Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Matlotlo a Fumanoang Letšeng le Leholo ka ho Fetisisa Amerika Bohareng

Matlotlo a Fumanoang Letšeng le Leholo ka ho Fetisisa Amerika Bohareng

Matlotlo a Fumanoang Letšeng le Leholo ka ho Fetisisa Amerika Bohareng

LE HOJA Nicaragua e le naha e nyenyane, e na le letša le leholo ka fetisisa Amerika Bohareng—e leng Letša la Nicaragua. Ho ka etsahala hore ebe Letša lena ke lona feela le nang le mefuta ea litlhapi tse fumanoang leoatleng, tse kang lishaka, li-swordfish le li-tarpon, le hoja metsi a lona a se letsoai. Bo-rasaense ba lumela hore letša lena pele e ne e le kou ea leoatle la Pacific empa ho ile ha foqoha seretse se chesang se ileng sa etsa lebōpo le ileng la e arola le leoatle. Ha letsoai le ntse le fokotseha metsing, litlhapi li ile tsa ’na tsa tloaela boemo.

Letša lena, le bolelele ba lik’hilomithara tse 160 ’me le bophara ba lik’hilomithara tse 70 moo le bulehileng haholo ebile le phahametse leoatle ka limithara tse ka bang 30. Ho na le lihlekehleke tse fetang 400 Letšeng la Nicaragua, ’me tse ka bang 300 tsa tsona li jalane Hloahloeng ea Asese e haufi le motse oa Granada, karolong e ka leboea ea letša lena. Li bitsoa Lihlekehleke Tsa Granada tse nyenyane.

Sehlekehleke sa Ometepe, se bohareng ba letša lena, ke sona se seholo. Ometepe e ka ba bolelele ba lik’hilomithara tse 25 le bophara ba lik’hilomithara tse 13 ’me ha e le hantle ke lithaba tse peli tse bileng teng ha ho foqoha seretse se chesang, tse kopantsoeng ke naha e mochophoro. Thaba e telele ho tsena tse peli, e leng Concepción, e nang le tlhōrō e motopo, e phahametse letša lena ka limithara tse 1 610. E ntse e ka foqoha seretse se chesang ’me ke eona e hlaheletseng karolong e ka boroa ea sehlekehleke sena. Thaba e ’ngoe, e leng Madera, e bophahamo ba limithara tse 1 394 ’me ha e sa foqoha seretse. Thaba ena ea Madera e apesitsoe ke limela tse teteaneng ’me holimo-limo moo ho kileng ha foqoha seretse e se e le letangoana le lulang le koahetsoe ke moholi.

Letša la Nicaragua ke se seng sa libaka tse hapang bahahlauli. Ba tla sebakeng sena se chesang le se mongobo ho tla bona botle ba sona bo hlollang le lintho tse epolotsoeng tse entsoeng ka matsoho ke batho ba khale. Empa ho na le matlotlo a mang Letšeng lena la Nicaragua ao batho ba ka thabelang ho tseba ka ’ona.

Metse ka Har’a Letša

Lihlekehleke Tsa Granada tse nyenyane, li na le limela tse ngata tsa libakeng tse chesang le tse mongobo, hammoho le liphoofolo tse ngata tsa naha. Moru o tlokomang botala o koahetseng karolo e khōlō ea sehlekehleke sena o tletse lipalesa tse ikhethang ka lithunthung tsa tsona tse ntle. Ho iphaphatha le lebōpo, ke moo ho phelang linonyana tse ntle tsa metsing, tse kang likokolofitoe tse nyenyane tse ’mala o moputsoa, maholosiane a maholo, lioli le mefuta e ’meli ea liinoli. Lifateng tse khōlō tse qetellong ea moru ho leketlile lihlaha tsa linonyana tse khōlō tse bosoothoana bo bofubelu tse bitsoang Montezuma oropendolas, ’me lihlaha tsena li ntse li tsukutloa ke moea o pholileng o tsoang letšeng.

Tse ling tsa lihlekehleke tsena li na le baahi. Ho na le matlo a batšoasi ba litlhapi le matlo a barui ha ba tlile phomolong. Ho boetse ho na le likolo le litša tsa bafu hammoho le lireschorente le libara. Lihlopha tsena tsa lihlekehleke li shebahala joaloka metse ka har’a letša lena.

