ke ile ka isoa Leningrad, eo hona joale e leng St. Petersburg, Russia, ho ea ithutela mosebetsi oa matsoho. Ke ile ka bolella batho bao ke neng ke lula le bona lintho tse seng kae tseo ke neng ke ithutile tsona ka Jehova. Leha ho le joalo, ke ile ka qala ho tsuba. Ha ke ile hae Kazakhstan, ho ne ho le bonolo hore ke reke matekoane, le hoja e ne e le tlōlo ea molao. Ke ne ke bile ke noa vodka haholo le veine e rathotsoeng hae.

Ha ke qeta sekolo sa mosebetsi oa matsoho, ke ile ka kenela sesole sa Masoviet ka lilemo tse peli. Leha ho le joalo, ke ne ke sa ntse ke hopola tse ling tsa lintho tseo ke neng ke ithutile tsona Bibeleng ha ke sa le monyenyane. Ha monyetla o hlaha, ke ne ke bua le masole a mang ka Jehova ’me ke buella Lipaki ha ho buuoa mashano ka tsona.

Ha ke qeta tšebeletso ea sesole, ke ile ka fallela Jeremane. Ha ke le kampong ea batho ba tsoang linaheng tse ling, ke ile ka fumana buka ea ho ithuta Bibele e hatisitsoeng ke Lipaki. Ke ile ka e bala ka cheseho ’me ka fihlela qeto ea hore seo e se buang ke ’nete. Leha ho le joalo, ho ne ho le thata ho itokolla bokhobeng ba ho tsuba matekoane le koae. Ka mor’a nakoana ke ile ka fallela haufi le motse oa Karlsruhe. Ha ke le moo ke ile ka kopana le Paki e ’ngoe ea Jehova, e ileng ea qala ho ithuta Bibele le ’na.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: E ne e se e le nako e telele ke nka hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. Ka mor’a ho bala buka eane e thusang batho ho ithuta Bibele, ke ile ka kholiseha hore Bibele e na le likarabo tsohle tsa bohlokoa bophelong. Ho ntse ho le joalo, ho ile ha nka nako e telele pele nka fetola mekhoa ea ka. Qetellong lengolo la 2 Bakorinthe 7:1 le ile la nkama pelo ’me la etsa hore ke etse qeto ea ho itlhoekisa “litšila tsohle tsa nama le tsa moea,” e leng se neng se bolela hore ke lokela ho tlohela ho tsuba matekoane le koae.

Ke ile ka khona ho tlohela matekoane ka mor’a nako e khutšoanyane haholo. Empa ho ile ha nka likhoeli tse tšeletseng kaofela hore ke tlohele ho tsuba koae. Ka letsatsi le leng Paki e neng e nthuta Bibele e ile ea mpotsa potso ena, “U ikemiselitse’ng ka bophelo ba hao?” Seo se ile sa etsa hore ke nahane ka botebo ka ho lemalla koae. Ke ne ke ile ka leka ka makhetlo a ’maloa ho tlohela ho tsuba. Leha ho le joalo, ka nako eo ke ile ka etsa qeto ea ho rapela pele ke tšoara sakerete ho e-na le ho kōpa Molimo hore a ntšoarele ka mor’a ho tsuba. Ka 1993, ke ile ka ipehela letsatsi leo ke tl’o tlohela ho tsuba ka lona. Jehova o ile a nthusa, hobane haesale ho tloha letsatsing leo ho fihlela le holimo, ha ke e-s’o tsube.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Kaha ke tlohetse ho tsuba matekoane le koae, e leng lintho tse neng li ntjella chelete e ngata li bile li le kotsi, hona joale ke phetse hantle. Kajeno ke na le tokelo ea ho sebetsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea Jeremane. Ke thabile haholo hore ebe ke ile ka ithuta ho sebelisa keletso ea Bibele bophelong ba ka! Ho tseba seo Bibele e se rutang ho entse hore ke tsebe hore na hantle-ntle ke phelela’ng.

PALE EA BOPHELO

LEBITSO: TITUS SHANGADI

LILEMO: 43

NAHA EA HESO: NAMIBIA

PELE: KE NE KE LE SETHO SE MABIFI SA SEHLOPHA SA LINOKOANE

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hōletse motseng oa mahaeng o tikolohong ea Ohangwena, Namibia leboea. Nakong ea ntoa e ileng ea loanoa lilemong tsa bo-1980 sebakeng seo, motseng oa heso batho ba ne ba khakhathoa ba bile ba bolaoa. Motseng oo oa heso, moshanyana o ne a nkoa e le monna oa sebele hafeela a le motle ntoeng a bile a hlōla bashanyana ba bang kaofela. Kahoo ke ile ka ithuta ho loana!

