Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Bokreste bo Lumellana le Ntoa?

Na Bokreste bo Lumellana le Ntoa?

Na Bokreste bo Lumellana le Ntoa?

“Ke neng ho ka thoeng ntoa ke tlōlo ea molao o itseng kapa ke sebe? Ka sebele hona ke selotho.”—OLIVER O’Donovan, moprofesa oa melao ea boitšoaro ea Bakreste

MUSIAMONG OA NTOA o Canada, ho behiloe setšoantšo se bitsoang Sacrifice, se ileng sa torouoa ka lebaka la Ntoa ea I ea Lefatše, se bontšitseng masole a bolailoeng, mahlatsipa a khathetseng, hammoho le ba malapa a ’ona ba setseng hae. Ka holim’a masole ao ho toroiloe Jesu Kreste a khokhothetsoe sefapanong. Batho ba bang baa khopiseha ha ba bona Jesu, eo e leng “Khosana ea Khotso,” a toroiloe haufi le liketsahalo tseo tsa ntoa ea lefatše. (Esaia 9:6) Ba bang bona ba thabela ketso e entsoeng ke banna ba naha ea habo bona ea ho iketsa lihlabelo, ’me ba nka hore Molimo le Mora oa hae ba lebeletse hore Bakreste ba loane haeba ho hlokahala e le hore ba sireletse naha ea habo bona kapa hore ba lokolle sechaba sa habo bona.

Baeta-pele ba bolumeli ba ’nile ba ruta molaetsa o tšehetsang ntoa ka lilemo tse makholo. Ka selemo sa 417 C.E., Augustine eo e neng e le setsebi sa thuto ea bolumeli kerekeng, o ile a ngola, a re: “Le se ke la ba la nahana hore Molimo a ke ke a amohela masole a loanang ka libetsa ntoeng. . . . Ba bang ba loana le lira tseo ba sa li boneng ka hore ba le rapelle, ha lōna le li loantša ka ho toba molemong oa bona.” Lekholong la bo13 la lilemo, Thomas Aquinas o ile a hlalosa hore “lintoa ha li na bothata ebile li lokile hafeela li sireletsa bafutsana le sechaba kaofela maqhekeng a bolotsana a sera.”

Uena u re’ng ka taba ee? Ha masole a loana ka lebaka leo ho thoeng lea utloahala—e leng ho sireletsa naha ea habo ’ona le ho lokolla ba hateletsoeng—na Molimo oa e hlohonolofatsa? Ke “molao” ofe o ka thusang Bakreste hore ba lemohe hore na Molimo o ikutloa joang tabeng ee?

Jesu Kreste o Behile Mohlala Ofe?

Na re ka fumana hore na Molimo o ikutloa joang ka litaba tse thata, tse kang lintoa tsa kajeno? Moapostola Pauluse o ne a tseba hore re tla ipotsa potso ena, ha a tla re: “‘Ke mang ea tsebang kelello ea Jehova, e le hore a ka mo ruta?’ Empa re fela re e-na le kelello ea Kreste.” (1 Bakorinthe 2:16) E le hore a re thuse, Jehova Molimo o ile a romela Jesu lefatšeng e le hore a re behele mohlala. Seo Jesu a ileng a se bua le ho se etsa se ile sa bontša tsela eo Jehova a ikutloang ka eona le eo a etsang lintho ka eona. Ka hona, Jesu o ile a re’ng ka lintoa? Maikutlo a hae e ne e le afe ka ntoa?

Ba bang ba ka ’na ba nahana hore lebaka le utloahalang ka ho fetisisa la hore motho a loane ke haeba a ne a sireletsa Jesu Kreste. E mong oa baapostola ba hae o ile a ikutloa joalo. Ha Jesu a ne a ekoa ’me a tšoaroa ke mokhopi o hlometseng har’a mpa ea bosiu, motsoalle oa hae e mong, e leng Petrose, “a otlolla letsoho la hae ’me a tsomula sabole ea hae a hlatha lekhoba la moprista ea phahameng a le tlosa tsebe.” Na lebaka la Petrose la ho sebelisa sebetsa le ne le utloahala? Jesu o ile a re ho Petrose: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona, kaha bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.”—Matheu 26:47-52.

