Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Haeba U Utloisitsoe Bohloko

Haeba U Utloisitsoe Bohloko

Haeba U Utloisitsoe Bohloko

BOIPHETETSO bo monate; sena ke seo batho ba atisang ho se bua. Lebaka ke hore ka tlhaho rea halefa ha re khopisitsoe kapa ha re utloisitsoe bohloko. Maikutlo ao re tsoetsoeng re e-na le ’ona a hore re tsebe se nepahetseng le se fosahetseng a etsa hore kamehla re batle hore ha re ile ra utloisoa bohloko, taba eo e lokisoe. Potso ke hore na, e ka lokisoa joang?

Ke ’nete hore ho na le litsela tse sa tšoaneng tseo motho a ka utloisoang bohloko ka tsona, tse kang ho jabeloa, ho sutumetsoa, ho theoloa seriti, ho hlajoa ka mantsoe, ho hlekefetsoa, ho tlatlapuoa le tse ling tse joalo. U ikutloa joang ha u utloisoa bohloko ka tsela e itseng? Ho bonahala ba bangata ba ee ba re, ‘Ba tla ntseba hantle!’

United States, barutoana ba bangata ba sekolong se mahareng ba ’nile ba bua leshano la hore matichere a ba hlekefelitse, e le feela hore ba iphetetse hobane matichere ao a ile a ba khalemela. Brenda Mitchell, eo e leng mookameli oa Mokhatlo oa Matichere, New Orleans, o re “se etsahalang ke hore, hang ha tichere e ile ea qosoa, lebitso la eona lea senyeha.” Esita le ka mor’a hore ho hlake hore qoso eo e ne e le ea bohata, batho bona ba ka ’na ba se ke ba e lebala.

Mosebetsing, ho ea ho tloaeleha hore bahiruoa ba nang le lintho tse sa ba khotsofatseng ba batle ho iphetetsa ho bahiri ba bona ka ho senya boitsebiso ba bohlokoa ba k’hamphani kapa ho bo hlakola lik’homphieutheng. Ba bang ba utsoa makunutu a k’hamphani ebe baa rekisa kapa ba fane ka ’ona. Ntle ho taba ea ho utsoa boitsebiso bo k’homphieutheng, koranta ea The New York Times, e tlaleha hore “e ntse e le ntho e tloaelehileng hore basebetsi ba iphetetse ka ho utsoa thepa mosebetsing.” Kaha lik’hamphani li tšaba hore motho ea lelekiloeng o tla iphetetsa, tse ngata li re molebeli a kate motho eo ha a ea moo a sebeletsang teng ho ea phutha seo e leng sa hae, a be a mo felehetse ho fihlela a tsoile ka jareteng.

Boiphetetso bo tloaelehile haholo har’a batho ba nang le kamano e haufi, ba kang metsoalle, batho bao re qetang nako le bona le litho tsa malapa a rōna. Ha motho a ile a buisoa ka tsela e mo utloisang bohloko kapa a entsoe ntho e mo utloisang bohloko, hangata seo se ka etsa hore a iphetetse. Ha motsoalle a u khobola ka mantsoe, na le uena ua mo khobola? Haeba setho sa lelapa se u koatisa, na u rera ho iphetetsa? Ho bonolo hakaakang ho etsa joalo ha motho ea re utloisang bohloko e le ea haufi le rōna!

Booatla ba ho Iphetetsa

Hangata batho ba iphetetsa e le hore feela ba ntše bohloko boo ba bo utloileng. Ka mohlala, Bibele e re bolella hore ha bara ba mopatriareka oa Moheberu, Jakobo, ba utloa hore Shikeme oa Mokanana o betile khaitseli ea bona Dina, ba ile ba “utloa bohloko ’me ba halefa haholo.” (Genese 34:1-7) Bara ba babeli ba Jakobo ba ile ba lohela Shikeme le ba ntlo ea hae leano e le hore ba iphetetse ka khaitseli ea bona. Simeone le Levi ba ile ba loha leqheka le ileng la etsa hore ba khone ho kena motseng oa Kanana ’me ba bolaee monna e mong le e mong, ho akarelletsa le eena Shikeme.—Genese 34:13-27.

