Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Motho a ka Hlaolela Hore a be le Tumelo ho ’Mōpi?

Na Motho a ka Hlaolela Hore a be le Tumelo ho ’Mōpi?

Na Motho a ka Hlaolela Hore a be le Tumelo ho ’Mōpi?

“HA KE nahana hore e ka ’na eaba ’Mōpi o teng, ke tlala bohale ba hore na o teng motho eo e ka reng ha a e-na le matla a ho thibela mahlomola a hlahelang batho, eaba o khetha ho se a sebelise!” Ao ke mantsoe a motho e mong eo pele a neng a sa lumele hore Molimo o teng eo litho tsa lelapa labo li neng li bolaoe Polaong e Sehlōhō ea Bajuda. E ne e se eena feela ea ikutloang joalo.

Batho ba bangata ha ba oetsoe ke koluoa ba thatafalloa ke ho lumela hore Molimo o teng, kapa ba itšelisa ka hore Molimo ha a eo. Mabaka a mang a ka sehloohong a etsang hore ba bang ba se ke ba lumela hore o teng ke afe? Ho ea kamoo batho ba bang ba nahanang kateng, na batho ba ka phela hantle le ho feta haeba Molimo a le sieo, kapa ho se na bolumeli? Na ho ka etsahala hore motho ea sa lumeleng hore Molimo o teng a hlaolele hore a be le tumelo ho ’Mōpi ea lerato?

Ho Hlōleha ha Bolumeli

Ntho e makatsang ke hore bolumeli ke bona bo etsang hore batho ba latole hore Molimo o teng. Rahistori Alister McGrath, o re: “Batho ba bangata ba nyonya tsela e feteletseng eo likereke li etsang lintho ka eona hammoho le liphoso tsa tsona, ’me ke eona ntho e ka sehloohong e etsang hore ba qetelle ba sa lumele hore Molimo o teng.” Ntho e hlokomelehang hangata ke ea hore bolumeli ke bona bo fehlang lintoa le liketso tse mabifi. Rafilosofi ea bitsoang Michel Onfray, ea sa lumeleng hore Molimo o teng, o ipotsa hore na ho tla joang hore buka e le ’ngoe ea bolumeli e susumetse banna ba babeli hore ba etse lintho tse fapaneng, e mong a “labalabele ho ba mohalaleli,” ha e mong eena “a etsa liketso tse sehlōhō ka ho fetisisa”—e leng tsa bokhukhuni.

Batho ba bangata ba hopola lintho tse bohloko tse ileng tsa ba hlahela ha ba sa ntse ba kena kereke. Ha mohlankana e mong oa Sweden ea bitsoang Bertil a sa le sesoleng, o ile a utloa moruti oa lebotho la ntoa a buella liketso tse mabifi ka ho bontša hore Jesu o ile a lemosa hore ba nkang sabole ba tla timela ka sabole. Moruti eo o ile a beha lebaka la hore ho na le ea lokelang ho nka sabole, e leng se bolelang hore lesole ke mohlanka oa Molimo!—Matheu 26:52. *

Bernadette, eo ntate oa hae a ileng a bolaoa Fora nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, o hopola kamoo a ileng a tlala bohale kateng ha a utloa mantsoe a moruti phupung ea motsoal’ae ea lilemo li tharo, ha a ne a re: “Molimo o nkile ngoana enoa hore e e’o ba lengeloi.” Hamorao Bernadette o ile a ba le ngoana ea holofetseng, ’me ha ho motho ea ileng a mo tšelisa kerekeng ka boemo boo ba ngoana oa hae.

Ciarán ea hōletseng Ireland Leboea, nakong eo ho neng ho tletse merusu, o ne a hloile thuto ea lihele. O ne a tloaetse ho bolela hore o hloile Molimo leha e le ofe ea khopo joalo, a bile a phephetsa Molimo a re haeba O teng, ha a mo bolaee a tle a bone. Hase Ciarán feela ea hloileng lithuto tse khopo joalo tsa kereke. Ha e le hantle, thuto ea kereke e ka ’na eaba ke eona e entseng hore ho qetelle ho e-na le khopolo ea hore lintho li ikentse. Ho latela Alister McGrath, ha e le hantle “lehloeo le matla” leo Darwin a neng a hloile thuto ea mollo oa lihele ka lona ke lona le ileng la etsa hore a be le lipelaelo ka boteng ba Molimo, eseng taba ea hore o ne a se a ntse a lumela hore lintho li ikentse. McGrath o re ntho e ’ngoe e susumelitseng Darwin e bile “ho sareloa ho hoholo hoo a ileng a ho utloa ka lebaka la ho shoelloa ke morali.”

