Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Tšoasa Litlhapi Leoatleng la Galilea

Ho Tšoasa Litlhapi Leoatleng la Galilea

Ho Tšoasa Litlhapi Leoatleng la Galilea

BOPHELO ba batšoasi ba litlhapi bo ne bo le joang Leoatleng la Galilea lekholong la pele la lilemo? Karabo e tla re thusa hore re utloisise litlaleho tse ngata tse hlahang Likosepeleng, tse kang tse sa tsoa tšohloa sehloohong se ka pele ho sena.

Ha e le hantle, “leoatle” lena ke letša la metsi a seng letsoai, le ka bang bolelele ba lik’hilomithara tse 21 le bophara ba lik’hilomithara tse 12. Batšoasi ba litlhapi ke khale ba tšoasa litlhapi tse ngata tse bang teng leoatleng lena. Kamoo ho bonahalang ka teng, Heke ea Litlhapi ea Jerusalema e ne e le ’marakeng oa litlhapi. (Nehemia 3:3) Leoatle la Galilea e ne e le o mong oa mehloli ea litlhapi tse neng li rekisoa moo.

Moapostola Petrose o ne a tsoa motseng o iphaphathileng ka Leoatle la Galilea o neng o bitsoa Bethsaida, eo e ka ’nang eaba e bolela “Bolulo ba Batšoasi ba Litlhapi.” Motse o mong o neng o iphaphathile le letša lena e ne e le oa Magadane, kapa Magdala, e leng oo Jesu a ileng a isa barutuoa ba hae ho oona ka mor’a hore a tsamaee holim’a metsi. (Matheu 15:39) Ho latela sengoli se seng, lebitso la Segerike la motse oo le ka fetoleloa e le “Motse o Hlophisang Litlhapi Bakeng sa Thekiso.” O ne o tsebahala ka lifeme tse ngata tsa tlhapi, moo litlhapi tse tšoasitsoeng sebakeng seo li neng li omisoa le ho tšeloa letsoai—kapa li kenngoa ka har’a asene e le hore ho be le moro o neng o bolokoa mepotjoaneng ea letsopa. Lintho tsena li ne li pakoa ’me li kenngoa sekepeng, mohlomong li isoa likarolong tsohle tsa Iseraele le libakeng tse ling.

Ka hona, mehleng ea Jesu, Galilea, ho tšoasa litlhapi, ho li lokisa le ho li rekisa e ne e le khoebo e khōlō. Ke ntho e utloahalang ho nahana hore sena se ne se etsa hore batho ba bangata sebakeng seo ba rue. Empa ho ne ho hlile ho se joalo. Setsebi se seng se re: “Ho tšoasa litlhapi e ne e se ‘khoebo eo motho a ka reng o ikemetse’ joalokaha babali ba Testamente e Ncha ba ka nahana joalo. E ne e le khoebo e laoloang ke ’muso, e neng e ruisa sehlopha se itseng feela sa batho ba phahameng sechabeng.”

Ka nako eo, Heroda Antipase o ne a busa Galilea, e le eena ’musi oa setereke kapa khosana ea sebaka seo, e neng e khethiloe ke Roma. Kahoo, o ne a laola litsela tse oelang tlas’a sebaka seo a se busang, likou tsa likepe, mehloli ea lintho tsa tlhaho e kang merafo, meru, temo hammoho le likhoebo tsa ho tšoasa litlhapi. Mehloli eo e ne e le eona e ka sehloohong e kenyetsang Heroda chelete ea lekhetho. Ha re na boitsebiso bo qaqileng ka melao e neng e sebelisoa ea lekhetho Galilea lekholong la pele la lilemo. Leha ho le joalo, ho bonahala tsela eo Heroda a neng a etsa lintho ka eona e ne e batla e tšoana le eo babusi ba Bagerike ba neng ba etsa ka eona kapa eo babusi ba bang ba Baroma ba neng ba etsa ka eona literekeng tse ling. Chelete e ngata e neng e fumanoa likhoebong tsa sebaka seo hammoho le mehloling ea lintho tsa tlhaho e ka ’na eaba e ne e ea bathong ba phahameng ho e-na le hore e ee bathong bao e seng ba maemo, bao ha e le hantle e leng bona ba neng ba etsa boholo ba mosebetsi.