Tsela eo Jesu a ileng a arabela ka eona ha e makatse. Lilemo tse peli pele ho moo, o ne a ile a re: “Le utloile hore ho itsoe, ‘U rate moahelani oa hao ’me u hloee sera sa hao.’ Leha ho le joalo, ke re ho lōna: Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang; e le hore le ka ba bara ba Ntat’a lōna ea leng maholimong, kaha o chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.” (Matheu 5:43-45) Na ke ntho e utloahalang ho nahana hore Bakreste ba ka rata lira tsa bona, ba ba ba li rapella, ha ka lehlakoreng le leng ba ntse ba li loantša?

Histori e bontša hore Bakreste ba ne ba e-na le lira tse ngata. Ka mohlala, Baroma ba ile ba ahlolela Jesu Kreste lefu, ba ba ba phethahatsa kahlolo eo. Nakoana ka mor’a moo, ha motho a ne a re feela ke Mokreste, eo e ne e le tlōlo ea molao. Jesu o ne a tseba hore Bakreste ba ka ’na ba e-ba tekong ea hore ba kene ntoeng le ho fetohela Baroma ba bahatelli, joalokaha Bajuda ba bang ba ne ba ile ba etsa joalo. Kahoo, o ile a re ka balateli ba hae: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:16) Bakreste ba ile ba khetha ho se nke lehlakore lipolotiking. Ho ne ho se letho le ka lokafatsang taba ea hore ba kene ntoeng, ho sa tsotellehe hore na ba ne ba tšoaroa hampe, bophelo ba bona bo le kotsing kapa naha ea habo bona e le kotsing.

Batšehetsi ba ’Muso oa Molimo

Bakreste ba ’nete ba etsa seo Jesu a neng a batla hore ba se etse ’me ha ba kenelle lipolotiking. Nahana ka se ileng sa etsahala Ikoniamo, e leng motse oa boholo-holo oa Asia Minor. “Ha batho ba lichaba hammoho le Bajuda le babusi ba bona, ba lekile ka mabifi ho ba nyelisa [Pauluse le Barnabase] le ho ba betsa ka majoe, bona, ha ba tsebisoa ka hona, ba balehela metseng ea Lykaonia, Lystra le Derbe le naheng e potolohileng moo; ba tsoela pele ho bolela litaba tse molemo moo.” (Liketso 14:5-7) Hlokomela hore ha Bakreste ba ne ba loantšoa ke bahanyetsi ba bona, ha baa ka ba itoanela kapa hona ho iphetetsa. Ho e-na le hoo, ba ile ba tsoela pele ba “bolela litaba tse molemo.” Ba ne ba bolela litaba life tse molemo?

Bakreste ba ne ba bolela molaetsa oo Jesu a neng a o bolela. O ile a re: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.” (Luka 4:43) Jesu le balateli ba hae ba ne ba tšehetsa ’Muso oa Molimo. Le ka mohla Kreste ha aa ka a sebelisa sesole e le ho sireletsa ’Muso oo. O ile a re: “Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena. Hoja ’muso oa ka e ne e le karolo ea lefatše lena, bahlanka ba ka ba ka be ba loanne hore ho se ke ha nehelanoa ka ’na ho Bajuda. Empa, joale, ’muso oa ka ha o tsoe mohloling ona.”—Johanne 18:36.

‘E-bang le Lerato Har’a Lōna’

Ho se nke lehlakore ha ho loanoa ke letšoao la borapeli ba ’nete. Jesu o itse: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Ba limilione ba ile ba thaba ha ba fumana sehlopha sa batho ba bontšang lerato le joalo, le hoja ho hana ha bona ho ea ntoeng ho ile ha etsa hore ba songoe, ba kenngoe chankaneng kapa ba bolaoe.