Batho ba bang ba nka hore ho kena kereke ho itšoanela feela le motho ea hlokang kelello le ea chesehang ka ho feteletseng. Irina ea neng a tennoe ke lithuto tse sa haheng tsa kereke hammoho le lithapelo tse pheta-phetoang, o re: “Ke ne ke nka hore batho ba kenang kereke ha ba nahane.” Louis ea ileng a khopisoa ke liketso tse sehlōhō tse hlohlelelitsoeng ke batho ba chesehelang bolumeli, o ile a qetella a se a sa batle letho ka bolumeli ’me o re: “Ka mor’a hore bolumeli bo ntene ka lilemo, joale kea bona hore bo ka ama batho ka tsela e mpe haholo. Ke qeteletse ke sa batle ho utloa letho ka malumeli ’ohle.”

Na Batho ba ka Phela Hantle le ho Feta Ntle ho Molimo?

Ka hona, ha ho makatse hore ebe batho ba bangata ba nka hore bolumeli ke bona bo sitisang batho ho tsoela pele le ho ba le khotso. Ba bang ba bile baa ipotsa hore na ebe batho ba ke ke ba phela hantle le ho feta ntle ho Molimo le bolumeli na. Leha ho le joalo, na monahano o joalo o khahlanong le malumeli ka kakaretso o ke ke oa hlahisa mathata?

Rafilosofi oa lekholong la bo18 la lilemo, e leng Voltaire, o ile a hanyetsa ka matla tsela e fosahetseng eo kereke ea mehleng ea hae e tletseng bobolu e neng e etsa lintho ka eona. Leha ho le joalo, o ne a nka hore boteng ba Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ba bohlokoa bakeng sa boitšoaro ba rōna. Hamorao, rafilosofi oa Lejeremane, Friedrich Nietzsche o ile a phatlalatsa hohle hore Molimo o shoele, empa o ne a tšaba hore batho ba tla hloka boitšoaro a bile a nahana hore ho ka ’na ha e-ba le liphello tse kotsi ha batho ba sa lumele hore Molimo o teng. Na o ne a tšoha ntho e utloahalang?

Mongoli Keith Ward o re le hoja batho ba phela mehleng ea morao-rao, liketso tse sehlōhō ha lia fokotseha, ho e-na le hoo “li ile tsa hloa mekoalaba ka tsela e neng e sa lebelloa.” Hape ho latola hore Molimo o teng ha hoa ka ha lokolla batho mefokolong ea botho, e kang bomenemene le leeme. Lintho tsena li entse hore batho ba bangata ba nahanisisang, hammoho le bona ba sa lumeleng hore Molimo o teng, ba bone bohlokoa ba ho lumela hore Molimo o teng ha ho tluoa tabeng ea boitšoaro.

Keith Ward o totobatsa melemo ea ho lumela ho Molimo, o re: “Tumelo e etsa hore nako le nako motho a tlamehe ho itšoara hantle, a ikarabelle bakeng sa ho hlokomela lefatše leo Molimo a le bōpileng.” Liphuputso tse ngata tsa morao tjena li bontšitse hore palo e ntseng e eketseha ea balumeli e itella batho ba bang. Ka lehlakoreng le leng, boitelo bo etsa hore motho a thabe. Liphuputso tse joalo li hatisa ’nete ea molao-motheo oo Jesu a ileng a o bolela ha a re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35.