Makhetho a Boima

Mehleng ea Jesu, libaka tse botleng ka ho fetisisa Galilea e ne e le tsa boreneng ’me li ne li arotsoe hore e be litša tse khōlōhali, tseo Heroda Antipase a neng a fana ka tsona e le mpho ho batho ba maemong a holimo lipolotiking hammoho le ho majalefa a mang a hae. Bafo ba Heroda ba ne ba lokela ho tšehetsa ka lichelete bophelo ba menono boo a neng a bo phela, mehaho e meholo eo a neng a e haha, bophelo bo mabothobotho boo ba pusong ba neng ba bo phela hammoho le limpho tse sa tšoaneng tseo a neng a li fa metsoalle ea hae le metse e itseng e meholo. Ho boleloa hore chelete e ngata e neng e khafisoa bakeng sa makhetho a tloaelehileng, makhetho a litsela hammoho le makhetho a thepa e kenang, e ne e imela batho ba maemong a tlaase haholo.

Heroda e ne e boetse e le eena feela ea laolang ho sebelisoa ha metsi sebakeng seo. Ka hona, khoebo ea ho tšoasa litlhapi e ne e laoloa ke Heroda kapa bao a neng a ba file litša tse khōlōhali. Ha e le libakeng tse oelang ka ho toba tlas’a ba boreneng, bakhafisi kapa liofisiri tsa babokelli ba lekhetho—e leng barui ba neng ba reka tokelo ea ho bokella lekhetho ka chelete e ngata haholo ho feta ea ba bang—ba ne ba e-na le matla a ho etsetsa batšoasi ba litlhapi likonteraka tse ba fang tokelo ea ho tšoasa litlhapi. Bahlalosi ba bang ba ’nile ba fana ka maikutlo a hore kaha ofisi ea lekhetho ea Matheu e ne e le Kapernauma—e leng setsi sa bohlokoa sa ho tšoasa litlhapi Leoatleng la Galilea—e ka ’na eaba o ne a sebeletsa liofisiri tseo tsa babokelli ba lekhetho, mohlomong a entse “konteraka le ba boreneng bakeng sa ho ba le tokelo ea ho tšoasa litlhapi.” *

Bopaki bo fumanoeng ba lekholong la pele le la bobeli la lilemo B.C.E. bo bontša hore makhetho a Palestina hangata a ne a lefelloa ka “thepa,” eseng ka chelete. Ka hona, e le hore bo-rakhoebo ba bang ba tšoasang litlhapi ba fumane tokelo ea hore ba ’ne ba tšoase litlhapi, ba ne ba lefa ka litlhapi tse etsang liphesente tse 25 ho ea ho tse 40 tsa tseo ba li tšoasitseng. Litokomane tsa boholo-holo li bontša hore bonyane libakeng tse ling tse neng li le tlas’a puso ea Baroma, khoebo ea ho tšoasa litlhapi e ile ea lula e laoloa ke ’Muso feela, ho bile ho e-na le batho ba khethiloeng ba neng ba e hlahloba. Pisidia, ho ne ho e-na le molao oa ho tšoasa litlhapi o neng o tiisa hore ha ho na motho ea li tšoasang ntle ho tumello le hore batšoasi ba litlhapi ba li rekisetse feela barekisi kapa ba nang le mabenkele a maholo, bao le bona ba neng ba laoloa ke ’Muso ba bile ba lefisoa lekhetho.

Mohlahlobisisi e mong o re kaha ’muso o ne o laola ho tšoasoa ha litlhapi o bile o batla lekhetho, sena se ne se bolela hore “ba neng ba fumana chelete e ngata e ne e le morena kapa motho ea ikarabellang sebakeng seo ho tšoasoang ho sona, athe batšoasi ba litlhapi bona ba ne ba fumana e fokolang haholo.” Ba hiriloeng likhoebong tse ling le bona ba ne ba ntse ba fumana chelete e fokolang ka lebaka la lekhetho le neng le ba imetse. Ha ho mohla batho ba kileng ba rata lekhetho. Leha ho le joalo, lehloeo leo ka tloaelo ho neng ho hloiloe babokelli ba lekhetho ka lona ha re bala litlaleho tsa Kosepele le bontša hore joang kapa joang le ne le bakiloe ke ho se tšepahale le meharo ea batho ba neng ba rua ka ho hanyapetsa batho ba maemong a tlaase ka hohle kamoo ba ka khonang.—Luka 3:13; 19:2, 8.