Seketsoana se ’mala o moputsoa le o mosoeu se tsamaea hoseng ho hong le ho hong se kena sehlekehlekeng ka seng ho lata bana ba sekolo. Seketsoana se entsoeng lebenkele se kena sehlekehleke le sehlekehleke se rekisa litholoana le meroho. Letsatsi le letsatsi letšeng lena u ka bona banna ba lokisang matlooa a bona le basali ba hlatsoang liphahlo.

Lipaki Tsa Jehova le tsona li phathahane lihlekehlekeng tsena. Li etela batho ba mona ka seketsoana ho ea bua le bona ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Matheu 24:14) Tikoloho ea sebaka sena e ne e baka bothata: Liboka li ne li tla tšoareloa hokae bakeng sa ho ithuta Bibele, Lentsoe la Molimo? E le ho mamela keletso ea Bibele e reng ‘re se tlohele ho bokana ha rōna,’ Lipaki li ile tsa tla ka leano le bohlale la ho haha Holo ea ’Muso ea pele Nicaragua e phaphamalang metsing.—Baheberu 10:25.

Holo ea ’Muso e Phaphamalang Metsing

Banyalani ba bang ba Lipaki Tsa Jehova ba qetang boholo ba nako ba bolella batho litaba tse molemo ba ile ba fallela lihlekehlekeng tsena tsa Granada ka November 2005. Likhoeli tse ’maloa hamorao, ha ba mema batho hore ba tle Sehopotsong sa lefu la Kreste se tšoaroang selemo le selemo, ba ile ba makala ba ba ba thaba haholo ha batho ba 76 ba e-ba teng. Sena se ile sa kholisa banyalani bana hore ba tlameha ho tšoara liboka tsa Bokreste kamehla sebakeng sena. Kaha ho ne ho se bonolo ho fumana sebaka seo ba ka tšoarelang liboka tseo ho sona, bo-pula-maliboho bana ba ile ba fihleloa ke mohopolo o mong. Ba ile ba etsa qeto ea ho haha Holo ea ’Muso e phaphamalang metsing e neng e ka tlosoa sehlekehlekeng se seng ho ea ho se seng moo batho ba leng hona teng.

Banyalani bana ba bo-ramalekelle, bao bophelong ba bona ba neng ba e-s’o ka ba rala kapa hona ho haha ntho leha e le efe e ka phaphamalang metsing, ba ile ba qala ho haha holo eo. Bona hammoho le batho ba bang ba tšeletseng ba ile ba qeta khoeli ba ntse ba e haha. Sebaka se secha seo ho neng ho tla kopaneloa ho sona e ne e tla ba ntho e iketselitsoeng habonolo e ka phaphamalang metsing. E ne e tla etsoa ka meqomo e 12 e boholo ba lilithara tse 150, e tlatsitsoeng moea hore e phaphamale, ebe e kopanngoa hammoho ka foreimi e entsoeng ka litšepe tse cheselelitsoeng. Fatše ho ne ho tla aloa mapolanka ebe ho etsoa marulelo ka seile. Bosiu bo bong le bo bong basebetsi bana ba ne ba rapella mosebetsi oa bona hobane ba ne ba sa tiiseha hore holo eo e tla fela e phaphamale. Empa e ile ea phaphamala!

Holo ena e ncha ea ’Muso e ile ea sebelisoa ka lekhetlo la pele ka la 10 June, 2006, ha ho ne ho tšoeroe Seboka sa Phatlalatsa. Letsatsing le hlahlamang, e ile ea isoa sehlekehlekeng se seng e le ho ea tšoarela batho ba moo liboka tsona tseo. Batho ba bileng teng libokeng tseo ka bobeli e bile ba 48, le hoja ba bang ba ne ba lokela ho tsamaea morung nako e fetang halofo ea hora. Bohle ba ne ba thabile hore ebe joale ba na le sebaka seo ba ka rapellang ho sona!

Ho na le lintho tse ikhethang ka liboka tse tšoareloang Holong ena ea ’Muso. Ha sebui se ntse se fana ka puo, bamameli ba boetse ba utloa molumo oa metsi a sheshang hamonate mafikeng ebe neng-neng ho utloahala sello sa litšoene hōjana. E se khale, baahi ba lihlekehleke tsena ba ile ba tloaela ho bona holo ena. Ba ne ba e tsokela matsoho ha e tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng. Beke e ’ngoe le e ’ngoe, ho tla batho ba fetang 20 Holong ena ea ’Muso e phaphamalang metsing ho tla thabela botsoalle le thuto ea Bibele. Holo ena e fetohile letlotlo le lekaakang!

