Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

“Motsamaisi oa tempele” e ne e le mang, hona mosebetsi oa hae e ne e le ofe?

“Motsamaisi oa tempele” le eena o ne a le teng har’a baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ileng ba tšoara moapostola Petrose le moapostola Johanne ha ba ntse ba hasa evangeli. (Liketso 4:1-3) Bibele ha e hlalose hore na mosebetsi oa motsamaisi oa tempele e ne e le ofe, empa libuka tse itseng tsa histori li fana ka boitsebiso bo thahasellisang.

Kamoo ho bonahalang kateng, mehleng ea Jesu, setulo sena e ne e le sa moprista eo e leng motlatsi oa moprista ea phahameng. Motsamaisi oa tempele o ne a etsa hore ho be le taolo tempeleng hammoho le libakeng tse e potolohileng Jerusalema. O ne a etsa bonnete ba hore borapeli bo etsoang tempeleng bo etsoa ka tšoanelo, hammoho le ho laola sehlopha se neng se sebetsa joaloka mapolesa tempeleng. Batsamaisi ba tlas’a hae ba ne ba hlokomela balebeli ba neng ba bula liheke tsa tempele hoseng le ho li koala mantsiboea, ba etsa bonnete ba hore ha ho na motho ea kenang libakeng tseo a sa lokelang ho kena ho tsona, ba bile ba lebela sebaka sa polokelo ea matlotlo tempeleng.

Baprista le Balevi ba neng ba sebetsa tempeleng ba ne ba arotsoe ka lihlopha tse 24 ’me sehlopha ka seng se ne se sebetsa beke e le ’ngoe habeli ka selemo. Sehlopha ka seng se ne se e-na le motsamaisi oa sona.—1 Likronike 24:1-18.

Batsamaisi bana ba tempele ba ne ba e-na le matla a ho susumetsa sechaba. Ho boleloa hore bona hammoho le baprista ba ka sehloohong ba ile ba etsa ’momori oa hore Jesu a bolaoe, ebile ba ile ba laela batho ba tlas’a bona hore ba tšoare Jesu.—Luka 22:4, 52.

Matheu 3:4 e re Johanne Mokolobetsi o ne a e-ja “litsie le mahe a linotši a naheng.” Na ka nako eo litsie e ne e le lijo tse tloaelehileng?

Batho ba bang ha ba lumele hore Johanne o ne a hlile a e-ja litsie tsa sebele, ba bolela hore ha Matheu a ne a bua ka litsie, o ne a bua ka makhapetla a kang a linaoa a tholoana ea sefate se reheletsoeng ka litsie (locust tree), a bua ka litholoana tsa sefate sa naheng, kapa ka mefuta e sa tšoaneng ea litlhapi. Leha ho le joalo, lentsoe la Segerike leo Matheu a ileng a le sebelisa, le bolela mofuta oa litsie tse tsebahalang kajeno e le likhopi. Mofuta oa tsie o neng o tloaelehile haholo Iseraele e ne e le tsie ea lehoatata e tsejoang ka ho tsamaea e le sehlopha se entseng leru se senyang lijalo.—Joele 1:4, 7; Nahume 3:15.

Batho ba boholo-holo joaloka Baassyria le Baethiopia ba ne ba nka litsie e le lijo tse khethehileng tse monate ’me le hona joale li ntse li jeoa ke Bajuda ba Mabedouin le Mayemen. Har’a Baiseraele, litsie li ne li nkoa e le lijo tsa mafutsana. Ka mor’a hore e kamoloe hlooho, e qothoe maoto le ho tlosoa mpa, sefuba sa eona se ne se jeoa se le tala, kapa se besitsoe, kapa se omisitsoe letsatsing. Ka linako tse ling litsie li ne li nokoa ka letsoai kapa li ineloa ka aseneng kapa ka maheng a linotši. Rahistori e mong, e leng Henri Daniel-Rops, o re li ne li latsoeha joaloka makhala.

Kaha Johanne o ne a bolela lefeelleng, e tlameha ebe o ne a fumana litsie habonolo. (Mareka 1:4) Kaha litsie li na le protheine e etsang liphesente tse 75, tsona le mahe a linotši a naheng e ne e le lijo tse phepo e ntle haholo.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Balebeli ba baassyria ba nkileng litsie le likharenate

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

From the book Discoveries Among the Ruins of Nineveh and Babylon (1853)