Batšoasi ba Litlhapi Bao Likosepele li Buang ka Bona

Likosepele li bontša hore Simone Petrose o ne a sebelisana le ba bang khoebong ea ho tšoasa litlhapi. Ba ileng ba tla thusa Petrose ho hula litlhapi tse ngata tseo a neng a li tšoasitse ka mohlolo e ne e le “balekane ba [hae] ka sekepeng se seng.” (Luka 5:3-7) Litsebi li hlalosa hore “batšoasi ba litlhapi ba ne ba ka ‘ikopanya’ . . . e le hore ba tsebe ho fumana konteraka kapa tokelo ea ho tšoasa litlhapi.” E ka ’na eaba ena ke eona tsela eo bara ba Zebedea, e leng Petrose, Andrease le basebetsi-’moho le bona ba ileng ba fumana tumello ea ho tsoela pele ka khoebo ea bona ea ho tšoasa litlhapi.

Mangolo ha a bolele ka ho toba hore na likepe le thepa e neng e sebelisoa ke batšoasi bana ba litlhapi ba Galilea e ne e le tsa bona kapa che. Ba bang ba lumela hore e ne e le tsa bona. Ha e le hantle, ho boleloa hore Jesu o ile a palama sekepe “seo e neng e le sa Simone.” (Luka 5:3) Leha ho le joalo, sehlooho se seng seo ka ho khetheha se neng se bua ka taba ena se itse “ho ka etsahala hore ebe likepe tsona e ne e le tsa ba faneng ka likonteraka ’me li sebelisoa ke ba tšoasang litlhapi.” Ebang ho ne ho le joalo kapa che, Mangolo a bua ka Jakobo le Johanne ba lokisa matlooa a bona. E ka ’na eaba batšoasi ba litlhapi ba ne ba tlameha ho theola theko ea litlhapi e le hore li rekoe, mohlomong ha ho hlokahala ba bile ba hira basebetsi ba nakoana.

Ka hona, ho na le lintho tse ngata tse neng li ameha ka ho ba motšoasi oa litlhapi Galilea lekholong la pele la lilemo ho feta tseo motho a ka li nahanang. Khoebo ea bona e ne e le karolo ea khoebo ea kopanelo. Ho nahana ka sena ho etsa hore re utloisise haholoanyane se boleloang ke litlaleho tsa Kosepele le mantsoe a Jesu ka ho tšoasa litlhapi le ka batšoasi ba tsona. Ho feta moo, boitsebiso bona bo re thusa hore re ananele tumelo eo Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne ba neng ba e-na le eona. Ba ne ba iphelisa ka ho tšoasa litlhapi. Ho sa tsotellehe hore na boemo ba bona moruong e ne e le bofe nakong eo Jesu a neng a ba bitsa, ba ile ba ikemisetsa ho tlohela khoebo eo ba neng ba e tseba—e neng e ba fa chelete ea ho iphelisa kamehla—e le hore e ka ba “batšoasi ba batho.”—Matheu 4:19.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 9 Kamoo ho bonahalang kateng, moapostola Petrose o ile a tloha Bethsaida ’me a ea Kapernauma moo eena le ngoan’abo Andrease, hammoho le bara ba Zebedea, ba ileng ba tšoareha khoebong ea ho tšoasa litlhapi. Jesu le eena o ile a lula Kapernauma ka nakoana.—Matheu 4:13-16.

[’Mapa o leqepheng la 25]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Letša la Hula

Bethsaida

Kapernauma

Magadane

Leoatle la Galilea

Jerusalema

Leoatle le Shoeleng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Todd Bolen/Bible Places.com

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]

Todd Bolen/Bible Places.com