Sehlekehleke sa Ometepe

Ka lehlakoreng le ka boroa Granada ke Sehlekehleke sa Ometepe se bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 50. Ka lebaka la hore sehlekehleke sena se setle le mobu oa teng o nonne, batho ba ne ba khahloe ke ho aha ho sona ho tloha khale. Ha e le hantle, ke sebakeng sena moo ho ileng ha fumanoa bopaki ba hore ke khale ho iphelisoa ka temo Nicaragua. Kajeno, ho na le baahi ba ka bang 42 000 Ometepe, ba iphelisang ka ho tšoasa litlhapi le ho lema poone, libanana, kofi le limela tse ling. Sehlekehlekeng sena le teng ho na le liphoofolo tsa naha tse ntle. Ho na le lihlopha-hlopha tsa lipapakhaie tse llang ka lentsoe le hlabang le tsa linonyana tse khōlō tse bitsoang li-magpie-jay tse hlahisang masiba a maputsoa le a masoeu ha li ntse li fofa ka har’a lifate, hammoho le litšoene tse ratoang ke batho tse sefahleho se sesoeu tse bitsoang li-capuchin.

Baahi ba Ometepe ba boetse ba eteloa ke baboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ka 1966 ho ne ho e-na le batho ba robeli feela ba kolobelitsoeng, athe kajeno Lipaki tse Ometepe li se li le 183, ’me ho na le liphutheho tse ’nè tse hōlang. Phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e na le Holo ea ’Muso e sebakeng se loketseng. Kajeno, Paki e le ’ngoe e lokela ho pakela batho ba 230 sehlekehlekeng sena.

Lipaki Tsa Jehova tsa Ometepe li ’nile tsa hlaheloa ke mathata ka lilemo tse ngata. Ka mohlala, bahanyetsi ba tsona ba ile ba chesa Holo ea ’Muso e Mérida ka 1980. Ho ile ha hahoa holo e ’ngoe ka 1984. Eona e ile ea sebelisoa ho fihlela ka 2003 ha ho hahoa Holo e ncha ea ’Muso e ntle, eo litho tse 60 tsa phutheho ea moo li ileng tsa e thabela haholo.

Holo ea ’Muso ea Moyogalpa e hahiloe ka tsela eo e ka khonang ho nka batho ba bangata haeba ho hlokahala. Holo ena e ruletsoe kaofela ’me sethala se ka holong. Moo holo e fellang teng ho entsoe lephephe ho ea morao qetellong ea jarete ’me ho behiloe litulo tlas’a lona. Lipaki tsa sebakeng sena hammoho le metsoalle ea tsona e lulang tikolohong ena, li bokana holong ena ka linako tse itseng bakeng sa likopano tse khōlō. Sebaka sena se botleng bakeng sa ho tšoarela likopano kaha barutuoa ba bacha ba Jesu Kreste ba kolobetsoa hona Letšeng lena la Nicaragua.—Matheu 28:19.

Na Matlotlo a Letša Lee a Tla Sireletsoa?

Letša la Nicaragua le ’nile la bonahala e le le ke keng la senngoa, mohlomong hobane le le leholo. Empa mehleng ena le se le hloka ho sireletsoa. Metsi a lona a silafatsoa ke litšila tse lahloang ke lihoai le tse tsoang lifemeng hammoho le litšila tse tsoang moo ho rengoang meru.

Hore na boiteko bo etsoang ke baahi le ’muso bo tla ntlafatsa boemo kapa che, ho se ho tla bonahala. Ho teng ke hore ’Mōpi o tla etsa bonnete ba hore matlotlo ’ohle a lefatšeng, ho akarelletsa matša a metsi a hloekileng, lihlekehleke tse ntle hammoho le liphoofolo tsa naha tse khahlang mahlo, a tla sireletsoa hore e be lefa la batho ba mo mamelang. Bibele e re bolella hore “ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Holo ea ’Muso e phaphamalang metsing eo ho tšoareloang liboka tsa Bibele ho eona