Na litaba li ile tsa loka ka mor’a hore ba tšolle mali? Ha Jakobo a utloa ka se entsoeng ke bara bao ba hae, o ile a ba khalemela a re: “Le ntliselitse khathatso ka ho nketsa seputa ho baahi ba naha, . . . ka sebele ba tla mpokanela ba ntlhasele ’me ke tla felisoa, ’na le ba ntlo ea ka.” (Genese 34:30) Ho e-na le hore lintho li loke, ho iphetetsa ha bona ho ile ha senya litaba le ho feta; joale lelapa la Jakobo le ne le tla lokela ho lula le itebetse e le hore le se hlaseloe ke baahisani ba halefileng. Mohlomong e le ho qoba hore lelapa la Jakobo le hlaseloe, Molimo o ile a mo laela hore a tlohe le lelapa la hae sebakeng seo ’me ba ee Bethele.—Genese 35:1, 5.

Lintho tse etsahetseng ka mor’a hore Dina a betoe li hatisa thuto ea bohlokoa. Hangata ho iphetetsa ho etsa hore le ba bang ba iphetetse, ebe taba ea teng ha e fele. Ke ka hona maele a Majeremane e leng ’nete ha a re: Ha ho nke nako hore boiphetetso bo tsoale boiphetetso.

Mathata a sa Feleng a Boiphetetso

Ho kotsi ho lula re nahana hore na re ka iphetetsa joang ho motho ea re utloisitseng bohloko. Buka e bitsoang Forgiveness—How to Make Peace With Your Past and Get On With Your Life, e re: “Bohale bo qeta uena. U itjella nako le ho iqeta matla ha u lulela ho nahana ka lintho tse bohloko tseo u li entsoeng, ka pelong u ntse u rohaka ba u utloisitseng bohloko ’me u loha mano a hore na u ka iphetetsa joang.” Joalokaha Bibele e hlalosa ka ho hlaka, “mōna o bolisa masapo.”—Liproverbia 14:30, Bibele ea Sesotho.

Ka sebele motho a ke ke a thaba haeba a lula a tletse lehloeo le khalefo! Mohlalosi e mong o ile a re: “Haeba u nahana hore ho iphetetsa ho monate, ak’u shebe ba ’nileng ba ho etsa ka lilemo, u bone hore na ba joang.”

Nahana feela hore na ho ’nile ha etsahala’ng linaheng tse ngata moo ho nang le ho se utloane ha merabe le ha malumeli. Hangata ha motho a bolaoa, sena se etsa hore e mong le eena a bolaoe, e leng se bakang mathata a sa feleng a lehloeo le lipolao. Ka mohlala, ha bomo e ne e bolaea bacha ba 18 tlhaselong e ’ngoe ea likhukhuni, mosali ea neng a utloile bohloko o ile a hoeletsa a re: “Re tl’o iphetetsa ka makhetlo a sekete!” Ka tsela ena, liketso tse sehlōhō lia eketseha ’me batho ba bangata ba kenngoa moea oa ntoa.

“Leihlo ka Leihlo”

Ba bang ba nang le moea oa boiphetetso ba ikemela ka mantsoe a Bibele. Ba re, “Na Bibele hase eona e reng ‘leihlo ka leihlo, leino ka leino’?” (Levitike 24:20, Bibele ea Sesotho) Ha motho a sa nahanisise hantle ka molao ona o reng “leihlo ka leihlo,” a ka ’na a bona eka o khothalletsa boiphetetso. Empa ha e le hantle o ne o thibela liketso tse se nang kelello tsa boiphetetso. Joang?

Haeba Moiseraele a ne a loantša Moiseraele e mong ’me a mo ntša leihlo, Molao o ne o re a fuoe kotlo e mo loketseng. Empa motho ea neng a utloisitsoe bohloko e ne e se eena ea lokelang ho inkela molao matsohong ka hore a iphetetse ho motho ea mo utloisitseng bohloko kapa ho ba lelapa la hae. Molao o ne o re a ise taba ho batho ba loketseng ba etellang pele—e leng baahloli ba neng ba khethiloe—e le hore taba e sebetsoe ka tsela e nepahetseng. Ho tseba hore motho ea entseng ketso e khopo kapa e sehlōhō ka boomo o ne a tla fuoa kotlo ka ho etsoa seo a se entseng e mong, e ne e thibela batho ho iphetetsa. Empa ho na le mabaka a mang.

Pele a fana ka molao ona o neng o amana le boiphetetso, Jehova Molimo o ile a bolella sechaba sa Baiseraele a sebelisa Moshe, a re: “U se ke ua hloea mor’eno ka pelong ea hao. . . . U se ke ua iphetetsa kapa ua jara bara ba batho ba heno ka pelo.” (Levitike 19:17, 18) Kahoo, taba ea “leihlo ka leihlo, leino ka leino,” e lokela ho nkoa e le karolo ea Melao eohle ea selekane, eo Jesu a ileng a e akaretsa ka melao e ’meli feela, e leng o reng: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle” le o reng “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Matheu 22:37-40) Joale Bakreste ba ’nete ba lokela ho etsa’ng ha ba tšoaroa hampe?