Linaheng tsa Europe tse neng li hapiloe ke Manazi, liofisiri li ile tsa tšoara Lipaki Tsa Jehova tse ka bang 10 000, kaha joaloka Bakreste, li ne li hana ho kena ntoeng, ho akarelletsa le tse ka bang 3 000 tse ileng tsa romeloa likampong tsa mahloriso. Hona ka nako eo, Lipaki tsa United States tse fetang 4 300 le tsona li ile tsa tšoaroa hobane li ne li hana ho kena sesoleng. Lipaki tsa Jeremane le tsa Amerika ha lia ka tsa nka lihlomo ho ea loantša Bakreste ba habo tsona kapa motho leha e le ofe. Li ne li ka etsa seo joang empa ka lehlakoreng le leng li ntse li re lia ratana ebile li rata le baahelani ba tsona?

Batho ba bangata ba nka hore sesole se lokela ho loana e le ho sireletsa naha ea habo sona. Empa ak’u nahane ka sena: Le hoja Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba sa ka ba loana ha ba ne ba hlorisoa ka sehlōhō, ha baa ka ba timela. ’Muso o matla oa Baroma ha oa ka oa atleha ho felisa Bokreste ka ho feletseng. Le kajeno Bakreste ba ’nete ba ntse ba le bangata ’me ba ntse ba tsoela pele ho se kene lintoeng. Ho e-na le hore ba iphetetse, ba tšepa Molimo ka pelo eohle hore o tla ba thusa. Lentsoe la hae, Bibele, le re: “Le se ke la iphetetsa, baratuoa, empa le fe khalefo sebaka; kaha ho ngoliloe: ‘Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’”—Baroma 12:19.

[Lebokose le leqepheng la 30]

LINTOA TSEO MOLIMO A ILENG A LI HLOHONOLOFATSA

Sechaba seo ka ho khetheha Molimo a neng a se khethile lilemo tse makholo pele ho Bokreste, e leng sechaba sa Baiseraele, ka linako tse ling se ne se lumelloa hore se ka bokella lebotho la ntoa ho ea loana. Pele Baiseraele ba kena Kanana, e leng naha eo Molimo a neng a e tšepisitse Abrahama, o ile a ba bolella: “Jehova Molimo oa hao o tla u tlohellela tsona [lichaba tse supileng], ’me u tla li hlōla. Ruri u lokela ho li nehela timetso. U se ke ua hlaba selekane le tsona kapa ua li bontša mohau.” (Deuteronoma 7:1, 2) Ka hona, Joshua, Molaoli oa Mabotho oa Moiseraele, o ile a hlōla lichaba tseo tsa lireng “feela joalokaha Jehova Molimo oa Iseraele a ne a laetse.”—Joshua 10:40.

Na ee e bile tlhōlo e sehlōhō eo ho eona Baiseraele ba ileng ba hapa linaha tse ling ka meharo feela? Che, ha ho joalo. Lichaba tseo li ne li itse tloara! borapeling ba litšoantšo, tšollong ea mali hammoho le boitšoarong bo litšila ba ho kopanela liphate. Li ne li bile li etsa mahlabelo ka bana ka ho ba chesa mollong. (Numere 33:52; Jeremia 7:31) Kaha Molimo oa halalela, o na le toka ebile o rata batho ba hae, o ile a susumelletseha hore a tlose ho se hloeke hohle ho neng ho le teng naheng eo. Leha ho le joalo, Jehova o ile a sheba lipelo tsa bohle eaba o pholosa ba neng ba ikemiselitse ho furalla litsela tsa bona tse khopo ’me ba mo sebeletse, e leng ntho e ke keng ea etsoa ke molaoli leha e le ofe oa sesole kajeno.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Na Jesu o ne a lebeletse hore balateli ba hae ba mo loanele kapa ba loanele Bakreste ba habo bona?

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Sehlopha sa Lipaki Tsa Jehova ka mor’a hore li lokolloe kampong ea mahloriso ea Buchenwald ka 1945