Motho e mong eo pele a neng a sa lumele hore Molimo o teng, eo e leng mosebeletsi oa sechaba, o ile a khahloa ke tsela eo Bibele e khonang ho susumetsa bophelo ba batho ka eona. O itse: “Kaha ke qetile lilemo tse ngata ke sa atlehe hakaalo ha ke ntse ke leka ho thusa batho hore ba fetole mekhoa e ba ntšang kotsi, e bileng e ntšang le ba bang kotsi, ke ile ka tsota ha ke bona kamoo batho ba ka fetohang ka ho feletseng kateng hore e be batho ba molemo. Ke bile ke lemohile hore liphetoho tseo ba li etsang e ba tse tšoarellang.”

Leha ho le joalo, batho ba bang ba latolang hore Molimo o teng bona ba nka hore ho lumela ho Molimo ke hona ho bakileng lipolao tse ngata hakana tse sehlōhō hammoho le lintoa, ho e-na le hore ho hlahise batho ba molemo le ba itellang ba bang. Ba ka ’na ba elelloa hore tumelo e ama batho ba bang hantle, empa bona ba khetha ho lula ba e-na le lipelaelo. Hobane’ng?

Mabaka a Mang a ho se Lumele

Batho ba bangata ba rutoa hore khopolo ea hore lintho li ikentse ke ’nete e nang le bopaki. Ka mohlala, Anila o kene sekolo Albania moo batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng. O re: “Sekolong re ne re rutoa hore motho ea lumelang hore Molimo o teng ke sethoto ebile o siiloe ke nako. Nako le nako ke ne ke ithuta lintho tse babatsehang ka limela le ka lintho tse phelang, empa ke ne ke nahana hore tseo tsohle ke ka lebaka la ho iphetola ha lintho, kaha sena se ne se etsa hore eke re lumellana le bo-rasaense.” Kajeno oa lumela hore “bopaki bo neng bo fanoa bo ne bo lokela ho amoheloa ntle ho lipotso.”

Batho ba bang ba ka ’na ba sitisoa ke ho tlala bohale. Lipaki Tsa Jehova li atisa ho kopana le batho ba joalo ha li kena ntlo le ntlo, li bolella batho ka molaetsa o fanang ka tšepo o tsoang ka Bibeleng. Bertil, ea boletsoeng pejana, o ile a eteloa ke mohlankana e mong oa Paki. Bertil o hopola a re ka pelong: ‘Ao, motho oa batho ea chesehang ka ho feteletseng, kajeno ua tla ka ua kena ha motho osele!’ O re: “Ke ile ka re a kene ka tlung ’me ka qala ho ntšetsa bohale ba ka ho eena ka Molimo, Bibele hammoho le ka bolumeli.”

Gus oa Scotland, o ne a tšoenngoa ke leeme le teng. Qalong, o ne a rata ho pheha khang a bile a le manganga ha a buisana le Lipaki Tsa Jehova. O ne a botsa lipotso tse kang tsa moprofeta Habakuke, ea ileng a re ho Molimo: “Ke hobane’ng ha u etsa hore ke bone se kotsi, ’me u ntse u talima khathatso feela?”—Habakuke 1:3.

Ntho e ’ngoe eo e leng khale e tšoenya batho ke taba ea hore ekare Molimo o iphapanyetsa bokhopo bo etsahalang lefatšeng. (Pesaleme ea 73:2, 3) Simone de Beauvoir, eo e leng mongoli oa Mofora, o kile a re: “Ke ne ke utloa e le ntho e utloahalang ho nahana hore lefatše ha le na ’mōpi ho e-na le ho nahana ka ’mōpi ea ikarabellang ka liqhoebeshano tsohle tse teng lefatšeng.”

Leha ho le joalo, na taba ea hore malumeli a mangata a sitoa ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho e-na le liqhoebeshano tse ngata hakaale e bolela hore ha ho na tlhaloso? Gus o re qetellong o ile a fumana “tlhaloso e utloahalang ea hore na ke hobane’ng ha ’Mōpi ea matla ’ohle a lumella batho hore ba utloe bohloko ka nakoana.” O re, ho tseba seo “e bile ntho ea bohlokoa ho ’na.” *

Batho ba bang ba reng ha ba lumele hore Molimo o teng ha e le hantle e ka ’na eaba ba na le lipelaelo tse itseng ka khopolo ea ho iphetola ha lintho, e ka ’na eaba baa utloa hore ba hloka Molimo bophelong ba bona ebile e ka ’na eaba baa rapela. A re ke re boneng hore na batho ba bang ba neng ba sa lumele hore Molimo o teng, le ba neng ba belaella hore na o fela a le teng, ba ile ba thusoa ke eng hore ba nahane ka ho teba ka taba ena ’me ba qetelle ba hlaoletse ho ba le kamano e haufi le ’Mōpi oa bona.