Phehella ho ba le Khotso

Bibele e hlalosa Jehova e le “Molimo oa khotso” ebile e khothalletsa barapeli ba hae hore ba “batle khotso ’me [ba] e phehelle.” (Baheberu 13:20; 1 Petrose 3:11) Empa na ruri seo sea sebetsa?

Ha Jesu a ntse a sebeletsa Molimo lefatšeng, o ile a tšoeloa ka mathe, a shapuoa, a hlorisoa ke lira tsa hae, a ekoa ke motho ea haufi le eena a ba a lahloa ke balateli ba hae. (Matheu 26:48-50; 27:27-31) O ile a etsa joang? Moapostola Petrose o itse: “Ha a ne a ntse a hlapaoloa, ha aa ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola. Ha a ne a utloa bohloko, ha aa ka a qala ho soka, empa a tsoela pele ho ’na a ipeha ho ea ahlolang ka ho loka.”—1 Petrose 2:23.

Petrose o ile a hlalosa: “Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.” (1 Petrose 2:21) Ka sebele Bakreste ba khothalletsoa hore ba etsise Jesu, le kamoo a ileng a etsa kateng ha a ne a tšoaroa hampe. Mabapi le sena, Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu ka boeena o ile a re: “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang; e le hore le ka ba bara ba Ntat’a lōna ea leng maholimong.”—Matheu 5:44, 45.

Ba nang le lerato le kang la Kreste ba etsa joang ha ba tšoaroa hampe kapa ba nka hore ba tšoeroe hampe? Liproverbia 19:11 e re: “Ka sebele temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae, ’me ho hlokomoloha tlōlo ke botle ho eena.” Hape ba latela keletso ena: “U se ke ua itlohela hore u hlōloe ke bobe, empa u ’ne u hlōle bobe ka botle.” (Baroma 12:21) Ee ke tsela e fapaneng hakaakang le moea oa boiphetetso o tletseng lefatšeng kajeno! Lerato la sebele la Bokreste le ka re thusa hore re hlōle takatso ea ho iphetetsa ’me ka tsela eo, re tla be re “hlokomoloha tlōlo” etsoe lerato “ha le boloke tlaleho ea bobe.”—1 Bakorinthe 13:5.

Na see se bolela hore haeba re utloisoa bohloko ke ketso e itseng ea bokebekoa kapa bophelo ba rōna bo behoa kotsing, re lokela ho phutha matsoho feela? Che ha ho joalo! Ha Pauluse a ne a re “u ’ne u hlōle bobe ka botle,” o ne a sa bolele hore Bakreste ba be le maikutlo a hore e lokela ho ba bashoela-tumelo. Ho e-na le hoo, haeba re hlaseloa, re na le tokelo ea ho itšireletsa. Haeba u hlaseloa kapa u nkeloa thepa, u ka ’na ua khetha ho bitsa mapolesa. Haeba e le taba e amang motho eo u sebetsang le eena kapa eo u kenang sekolo le eena, ho na le batho ba ikarabellang bao re ka kōpang hore ba re thuse.—Baroma 13:3, 4.

Leha ho le joalo, re lokela ho hlakeloa ke ’nete ea hore tsamaisong ena ho ke ke ha e-ba bonolo hore re sebeletsoe ka toka ka ho feletseng. Ha e le hantle, batho ba bangata ba qetile bophelo bohle ba bona ba batla seo, eaba qetellong ba tlala bohale ’me baa hlonama ha ba elelloa hore hase ntho e ka etsahalang.

Ha ho na ntho eo Satane a ka e thabelang ho feta ho bona batho ba arohana ka lebaka la lehloeo le boiphetetso. (1 Johanne 3:7, 8) Ntho e molemo ke hore re lule re hopola mantsoe ana a Bibele: “Le se ke la iphetetsa, baratuoa, empa le fe khalefo sebaka; kaha ho ngoliloe: ‘Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’” (Baroma 12:19) Ha re tlohella litaba matsohong a Jehova, re tla qoba lintho tse ngata tse utloisang bohloko, bohale haesitana le liketso tse sehlōhō.—Liproverbia 3:3-6.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]

“U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle” ’me “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata”

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Lerato “ha le boloke tlaleho ea bobe.”—1 Bakorinthe 13:5