Ha ke qeta sekolong, ke ile ka ea lula le Malome toropong ea Swakopmund e lebōpong. Hang ha ke sa tsoa fihla, ke ile ka imatahanya le sehlopha sa bahlankana ba litlokotsebe ba sa laoleheng. Re ne re e lata letailane ka ho ea libakeng tseo batho ba batšo ba neng ba sa lumelloa ho kena ho tsona, tse kang lihoteleng le libareng. Ka makhetlo a mangata, re ile ra loana le balebeli hammoho le mapolesa. Bosiu bo bong le bo bong ke ne ke tsamaea ka thipa e bohale, kapa phanka, ke le malala-a-laotsoe hore nka hleka mang kapa mang ea tseleng ea ka.

Bosiung bo bong ha re ntse re loana le sehlopha se seng sa linokoane tsa lireng, ke ile ka batla ke bolaoa. E mong sehlopheng seo re neng re nkhisetsana mahafi le sona, o ile ntlhaha ka morao ’me moo a reng o nkhaola hlooho, eaba oa mphato o mo otla hoo a ileng a ilibana. Le hoja ke ne ke pholohile lefu ka soba-la-nale, ke ile ka ba mabifi le ho feta. Haeba ke ne ke qoaketsana le motho, ebang ke monna kapa ke mosali, e ne e le ’na ea mo otlang pele.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ha ke qala ho kopana le mosali e mong oa Paki ea Jehova, o ile a mpalla litemana tsa Pesaleme ea 37 eaba o mpolella hore buka ea Bibele ea Tšenolo e na le litšepiso tse ling tse hlollang tsa nakong e tlang. Empa kaha o ne a sa mpolella hore na litšepiso tseo li karolong efe, ke ile ka batla Bibele eaba ke bala buka ea Tšenolo kaofela bosiung boo. Ke ile ka rata tšepiso eo ke ileng ka e bala ho Tšenolo 21:3, 4, e reng “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” Ha Lipaki tseo li khutla, ke ile ka lumela hore li ithute Bibele le ’na.

Ho ne ho le thata haholo ho khaotsa tsela eo ke neng ke nahana ka eona le eo ke neng ke etsa lintho ka eona. Empa lengolo la Liketso 10:34, 35 le ile la nthuta hore “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” Ke ile ka boela ka sebetsa ka thata hore ke latele keletso ea Baroma 12:18 bophelong, e reng “haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.”

Ho phaella tabeng ea ho ithuta ho itšoara ha ke halefile, ke ile ka boela ka lokela ho tlohela ho tsuba koae e leng ntho eo ke neng ke e lemaletse. Hangata ke ne ke rapela Jehova ke lla, ke kōpa hore a nthuse. Empa ho hlakile hore qalong ke ne ke sa etse lintho ka tsela e loketseng, ke ntse ke re “ke tsuba la ho qetela” ebe ka mor’a moo kea rapela. Paki e neng e ithuta Bibele le ’na e ile ea nthusa hore ke bone molemo oa ho rapela pele ke nka sakerete. Ke ne ke boetse ke lokela ho qoba ho ba har’a batho ba tsubang. Ho tloha moo ke ile ka latela keletso ea hore ke bontše batho bao ke sebetsang le bona hore na ho tsuba koae ho kotsi hakae. Ka sebele sena se ile sa nthusa, hobane se ile sa etsa hore ke se ke ka fumana lisakerete tsa mahala—etsoe batho ba bang bao ke sebetsang le bona ba ne ba ke ke ba hlola ba ntsubisa.

Qetellong ke ile ka khona ho tlohela ho tsuba ka ba ka khaotsa mekhoa ea ka ea pele. Likhoeli tse tšeletseng ka mor’a ho ithuta melao-motheo ea Bibele le ho phela ka eona, ke ile ka tšoaneleha hore ke kolobetsoe ’me ka ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Ke ile ka kholiseha hore bolumeli ba Lipaki Tsa Jehova ke ba ’nete ha ke bona lerato leo li ratanang ka lona, ho sa tsotellehe hore na ke tsa morabe kapa ’mala ofe. Le pele ke e-ba Paki e kolobelitsoeng, motho e mong e mosoeu eo e leng setho sa phutheho o ile a ’memela lijong ha hae. E ne eka kea lora. Le ka le baliloeng, ke ne ke e-s’o lule fatše le motho e mosoeu ka khotso, ke se ke sa re letho ka ho ja le eena ke le ha hae. Joale ke ne ke le setho sa mokhatlo oa ’nete oa machaba oa bara ba motho.

Nakong e fetileng, balebeli le mapolesa ba ile ba leka ho nqobella ho fetola tsela eo ke nahanang ka eona le eo ke neng ke etsa lintho ka eona, empa ba ile ba hlōleha. Ke Bibele feela e ileng ea ntšusumelletsa ho fetola botho ba ka ’me ea nthusa ho ba motho ea thabileng.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]

“Hangata ke ne ke rapela Jehova ke lla, ke kōpa hore a nthuse”