Se Ileng sa ba Thusa Hore ba Hlaolele ho ba le Tumelo ho ’Mōpi

Mohlankana ea neng a etetse Bertil o ile a etsa hore a nahane ka ho mo bontša hore ho na le phapang e khōlō pakeng tsa Bokreste ba ’nete le malumeli a ba ipitsang hore ke Bakreste empa ba sa bo phelele. Ntle le mabaka ao mohlankana eo a ileng a fana ka ’ona ha a tšehetsa taba ea hore ’Mōpi o teng, Bertil o hlalosa se ileng sa mo khahla, o re: “Ke ile ka rata tsela eo a neng a mamella manganga a ka ka eona. . . . O ne a lula a khobile matšoafo, a ntlela lingoliloeng kamehla a bile a lula a itokiselitse seo a tl’o se bua.” *

Svetlana ea neng a susumelitsoe haholo ke khopolo ea hore lintho li ikentse hammoho le bokomonisi, o ne a lumela hore ho tla tsoella feela batho ba matla ka ho fetisisa. Leha ho le joalo, boemo bona ba bophelo bo sa thabiseng bo ne bo mo tšoenya maikutlong. Ntho e neng e mo ferekanya le ho feta ke eo a neng a e rutiloe sekolong sa bongaka, joalokaha a bontša: “Nakong ea thuto ea hore Molimo ha a eo, re ile ra ithuta hore ho tsoella feela batho ba matla ka ho fetisisa. Empa ha re ithuta ka bongaka, re ne re rutoa hore re lokela ho thusa ba fokolang.” Hape o ne a ipotsa hore na ke hobane’ng ha batho e le bona ba imeloang maikutlong ka lebaka la mathata a teng, litšoene tsona li sa amehe, empa e le hore ho latela khopolo ea ho iphetola ha lintho, motho o tsoa tšoeneng. Pherekano eo e ile ea felisoa ke motho eo a neng a sa mo nahana le ho mo nahana, o re: “Nkhono oa ka o ile a ntlhalosetsa a sebelisa Bibele hore kaha ha rea phethahala, sena se etsa hore re be le maikutlo a fosahetseng.” Svetlana o ile a boela a thaba haholo ha a fumana karabo ea Bibele lipotsong tse kang ena e reng ke hobane’ng ha batho ba lokileng ba hlaheloa ke lintho tse bohloko.

Leif ea tsoang ho e ’ngoe ea linaha tsa Scandinavia, e ne e le molateli ea matla oa khopolo ea hore lintho li ikentse ’me a nka Bibele e le buka ea lipale. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng motsoalle oa hae o ile a mo botsa potso e etsang hore a nahanisise ka seo a se lumelang, a re: “Feela na ua elelloa hore u mpa u pheta mantsoe a batho ba bang, uena ha u tsebe hore na Bibele e re’ng?” Ha Leif a hlalosa hore na mantsoe ao a ile a mo ama joang, o re: “Ke ile ka hlokomela hore ke ile ka amohela khopolo ea ho iphetola ha lintho ntle le ho botsa potso le e ’ngoe. . . . Ke nahana hore boprofeta ba Bibele le hore na bo phethahala joang ke e ’ngoe ea lintho tse ka thusang motho ea sa lumeleng hore Molimo o teng hore a qale ho nahana ka ho teba.”—Esaia 42:5, 9.

Ciarán ea boletsoeng pejana, o ne a nyahame ka mor’a ho qeta lilemo tse ngata a le lipolotiking. Ha a ntse a nahanisisa ka bophelo, o ile a tleloa ke khopolo ena: Molimo ea matla le ea lerato ke eena feela ea ka rarollang mathata a teng lefatšeng le ho mpontša tsela ea hore ke tsoe mahlomoleng ao ke leng ho ’ona. Ka pelo e bohloko, o ile a re ka pelong: ‘O-oe! Ekare nka tseba ka Molimo ea joalo.’ A nyahame haholo, o ile a rapela a re: “Haeba u hlile ua nkutloa, ke kōpa u mpontše ka tsela e itseng, u be u mpontše tsela ea hore na nka tsoa joang mahlomoleng ao ke leng ho ’ona hammoho le hore na batho ba ka lokoloha joang linthong tse bohloko tse ba hlahelang.” Matsatsi a seng makae hamorao, e mong oa Lipaki Tsa Jehova o ile a mo etela. Paki eo e ile ea hlalosa seo Bibele e se rutang ka matla a khopo a susumetsang mebuso ea batho. (Baefese 6:12) Tlhaloso ena e ile ea lumellana le seo Ciarán a neng a se a ntse a se hlokometse ’me ea etsa hore a be le thahasello e khōlō. Ka mor’a ho ithuta Bibele ka ho eketsehileng, o ile a qala ho ba le tumelo e matla ho ’Mōpi ea lerato.

Kamano ea Hao le ’Mōpi oa Batho

Boikaketsi bo likerekeng, lithuto tse rutoang ke ba sa lumeleng hore Molimo o teng, tse kang ea hore lintho li ikentse, hammoho le bokhopo bo atileng, li entse hore batho ba bangata ba belaelle boteng ba ’Mōpi kapa ba hle ba latole hore o fela a le teng. Empa haeba u ka ipha nako, Bibele e ka u fa likarabo tse khotsofatsang lipotsong tsa hao. E boetse e senola menahano ea Molimo, “menahano ea khotso, eseng ea tlokotsi, ho le fa bokamoso le tšepo.” (Jeremia 29:11) Ho Bernadette, ea neng a e-na le lipelaelo ka boteng ba Molimo ebile ngoana oa hae a hlahile a holofetse, tšepo eo e ile ea mo thoba maikutlo joaloka moriana o kokobetsang bohloko maqebeng.

Tlhaloso ea Bibele ea hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola e ’nile ea ama batho ba bangata ba neng ba sa lumele hore Molimo o teng. Haeba u ka ipha nako ea hore u fumane likarabo tsa Bibele lipotsong tsa bohlokoa joalo, le uena u ka ’na ua qetella u kholisehile hore ho na le Molimo eo ha e le hantle, “a se[ng] hōle le e mong le e mong oa rōna.”—Liketso 17:27.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 Tabeng ea hore na Bakreste ba ’nete ba lokela ho loana, bona sehlooho se reng “Na Bokreste bo Lumellana le Ntoa?” leqepheng la 29-31.

^ ser. 22 E le hore u fumane tlhaloso e eketsehileng ea hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bohloko, sheba leqephe la 106 ho ea ho 114 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 25 E le hore u fumane mabaka a mang a tšehetsang taba ea hore lintho li bōpiloe, sheba Tsoha! ea September 2006, sehloohong se reng “Na ’Mōpi o Teng?,” e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Lebokose le leqepheng la 13]

Lipotso Tseo Khopolo ea ho Iphetola ha Lintho e sa li Arabeng

• Bophelo bo ka hlaha nthong e sa pheleng joang?—PESALEME EA 36:9.

• Ke hobane’ng ha liphoofolo le limela li hlahisa mefuta ea tsona feela ha li ikatisa?—GENESE 1:11, 21, 24-28.

• Haeba batho ba tsoa litšoeneng tse tlaase ha li bapisoa le motho, ke hobane’ng ha kajeno ho se tšoene-motho le ea mong ea phahametseng batho ea ntseng a le teng?—PESALEME EA 8:5, 6.

• Ho itella batho ba bang ho kopana kae le khopolo ea hore ho tsoella feela ba matla ka ho fetisisa?—BAROMA 2:14, 15.

• Na batho ba ka ba le tšepo leha e le efe e thabisang ka bokamoso?—PESALEME EA 37:29.

[Litšoantšo tse leqepheng la 12, 13]

Ho tla joang hore Molimo a etse lefatše leo ho lona bana ba utloang bohloko?

Boikaketsi bo likerekeng bo entse hore batho ba bangata ba furalle Molimo